Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Ithuta ho Bontša Masene

Ho Ithuta ho Bontša Masene

Ho Ithuta ho Bontša Masene

PEGGY o ile a bona mora oa hae a tšufula ngoan’abo ka mantsoe. O ile a mo botsa, a re: “Na u nahana hore oo e ne e le mokhoa o motle oa ho buisa ngoan’eno? Ak’u bone kamoo a koatileng kateng!” Ke hobane’ng ha Peggy a ile a bua tjee? O ne a leka ho ruta mora oa hae ho etsa lintho ka masene le ho nahanela maikutlo a ba bang.

Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa mphato oa hae e monyenyane Timothea hore a be “bonolo [kapa masene] ho bohle.” Ka ho etsa joalo, Timothea o ne a ke ke a utloisa ba bang bohloko. (2 Timothea 2:24) Masene ke eng? U ka ntlafatsa joang ntlheng ee? Hona u ka thusa ba bang joang hore ba be masene?

Masene ke Eng?

Masene ke ho khona ho lemoha hore litaba li ka ’na tsa senyeha ebe u etsa kapa u bua ntho e mosa ka ho fetisisa kapa e loketseng ka ho fetisisa. Motho ea masene o khona ho lemoha maikutlo a batho ba bang ’me o khona ho hlokomela hore na mantsoe a hae kapa liketso tsa hae li ba ama joang. Empa ho etsa sena hase bokhoni feela; ho akarelletsa ho ba le takatso ea sebele ea ho qoba ho utloisa ba bang bohloko.

Tlalehong ea Bibele ea mohlanka oa Elisha ea bitsoang Gehazi, re fumana mohlala oa motho ea hlokang masene. Mosali oa Shuneme eo mora oa hae a neng a sa tsoa hlokahalla liatleng tsa hae o ile a tla ho Elisha, a batla matšeliso. Ha a botsoa hore na ho ntse ho ikela hantle, o ile a re: “Ho ntse ho ikela hantle.” Empa eitse ha a atamela ho moprofeta, “eaba Gehazi oa atamela ho mo sutumeletsa hōle.” Empa Elisha o ile a re: “Mo tlohele, etsoe moea oa hae o utloile bohloko ka hare ho eena.”—2 Marena 4:17-20, 25-27.

Gehazi o ne a ka ba lepotlapotla a ba a hloka masene hakaalo joang? Ke ’nete hore mosali enoa ha aa ka a bolela maikutlo a hae ha a ne a botsoa. Empa rea tseba hore hase bohle ba senolelang mang le mang feela tjee maikutlo a bona. Leha ho le joalo, e tlameha ebe maikutlo a hae a ne a bonahala ka tsela e itseng. Ho totobetse hore Elisha o ile a a lemoha, empa Gehazi ha aa ka a a lemoha, kapa o ile a khetha ho iphapanyetsa ’ona. Sena se bontša hantle lebaka le tloaelehileng le etsang hore batho ba se ke ba bontša masene. Ha motho a amehile ho feta tekanyo ka bohlokoa ba mosebetsi oa hae, ho bonolo hore a se ke a lemoha kapa a se ke a tsotella seo batho bao a sebetsanang le bona ba se hlokang. O tšoana le mokhanni oa bese ea neng a amehile haholo ka ho fihla moo a eang teng ka nako hoo a sa kang a ema ho palamisa baeti.

E le ho qoba ho hloka masene joaloka Gehazi, re lokela ho phehella ho bontša mosa ho batho ba bang, kaha ha re tsebe hore na ehlile ba ikutloa joang. Kamehla re lokela ho ba seli ho lemoha matšoao a bontšang maikutlo a motho ebe re bua le eena ka mosa kapa re mo etsetsa ketso e mosa. U ka ntlafatsa joang tabeng ee?

Ho Utloisisa Maikutlo a ba Bang

Jesu o ne a ikhetha tabeng ea ho elelloa maikutlo a batho le ho lemoha hore na tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ba mosa ho bona ke efe. Ka lekhetlo le leng o ne a e-ja ka tlung ea Simone oa Mofarisi, ha mosali “ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe” a tla ho eena. Mosali enoa le eena ha aa ka a bua letho, empa maikutlo a hae a ne a totobetse. O ile ‘a tlisa pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, ’me, ha a ema ka morao maotong a Jesu, a lla eaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ’me o e hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate.’ Jesu o ile a hlokomela hore na sena sohle se bolela eng. ’Me esita le hoja Simone a sa ka a bua letho, Jesu o ile a khona ho lemoha hore ka pelong o ne a re: “Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.”—Luka 7:37-39.

Nahana hore na boemo bo ka be bo ile ba senyeha hakaakang hoja Jesu o ne a ile a sutumetsa mosali eo, kapa a re ho Simone: “Uena mohloka-tsebo tooe! Na ha u bone hore o bakile?” Ho e-na le hoo, ka masene Jesu o ile a etsetsa Simone papiso ea monna ea ileng a tšoarela motho ea nang le molato o moholo le motho ea nang le molato o monyenyane. Jesu o ile a botsa a re: “Ke ofe oa bona ea tla mo rata haholo?” Kahoo, ho e-na le hore a bonahale a nyatsa Simone, Jesu o ile a khona ho mo babatsa ka karabo e nepahetseng eo Simone a ileng a fana ka eona. Ka mor’a moo, ka mosa o ile a thusa Simone hore a lemohe matšoao a mangata a bontšang maikutlo a ’nete a mosali eo le lintho tse bontšang hore o bakile. Jesu o ile a retelehela ho mosali eo ’me ka mosa a mo bontša hore o utloisisa kamoo a ikutloang kateng. O ile a mo bolella hore libe tsa hae li tšoaretsoe ’me hamorao a re: “Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.” E tlameha ebe mantsoe ao a bontšang masene a ile a matlafatsa boikemisetso ba hae hakaakang ba ho etsa se nepahetseng! (Luka 7:40-50) Jesu o ile a atleha ho bontša masene hobane o ne a lemoha kamoo batho ba ikutloang kateng ’me a ba bontša qenehelo.

Feela joalokaha Jesu a ile a thusa Simone, le rōna re ka ithuta ho utloisisa maikutlo ao motho a a bontšang le haeba a sa bue ka molomo eaba joale re thusa ba bang ho etsa se tšoanang. Ka linako tse ling basebeletsi ba nang le phihlelo ba ka ruta ba bacha tšebeletsong ea Bokreste ho etsa sena. Ka mor’a ho etela lehaeng le itseng ha ba bolela litaba tse molemo, ba ka tšohla matšoao a bontšang maikutlo a batho bao ba buisaneng le bona. Na motho eo o ne a tšohile, a e-na le khoao, a tenehile kapa a phathahane? Mokhoa o mosa ka ho fetisisa oa ho mo thusa ke ofe? Hape baholo ba ka thusa bara le barali babo rōna bao e ka ’nang eaba ba khopisane ka lebaka la ho hloka masene. Thusa e mong hore a utloisise maikutlo a e mong. Na o ikutloa a nyenyefalitsoe, a hlokomolohiloe kapa a sa utloisisoa? Ke joang mosa o ka etsang hore a ikutloe a imolohile?

Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona ho ba le qenehelo, kaha ke eona e tla ba susumetsa hore ba bontše masene. Mora oa Peggy, ea boletsoeng qalong, o ile a bona kamoo sefahleho sa ngoan’abo se neng se retetse kateng, a topotse molomo a bile a sekisitse meokho, ’me o ile a lemoha bohloko boo ngoan’abo a neng a bo utloa. Feela joalokaha ’mè oa hae a ne a tšepile hore ho tla ba joalo, o ile a soaba ’me a ikemisetsa ho fetoha. Bara ba Peggy ka bobeli ba ile ba sebelisa hamolemo lintho tseo ba ithutileng tsona ha e le bana, ’me lilemo hamorao ba ile ba fetoha ba atlehang ho etsa barutuoa le balisa ka phuthehong ea Bokreste.

Bontša Hore Ua Utloisisa

Masene ke a bohlokoa ka ho khetheha ha ho e-na le se u tletlebisang ka motho e mong. Ho bonolo hore u mo tlose seriti. Ka linako tsohle ho loketse hore u qale ka ho mo babatsa linthong tse tobileng. Ho e-na le ho mo tšoaea liphoso, ameha ka ho rarolla bothata. Hlalosa hore na ketso ea hae e etsa hore u ikutloe joang u be u hlalose seo ka ho toba u ka ratang hore se fetohe. Ka mor’a moo, ikemisetse ho mamela. Mohlomong ha ua mo utloisisa hantle.

Batho ba rata ho tseba hore u utloisisa maikutlo a bona esita le haeba u sa lumellane le ’ona. Jesu o ile a bua ka tsela e bontšang masene, a bontša hore o ne a utloisisa ho tsieleha ha Maretha. O ile a re: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” (Luka 10:41) Ka ho tšoanang, ha motho a bua ka bothata bo itseng, ho e-na le ho fana ka tharollo pele u utloa taba ka botlalo, tsela e masene e bontšang hore ua utloisisa ke hore u phete bothata boo kapa tletlebo eo ka mantsoe a hao. Ena ke tsela e mosa ea ho bontša hore ua utloisisa.

Ela Hloko Seo U sa Lokelang ho se Bua

Ha Mofumahali Esthere a ne a batla ho kōpa monna oa hae hore a etsolle leano la Hamane la ho bolaea Bajuda, ka masene o ile a lokisa litaba e le hore monna oa hae a ikutloe a thabile. E bile feela ka mor’a moo a ileng a qala ho bua ka taba ena e neng e hloka hore a be hlokolosi. Empa hape re ithuta se itseng ka ho lemoha seo a sa kang a se bua. Ka masene o ile a qoba ho bolela hore monna oa hae le eena o jara boikarabelo morerong oo o mobe.—Esthere 5:1-8; 7:1, 2; 8:5.

Ka ho tšoanang, ha u etela monna ea sa lumelang oa morali’abo rōna oa Mokreste, ho e-na le ho potlakela ho mo bontša Bibele, ke hobane’ng ha u sa qale ka ho botsa ka masene hore na o thahasella lintho life? Ha moeti a e-tla Holong ea ’Muso a sa apara ka tsela e hlomphehang kapa ha motho e mong eo e leng khale a qetetse ho tla libokeng a khutla, mo amohele ka mofuthu ho e-na le ho bua ka liaparo tsa hae kapa ho bua ka hore o ntse a sa tle libokeng. ’Me ha u hlokomela hore motho ea sa tsoa thahasella o na le pono e fosahetseng, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u se ke ua lokisa phoso ea hae hona hoo. (Johanne 16:12) Masene a akarelletsa ho bontša mosa ka ho ela hloko seo u sa lokelang ho se bua.

Puo e Folisang

Ho ithuta ho bua ka masene ho tla u thusa hore u thabele ho ba le khotso le batho ba bang, esita le haeba motho e mong a sa utloisisa mabaka ao u entseng ntho e itseng ka ’ona ’me sena se mo halefisitse le ho mo khopisa. Ka mohlala, ha banna ba Efraime “ba leka ka matla ho qalisa qabang” le Gideone, karabo ea hae e bontšang masene e ne e akarelletsa tlhaloso e hlakileng ea se neng se hlile se etsahetse le ho babatsa banna ba Efraime ka botšepehi ka seo ba se finyeletseng. Sena se ne se bontša masene hobane o ile a ela hloko mabaka a neng a ba halefisitse, ’me ho inyenyefatsa ha hae ho ile ha kokobetsa bohale ba bona.—Baahloli 8:1-3; Liproverbia 16:24.

Kamehla leka ho nahana kamoo mantsoe a hao a tlang ho ama batho ba bang kateng. Ho etsa boiteko ba ho bontša masene ho tla u thusa hore u latsoe thabo e hlalositsoeng ho Liproverbia 15:23, ha e re: “Motho o ba le thabo karabong ea molomo oa hae, ’me lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!”

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Batsoali ba ka ruta bana ba bona hore ba qenehele batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Basebeletsi ba nang le phihlelo ba Bakreste ba ka ruta ba sa tsoa kopanela hore ba bontše masene