Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lutse Kabelong ea Rōna

Re Lutse Kabelong ea Rōna

Pale ea Bophelo

Re Lutse Kabelong ea Rōna

JOALOKAHA HO BOLETSE HERMANN BRUDER

Ke ne ke lokela ho khetha pakeng tsa lintho tse peli: ho sebetsa lilemo tse hlano Lebothong la Fora le Loanang Linaheng Lisele kapa ho koalloa chankaneng ea Morocco. E-re ke hlalose hore na ke ile ka oela tlokotsing ena joang.

KE HLAHETSE Oppenau, Jeremane ka 1911, lilemo tse tharo pele ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše. Batsoali ba ka Joseph le Frida Bruder, ba ne ba e-na le bara le barali ba 17. Ke ne ke le ngoana oa bo13.

Ha ke sa le ngoana ke hopola ke shebeletse sehlopha sa libini tsa masole a machang seterateng se seholo sa motse oa heso. Ka lebaka la ho khahloa ke morethetho ona o monate, ke ile ka sala libini tsena morao ho ea seteisheneng nako e sa le teng ea hore ke bone ha Ntate le banna ba bang ba apereng junifomo ea sesole ba palama terene. Ha terene e tloha, basali ba bang ba neng ba eme polatefomong ba ile ba bokolla. Nakoana ka mor’a moo, moprista oa rōna o ile a beha puo e telele ka kerekeng eaba o bolela mabitso a banna ba bane ba shoeleng ba loanela lefatše la bo-ntat’a rōna. O ile a re: “Ba se ba le leholimong.” Mosali ea neng a eme pel’a ka o ile a ilibana.

Ntate o ile a tšoaroa ke thaefote ha a ntse a le ntoeng Russia. O ile a fihla lapeng a tšerema ’me a kena sepetlele hang-hang. Moprista o ile a re: “E-ea kerekeng e pel’a mabitleng ebe u etsa Thapelo ea Morena ka makhetlo a 50 le Ahe Maria ka makhetlo a 50. Ntat’ao o tla fola.” Ke ile ka mamela keletso ea hae, empa Ntate o ile a hlokahala letsatsing le latelang. Le hoja ke ne ke le moshanyana feela, ntoa ena e ne e otla pelo.

Kamoo ke Ileng ka Tseba ’Nete Kateng

Ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi Jeremane pakeng tsa 1919 le 1939. Leha ho le joalo, ha ke qeta sekolong ka 1928, ke ile ka fumana mosebetsi oa jarete Basel, Switzerland.

Joaloka Ntate, ke ne ke le Mok’hatholike oa popota. Sepheo sa ka e ne e le ho ba moitlami oa Capuchin, India. Ha moen’aka Richard, eo e neng e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova a utloa sepheo sa ka, o ile a tla ka ho khetheha Switzerland ho tla leka ho nthibela. O ile a ntlhokomelisa hore ho kotsi ho tšepa batho, haholo-holo baruti, ’me a nkhothalletsa hore ke bale Bibele ’me ke tšepe eona feela. Le hoja ke ne ke belaela, ke ile ka reka Testamente e Ncha ’me ka qala ho e bala. Butle-butle ho ile ha ’na ha hlaka hore lintho tse ngata tseo ke li lumelang li ne li sa lumellane le lithuto tsa Bibele.

Ka Sontaha se seng ka 1933, ha ke ntse ke le ha Richard Jeremane, o ile ntsebisa banyalani ba bang ba Lipaki Tsa Jehova. Ha ba utloa hore ke bala Bibele, ba ile ba mpha bukana ea The Crisis. * Ke ile ka e bala ho fihlela ka khitla. Ke ne ke kholisehile hore ke fumane ’nete!

Lipaki Tsa Jehova Basel li ile tsa mpha meqolo e ’meli ea Studies in the Scriptures* le limakasine hammoho le lingoliloeng tse ling. Ke ile ka susumetsoa ke seo ke se balileng, eaba ke ea ho moprista ’me ke kōpa hore a hlakole lebitso la ka libukeng tsa kereke. Moprista o ile a bela ke bohale ’me a ntlhokomelisa hore ke kotsing ea ho lahleheloa ke tumelo. Ho hang ke ne ke sa lahleheloa ke tumelo. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ne ke qalile ho ba le tumelo ea ’nete.

Barab’abo rōna ba Basel ba ne ba rerile ho ea tšimong Fora mafelo-bekeng ao. Mora e mong oabo rōna o ile a ntlhalosetsa ka mosa hore nke ke ka ea hobane ke ne ke sa tsoa kopanela. Ha kea ka ka nyahamisoa ke seo, ’me ke ile ka bolela hore ke rata ho qala ho bolela. Ka mor’a ho buisana le moholo e mong, o ile a mpha tšimo Switzerland. Sontaha ka matjeke, ke ile ka palama baesekele ka ea motsaneng o haufi le Basel, ke tšetse libuka tse 4, limakasine tse 28 le libukana tse 20 ka mokotlaneng. Ke fihlile batho ba bangata ba motse ba le kerekeng. Leha ho le joalo, ka 11 hoseng, ho ne ho se ho se na letho ka mokotlaneng oa ka.

Ha ke bolella barab’abo rōna hore ke batla ho kolobetsoa, ba ile ba lula fatše le ’na ’me ba mpotsa lipotso tse fatang maikutlo mabapi le ’nete. Ke ile ka hlolloa ke cheseho ea bona le botšepehi ba bona ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Kaha e ne e le mariha, mor’abo rōna o ile a nkolobetsa ka bateng lapeng la moholo e mong. Ke sa ntsane ke hopola thabo e khaphatsehang eo ke ileng ka ba le eona. Sena se etsahetse ka 1934.

Ho Sebetsa Polasing ea ’Muso

Ka 1936, ke ile ka utloela hore Lipaki Tsa Jehova li rekile setša Switzerland. Ke ile ka ithaopela ho ea sebetsa jareteng. Ke ile ka thaba ha ke ne ke memeloa ho ea sebetsa Polasing ea ’Muso Steffisburg, lik’hilomithara tse ka bang 30 ho tloha Bern. Ha ho hlokahala, ke ne ke thusa ba bang mosebetsing oa bona polasing. Ho ba Bethele ho ile ha nthuta bohlokoa ba ho sebelisana le ba bang.

Ntho eo nke keng ka e lebala lilemong tseo ke bileng Bethele ka tsona ke ha Mor’abo Rōna Rutherford a ne a etetse polasi ena ka 1936. Ha a bona litamati tsa rōna tse khōlō le kamoo lijalo li neng li atlehile kateng, o ile a bososela ’me a re babatsa. O ne a le lerato hakaakang!

Ka mor’a lilemo tse tharo ke ntse ke sebetsa polasing, nakong ea lijo tsa hoseng ho ile ha baloa lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova United States. Lengolo leo le ile la hatisa hore mosebetsi oa boboleli o potlakile ’me la mema bohle ba lakatsang hore ba e’o sebetsa e le bo-pula-maliboho linaheng lisele. Ke ile ka ithaopa hang-hang. Ka May 1939 ke ile ka fumana kabelo ea ho ea Brazil!

Ka nako eo, ke ne ke kopanela Phuthehong ea Thun, haufi le Polasi ea ’Muso. Ka Lisontaha, re ne re nka leeto la lihora tse peli ka baesekele ho tloha Thun re le sehlopha, re e-ea tšimong Lithabeng Tsa Alps. Margaritha Steiner o ne a le sehlopheng sena. Kapele-pele ke ile ka fihleloa ke mohopolo ona: Na Jesu ha aa ka a roma barutuoa ba hae ka bobeli? Ha re ntse re iqoqela feela le Margaritha ’me ke mo bolella hore ke abetsoe ho ea Brazil, le eena o ile a mpolella hore o lakatsa ho ea moo ho hlokahalang bahoeletsi. Re ile ra nyalana ka la 31 July, 1939.

Ho Fapohela Moo re Neng re sa Ikemisetsa ho ea Teng

Bofelong ba August 1939 re ile ra tloha ka sekepe Le Havre, Fora, ra leba Santos, Brazil. Likamore tsa sekepe tsa batho ba babeli li ne li se li felile, kahoo, re ile ra lokela ho kena likamoreng tse fapaneng leetong la rōna. Ha re ntse re le leetong, ho ile ha fihla litaba tse bolelang hore Great Britain le Fora li phatlalalitse ntoa khahlanong le Jeremane. Eitse ha sehlopha sa baeti ba Majeremane ba 30 se utloa sena, sa arabela ka ho phanyaola pina ea sechaba ea Jeremane. Sena se ile sa halefisa motsamaisi oa sekepe hoo a ileng a se lebisa hosele, Safi, Morocco. Baeti ba nkileng litokomane tsa Jeremane ba ile ba fuoa metsotso e mehlano hore ba theohe. Re ne re le har’a bona.

Re ile ra qeta letsatsi sepoleseng eaba re hlohleloa ka har’a bese ea khale ea mokeretla, ’me ra isoa chankaneng ea Marrakech e bohōle ba lik’hilomithara tse 140. Ho ile ha e-ba thata matsatsing a latelang. Lisele tsa rōna li ne li pepeteha ’me li le lefifi. Sekoti seo re neng re se sebelisa e le ntloana, se ne se lula se tletse. E mong le e mong o ile a fuoa ’methe o litšila hore a robale holim’a oona, ’me bosiu likhoto li ne li re ja lipotongoane. Re ne re fuoa lijo habeli ka letsatsi ka lekotikoti le rusitseng.

Molaoli oa sesole o ile a ntlhalosetsa hore ke tla lokolloa haeba nka lumela ho sebetsa lilemo tse hlano Lebothong la Fora le Loanang Linaheng Lisele. Ha ke hana, ke ile ka ahloleloa ho hlola ka mohohlong ka lihora tse 24. Ke ile ka qeta boholo ba nako ena ke ntse ke rapela.

Ka mor’a matsatsi a robeli, ba boholong chankaneng ba ile ba ntumella hore ke bone Margaritha hape. O ne a le mosesaane habohloko, ’me o ile a lla sa ’mokotsane. Ke ile ka leka kahohle ho mo khothatsa. Re ile ra hlongoa lipotso ’me ra isoa Casablanca ka terene, moo Margaritha a ileng a lokolloa teng. Ke ile ka isoa kampong ea chankana e Port Lyautey (hona joale ke Kenitra), bohōle ba lik’hilomithara tse 180. Moemeli oa Switzerland o ile a eletsa Margaritha hore a khutlele Switzerland, empa o ile a tšepahala ’me a hana ho ntšiea. Likhoeling tseo tse peli ha ke le Port Lyautey, letsatsi le leng le le leng o ne a tloha Casablanca a ntlisetsa lijo.

Selemo pele ho moo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lokolla buka ea Kreuzzug gegen das Christentum (Tlhaselo ea Bokreste) ho tsebisa batho hore Lipaki ha li amane le puso ea Nazi. Ha ke ntse ke le kampong ea chankana, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Bern e ile ea ngolla ba boholong Fora, ea kenyelletsa buka ena ka sepheo sa ho tiisa hore ha re Manazi. Le Margaritha o ile a etsa mosebetsi o tsotehang ka ho etela ba boholong ’musong le ho leka ho ba kholisa hore ha re na molato. Bofelong ba 1939, re ile ra lumelloa ho tloha Morocco.

Ha re se re palame hape sekepe se eang Brazil, re ile ra utloa hore lisabomarine tsa Jeremane li hlasela likepe tse tsamaeang leoatleng la Atlantic le hore li ne li batla sa rōna haholo. Le hoja sekepe sa rōna, Jamaique, e ne e le sa khoebo, se ne se hlometse ka lithunya ka pele le ka morao. Motšehare, motsamaisi o ne a tsoelipanya sekepe ’me a fafatsa lethala la likulo. Bosiu re ne re pata mohoasa ka ho tima mabone hore Majeremane a se ke a re bona. Ho ile ha re kokololo! ha re fihla boema-kepe Santos, Brazil, ka la 6 February, 1940, likhoeli tse ka holimo ho tse hlano re tlohile Europe!

Chankaneng Hape

Tšimo ea pele eo re ileng ra e abeloa e ne e le Montenegro, e leng toropo e ka boroa profinseng ea Brazil ea Rio Grande do Sul. Ha ho pelaelo hore ba boholong kerekeng ba ne ba se ba tsebisitsoe hore re fihlile. Ka mor’a hore re be tšimong ka lihora tse peli, mapolesa a ile a re tšoara ’me a nka lirekoto tsa rōna tsa keramafono tse nang le lipuo tsa Bibele, a nka le lingoliloeng tsohle tsa rōna esita le mekotlana ea letlalo la kamele eo re neng re e rekile Morocco. Mapoleseng re ne re emetsoe ke moprista le moruti ea buang Sejeremane. Ba ile ba mamela ha mookameli oa sepolesa a ntse a letsa e ’ngoe ea lipuo tsa Mor’abo rōna Rutherford keramafonong ea rōna e neng e le har’a lintho tseo a li nkileng. Mor’abo rōna Rutherford o ne a sa itōme liteme! Ha a bua ka Vatican, moprista o ile a tlerefala eaba o tsoa a koebela.

Mobishopo oa Santa Maria o ile a kōpa hore mapolesa a re ise motse-moholo, Pôrto Alegre. Margaritha o ile a lokolloa kapele ’me a batla thuso ho moemeli oa Switzerland. Moemeli enoa o ile a mo khothalletsa hore a khutlele Switzerland. O ile a boela a hana ho ntšiea. Kamehla Margaritha e ’nile ea e-ba molekane ea tšepahalang haholo. Matsatsi a 30 hamorao ke ile ka hlongoa lipotso eaba kea lokolloa. Mapolesa a ile a re re ikhethele hore na re tsoa profinseng ena pele ho fela matsatsi a leshome “ho seng joalo ke taba ea lōna.” Ntlo-khōlō ea Brooklyn e ile ea re khothalletsa hore re ee Rio de Janeiro.

“Ke Kōpa Hore U Bale Karete Ena”

Ho sa tsotellehe hore na re ile ra amoheloa habohloko hakaakang tšimong ea Brazil, re ne re thabile haholo! Re ne re phela, mekotlana ea rōna e ne e boetse e tletse lingoliloeng, ’me re ne tla bolela tšimong eohle ea Rio de Janeiro. Qaka e ne e le hore na re tla bolela joang re sa tsebe Sepotoketsi hantle. E ile ea rarolloa ke ho sebelisa karete. Mantsoe a pele a Sepotoketsi ao re ileng ra ithuta ’ona tšimong ke a reng: “Por favor, leia este cartão” (“Ke kōpa hore u bale karete ena”). Ho sebelisa karete ena ho ne ho atleha haholo! Ka khoeli e le ’ngoe re ile ra tsamaisa libuka tse fetang 1 000, ’me ba bangata ba ileng ba nka lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele, hamorao ba ile ba amohela ’nete. Lingoliloeng tsa rōna li ile tsa fana ka bopaki bo atlehang ho feta boo re neng re ka fana ka bona. Sena se ile sa etsa hore ke bone bohlokoa ba hore re fe batho ba thahasellang lingoliloeng tsa rōna.

Nakong eo Rio de Janeiro e ne e le motse-moholo oa Brazil, ’me molaetsa oa rōna o ne o amoheloa hantle mehahong ea ’muso. Ke ile ka ba le monyetla o khethehileng oa ho pakela letona la lichelete le letona la sesole. Ke moo ke ileng ka bona bopaki bo hlakileng ba hore moea oa Jehova oa sebetsa.

Ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke le tšimong setsing sa motse oa Rio, ke ile ka kena Lekaleng la Toka. Ke ile ka iphumana ke se ke le ka phaposing e nang le banna ba apereng botšo, ba le har’a seo ho neng ho bonahala eka ke tšebeletso ea lepato. Ke ile ka ea ho mohlomphehi e mong ’me ka mo neha karete. E ne e se tšebeletso ea lepato. Ke ne ke kene nyeoe ka lehare, ’me ke buisana le moahloli. O ile a tšeha ’me a bolella balebeli hore ba se ke ba nketsa letho. Ka mosa o ile a nka buka ea Children * eaba o ntša monehelo. Ha ke tsoa, molebeli e mong o ile a ntšupisa tlhokomeliso e ngotsoeng ka ho hlaka monyako, e reng: Proibida a entrada de pessoas estranhas (Ha ho Kenoe).

Tšimo e ’ngoe e neng e beha litholoana e ne e le ea lebōpong la leoatle. Ka lekhetlo le leng ke ile ka buisana le mosesisi oa likepe ea ileng a nka lingoliloeng pele a tsamaea. Hamorao re ile ra mo bona kopanong. Lelapa la hae kaofela le ne le amohetse ’nete, ’me le eena o ne a tsoela pele hantle. Sena se ile sa re thabisa haholo.

Leha ho le joalo, mathata a ne a ntse a le teng. Likhoeli tse tšeletseng tseo re neng re lumeletsoe ho lula ka hare ho naha ka tsona, li ile tsa fela ’me re ne re ka ’na ra lelekoa. Ka mor’a hore re ngolle ntlo-khōlō, re ile ra fumana lengolo le monate le tsoang ho Mor’abo rōna Rutherford, le re khothalletsang hore re mamelle le le re bolellang hore na re etse joang. Re ne re lakatsa ho lula Brazil, ’me leqoetha le ile la re thusa hore ka 1945 re lumelloe ho lula ka hare ho naha.

Kabelo ea Nako e Telele

Leha ho le joalo, pele ho moo mora oa rōna Jonathan o ile a hlaha ka 1941, Ruth ka 1943 le Esther ka 1945. Ke ile ka tlameha ho sebetsa e le hore ke hlokomele lelapa la ka le ntseng le hōla. Margaritha o ile a tsoela pele e le pula-maliboho ho fihlela ho hlaha ngoana oa rōna oa boraro.

Ho tloha qalong feela re ne re sebetsa re le lelapa tšimong e litsing tsa motse, literateng le libakeng tsa khoebo. Ka Meqebelo bosiu re ne re tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me re ne re thabela linako tsena haholo.

Lapeng, ngoana ka mong o ne a e-na le mosebetsi oa hae oa letsatsi ka leng. Jonathan o ne a hloekisa setofo le kichine. Banana bona ba ne ba hloekisa foriji, ba fiela lebala le ho pholecha lieta. Ka lebaka lena ba ile ba ithuta makhethe le ho ikhanna. Kajeno bana ba rōna ba mahlahahlaha ’me ba tseba ho hlokomela malapa a bona le thepa ea bona, e leng ho re thabisang le Margaritha.

Re ne re boetse re batla hore bana ba rōna ba itšoare hantle libokeng. Pele ho liboka ba ne ba noa metsi ’me ba e-ea ntloaneng. Libokeng Jonathan o ne a lula ka letsohong la ka le letšehali, Ruthe ka ho le letona, pel’a hae e le Margaritha le Esther ka letsohong la hae le letona. Sena se ile sa ba thusa ho mamela ka hloko le ho feptjoa moeeng ba sa le banyenyane.

Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba rōna. Bana ba rōna kaofela ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi le ho kopanela ka thabo tšimong. Hajoale Jonathan ke moholo Phuthehong ea Novo Méier, Rio de Janeiro.

Ka 1970, bana ba rōna ba ne ba se ba e-na le malapa, ka lebaka leo, ’na le Margaritha re ile ra etsa qeto ea ho ea moo ho hlokahalang bahoeletsi teng. Re qalile Poços de Caldas, Profinseng ea Minas Gerais, moo ka nako eo ho neng ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 19 feela. Ke ile ka nyahama ha ke bona phaposi e ka tlaase e se nang lifensetere e sohlokehileng eo ba neng ba kopanela ho eona. Kapele feela re ile ra qala ho batla Holo ea ’Muso e tšoanelehang ’me hang-hang re ile ra fumana mohaho o motle sebakeng se setle. Sena se ile sa etsa phapang e khōlō! Lilemo tse ’nè le halofo hamorao, palo ea bahoeletsi e ne e eketsehile e le 155. Ka 1989 re ile ra fallela Araruama, Rio de Janeiro, moo re ileng ra sebetsa ka lilemo tse robong. Nakong ena re ile ra bona ha ho thehoa liphutheho tse peli.

Moputso oa ho Lula Kabelong ea Rōna

Ka 1998, re ile ra fallela São Gonçalo, Rio de Janeiro ka lebaka la ho kula le takatso ea ho ba haufi le bana ba rōna. Ke ntse ke le moholo phuthehong eo. Re leka kahohle ho ea tšimong kamehla. Margaritha o thabela ho pakela batho suphamaketeng e haufi, ’me ka mosa phutheho e re file tšimo e haufi le ntlo ea rōna, e leng ho re thusang ho ea tšimong ha re khona.

E se e le lilemo tse fetang 60 ’na le Margaritha re le bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Re bone hore “mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 8:38, 39) Ho re thabisitse haholo ho bona ha ho bokelloa ‘ba linku tse ling,’ ba nang le tšepo e hlollang ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le phethahetseng, ba pota-potiloe ke lintho tse ntle tseo Molimo a li bōpileng! (Johanne 10:16) Ha re fihla ka 1940, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Rio de Janeiro, ’me e ne e e-na le bahoeletsi ba 28. Kajeno ho na le liphutheho tse ka bang 250 le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 20 000.

Ho na le maemo a ka beng a ile a etsa hore re khutlele ha habo rōna Europe. Empa Jehova o re abetse hore re be mona Brazil. Re thabela hore ebe re lutse kabelong ea rōna!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

^ ser. 33 E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Polasing ea ’Muso, Steffisburg, Switzerland, bofelong ba bo-1930 (Ke qetellong ka letsohong le letšehali)

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Nakoana pele re chata, 1939

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Casablanca ka bo-1940

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Re tšimong re le lelapa

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho ba tšimong kamehla kajeno