Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Aletare e Phetha Karolo Efe Borapeling?

Aletare e Phetha Karolo Efe Borapeling?

Aletare e Phetha Karolo Efe Borapeling?

NA U nka hore aletare e phetha karolo ea bohlokoa borapeling ba hao? Ho ba bangata ba kenang likereke tsa Bokreste-’mōtoana, aletare e ka ’na ea e-ba eona ea bohlokoa. Na u kile ua nahana ka seo Bibele e se bolelang ka tšebeliso ea lialetare borapeling?

Aletare ea pele eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ke e ileng ea hahuoa ke Noe bakeng sa ho nyehela mahlabelo a liphoofolo ha a tsoa ka arekeng e ileng ea ba pholosa Moroallong. *Genese 8:20.

Ka mor’a ho ferekanngoa ha lipuo Babele, batho ba ile ba qhalanela likarolong tsohle tsa lefatše. (Genese 11:1-9) Kaha batho ba tsoetsoe ba e-na le takatso ea ho rapela, ba ile ba batla ho atamela haufi le Molimo, eo ba neng ba se ba le hōle le eena, ’me ba ile ba “mo phopholetsa” ka bofofu. (Liketso 17:27; Baroma 2:14, 15) Ho tloha mehleng ea Noe batho ba bangata ba ’nile ba hahela melimo ea bona lialetare. Batho ba malumeli a sa tšoaneng le ba litso tse sa tšoaneng ba ’nile ba sebelisa lialetare borapeling ba bohata. Kaha ba ikarotse ho Molimo oa ’nete, ba bang ba ’nile ba sebelisa lialetare bakeng sa ho etsa litšebeletso tse nyonyehang tse akarelletsang ho etsa mahlabelo ka batho, esita le bana. Marena a mang a Iseraele a ile a furalla Jehova, ’me a haha lialetare bakeng sa melimo ea bohetene eo e mong oa eona e neng e le Baale. (1 Marena 16:29-32) Empa ho thoe’ng ka tšebeliso ea lialetare borapeling ba ’nete?

Lialetare le Borapeli ba ’Nete Iseraele

Ka mor’a mehla ea Noe, batho ba bang ba tšepahalang ba ile ba haha lialetare bakeng sa ho rapela Molimo oa ’nete, Jehova. Abrahama o ile a haha lialetare Shikeme, haufi le Bethele, Hebrone le Thabeng ea Moria, moo a ileng a etsa sehlabelo ka pheleu eo a ileng a e fuoa ke Molimo ho e-na le ho etsa sehlabelo ka Isaka. Hamorao, Isaka, Jakobo le Moshe ka boithatelo ba ile ba haha lialetare bakeng sa ho li sebelisa ha ba rapela Molimo.—Genese 12:6-8; 13:3, 18; 22:9-13; 26:23-25; 33:18-20; 35:1, 3, 7; Exoda 17:15, 16; 24:4-8.

Ha Molimo a fa Baiseraele Molao oa hae, o ile a ba laela hore ba hahe tabernakele, tente e jaroang eo hape e bitsoang “tente ea pokano,” e le setsi tokisetsong ea ho atamela ho eena. (Exoda 39:32, 40) Tabernakele kapa tente e ne e e-na le lialetare tse peli. Ea linyehelo tsa secheso, e neng e entsoe ka lehong la leoka ’me e koahetsoe ka koporo, e ne e behiloe ka pel’a monyako ’me e ne e sebelisetsoa ho nyehela mahlabelo a liphoofolo. (Exoda 27:1-8; 39:39; 40:6, 29) Aletare ea libano, eo le eona e neng e entsoe ka lehong la leoka le hoja e ne e koahetsoe ka khauta, e ne e behiloe ka har’a tabernakele, ka pel’a lesira la Sehalalelisiso. (Exoda 30:1-6; 39:38; 40:5, 26, 27) Ho ne ho chesoa libano tse khethehileng holim’a eona habeli ka letsatsi, hoseng le ka shoalane. (Exoda 30:7-9) Tempele e ileng ea hahoa ke Morena Solomone e ne e tšoana le tabernakele, e e-na le lialetare tse peli.

“Tente ea ’Nete” le Aletare ea Tšoantšetso

Ha Jehova a fa Baiseraele Molao, ha aa ka a ba fa feela litaelo tse laolang bophelo ba batho ba hae le kamoo ba ka mo atamelang ka mahlabelo le ka thapelo. Boholo ba lintho tse neng li hlokahala e ne e le seo moapostola Pauluse a ileng a se bitsa ‘setšoantšo seo e leng mohlala,’ “papiso,” kapa ‘seriti sa lintho tsa leholimo.’ (Baheberu 8:3-5; 9:9; 10:1; Bakolose 2:17) Ka mantsoe a mang, boholo ba lintho tse neng li hlokoa ke Molao li ile tsa tataisa Baiseraele ho fihlela Kreste a fihla, hape li ile tsa bontša esale pele kamoo merero ea Molimo e neng e tla phethahatsoa kateng ka Jesu Kreste. (Bagalata 3:24) E, lintho tse ling tse neng li hlokoa ke Molao e ne e le tsa boprofeta. Ka mohlala, konyana ea Paseka le mali a neng a sebelisoa e le pontšo ea poloko ea Baiseraele, li ne li tšoantšetsa Jesu Kreste. Ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše” eo mali a eona a ileng a tšolloa bakeng sa ho re lokolla sebeng.—Johanne 1:29; Baefese 1:7.

Lintho tse ngata tse neng li sebelisoa tabernakeleng le tempeleng li ne li emela lintho tsa sebele tsa moea. (Baheberu 8:5; 9:23) Ha e le hantle, Pauluse o ile a ngola ka “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho.” O ile a tsoela pele a re: “Kreste [o ile] a tla e le moprista ea phahameng oa lintho tse molemo tse etsahetseng, ka tente e khōlō le e phethahetseng haholo e sa etsoang ka matsoho, ke hore, eo e seng ea pōpo ena.” (Baheberu 8:2; 9:11) “Tente e khōlō le e phethahetseng haholo” e ne e le tokisetso ea Jehova ea tempele e khōlō ea moea. Mangolo a hlalosa hore tempele e khōlō ea moea ke tokisetso eo ka eona batho ba ka atamelang Jehova motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste sa poelano.—Baheberu 9:2-10, 23-28.

Ho ithuta Lentsoeng la Molimo hore tse ling tsa litokisetso tsa Molao li ne li emela lintho tsa sebele tsa moea tse khōloanyane le tsa bohlokoa haholoanyane, ka sebele ho haha tumelo ea rōna ea hore Bibele e bululetsoe. Hape ho matlafatsa kananelo ea rōna bakeng sa bohlale ba Molimo bo bonahatsoang ka ho ikhethang ka Mangolong.—Baroma 11:33; 2 Timothea 3:16.

Aletare ea nyehelo ea secheso le eona ke ea boprofeta. Ho bonahala e emela “thato” ea Molimo, kapa boikemisetso ba hae ba ho amohela sehlabelo se phethahetseng sa Jesu e le motho.—Baheberu 10:1-10.

Hamorao bukeng ea Baheberu, Pauluse o bua mantsoe ana a bohlokoa: “Re na le aletare eo ba etsang tšebeletso e halalelang tenteng ba se nang matla a ho jella ho eona.” (Baheberu 13:10) O ne a bua ka aletare efe?

Bahlalosi ba Mak’hatholike ba bolela hore aletare eo ho buuoang ka eona ho Baheberu 13:10 ke e sebelisetsoang Selallo, e leng “sakramente” eo ka eona sehlabelo sa Kreste se nchafatsoang nakong ea ’Misa. Empa ha u sheba mantsoe a potolohileng taba u tla hlokomela hore aletare eo Pauluse a neng a bua ka eona ke ea tšoantšetso. Litsebi tse ngata li bolela hore “aletare” eo ho buuoang ka eona temaneng ena ke ea tšoantšetso. Ho ea ka Giuseppe Bonsirven, oa Mojesuite, “sena se lumellana hantle le lintho tsohle tsa tšoantšetso tseo ho buuoang ka tsona epistoleng [e eang ho Baheberu].” O re: “Ho Bakreste, lentsoe ‘aletare’ qalong le ne le sebelisoa ka kutloisiso ea moea, ke feela ka mor’a Irenaeus, le haholo-holo ka mor’a Tertullian le Mohalaleli Cyprian, le ileng la sebelisetsoa selallo ’me haholo-holo la sebelisetsoa tafole ea selallo.”

Joalokaha ho boletsoe koranteng e ’ngoe ea K’hatholike, tšebeliso ea lialetare e ile ea ata “mehleng ea Constantine” ha “ho hahoa libasilica.” Rivista di Archeologia Cristiana (Ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale Tsa Bokreste) e re: “Ho hlakile hore makholong a mabeli a lilemo a qalang, ha ho na bopaki ba hore ho ne ho e-na le sebaka se tobileng sa borapeli, empa litšebeletso tse khethehileng tsa kereke li ne li tšoareloa malapeng . . . , likamoreng tseo ha litšebeletso li fela, li neng li boela li sebelisoa ka mokhoa o tloaelehileng.”

Tšebeliso ea Lialetare Bokreste-’mōtoaneng

Koranta ea K’hatholike ea La Civiltà Cattolica e re: “Aletare ke setsi sa mohaho oa kereke ebile ke setsi sa Kereke e phelang.” Leha ho le joalo, Jesu Kreste ha aa ka a theha mokete leha o le mong oa bolumeli o neng o lokela ho etsetsoa aletareng; ebile ha aa ka a laela barutuoa ba hae hore ba etsetse mekete aletareng. Ha Jesu a bua ka aletare ho Matheu 5:23, 24 le libakeng tse ling, o bua ka mekhoa ea bolumeli e neng e tloaelehile har’a Bajuda, empa ha a bolele hore balateli ba hae ba ne ba lokela ho rapela Molimo ba sebelisa aletare.

Rahistori oa Leamerika George Foot Moore (oa 1851-1931), o ile a ngola, a re: “Mekhoa e ka sehloohong borapeling ba Bokreste kamehla e ne e tšoana, empa hamorao mekete e tloaelehileng eo Justin a e hlalosang bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo e ile ea fetelletsoa hore e be borapeli bo majabajaba.” Mekete ea K’hatholike le mekete ea sechaba ea bolumeli e mengata hape e rarahane hoo e ithutoang liseminaring K’hatholike—e le thuto ea litšebeletso tse khethehileng tsa kereke. Moore o ile a tsoela pele a re: “Tloaelo ena, e fumanehang meketeng eohle, e ile ea hōlisoa haholo ke tšusumetso ea Testamente ea Khale ha baruti ba Bakreste ba nkoa e le bahlahlami ba baprista [ba bolumeli ba Sejuda]. Liaparo tse majabajaba tsa moprista ea phahameng, liaparo tseo baprista ba bang ba neng ba li apara ha ba etsa litšebeletso, mekoloko, lik’hoaere tsa libini tsa Balevi tse binang lipesaleme, mosi oa libano o tsoang ka har’a lipitsa tse ntseng li tsokoa tseo ho chesetsoang libano ka ho tsona—kaofela li ne li bonahala e le mohlala oo Molimo a faneng ka oona oa borapeli, o neng o lokafatsa taba ea hore kereke e etse litšebeletso tse majabajaba tse tšoanang le tsa boholo-holo.”

U ka ’na ua makala ho tseba hore litšebeletso tse ngata, mekete, liaparo le lintho tse ling tse sebelisoang ke likereke tse sa tšoaneng, ha li latele lithuto tsa Bokreste tse Likosepeleng, empa li latela meetlo le litšebeletso tsa Bajuda le bahetene. Enciclopedia Cattolica e re Bok’hatholike “bo nkile tšebeliso ea lialetare Bojudeng le boheteneng ka tekanyo e itseng.” Minucius Felix, mosireletsi oa tumelo oa lekholong la boraro la lilemo C.E., o ile a ngola hore Bakreste ba ne ba ‘se na litempele le lialetare.’ Encyclopedia e hlalosang mantsoe ea Religioni e Mit (Bolumeli le Litšōmo) le eona ka ho tšoanang e re: “Bakreste ba pele ba ne ba hana tšebeliso ea lialetare e le hore ba ka ikarola borapeling ba Bajuda le ba bahetene.”

Kaha Bokreste bo ne bo thehiloe haholo-holo melao-motheong e neng e tla amoheloa le ho sebelisoa bophelong ba letsatsi le leng le le leng le naheng e ’ngoe le e ’ngoe, ho ne ho se ho sa hlokahale motse o halalelang lefatšeng, kapa tempele ea sebele e nang le lialetare, kapa baprista ba batho ba boemong bo khethehileng ba aparang liaparo tse khethehileng. Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema. . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:21, 23) Litšebeletso tse rarahaneng likerekeng tse ngata le tšebeliso ea lialetare ke ho hlokomoloha seo Jesu a ileng a se bolela mabapi le hore na Molimo oa ’nete o lokela ho rapeloa joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Pejana, ho ka etsahala hore ebe Kaine le Abele ba ile ba etsa linyehelo tsa bona ho Jehova ba sebelisa lialetare.—Genese 4:3, 4.