Ho Etsisa Molimo oa ’Nete
Ho Etsisa Molimo oa ’Nete
“Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—BAEFESE 5:1.
1. Ba bang ba lumela eng ka ’nete, hona ke hobane’ng ha monahano oo oa bona o fosahetse?
“’NETE ke eng?” (Johanne 18:38) Potso eo e ileng ea botsoa ke Ponse Pilato ka ho nyatsa lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, e fana ka maikutlo a hore ho thata ho hlalosa ’nete hoo e ke keng ea phehelloa. Batho ba bangata kajeno ba lumellana le seo. Seo ’nete e leng sona sea hlaseloa. E ka ’na eaba u kile ua utloa ho thoe motho e mong le e mong o etsa qeto ka seo e leng ’nete, kapa hore ’nete e itšetlehile ka maemo, kapa hore ’nete e lula e fetoha. Monahano o joalo o fosahetse. Sepheo se seholo sa ho fuputsa le ho ithuta ke ho tseba boemo ba sebele ba litaba, seo e leng ’nete ka lefatše leo re phelang ho lona. ’Nete hase tsela eo motho a ikutloang ka eona. Ka mohlala, moea oa motho oa shoa kapa ha o shoe. Satane o teng kapa ha a eo. Bophelo bo na le morero kapa ha bo na oona. Tabeng ka ’ngoe, ho na le karabo e le ’ngoe feela e nepahetseng. E ’ngoe ke ’nete, e ’ngoe ke leshano; e ke ke ea e-ba ’nete ka bobeli.
2. Jehova ke Molimo oa ’nete ka litsela life, hona re tlil’o tšohla lipotso life hajoale?
2 Sehloohong se fetileng, re tšohlile taba ea hore Jehova ke Molimo oa ’nete. O tseba ’nete ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Jehova o fapane ka ho feletseng le mohanyetsi oa hae ea leshano, e leng Satane Diabolose, kaha eena o bua ’nete ka linako tsohle. Ho feta moo, Jehova o senolela ba bang ’nete ka bolokolohi. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena, a re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Re le Lipaki Tsa Jehova, re ka mo etsisa joang tabeng ea ho bua ’nete le ho phela ka eona? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa seo? Re na le tiiso efe ea hore Jehova o amohela ba phehellang tsela ea ’nete? A re ke re boneng.
3, 4. Moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ile ba hlalosa se tla etsahala “matsatsing a ho qetela” joang?
3 Re phela nakong eo ho eona mashano a bolumeli a atileng. Joalokaha moapostola Pauluse ka pululelo a ile a bolela esale pele, batho ba bangata “matsatsing [ana] a ho qetela,” ba na le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ha ba na ’nete matleng a bona. Ba bang ba hanyetsa ’nete, ‘ba bolile ka ho feletseng kelellong.’ Ho feta moo, “batho ba khopo le baikhakanyi ba . . . tloha bobeng ho ea bobeng 2 Timothea 3:1, 5, 7, 8, 13.
bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” Le hoja batho bao ba ithuta mocha-o-chele, ha ho mohla ba fihlang “tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—4 Moapostola Petrose le eena o ile a bululeloa ho ngola ka matsatsi a ho qetela. Feela joalokaha a profetile, batho ha ba hane ’nete feela empa ba bile ba soma Lentsoe la Molimo le batho ba bolelang ’nete ea lona. “Ho ea ka takatso ea bona,” basomi bao ba hlokomoloha ’nete ea hore lefatše la mehleng ea Noe le ile la koaheloa ke moroallo, e leng mohlala oa se tla etsahala nakong e tlang ka letsatsi la kahlolo. Ho ithetsa ha bona ho tla bolela tlokotsi ho bona ha nako ea Molimo ea ho felisa batho ba se nang tšabo ea bomolimo e fihla.—2 Petrose 3:3-7.
Bahlanka ba Jehova ba Tseba ’Nete
5. Ho ea ka moprofeta Daniele, ho ne ho tla etsahala’ng “nakong ea bofelo,” hona boprofeta boo bo phethahetse joang?
5 Ha moprofeta Daniele a hlalosa ‘nako ea bofelo,’ o ile a bolela esale pele hore ho tla etsahala ntho e fapaneng har’a batho ba Molimo—e leng ho tsosolosoa ha ’nete ea bolumeli. Ha a ngola o ile a re: “Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Batho ba Jehova ha baa ferekanngoa kapa ho foufatsoa ke Mothetsi e moholo. Ha ba ntse ba phenya ka Bibeleng, ba fumane tsebo ea ’nete. Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a beha barutuoa ba hae leseling. O ile a “bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:45) Jehova o entse se tšoanang mehleng ena ea rōna. Ka Lentsoe la hae, ka moea oa hae, le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o nolofalelitse ba limilione lefatšeng ka bophara ho utloisisa seo a seng a ntse a se tseba—e leng ’nete.
6. Batho ba Molimo ba utloisisa linnete life tsa Bibele kajeno?
6 Kaha re batho ba Molimo, re utloisisa lintho tse ngata tseo re neng re ke ke ra li tseba. Re tseba likarabo tsa lipotso tse qakileng bahlalefi ba lefatše lena ka lilemo tse likete. Ka mohlala, re tseba lebaka leo ka lona mahlomola a leng teng, lebaka leo ka lona batho ba shoang le lebaka leo ka lona batho ba ke keng ba finyella khotso le bonngoe lefatšeng. Re boetse re senoletsoe seo bokamoso bo se tšoereng—e leng ’Muso oa Molimo, lefatše la paradeise le bophelo bo sa feleng bo phethahetseng. Re tseba Jehova, Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Re ithutile ka botho ba hae bo ratehang hammoho le seo re lokelang ho se etsa hore re thabele tlhohonolofatso ea hae. Ho tseba ’nete ho re nolofalletsa ho hlokomela seo e seng ’nete. Ho sebelisa ’nete ho re sireletsa ho hahamalleng lintho tse se nang thuso, ho re nolofalletsa ho fumana se molemo ka ho fetisisa bophelong, ’me ho re fa tšepo e babatsehang ka bokamoso.
7. Linnete tsa Bibele li khona ho utloisisoa ke bo-mang, hona ke bo-mang ba sa khoneng ho li utloisisa?
7 Na u utloisisa ’nete ea Bibele? Haeba ua e utloisisa, u hlohonolofalitsoe ka ho enneng. Ha mongoli a ngola buka, o etsa hore e ipiletse ho sehlopha se itseng sa batho. Libuka tse ling li ngoletsoe batho ba rutehileng, tse ling li ngoletsoe bana, ha tse ling tsona li ngoletsoe batho ba mafapheng a tsebo e itseng. Le hoja Bibele e ka fumanoa habonolo ke bohle, e reretsoe hore e utloisisoe le ho ananeloa ke sehlopha se itseng sa batho. Jehova o e ngoletse ba ikokobelitseng, ba bonolo ba lefatše. Batho ba joalo ba khona ho utloisisa seo Bibele e se bolelang, ho sa tsotellehe thuto eo ba nang le eona, setso sa bona, maemo a bona bophelong, kapa morabe oa bona. (1 Timothea 2:3, 4) Ka lehlakoreng le leng, ba sa sekamelang ho lokeng ha ba fuoe kutloisiso ea ’nete ea Bibele, ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba ba bohlale kapa ba rutehile hakae. Ba ikhohomosang le ba ikakasang ba ke ke ba utloisisa linnete tse babatsehang tsa Lentsoe la Molimo. (Matheu 13:11-15; Luka 10:21; Liketso 13:48) Ke Molimo feela ea neng a ka ngola buka e joalo.
Bahlanka ba Jehova ba na le ’Nete
8. Ke hobane’ng ha Jesu ka boeena e ne e le ’nete?
8 Joaloka Jehova, Lipaki tsa hae tse tšepahalang le tsona li na le ’nete. Jesu Kreste, e leng Paki e ikhethang ea Jehova, o ile a tiisa ’nete ka seo a neng a se ruta le ka tsela eo a neng a Johanne 14:6; Tšenolo 3:14; 19:10.
phela ka eona esita le ka tsela eo a ileng a shoa ka eona. O ile a emela ’nete ea lentsoe la Jehova le litšepiso tsa hae. Ka hona, Jesu ka boeena e ne e le ’nete, e leng sona seo a se boletseng.—9. Mangolo a re’ng ka ho bua ’nete?
9 Jesu o ne a “tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete” ’me ho ne “ho se na thetso molomong oa hae.” (Johanne 1:14; Esaia 53:9) Bakreste ba ’nete ba latela mohlala oo Jesu a o siileng oa ho ba le ’nete ho ba bang. Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena, a re: “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang.” (Baefese 4:25) Nakoana pele ho moo, moprofeta Zakaria o ne a ile a ngola: “Bolellanang ’nete.” (Zakaria 8:16) Bakreste ba na le ’nete kahobane ba batla ho khahlisa Molimo. Jehova o na le ’nete ’me o tseba kotsi e tlisoang ke leshano. Kahoo ho loketse hore a lebelle hore bahlanka ba hae ba bue ’nete.
10. Ke hobane’ng ha batho ba bua leshano, hona ho ba le liphello life tse mpe?
10 Ho ba bangata, ho bua leshano ho ka ’na ha bonahala eka ke tsela e bonolo ea ho fumana melemo e itseng. Batho ba bua leshano ho phema kotlo, ho iphumanela molemo o itseng, kapa hore ba rorisoe ke ba bang. Leha ho le joalo, ho itloaetsa ho bua leshano ho fosahetse. Ho feta moo, Molimo a ke ke a amohela motho ea leshano. (Tšenolo 21:8, 27; 22:15) Ha ba bang ba re tseba re le batho ba nang le ’nete, ba kholoa seo re se buang; baa re tšepa. Empa haeba re khaoletsoa re bua leshano esita le hanngoe feela, ba bang ba ka ’na ba belaella ’nete ea taba leha e le efe eo re e buang nakong e tlang. Maele a mang a Seafrika a re: “Leshano le le leng le senya linnete tse sekete tseo motho li buileng.” Maele a mang a re: “Motho ea leshano ha a na ho lumeloa, esita leha a se a bua ’nete.”
11. Ho ba le ’nete ho fapana joang le ho bua ’nete feela?
11 Ho ba le ’nete hase feela ho bua ’nete. Ke tsela ea bophelo. Ho hlalosa seo re leng sona. Ha re tsebise ba bang ’nete feela ka seo re se buang empa le ka seo re se etsang. Moapostola Pauluse o ile a botsa: “Na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa? Uena ea reng ‘U se ke ua feba,’ na ua feba?” (Baroma 2:21, 22) E le hore re fetisetse ’nete ho ba bang, re lokela ho ba le ’nete litseleng tsohle tsa rōna. Ho tuma ha rōna ka ho ba le ’nete le botšepehi ho tla ama ka ho teba tsela eo batho ba arabelang ka eona ha ba utloa seo re se rutang.
12, 13. Mocha e mong o ile a re’ng ha a ngola ka taba ea ho ba le ’nete, hona lebaka leo ka lona a neng a e-na le tekanyetso e phahameng ea boitšoaro e ne e le lefe?
12 Bacha ba har’a bahlanka ba Jehova le bona ba utloisisa bohlokoa ba ho ba le ’nete. Jenny, ea neng a le lilemo li 13 ka nako eo, o ile a ngola sena moqoqong oa sekolo: “Ke nka botšepehi e le ba bohlokoa haholo. Ka bomalimabe, hase ba bangata kajeno ba tšepahalang ka hohle. Ke ikana hore kamehla ke tla lula ke tšepahala bophelong ba ka. Ke tla tšepahala esita le haeba ho bua ’nete ho ke ke ha ntsoela molemo kapa ha tsoela metsoalle ea ka molemo hang-hang. Ke tiisa hore metsoalle ea ka ke batho ba buang ’nete le ba tšepahalang.”
13 Ha tichere ea Jenny e bua ka moqoqo ona, e ile ea re: “U sa le monyenyane haholo hore ebe u se u e-na le molao-motheo o tiileng joalo oa boitšoaro. Kea tseba hore u tla khomarela molao-motheo oa hao hobane u na le matla a boitšoaro.” Ke’ng se entseng hore ngoananyana eo oa sekolo a be le matla a boitšoaro? Kenyelletsong ea moqoqo oa hae, Jenny o ile a re bolumeli ba hae “bo [mo] behela litekanyetso tseo a phelang ka tsona.” Ho se ho fetile lilemo tse supileng Jenny a ngotse moqoqo oo. Joalokaha tichere ea hae e ile ea hakanya, Jenny o ntse a bonahatsa tekanyetso e phahameng ea boitšoaro bophelong ba hae e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Bahlanka ba Jehova ba Senola ’Nete
14. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba filoe boikarabelo bo boholo ka ho khethehileng ba ho emela ’nete?
14 Ke ’nete hore ba bang ntle ho Lipaki Tsa Jehova ba ka ’na ba bua ’nete le ho leka ho tšepahala. Leha ho le joalo, joaloka bahlanka Luka 12:48) Ke ’nete hore ho “batloa ho hongata” ho ba senoletsoeng tsebo ea Molimo e babatsehang.
ba Molimo, re na le boikarabelo bo boholo ka ho khethehileng ba ho emela ’nete. Re tšepetsoe linnete tsa Bibele—e leng linnete tse ka lebisang motho bophelong bo sa feleng. Kahoo, re tlameha ho abela ba bang tsebo ena. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea fuoeng ho hongata, ho tla batloa ho hongata ho eena.” (15. Ke thabo efe eo u e fumanang ha u fetisetsa ’nete ea Bibele ho ba bang?
15 Ho fetisetsa ’nete ea Bibele ho ba bang ho tlisa thabo. Ho tšoana le barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, re phatlalatsa litaba tse molemo—e leng molaetsa o thabisang oa tšepo—ho ba ‘sohlokehileng le ba qhalakaneng joaloka linku tse se nang molisa’ le ba foufalitsoeng le ho ferekanngoa ke “lithuto tsa bademona.” (Matheu 9:36; 1 Timothea 4:1) Moapostola Johanne o ile a ngola: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Ho tšepahala ha “bana” ba Johanne—mohlomong bao a ba tlisitseng ’neteng—ho ile ha mo tlisetsa thabo e khaphatsehang. Ho re tlisetsa thabo ha re bona batho ba ananela Lentsoe la Molimo.
16, 17. (a) Ke hobane’ng ha e se bohle ba amohelang ’nete? (b) U ka thabela eng ha u ntse u phatlalatsa ’nete ea Bibele?
16 Ke ’nete hore hase bohle ba tla amohela ’nete. Jesu o ile a bua ’nete mabapi le Molimo, esita le ha ho ne ho sa ratehe ho e bua. O ile a re ho Bajuda ba hanyetsang: “Ke hobane’ng ha le sa ntumele? Ea tsoang ho Molimo o mamela lipolelo tsa Molimo. Ke ka lebaka lena le sa mameleng, hobane ha le tsoe ho Molimo.”—Johanne 8:46, 47.
17 Joaloka Jesu, le rōna ha re tsilatsile ho bolela ’nete ea bohlokoa ka Jehova. Ha rea lebella hore motho e mong le e mong a amohele seo re mo bolellang sona, etsoe hase bohle ba ileng ba amohela seo Jesu a neng a se bua. Leha ho le joalo, re thabisoa ke ho tseba hore re etsa se nepahetseng. Jehova ka mosa oa hae o lerato o batla hore moloko oa batho o senoleloe ’nete. Kaha Bakreste ba na le ’nete, ba fetoha bajari ba Matheu 5:14, 16) Re tsebahatsa phatlalatsa hore re hana ’nete ea Satane ea maiketsetso le hore re emela Lentsoe la Molimo le hloekileng le le sa tsoakoang. ’Nete eo re e tsebang le eo re e abelang ba bang e ka fa ba e amohelang bolokolohi ba sebele.—Johanne 8:32.
leseli lefatšeng lena le lefifing. Re ka thusa ba bang ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo ka ho lumella leseli la ’nete ho khanya lipuong le liketsong tsa rōna. (Phehella Tsela ea ’Nete
18. Jesu o ile a hauhela Nathanaele joang hona hobane’ng?
18 Jesu o ne a rata ’nete a bile a e bua. Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a hauhela ba nang le ’nete. Jesu o ile a re ka Nathanaele: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.” (Johanne 1:47) Hamorao, Nathanaele, eo mohlomong a neng a boetse a bitsoa Bartholome, o ile a khetheloa ho ba e mong oa baapostola ba 12. (Matheu 10:2-4) A tlotla e kaakang!
19-21. Monna eo e neng e kile ea e-ba sefofu o ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho bua ’nete ka sebete?
19 Khaolo eohle ea buka ea Bibele ea Johanne e tlaleha ka monna e mong ea tšepahalang ea ileng a hlohonolofatsoa ke Jesu. Ha re tsebe lebitso la hae. Seo re se tsebang ke hore monna eo e ne e le mokōpa-kōpa a bile a tsoetsoe e le sefofu. Batho ba ile ba tsota ha Jesu a etsa hore a boele a bone. Litaba tsa pholiso ena ea mohlolo li ile tsa fihla litsebeng tsa Bafarisi ba bang, ba neng ba hloile ’nete, ’me ba lumellane hore mang le mang ea lumelang ho Jesu a lelekoe synagogeng. Kaha batsoali ba tšohileng ba monna eo e kileng ea e-ba sefofu ba ne ba tseba morero oa Bafarisi, ba ile ba bua leshano ba re ha ba tsebe hore na ho tlile joang hore mora oa bona a bone le hore na ke mang ea entseng seo.—Johanne 9:1-23.
20 Monna eo ea phekotsoeng o ile a boela a bitsetsoa ho Bafarisi. O ile a bua ’nete ka sebete a sa natse se ka ’nang sa mo hlahela. A hlalosa kamoo a phekotsoeng kateng le hore ke Jesu ea mo phekotseng. A makalitsoe ke hore banna bana ba hlaheletseng le ba rutehileng ba ne ba sa lumele hore Jesu o tsoa ho Molimo, monna ea phekotsoeng o ile a ba phehella ka sebete hore ba amohele taba ena e totobetseng: “Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, ho hang o ne a ke ke a etsa letho.” Ha Bafarisi ba se ba se na seo ba hanyetsang ka sona, ba qosa monna eo ka hore oa ikhohomosa ’me ba mo lahlela ntle.—Johanne 9:24-34.
21 Ha Jesu a utloa sena, ka lerato o ile a ipha nako ho ea batla monna eo. Ha a se a mo fumane, a haha tumelo eo monna eo e neng e kile ea e-ba sefofu a e bontšitseng. Jesu o ile a itsebahatsa phatlalatsa hore ke Mesia. Monna eo o ile a hlohonolofatsoa hakaakang ka ho bua ’nete! Ha e le hantle Molimo o amohela ba buang ’nete.—Johanne 9:35-37.
22. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella tsela ea ho ba le ’nete?
22 Ho tloaela ho ba le ’nete ke pakane eo re lokelang ho e nka ka ho teba. Ke motheo oa ho ba le maqhama a matle le batho ba bang le Molimo le ho a boloka. Ho ba le ’nete ke ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi, ho hloka boikaketsi, ho ba ea atamelehang le ea ka tšeptjoang, ’me ho tlisa kamohelo ea Jehova. (Pesaleme ea 15:1, 2) Ho se be le ’nete ke ho ba ea thetsang, ea sa tšepahaleng le ea leshano, ’me ho fella ka ho se amoheloe ke Jehova. (Liproverbia 6:16-19) Ka hona, ikemisetse ho phehella tsela ea ho ba le ’nete. Ha e le hantle, e le hore re etsise Molimo oa ’nete, re lokela ho tseba ’nete, ho bua ’nete le ho phela ka ’nete.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela hore ebe re tseba ’nete?
• Re ka etsisa Jehova joang tabeng ea ho ba le ’nete?
• Ho fetisetsa ’nete ea Bibele ho ba bang ho na le melemo efe?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho phehella tsela ea ho ba le ’nete?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Kaha Bakreste ba tšepetsoe ’nete ea Bibele, ba e bolella ba bang ka cheseho
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Monna ea foufetseng ea phekotsoeng ke Jesu o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng ka lebaka la ho bua ’nete