Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Tsa Bohlokoa ho Uena?

Na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Tsa Bohlokoa ho Uena?

Na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Tsa Bohlokoa ho Uena?

“Mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato mabapi le ’mele le mali a Morena.”—1 BAKORINTHE 11:27.

1. Ke ketsahalo efe ea bohlokoa ka ho fetisisa e lokiselitsoeng bakeng sa selemo sa 2003, ’me e simolohile hokae?

KETSAHALO ea bohlokoa ka ho fetisisa e lokiselitsoeng bakeng sa selemo sa 2003 e tla ba ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 16 April. Ka nako eo, Lipaki Tsa Jehova li tla bokana ho keteka Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, Jesu o ile a theha mokete ona, oo hape o bitsoang Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, ha eena le baapostola ba hae ba qeta ho keteka Paseka ka la 14 Nisane, 33 C.E. Litšoantšetso tsa Sehopotso tsa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu li tšoantšetsa ’mele oa Kreste o se nang sebe le mali a hae a tšolotsoeng—e leng sona feela sehlabelo se ka lopollang batho sebeng le lefung tse futsitsoeng.—Baroma 5:12; 6:23.

2. Ke temoso efe e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 11:27?

2 Ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso ba lokela ho etsa joalo ka tsela e hlomphehang. Moapostola Pauluse o ile a hlakisa sena ha a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo, moo Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li neng li sa ketekoe ka tsela e loketseng. (1 Bakorinthe 11:20-22) Pauluse o ile a ngola a re: “Mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato mabapi le ’mele le mali a Morena.” (1 Bakorinthe 11:27) Mantsoe aa a bolela’ng?

Ba Bang ba ne ba se Keteka ka ho sa Tšoaneleheng

3. Bakreste ba bangata ba Korinthe ba ne ba itšoara joang meketeng ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

3 Bakreste ba bangata ba Korinthe ba ne ba ja Sehopotso ka ho sa tšoaneleheng. Ho ne ho e-na le likhaohano pakeng tsa bona, ’me bonyane ka nakoana, ba bang ba ne ba itlela le lijo tsa bona tsa mantsiboea ebe ba li ja pele ho seboka kapa ha se ntse se tsoela pele, hangata ba ja le ho noa ka ho feteletseng. Ba ne ba sa falimeha kelellong esita le moeeng. Sena se ile sa etsa hore ba be “molato mabapi le ’mele le mali a Morena.” Ba neng ba sa tle le lijo tsa mantsiboea bona ba ne ba tla ba lapile ’me likelello tsa bona li lelera. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba ne ba e-ja litšoantšetso ntle ho tlhompho ’me ba sa lemohe ka ho feletseng botebo ba ketsahalo ena. Hase feela ba ileng ba itlisetsa kahlolo!—1 Bakorinthe 11:27-34.

4, 5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ba tloaetseng ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso ba itlhahlobe?

4 Ha Sehopotso se ntse se atamela selemo le selemo, ho hlokahala hore ba tloaetseng ho ja litšoantšetso ba itlhahlobe. E le hore ba lokele ho ja sejo sena se kopaneloang, ba tlameha hore ba be ba phela hantle moeeng. Mang kapa mang ea hlomphollang sehlabelo sa Jesu, esita le ea se nyelisang, o tla ba kotsing ea ho ‘felisoa sechabeng sa Molimo,’ joalokaha Moiseraele ea neng a e-ja sejo se kopaneloang a sa hloeka a ne a felisoa.—Levitike 7:20; Baheberu 10:28-31.

5 Pauluse o ile a tšoantša Sehopotso le sejo se kopaneloang sa Iseraele ea boholo-holo. O ile a re ba jang ba kopanela le Kreste eaba o re: “Le ke ke la noa senoelo sa Jehova le senoelo sa bademona; le ke ke la ja ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.” (1 Bakorinthe 10:16-21) Haeba motho ea tloaetseng ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso a etsa sebe se tebileng, o lokela ho ipolela ho Jehova le ho batla thuso ea moea ho baholo ba phutheho. (Liproverbia 28:13; Jakobo 5:13-16) Haeba a baka e le kannete ’me a beha litholoana tse tšoanelang pako, o tla be a sa je ka ho sa tšoaneleheng.—Luka 3:8.

Ho ba Teng re le Bashebelli ba Hlomphang

6. Ke bo-mang bao Molimo a ba boloketseng tokelo ea ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

6 Na bao hona joale ba etsang lintho tse molemo ho masala a ba 144 000 a barab’abo Kreste ba ka ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena? (Matheu 25:31-40; Tšenolo 14:1) Che. Tokelo ena e khethehileng Molimo o e boloketse bao a ba tlotsitseng ka moea o halalelang hore e be “majalefa hammoho le Kreste.” (Baroma 8:14-18; 1 Johanne 2:20) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatše lohle tlas’a puso ea ’Muso, bona ba boemong bofe? (Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Kaha hase majalefa-’moho le Jesu a tšepo ea leholimo, ba ba teng Sehopotsong e le bashebelli ba hlomphang.—Baroma 6:3-5.

7. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba hore ba lokela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso?

7 Bakreste ba ’nete ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. Ba bangata ba bona ba ne ba sebelisa mpho e le ’ngoe kapa tse ngata tsa mohlolo tsa moea, tse kang ho bua maleme. Kahoo, ho ne ho ke ke ha e-ba thata hore batho ba joalo ba tsebe hore ba tlotsitsoe ka moea ’me ba lokela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso. Leha ho le joalo, mehleng ea rōna, sena se ka tsejoa ka ho sebelisa mantsoe a bululetsoeng a kang ana: “Bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo, bana ke bara ba Molimo. Etsoe ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’”—Baroma 8:14, 15.

8. Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke “koro” le “mofoka” tse boletsoeng ho Matheu khaolo ea 13?

8 Ka lilemo tse makholo, batlotsuoa ba ’nete ba ile ba hōla joaloka “koro” tšimong ea “mofoka” kapa Bakreste ba bohata. (Matheu 13:24-30, 36-43) Ho tloha ka bo-1870, “koro” e ile ea bonahala ka ho eketsehileng, ’me lilemong tse ngata hamorao balebeli ba tlotsitsoeng ba Bakreste ba ile ba bolelloa, ha thoe: “Baholo . . . ba lokela ho behela ba tlang [Sehopotsong] melao ena le maemo ana,—(1) ba be ba e-na le tumelo maling [a Kreste]; ’me (2) ba inehetse ho Morena le tšebeletsong ea hae esita le ho isa lefung. Ka mor’a moo ba lokela ho mema bohle ba lumellanang le lintho tsena le ba inehetseng, hore ba kopanele ho ketekeng lefu la Morena.”—Studies in the Scriptures, Buka ea VI, The New Creation, leqepheng la 473. *

Ho Batla “Linku Tse Ling”

9. Ho ile ha hlakisoa joang hore na “bongata bo boholo” ke bo-mang ka 1935, ’me see se ile sa ama ba neng ba ntse ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso joang?

9 Ka mor’a nako, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa qala ho lebisa tlhokomelo ho ba bang bao e seng balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste. Phetoho ea bohlokoa ntlheng ena e ile ea etsahala bohareng ba bo-1930. Pele ho moo, batho ba Molimo ba ne ba nka “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9 e le sehlopha se tlaasana sa moea se neng se tla kopanngoa le batlotsuoa ba tsositsoeng ba 144 000 leholimong joaloka baetsana kapa metsoalle ea monyali, e leng Kreste. (Pesaleme ea 45:14, 15; Tšenolo 7:4; 21:2, 9) Empa ka la 31 May, 1935, puong e ileng ea fanoa kopanong ea Lipaki Tsa Jehova Washington, D.C., U.S.A., ho ile ha hlalosoa ho latela Mangolo hore “bongata bo boholo” (“letšoele le leholo,” King James Version) bo emela “linku tse ling” tse phelang mehleng ea bofelo. (Johanne 10:16) Ka mor’a kopano eo, ba bang ba neng ba ntse ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso ba ile ba khaotsa kahobane ba ne ba hlokomela hore ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng eseng leholimong.

10. U ka hlalosa tšepo le boikarabelo ba “linku tse ling” tsa kajeno joang?

10 Haholo-holo ho tloha ka 1935 ho ’nile ha batloa bao e tla ba “linku tse ling,” ba nang le tumelo thekollong, ba inehelang ho Molimo ’me ba tšehetsa “mohlatsoana” oa batlotsuoa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (Luka 12:32) Linku tsena tse ling li na le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng, empa lintlheng tse ling tsohle li tšoana le masala a mehleng ena a majalefa a ’Muso. Joaloka bajaki ba Iseraele ea boholo-holo ba neng ba rapela Jehova le ho ikokobelletsa Molao, linku tse ling tsa kajeno li amohela boikarabelo ba Bokreste, bo kang ho bolela litaba tse molemo hammoho le litho tsa Iseraele ea moea. (Bagalata 6:16) Leha ho le joalo, joalokaha ho ne ho se mojaki eo e neng e ka ba morena kapa moprista oa Iseraele, ha ho le ea mong oa linku tse ling ea ka busang ’Musong oa leholimo kapa a sebeletsa e le moprista.—Deuteronoma 17:15.

11. Ke hobane’ng ha letsatsi leo motho a inehetseng ka lona le ka ama tšepo eo a nang le eona?

11 Joale, lilemong tsa bo-1930 ho ne ho ntse ho hlaka hore ka kakaretso sehlopha sa leholimo se se se khethiloe. Hona joale e se e ka ba lilemo tse 70 ho ntse ho batloa linku tse ling tseo tšepo ea tsona e leng ho phela lefatšeng. Haeba motlotsuoa a sa tšepahale, ho ka etsahala hore motho ea seng a sebelelitse Molimo ka botšepehi ka nako e telele e le e mong oa linku tse ling a bitsoe hore a koale sekheo se hlahileng ho ba 144 000.

Lebaka Leo ka Lona ka Phoso ba Bang ba Nkang Hore ba ea Leholimong

12. Ke tlas’a maemo afe motho a lokelang ho khaotsa ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso, hona hobane’ng?

12 Bakreste ba tlotsitsoeng ba kholisehile ka ho feletseng hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong. Empa ho thoe’ng haeba batho ba bang ba sa bitsoang ba ’nile ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso? Kaha joale baa hlokomela hore ha ho mohla ba kileng ba e-ba le tšepo ea ho phela leholimong, ka sebele matsoalo a bona a lokela ho ba susumelletsa ho khaotsa ho ja. Molimo a ke ke a hauhela mang kapa mang ea iketsang motho ea bitselitsoeng ho ba morena oa leholimo le moprista empa a tseba hore ha ho joalo. (Baroma 9:16; Tšenolo 20:6) Jehova o ile a bolaea Kora oa Molevi ka lebaka la hore ka ho iketelletsa pele a batle boprista ba lesika la Arone. (Exoda 28:1; Numere 16:4-11, 31-35) Haeba Mokreste a hlokomela hore ka phoso o ’nile a ja litšoantšetso tsa Sehopotso, o lokela ho khaotsa ho ja ’me ka boikokobetso a rapele Jehova hore a mo tšoarele.—Pesaleme ea 19:13.

13, 14. Ke hobane’ng ha ka phoso ba bang ba ka ’na ba nka hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong?

13 Ke hobane’ng ha ka phoso ba bang ba ka ’na ba nka hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong? Ho shoeloa ke molekane kapa tlokotsi e ’ngoe li ka ’na tsa etsa hore ba se hlole ba rata ho phela lefatšeng. Kapa ba ka ’na ba e-ba le takatso ea ho phela moo motsoalle oa bona oa hlooho-ea-khomo ea ipolelang hore ke Mokreste ea tlotsitsoeng, a eang teng. Ka ho hlakileng, Molimo ha aa khetha mang kapa mang hore a khothalletse ba bang tokelo ena. Hape ha a tlotse majalefa a ’Muso ka ho etsa hore a utloe mantsoe a a bolellang hore ke batlotsuoa.

14 Khopolo e fosahetseng ea bolumeli ea hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong e ka ’na ea etsa hore ba bang ba nahane hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong. Kahoo, re lokela ho itebela hore re se ke ra susumetsoa ke likhopolo tsa nakong e fetileng tse fosahetseng kapa mabaka a mang. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba ipotsa ba re: ‘Na ke sebelisa meriana e nkamang maikutlo? Na ke motho ea nkehang maikutlo hoo nka etsang liqeto tse fosahetseng?’

15, 16. Ke hobane’ng ha ka phoso ba bang ba ’maloa ba ka phetha ka hore ke batlotsuoa?

15 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa ba re: ‘Na ke rata ho hlahella? Na ke lakatsa bolaoli hona joale kapa nakong e tlang ke le mojalefa-’moho le Kreste?’ Ha majalefa a ’Muso a ne a bitsoa lekholong la pele la lilemo, hase ’ona kaofela a neng a le maemong a boikarabelo ka phuthehong. Hape, batho ba bitselitsoeng ho ea phela leholimong ha ba rate ho hlahella kapa ho ikhantša ka hore ke batlotsuoa. Ba bontša boikokobetso bo lebeletsoeng ho ba nang le “kelello ea Kreste.”—1 Bakorinthe 2:16.

16 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba bitselitsoe ho ea phela leholimong hobane ba e-na le tsebo e batsi ea Bibele. Empa ho tlotsoa ka moea ha ho etse hore motho a be le kutloisiso e fetisisang, hobane Pauluse o ile a tlameha ho laea le ho eletsa batlotsuoa ba itseng. (1 Bakorinthe 3:1-3; Baheberu 5:11-14) Molimo o na le tokisetso ea ho fana ka lijo tsa moea ho batho ba hae kaofela. (Matheu 24:45-47) Kahoo, ha ho motho ea lokelang ho nahana hore ho ba Mokreste ea tlotsitsoeng ho mo etsa hore a be bohlale ho feta ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Hore motho o tlotsitsoe ka moea ha ho bonahale ka ho tseba ho araba lipotso tsa Bibele, ho paka kapa ho fana ka lipuo tsa Bibele. Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le bona baa ipabola linthong tsena.

17. Ho tlotsoa ka moea ho itšetlehile ka eng le ka mang?

17 Haeba Mokreste e mong a botsa ka taba ea ho bitsetsoa ho ea phela leholimong, moholo kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong a ka tšohla taba ena le eena. Leha ho le joalo, ha ho motho ea ka etsetsang e mong qeto tabeng ena. Motho eo ka ’nete a bitselitsoeng ho ea phela leholimong ha ho hlokahale hore a botse ba bang hore na ho joalo. Batlotsuoa ba “filoe tsoalo e ncha, eseng ka peō e ikatisang e ka bolang, empa ka e ke keng ea bola, ka lentsoe la Molimo ea phelang le ea lulang a le teng.” (1 Petrose 1:23) Ka moea oa hae le Lentsoe la hae, Molimo o jala “peō” e etsang hore motho e be “pōpo e ncha” e nang le tšepo ea ho phela leholimong. (2 Bakorinthe 5:17) Ke Jehova ea khethang. Ho tlotsoa “ha hoa itšetleha ka ea lakatsang kapa ea mathang, empa ho itšetlehile ka Molimo.” (Baroma 9:16) Kahoo, motho a ka kholiseha joang hore o bitselitsoe ho ea phela leholimong?

Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Kholisehileng Hore ba ea Leholimong

18. Moea oa Molimo o pakela moea oa batlotsuoa joang?

18 Bopaki ba moea oa Molimo bo kholisa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba tla phela leholimong. Pauluse o ile a ngola a re: “Le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.” (Baroma 8:15-17) Ka tšusumetso ea moea o halalelang, moea oa batlotsuoa kapa boikutlo, o ba susumelletsa hore ba nke hore seo Mangolo a se bolelang ka bana ba Jehova ba moea se sebetsa ho bona. (1 Johanne 3:2) Moea oa Molimo o etsa hore ba ikutloe e le bara ba hae ’me o etsa hore ba be le tšepo e khethehileng. (Bagalata 4:6, 7) E, bophelo bo sa feleng lefatšeng e le batho ba phethahetseng ba lulang le litho tsa malapa le metsoalle e ne e tla ba ntho e monate haholo, empa hase tšepo eo ba e filoeng ke Molimo. Ka moea oa hae, Molimo o entse hore ba be le tšepo e matla haholo ea ho phela leholimong hoo ba ikemiselitseng ho tela lintho tsohle tsa lefatše.—2 Bakorinthe 5:1-5, 8; 2 Petrose 1:13, 14.

19. Selekane se secha se phetha karolo efe bophelong ba Mokreste ea tlotsitsoeng?

19 Bakreste ba tlotsitsoeng ba kholisehile ka tšepo ea bona ea ho phela leholimong, ea ho kenngoa selekaneng se secha. Jesu o buile ka eona ha a theha Sehopotso ’me a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.” (Luka 22:20) Ba keneng selekaneng se secha ke Molimo le batlotsuoa. (Jeremia 31:31-34; Baheberu 12:22-24) Jesu ke mokena-lipakeng. Kaha selekane se secha se entsoe ka mali a tšolotsoeng a Kreste, litho tsa sona li ile tsa nkoa har’a Bajuda le batho ba lichaba hore ho etsoe batho bakeng sa lebitso la Jehova ’me sa ba etsa hore e be karolo ea “peō” ea Abrahama. (Bagalata 3:26-29; Liketso 15:14) ‘Selekane sena se sa feleng’ se nolofalletsa Baiseraele bohle ba moea hore ba tsosetsoe bophelong ba ho se shoe leholimong.—Baheberu 13:20.

20. Batlotsuoa ba kenngoa selekaneng sefe le Kreste?

20 Batlotsuoa ba kholisehile ka tšepo eo ba nang le eona. Ba kentsoe selekaneng se seng, e leng selekane sa ’Muso. Mabapi le ho kopanela ha bona le Kreste, Jesu o ile a re: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:28-30) Selekane sena se pakeng tsa Kreste le marena ao a tla busa le ’ona se sebetsa ka ho sa feleng.—Tšenolo 22:5.

Nako ea Sehopotso—Nako e Thabisang

21. Re ka rua molemo o moholo joang nakong ea Sehopotso?

21 Nako ea Sehopotso e tlisa litlhohonolofatso tse ngata. Re ka rua molemo ’malong oa Bibele o lokiselitsoeng nako ena. Hape ke nako e molemo ea ho rapela, ea ho thuisa ka bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng le lefu la hae, le ea ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (Pesaleme ea 77:12; Bafilipi 4:6, 7) Mokete ona o re hopotsa ka lerato le bontšitsoeng ke Molimo le Kreste mabapi le sehlabelo sa Jesu sa thekollo. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Tokisetso ena e re fa tšepo le matšeliso ’me e lokela ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho latela mohlala oa Kreste. (Exoda 34:6; Baheberu 12:3) Sehopotso se boetse se lokela ho re matlafatsa hore re phethe boinehelo ba rōna re le bahlanka ba Molimo le hore re be balateli ba tšepahalang ba Mora oa hae ea ratoang.

22. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng batho ke efe, ’me tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang kananelo bakeng sa eona ke efe?

22 Jehova o re fa limpho tse molemo hakaakang! (Jakobo 1:17) Re tataisoa ke Lentsoe la hae, re thusoa ke moea oa hae ’me re na le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona ke sehlabelo sa Jesu bakeng sa libe tsa batlotsuoa le tsa ba bang bohle ba bontšang tumelo. (1 Johanne 2:1, 2) Kahoo, lefu la Jesu ke la bohlokoa hakae ho uena? Na u tla ba har’a ba bontšang kananelo bakeng sa lona ka ho ba teng ka mor’a ho likela ha letsatsi ka la 16 April, 2003, ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

U ka Araba Joang?

• Ke bo-mang ba lokelang ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso?

• Ke hobane’ng ha “linku tse ling” li e-ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena e le bashebelli feela ba hlomphang?

• Bakreste ba tlotsitsoeng ba tseba joang hore ba lokela ho ja bohobe le veine Sehopotsong sa lefu la Kreste?

• Nako ea Sehopotso ke nako e molemo ea ho etsa’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Krafo/Litšoantšo tse leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ba Bileng Teng Sehopotsong

LIMILIONE TSE

15,597,746

15

14

13,147,201

13

12

11

10

 9

 8

 7

 6

 5

4,925,643

 4

 3

 2

 1

878,303

63,146

1935 1955 1975 1995 2002

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na selemong see u tla ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Nako ea Sehopotso ke nako e molemo ea ho bala Bibele ka ho eketsehileng le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso