Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

“Ke ile ka amohela ho Morena seo le ’na ke ileng ka nehelana ka sona ho lōna.”—1 BAKORINTHE 11:23.

1, 2. Jesu o ile a etsa’ng bosiung ba Paseka ka 33 C.E.?

MORA ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova o ne a le teng. Ho ne ho le teng le banna ba 11 ba ‘ileng ba mo khomarela litekong tsa hae.’ (Luka 22:28) E ne e le shoalane ka Labone la la 31 March, 33 C.E., ’me ho ka etsahala hore ebe khoeli e ne e tolokile Jerusalema. Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ne ba sa tsoa phetha mokete oa Paseka. Judase Iskariota ea sa tšepahaleng o ne a lelekiloe, empa e ne e se nako ea hore ba bang ba tsamaee. Hobane’ng? Hobane Jesu o ne a le haufi le ho etsa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. E ne e le efe?

2 Kaha Matheu, mongoli oa Kosepele o ne a le teng, o re: “Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’ Hape, a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela “mali a selekane” a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’” (Matheu 26:26-28) Na ketsahalo ee e ne e le ea hona mohlang oo feela? Bohlokoa ba eona ke bofe? Na ho na le seo e se bolelang ho rōna kajeno?

“Le ’ne le Etse Sena”

3. Ke hobane’ng ha seo Jesu a ileng a se etsa bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., e le sa bohlokoa?

3 Mohato oo Jesu Kreste a ileng a o nka bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., e ne e se ketsahalo e sa reng letho bophelong ba hae. Moapostola Pauluse o ile a bua ka ketsahalo ena ha a ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe, moo mokete ona o neng o ntse o ketekoa lilemo tse fetang 20 hamorao. Le hoja Pauluse a ne a se ’moho le Jesu le baapostola ba 11 ka 33 C.E., ka sebele o ile a ithuta ho baapostola ba bang se ileng sa etsahala letsatsing leo. Ho feta moo, ho hlakile hore Pauluse o ile a tiisetsoa hore lintho tse etsahetseng letsatsing leo ke ’nete ha a li senoleloa ka pululelo. Pauluse o ile a re: “Ke ile ka amohela ho Morena seo le ’na ke ileng ka nehelana ka sona ho lōna, hore Morena Jesu ka bosiu boo ho neng ho tla nehelanoa ka eena o ile a nka bohobe ’me, ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola ’me a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’ Hape a etsa ka ho tšoanang mabapi le senoelo, ka mor’a ho ja lijo tsa shoalane, a re: ‘Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka. Le ’ne le etse sena, nako le nako ha le se noa, ho nkhopola.’”—1 Bakorinthe 11:23-25.

4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

4 Luka, mongoli oa Kosepele o tiisa hore Jesu o ile a laela a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Ha e le hantle, mokete ona hangata o bitsoa Sehopotso sa lefu la Kreste. Pauluse o boetse o re ke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena—e leng lebitso le loketseng kaha o thehiloe e le bosiu. (1 Bakorinthe 11:20) Bakreste ba laeloa hore ba keteke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Empa ke hobane’ng ha ho ile ha thehoa mokete oo?

Lebaka Leo se Ileng sa Thehoa ka Lona

5, 6. (a) Lebaka le leng leo ka lona Jesu a ileng a theha Sehopotso ke lefe? (b) Fana ka lebaka le leng hape leo ka lona ho ileng ha thehoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.

5 Lebaka le leng leo ka lona ho ileng ha thehoa Sehopotso le amana le morero o mong o neng o phethoa ke lefu la Jesu. O shoele e le motšehetsi oa bobusi ba Ntate oa hae oa leholimo. Kahoo, Kreste o pakile hore Satane Diabolose ke raleshano ha a bolela ka bohata hore batho ba sebeletsa Molimo ka lebaka la boithati. (Jobo 2:1-5) Ho shoa ha Jesu a tšepahala ho pakile hore polelo ena ke ea bohata ’me ho ile ha thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

6 Lebaka le leng hape leo ka lona ho ileng ha thehoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena e ne e le ho re hopotsa hore Jesu, ka lefu la hae e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe, ‘o ile a fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Ha motho oa pele a siteloa Molimo, o ile a lahleheloa ke ho ba motho ea phethahetseng le melemo eohle ea seo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ka sebele, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ho re hopotsa lerato le leholo le bontšitsoeng ke Jehova le Mora oa hae ka lefu la Jesu la sehlabelo. Re lokela ho ananela lerato leo hakaakang!

Se Lokela ho Ketekoa Neng?

7. Ke joang Bakreste ba tlotsitsoeng ba jang Sehopotso “nako le nako”?

7 Mabapi le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Pauluse o ile a re: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakorinthe 11:26) Bakreste ka bomong ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ja litšoantšetso tsa Sehopotso ho fihlela ba e-shoa. Kahoo, ka pel’a Jehova Molimo le lefatše, ba ne ba tla bolela ka ho pheta-pheta tumelo ea bona tokisetsong ea Molimo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo.

8. Sehlopha sa batlotsuoa se ne se lokela ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ho fihlela neng?

8 Sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ne se tla keteka Sehopotso sa lefu la Kreste ho fihlela neng? Pauluse o itse: “Ho fihlela a fihla,” ’me ho hlakile hore mokete ona o ne o tla tsoela pele o ketekoa ho fihlela Jesu a fihla le ho nkela balateli ba hae ba tlotsitsoeng leholimong nakong ea ‘ho ba teng’ ha hae. (1 Bathesalonika 4:14-17) Sena se lumellana le mantsoe a Jesu ho baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang, a reng: “Haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.”—Johanne 14:3.

9. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Mareka 14:25 a bolela’ng?

9 Ha Jesu a ne a theha Sehopotso, o ile a bua ka senoelo sa veine ’me a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ho hang ha ke sa tla hlola ke noa sehlahisoa sa sefate sa morara ho fihlela letsatsing leo ka lona ke se noang se le secha ’musong oa Molimo.” (Mareka 14:25) Kaha Jesu o ne a ke ke a noa veine ea sebele leholimong ho hlakile hore o ne a bua ka thabo eo ka linako tse ling e tšoantšetsoang ke veine. (Pesaleme ea 104:15; Moeklesia 10:19) Ho ba hammoho ’Musong e ne e tla ba ketsahalo e thabisang eo eena le balateli ba hae ba neng ba e labalabela ka matla.—Baroma 8:23; 2 Bakorinthe 5:2.

10. Sehopotso se lokela ho ketekoa hangata hakae?

10 Na lefu la Jesu le lokela ho hopoloa khoeli le khoeli, beke le beke, kapa esita le letsatsi le letsatsi? Che. Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ’me a bolaoa ka letsatsi la Paseka, e neng e ketekoa e le “sehopotso” sa ho lopolloa ha Baiseraele botlamuoeng ba Egepeta ka 1513 B.C.E. (Exoda 12:14) Paseka e ne e tšoaroa hanngoe feela ka selemo, ka la 14 khoeling ea Bajuda ea Nisane. (Exoda 12:1-6; Levitike 23:5) Sena se bontša hore lefu la Jesu le lokela ho hopoloa ho tšoana le kamoo Paseka e neng e ketekoa kateng—hang ka selemo—eseng khoeli le khoeli, beke le beke, kapa letsatsi le letsatsi.

11, 12. Histori e senola’ng ka ho ketekoa ha Sehopotso mehleng ea pele?

11 Kahoo, ho loketse ho keteka Sehopotso selemo le selemo ka la 14 Nisane. Encyclopedia e ’ngoe e re: “Bakreste ba Asia Minor ba ne ba bitsoa Bo-Leshome-le-Metso-e-Mene ka lebaka la moetlo oa bona oa ho keteka paseka [Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena] kamehla ka la 14 Nisane . . . Letsatsi lena le ne le ka ’na la e-ba ka Labohlano kapa ka letsatsi le leng feela la beke.”—The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge, Buka ea IV, leqepheng la 44.

12 Ha rahistori J. L. von Mosheim a bua ka mokhoa ona oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o re Bo-Leshome-le-Metso-e-Mene ba ne ba keteka Sehopotso ka la 14 Nisane hobane “ba ne ba nka hore mohlala oa Kreste e ne e le molao.” Rahistori e mong o re: “Tšebeliso ea likereke tsa Bo-Leshome-le-Metso-e-Mene tsa Asia e ne e lumellana le ea kereke e Jerusalema. Lekholong la 2 la lilemo likereke tsena li ne li ikhopotsa topollo e entsoeng ke lefu la Kreste ka Paseka ka la 14 Nisane.”—Studia Patristica, Buka ea V, 1962, leqepheng la 8.

Se Boleloang ke Bohobe

13. Jesu o ile a sebelisa bohobe ba mofuta ofe ha a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

13 Ha Jesu a theha Sehopotso o ile “a nka bohobe, a kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola eaba o [bo fa baapostola].” (Mareka 14:22) Bohobe bo ileng ba sebelisoa ketsahalong ena ke bo neng bo ile ba sebelisoa ka Paseka. (Exoda 13:6-10) Kaha bo ne bo sa lomosoa, e ne e le sephaphatha se omeletseng ’me ho ne ho hlokahala hore bo qhetsoleloe batho. Mahobe ao Jesu ka mohlolo a ileng a a atisa hore a jeoe ke batho ba likete, le ’ona e ne e le liphaphatha tse omeletseng kahobane o ile a a qhetsola bakeng sa hore a tle a abeloe batho. (Matheu 14:19; 15:36) Kahoo, ho hlakile hore ho qhetsoloa ha bohobe ba Sehopotso hase taba ea bohlokoa hakaalo litabeng tsa moea.

14. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse hore bohobe ba Sehopotso bo se ke ba lomosoa? (b) Ho ka rekoa kapa ha bakoa bohobe ba mofuta ofe bakeng sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

14 Mabapi le bohobe bo sebelisitsoeng ha ho thehoa Sehopotso, Jesu o ile a re: “Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna.” (1 Bakorinthe 11:24; Mareka 14:22) Ho ne ho loketse hore ebe bohobe bona bo ne bo sa lomosoa. Hobane’ng? Hobane tomoso e ka bolela bobe, bokhopo kapa sebe. (1 Bakorinthe 5:6-8) Bohobe bo ne bo emela ’mele oa Jesu o phethahetseng, o se nang sebe, oo ka ho loketseng o neng o nyehetsoe e le sehlabelo sa thekollo. (Baheberu 7:26; 10:5-10) Lipaki Tsa Jehova li hopola sena ’me li latela mohlala oa Jesu ka ho sebelisa bohobe bo sa lomosoang Sehopotsong. Maemong a mang, li sebelisa liphaphatha tsa Bajuda tse sa nōkoang tse bitsoang matzo, tse se nang eiee kapa mahe. Ho seng joalo, bohobe bo sa lomosoang bo ka etsoa ka phofshoana e sa sefuoang (moo ho khonehang, e be ea koro) e tsoakiloeng ka metsi a seng makae. Ka paneng e tlotsitsoeng hanyenyane ka mafura, hlama e lokela ho etsoa liphaphatha tse tšesaane ’me e bakoe ho fihlela e oma ’me e e-ba thata.

Se Boleloang ke Veine

15. Senoelo seo Kreste a ileng a se sebelisa ha a theha Sehopotso sa lefu la hae se ne se tšetse eng?

15 Ha Jesu a qeta ho fetisa bohobe bo sa lomosoang, o ile a nka senoelo, “a leboha ’me a [se fa baapostola], ’me kaofela ba noa ho sona.” Jesu o ile a hlalosa a re: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata.” (Mareka 14:23, 24) Senoelo seo se ne se tšetse eng? Se ne se tšetse veine e lomositsoeng, eseng lero le sa belang la morara. Ha Mangolo a bua ka veine, ha a bue ka lero le sa belang la morara. Ka mohlala, joalokaha Jesu a boletse, veine e lomositsoeng, eseng lero la morara, e ka phatlola ‘makuka a veine a khale.’ Hape, lira tsa Kreste li ile tsa mo qosa ka ho re ‘o ne a ineheletse ho noa veine.’ Qoso ea tsona e ne e ke ke ea utloahala haeba veine e ne e le feela lero la morara. (Matheu 9:17; 11:19) Ho ne ho nooa veine moketeng oa Paseka, ’me Kreste o ile a e sebelisa ha a theha Sehopotso sa lefu la hae.

16, 17. Ke veine ea mofuta ofe e loketseng Sehopotso, hona hobane’ng?

16 Ke veine e khubelu feela eo e leng tšoantšetso e loketseng ea se emeloang ke se ka senoelong, e leng mali a Jesu a tšolotsoeng. Eena ka boeena o ile a re: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata.” ’Me moapostola Petrose o ile a ngola a re: “[Lōna Bakreste ba tlotsitsoeng] lea tseba hore ha lea ka la lopolloa ka lintho tse ka bolang, ka silevera kapa khauta, mokhoeng oa lōna oa boitšoaro o sa beheng litholoana o amohetsoeng ka neano ho tsoa ho baholo-holo ba lōna. Empa e bile ka mali a bohlokoa, a joaloka a konyana e se nang sekoli le e se nang letheba, ’ona a Kreste.”—1 Petrose 1:18, 19.

17 Ha ho pelaelo hore veine ea morara o mofubelu ke eona eo Jesu a ileng a e sebelisa ha a theha Sehopotso. Leha ho le joalo, liveine tse ling tse khubelu tsa kajeno ha lia lokela kahobane li tsoakiloe ka lipiriti kapa boranti kapa li kentsoe litlama le linōko. Mali a Jesu a ne a lekane, ho ne ho sa hlokahale hore a tsoakoe ka letho. Liveine tse kang port, sherry le vermouth ha lia lokela. Senoelo sa Sehopotso se lokela ho tšela veine e khubelu e se nang tsoekere le e sa tsoakoang. Ho ka sebelisoa veine ea morara o mofubelu ea maiketsetso, e se nang tsoekere, ’me ho ka sebelisoa le veine e kang burgundy e khubelu le claret.

18. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a etsa mohlolo ka bohobe le veine tsa Sehopotso?

18 Ha Jesu a theha sejo sena, ha aa ka a etsa mohlolo oa ho fetola litšoantšetso hore e be nama ea hae le mali a hae. Ho ja nama ea motho le ho noa mali ke bolimo ’me ke ho tlōla molao oa Molimo. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:10) Mantsiboeeng ao, Jesu o ne a ntse a feletse a e-na le ’mele oa hae le mali a hae. ’Mele oa hae o ile oa nyeheloa e le sehlabelo se phethahetseng, ’me mali a hae a ile a tšolloa thapameng e hlahlamang hona letsatsing leo la la 14 Nisane la Bajuda. Ka lebaka leo, bohobe le veine tsa Sehopotso ke litšoantšetso tse emelang nama ea Kreste le mali a hae. *

Sehopotso—Sejo se Kopaneloang

19. Ke hobane’ng ha ho ka sebelisoa lijana tse ’maloa le linoelo tse ’maloa ha ho ketekoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

19 Ha Jesu a theha Sehopotso, o ile a mema baapostola ba hae ba tšepahalang hore ba noe ka senoelo se le seng. Kosepele ea Matheu e re: “[Jesu] a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna.’” (Matheu 26:27) Ho sebelisa “senoelo” se le seng, eseng tse ngata, e ne e se bothata hobane ketsahalong ena, ho bonahala eka batho ba 11 feela ba ileng ba noa ba ne ba lutse tafoleng e le ’ngoe ’me ba ne ba ka fetisetsana senoelo habonolo. Selemong sena, ba limilione ba tla bokana bakeng sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena liphuthehong tse fetang 94 000 tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle. Kaha ho tla bokana batho ba bangata ka bosiu bo le bong bakeng sa mokete ona, ha ho kamoo senoelo se le seng se ka sebelisoang ke bohle. Empa molao-motheo oa senoelo se emelang mali a Jesu o ntse o lateloa liphuthehong tse khōlō ka ho sebelisa linoelo tse ’maloa e le hore li ka fetisetsoa ho bamameli ntle ho tšenyo ea nako. Ka ho tšoanang, ho ka sebelisoa lijana tse ’maloa bakeng sa bohobe. Ha ho letho ka Mangolong le bontšang hore senoelo kapa khalase e be tsa mofuta o itseng. Leha ho le joalo, senoelo le sejana e lokela ho ba tse hlomphehang. Ho hotle hore senoelo se se ke sa tlatsoa hoo veine e ka ’nang ea qhalana ha e fetisoa.

20, 21. Ke hobane’ng ha re ka re Sehopotso ke sejo se kopaneloang?

20 Le hoja ho ka sebelisoa lijana tse ’maloa tsa bohobe le linoelo tse ’maloa tsa veine, Sehopotso ke sejo se kopaneloang. Iseraele ea boholo-holo, motho o ne a ka etsa sejo se kopaneloang ka ho tlisa phoofolo sehalalelong sa Molimo, moo e neng e hlabeloa teng. Karolo e ’ngoe ea eona e ne e chesoa aletareng, karolo e ’ngoe e fuoa moprista ea sebeletsang ’me e ’ngoe e fuoa bara ba Arone ba baprista, ’me mong’a eona le lelapa la hae le bona ba ne ba e-ba le karolo eo ba e jang. (Levitike 3:1-16; 7:28-36) Sehopotso le sona ke sejo se kopaneloang hobane se jeoa hammoho.

21 Jehova oa kenella sejong sena se kopaneloang hobane ke eena Mothehi oa tokisetso ena. Jesu ke sehlabelo, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba kopanela ho jeng litšoantšetso tsena. Ho jella tafoleng ea Jehova ho bolela hore ba jang ba khotsong le eena. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a ngola a re: “Senoelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang, na hase ho ba le karolo maling a Kreste? Bohobe boo re bo qhetsolang, na hase ho ba le karolo ’meleng oa Kreste? Kahobane ho na le bohobe bo le bong, rōna, le hoja re le bangata, re ’mele o le mong, kaha kaofela re ja bohobe boo bo le bong.”—1 Bakorinthe 10:16, 17.

22. Ke lipotso life mabapi le Sehopotso tseo re lokelang ho li hlahloba?

22 Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke oona mokete feela oa bolumeli oa selemo le selemo oa Lipaki Tsa Jehova. Sena se loketse hobane Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Ka Sehopotso, re ikhopotsa lefu la Jesu, e leng lefu le ileng la phahamisa bobusi ba Jehova. Joalokaha re bone, sejong sena se kopaneloang, bohobe bo emela ’mele oa Kreste o entsoeng sehlabelo ’me veine e emela mali a hae a tšolotsoeng. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela ba jang bohobe le veine tsa tšoantšetso. Hobane’ng? Na Sehopotso ke sa bohlokoa le ho ba limilione ba sa jeng? Ha e le hantle, na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke tsa bohlokoa ho uena?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Bona Buka ea 2, leqepheng la 271, ho Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha Jesu a ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

• Sehopotso se lokela ho ketekoa hangata hakae?

• Bohobe bo sa lomosoang ba Sehopotso bo bolela’ng?

• Veine ea Sehopotso e emela’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena