Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!

U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!

U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!

HA KHOABI e se nang thuso ea letsopa e le ka liatleng tsa sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se tsebang mosebetsi oa sona, e ka fetoha sejana se bohehang. Ke litsebi tse seng kae tsa mosebetsi oa matsoho tse ka finyellang boholo ba lintho li sebelisa lintho tse bonahalang li le nyenyane. Ka lilemo tse likete, batho ba ’nile ba hloka hore sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se ba etsetse likomiki, lipoleiti, lipitsa, linkho haesita le mepotjoana e khabisang.

Batsoali le bona ba etsa mosebetsi o moholo sechabeng ka ho bōpa botho ba bana ba bona. Bibele e re bapisa le letsopa, ’me Molimo o abetse batsoali mosebetsi oa bohlokoa oa ho bōpa “letsopa,” e leng bana ba bona. (Jobo 33:6; Genese 18:19) Feela joaloka ho bōpa sejana se setle sa letsopa, ho fetola ngoana hore e be motho ea nang le boikarabelo le ea nang le botsitso hase papali. Ho fetola ngoana ka tsela eo ha ho itlele feela tjee.

Ho na le lintho tse ngata tse nang le tšusumetso e matla tse bōpang lipelo tsa bana ba rōna. Ka bomalimabe tse ling tsa lintho tsena ke tse senyang. Kahoo, ho e-na le ho tlohela pelo ea ngoana oa hae, motsoali ea bohlale o tla koetlisa ngoana “ho ea ka tsela e mo loketseng,” a tšepile hore “ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.

Nakong ea bohlokoa le e telele ea khōliso ea ngoana, ho tla hlokahala hore batsoali ba bohlale ba Bakreste ba iphe nako ea ho loantša litšusumetso tse mpe tse ka senyang lipelo tsa bana ba bona. Lerato la bona le tla lekoa haholo ha ka mamello ba fa ngoana “thupelo le taeo, tse tšoanelang khōliso ea Bokreste.” (Baefese 6:4, The New English Bible) Ho hlakile hore mosebetsi oa batsoali o tla nolofala haholoanyane ha ba qala ha bana ba sa le banyenyane.

Ho Otlolla Thupa e sa le Metsi

Libōpi tsa lipitsa tsa letsopa li rata ho sebetsa ka letsopa le bonolo empa leo ha le se le bōpiloe, le tlang ho lula le tiile. Ha li se li hloekisitse letsopa, li khetha ho le sebelisa pele ho fela likhoeli tse tšeletseng. Ka mokhoa o tšoanang, nako e molemo ka ho fetisisa ea hore batsoali ba qale ho bōpa lipelo tsa bana ba bona, ke ha li sa ntsane li le bonolo.

Litsebi tsa bophelo ba bana li bolela hore ha ngoana a e-ba le likhoeli tse robeli, o se a ntse a ithutile melumo ea puo ea habo, o se a e-na le kamano e haufi le batsoali ba hae, o se a khona ho lemoha lintho ’me o se a thijoa ka mona le ka mane. Nako e molemo ka ho fetisisa ea ho qala ho bōpa pelo ea hae ke ha a sa le monyenyane. Ngoana oa hao o tla rua molemo o mokaakang haeba ho tšoana le Timothea, ‘a tsebile lingoliloeng tse halalelang ho tloha boseeng’!—2 Timothea 3:15. *

Ka tlhaho bana ba etsisa batsoali ba bona. Ntle le ho etsisa melumo, mantsoe le liketso, ba ithuta lerato, mosa le kutloelo-bohloko ha ba bona batsoali ba bona ba bonahatsa lintho tsena. Haeba re batla ho koetlisa ngoana ka melao ea Jehova, pele ho tsohle, ho hlokahala hore litaelo tsa Molimo li be ka lipelong tsa rōna. Kananelo e joalo e tlohang pelong bakeng sa melao ea Molimo e tla susumelletsa batsoali hore ba buisane kamehla le bana ba bona ka Jehova le ka Lentsoe la hae. Bibele ea eletsa, e re: “U bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Francisco le Rosa ba hlalosa kamoo ba etsang sena kateng ho bana ba bona ba babeli ba banyenyane. *

“Ntle ho puisano ea letsatsi le letsatsi, re leka ho buisana le bana ba rōna ka bomong bonyane ka metsotso e 15 letsatsi ka leng. Ha ho e-na le bothata, kaha ehlile mathata a ba teng—re eketsa nako eo re buisanang le bona ka eona. Ka mohlala, morao tjena mora oa rōna ea lilemo li hlano o ile a fihla lapeng a tsoa sekolong ’me a re bolella hore ha a lumele ho Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, e mong oa bana bao a kenang sekolo le bona o ne a ile a mo soma ’me a re Molimo ha a eo.”

Batsoali bana ba ile ba lemoha hore ho hlokahala hore bana ba bona ba hōlise tumelo ho ’Mōpi oa bona. Tumelo e joalo e ka hahoa thahasellong eo ba nang le eona linthong tseo Molimo a li bōpileng. Ke ’nete hore bana ba rata ho tšoara liphoofolo, ho kha lipalesa tsa naheng, kapa ho bapalla lehlabatheng le lebōpong la leoatle. Batsoali ba ka ba thusa ho bona hore lintho tse bōpiloeng li na le ’Mōpi. (Pesaleme ea 100:3; 104:24, 25) Ba ka ba le tšabo le tlhompho bakeng sa pōpo ea Jehova bophelo bohle ba bona. (Pesaleme ea 111:2, 10) Hammoho le kutloisiso ena, ngoana a ka hōlisa takatso ea ho thabisa Molimo le tšabo ea ho mo halefisa. Sena se tla mo susumelletsa ‘ho furalla bobe.’—Liproverbia 16:6.

Le hoja bana ba bangata ba le bohelehele ’me ba ithuta lintho kapele, ba ka ’na ba thatafalloa ke ho mamela. (Pesaleme ea 51:5) Ka linako tse ling ba ka ’na ba tsitlella ho iketsetsa borata kapa hore lintho li etsoe ka tsela ea bona. Ho hlokahala hore batsoali ba tiee, ba be le mamello ’me ba sebelise taeo hore mekhoanyana ena e se ke ea teba. (Baefese 6:4) Sena ke se entsoeng ke Phyllis le Paul, ba atlehileng ho hōlisa bana ba bahlano.

Phyllis oa hopola, o re: “Le hoja bana ba ne ba sa tšoane, e mong le e mong o ne a batla ho iketsetsa borata. Ho ne ho le thata, empa qetellong ba ile ba utloisisa hore ‘che ke che.’” Monna oa hae Paul, o re: “Ha ba se ba le baholo hore ba ka utloisisa, hangata re ne re ba bolella mabaka a liqeto tsa rōna. Le hoja kamehla re ne re leka ho ba mosa, re ile ra ba ruta hore ba hlomphe matla a ho laela ao re a filoeng ke Molimo.”

Ke ’nete hore ngoana ha a sa ntsane a le monyenyane o na le mathata a mangata, empa batsoali ba bangata ba fumane hore mathata a maholo a hlaha lilemong tsa bocha ha pelo ea bongoana e tobana le liteko tse ngata tse ncha.

Ho Finyella Pelo ea Mocha

Sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se lokela ho qala mosebetsi pele letsopa le oma. E le hore se sebetse hantle, se ka ’na sa fafatsa metsi letsopeng hore le lule le le bonolo. Ka tsela e tšoanang, batsoali ba lokela ho sebetsa ka thata hore pelo ea mocha oa bona e se ke ea thatafala. Ho hlakile hore kofuto e ka sehloohong ea bona ke Bibele, eo ka eona ba ka ‘khalemelang, ba otlolla lintho le ho hlomella bana bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Timothea 3:15-17.

Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore mocha a se ke a amohela keletso ea batsoali ka potlako joalokaha a ne a etsa ha a sa le monyenyane. Bacha ba ka ’na ba qala ho mamela lithaka tsa bona, ka hona ho ka ’na ha se ke ha hlola ho e-ba le puisano e tšepahalang le e lokolohileng pakeng tsa bona le batsoali ba bona. Ke nako ea hore ka ho khetheha ho bontšoe mamello le tsebo, kaha batsoali le bana ba kena boemong bo bocha bophelong. Mocha o lokela ho tloaela liphetoho tseo a bang le tsona ’meleng le maikutlong. O lokela ho qala ho etsa liqeto le ho ipehela lipakane tse ka amang bophelo bohle ba hae. (2 Timothea 2:22) Nakong ena e thata, o lokela ho sebetsana le tšusumetso e ka ’nang ea senya pelo ea hae—e leng khatello ea lithaka.

Hase kamehla khatello e joalo e totobalang le ho etsoa ka lekhetlo le le leng feela. Ho e-na le hoo, hangata e etsoa ka letoto la lipuonyana kapa maemo a hlokisang mocha botsitso. Lipuonyana tsena le maemo ana li ama bacha ba bangata moo ba fokolang teng—e leng ho tšaba ho khesoa ke bacha ba bang. Ha mocha a hlokomela hore ha a tšoane le bacha ba bang ’me a batla ho amoheleha ho bona, a ka ’na a qala ho amohela “lintho tse lefatšeng” tseo bacha ba bang ba li buellang.—1 Johanne 2:15-17; Baroma 12:2.

Ho hobe le ho feta ke hore takatso ea tlhaho ea pelo e sa phethahalang e ka ’na ea matlafatsa mantsoe a lithaka tsa hae. Mocha a ka ’na a susumetsoa ke mantsoe a reng “Ithabise” le a reng “Iketsetse borata.” María o hopola se ileng sa mo etsahalla, o re: “Ke ile ka mamela bacha ba bang ba neng ba lumela hore ba na le tokelo ea ho ithukhubetsa menateng ho sa tsotellehe liphello. Kaha ke ne ke batla ho etsa seo metsoalle ea ka ea sekolo e se etsang, ke ile ka batla ke oela.” Joaloka motsoali, u batla ho thusa mocha oa hao hore a hlōle khatello ena, empa u ka ho etsa joang?

Ka mantsoe le ka liketso, mo kholise le ho mo tiisetsa hore ua mo tsotella. Leka ho fumana hore na maikutlo a hae ke afe, ’me u leke ho utloisisa mathata a hae, ao e ka ’nang eaba a boima haholo ho feta ao u neng u thulana le ’ona sekolong. Ka ho khetheha nakong ena, ngoana oa hao o hloka ho u bona u le motho eo a ka mo bolellang makunutu. (Liproverbia 20:5) Ka boitšisinyo ba ’mele kapa botho ba hae bo feto-fetohang, u ka ’na ua hlokomela ho tšoenyeha kapa ho ferekana ha hae. U se ke ua hlokomoloha bothata ba hae le ha a sa bue, ’me u ‘tšelise pelo ea hae.’—Bakolose 2:2.

Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho tiea ho se nepahetseng. Batsoali ba bangata ba fumana hore ka linako tse ling ha ba lumellane le bana ba bona, empa ba ke ke ba inehela ha liqeto tsa bona li nepahetse. Ka lehlakoreng le leng, etsa bonnete ba hore u utloisisa boemo hantle pele u etsa qeto ea ho fana ka taeo e lerato le hore na u tla fana ka eona joang haeba e hlokahala.—Liproverbia 18:13.

Liteko li Ntse li le Teng le ka Phuthehong

Sejana sa letsopa se ka ’na sa bonahala eka se felile, empa ha se sa besoa ka sebōping, se ka senngoa ke lintho tseo se etselitsoeng hore se li tšele. Bibele e bapisa liteko le mathata le mollo o joalo, kaha li bonahatsa hore na re batho ba mofuta ofe. Ha e le hantle Bibele e bua ka ho khetheha ka liteko tsa tumelo ea rōna, empa taba ena e sebetsa le litekong tse ling. (Jakobo 1:2-4) Hoa makatsa hore ebe liteko tse ling tseo bacha ba tobanang le tsona li hlaha ka phuthehong.

Le hoja mocha oa hao a ka ’na a bonahala a le matla moeeng, e ka ’na eaba maikutlo a hae aa loantšana. (1 Marena 18:21) Ka mohlala, Megan o ne a utloa lintho tsa lefatše ho bacha ba bang ba tlang Holong ea ’Muso:

“Ke ile ka susumetsoa ke sehlopha sa bacha ba neng ba nka hore Bokreste bo jesa bolutu ebile bo ba sitisa ho ithabisa. Ba ne ba bua lintho tse kang: ‘Hang feela ha ke e-ba lilemo li 18, ke tla tlohela Bopaki,’ kapa ‘Ke khathetse ke Bopaki bona.’ Ba ne ba koekoetla bacha ba neng ba sa lumellane le bona, ba re ke bahalaleli.”

Bacha ba ka susumetsoa ke mocha a le mong feela kapa ba babeli. Ka tloaelo batho ba latela bongata. Booatla le ho iketsa sebete li ka phahamela bohlale le ho itlhompha. Linaheng tse ngata, bacha ba Bakreste ba ’nile ba kena khathatsong ka lebaka la ho latela bongata.

Ke ’nete hore ka tekanyo e itseng bacha ba hloka ho thaba hammoho. Uena joaloka motsoali u ka ho lokisetsa joang? Nahana ka botebo ka boithabiso ba bona, ’me u lokisetse lintho tse thabisang tseo le ka li etsang le le lelapa kapa bacha le batho ba baholo. Tseba metsoalle ea bana ba hao. E memele lijong kapa u be le eona mantsiboeeng a mang. (Baroma 12:13) Khothalletsa ngoana oa hao ho ithuta ntho e molemo, e kang ho letsa seletsa kapa puo e ’ngoe kapa mosebetsi oa matsoho. Boholo ba lintho tsena a ka ’na a bo etsa a le lapeng moo ho se nang litšusumetso tse mpe.

Ho Kena Sekolo e ka ba Tšireletso

Ha mocha a kena sekolo, sena se tla etsa hore a boloke boithabiso sebakeng sa bona. Loli, eo e bileng motsamaisi sekolong se seholo ka lilemo tse 20, o re: “Ke bone Lipaki tse ngata tse nyenyane li qeta lithuto tsa tsona sekolong. Tse ngata boitšoaro ba tsona bo ne bo babatseha, empa tse ling tsona li ne li ntse li tšoana le liithuti tse ling. Kamehla tse neng li beha mohlala o motle ke tse neng li thahasella lithuto tsa tsona. Ke khothalletsa batsoali ka matla hore ba thahaselle thuto ea bana ba bona, ba tsebe matichere a bona ’me ba ba kholise hore ho sebetsa hantle sekolong ke habohlokoa. Ba bang ba tla ipabola, empa bohle ba ka etsa mosebetsi o khotsofatsang ’me ba ikhapela tlhompho ea matichere.”

Ho nka sekolo ka botebo tjena ho ka boela ha thusa bacha hore ba hōle moeeng. Ho ka ba ruta hore ba be le mekhoa e metle ea ho ithuta, ho laola kelello le ho ba le boikarabelo. Ha ba tseba ho bala hantle ’me ba utloisisa lintho, ha ho pelaelo hore sena se tla ba khothalletsa hore e be liithuti le mesuoe e atlehang ea Lentsoe la Molimo. (Nehemia 8:8) Mosebetsi oa sekolo le ho ithuta lintho tsa moea li ka etsa hore ba behe boithabiso sebakeng sa bona se loketseng.

Ba Tlisa Tlhompho ho Batsoali le ho Jehova

Greece ea boholo-holo mepotjoana e mengata e ne e e-na le mosaeno oa motho ea e entseng le oa ea e khabisitseng. Ha ho bapisoa, ka lapeng ka tloaelo ho na le batho ba babeli ba bōpang botho ba bana. ’Mè le ntate ba thusana mosebetsing oa ho bōpa pelo ea ngoana, ’me ka puo ea tšoantšetso ngoana o na le “mosaeno” oa bona ka bobeli. Joaloka sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se tsebang mosebetsi oa sona, kapa motho ea li khabisang, u ka ba motlotlo ka mosebetsi oa hao oa ho bōpa mocha ea nang le botho bo tšoanelehang le bo botle.—Liproverbia 23:24, 25.

Katleho ea boiteko bona bo boholo e tla itšetleha ka tsela eo u bōpileng pelo ea ngoana oa hao ka eona. Tšepo e teng ea hore u ka ’na ua re: “Molao oa Molimo oa hae o ka pelong ea hae; mehato ea hae e ke ke ea tetema.” (Pesaleme ea 37:31) Pelo ea ngoana oa hao ke ea bohlokoa hoo u sa lokelang ho e tlohela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Batsoali ba bang ba balla bana ba bona ba sa tsoa tsoaloa Bibele. Lentsoe le monate le ketso ena e thabisang li ka etsa hore ngoana a rate ho bala bophelong bohle ba hae.

^ ser. 9 Mabitso a mang a fetotsoe.