Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Lumela ho Molimo eo e ka ’Nang Eaba ha re mo Tsebe

Ho Lumela ho Molimo eo e ka ’Nang Eaba ha re mo Tsebe

Ho Lumela ho Molimo eo e ka ’Nang Eaba ha re mo Tsebe

BATHO ba babeli ho ba bararo Jeremane ba lumela ho Molimo. Leha ho le joalo, ba fetang sekete ho ile ha thoe ba hlalose hore na ba lumela ho Molimo oa mofuta ofe, ’me hoo e ka bang kaofela ha bona ba ile ba fana ka likarabo tse fapaneng. Koranta ea FOCUS e re: “Batho ba Jeremane ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka Molimo feela joalokaha le bona ka bobona ba sa tšoane.” Le hoja ho lumela ho Molimo e le ntho e ntle, na hase ho utloisang bohloko hore ebe batho ba lumela ho eena empa ba sa tsebe hore na ke Molimo oa mofuta ofe?

Hase Jeremane feela moo batho ba sitoang ho hlalosa Molimo; ke bothata bo teng le libakeng tse ling tsa Europe. Phuputso e entsoeng Austria, Brithani le Netherlands e senotse hore batho ba bangata baa lumellana hore Molimo ke “matla a phahameng kapa sephiri se ke keng sa hlalosoa.” Haholo-holo har’a bacha, esita le ho bona ba lumelang ho eena, ke motho ea ke keng a utloisisoa.

Na U Tseba Molimo?

Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho utloela ka motho le ho mo tseba. Ho utloela ka motho—morena ea hōle, sebapali se hloahloa, khalala ea lifilimi—ke feela ho lumela hore o teng. Leha ho le joalo, ho tseba motho ho bolela se fetang seo. Ho akarelletsa ho tseba botho ba hae, boitšoaro ba hae, maikutlo a hae, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, le seo a rerileng ho se etsa. Ho tseba motho ho etsa hore u be le kamano e haufi le eena.

Batho ba likete tse makholo ba entse qeto ea hore ho tseba hanyenyane feela ka Molimo—kapa ho utloela feela ka eena—ha hoa lekana. Ba nkile khato ea ho tseba Molimo haholoanyane. Na ba fumane ho le molemo ho etsa joalo? Monna ea bitsoang Paul, ea lulang Jeremane e ka leboea le eo ka nako e ’ngoe a neng a lumela ho Molimo ka tsela e tloaelehileng feela, o ile a etsa qeto ea ho Mo tseba haholoanyane. Paul o re: “Ho tseba Molimo hantle ho hloka nako le boiteko, empa melemo ea teng e mengata. Ho ba le kamano e haufi le ’Mōpi ho etsa hore bophelo ba letsatsi le letsatsi bo ntlafale.”

Na ho molemo hore motho a sebelise nako le boiteko tse hlokahalang hore a tle a tsebe Molimo haholoanyane? Ka kōpo bala sehlooho se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho utloela ka motho le ho mo tseba