Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke ne ke sa Tsebe Molimo Hakaalo”

“Ke ne ke sa Tsebe Molimo Hakaalo”

“Ke ne ke sa Tsebe Molimo Hakaalo”

MONNA e mong oa Kerala, India, o ile a ngola, a re: “Ho se ho fetile selemo Lipaki Tsa Jehova li ntse li nketela le ho buisana le ’na ka litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Ke bile Mok’hatholike ka lilemo tse robeli, empa ke ne ke sa tsebe Molimo hakaalo. Ka selemo sena se le seng feela ke se ke ithutile ho hoholo.” Hape o re: “Ke thabile haholo ho tseba hore Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 139 [hona joale li 146]. Ke maketse hore ebe batho ba lipuo tsohle ba ntse ba rua tsebo ka molaetsa o mabapi le Molimo.”

Le hoja bo-rafilosofi ba bangata ba bolela ka tieo hore batho ba ke ke ba tseba Molimo, moapostola Pauluse eena o ile a hlakisa hore ba ka Mo tseba. Ha Pauluse a ne a bua le sehlopha sa batho ba Athene, bao ba bang ba bona ba neng ba rapela aletareng e nehetsoeng ho “Molimo ea sa Tsejoeng,” o ile a re: “Seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, sena kea se phatlalatsa ho lōna. Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona . . . o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.”—Liketso 17:23-26.

Pauluse o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba batle ho tseba ’Mōpi, etsoe ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u tsebe Molimo oa ’nete le botho ba hae bo ipiletsang.