Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jehova o ile a lumella hore bahlanka ba hae ba boholo-holo, e leng Baiseraele, ba nyale sethepu, empa hona joale ha a sa se lumella. Na molao-motheo oa hae oa feto-fetoha?

Jehova ha aa fetola pono ea hae ka lenyalo la sethepu. (Pesaleme ea 19:7; Malakia 3:6) Tšimolohong e ne e se karolo ea tokisetso ea hae bakeng sa batho, ebile e ntse e se eona le hona joale. Ha Jehova a bōpa Eva e le mosali oa Adama, o ile a bolela hore molao-motheo oa Molimo e ne e le hore monna a le mong a be le mosali a le mong. “Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.”—Genese 2:24.

Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, o ile a boela a bolela molao-motheo ona ha a ne a araba ba neng ba botsa ka tlhalo le ho nyala hape. O ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe.” Jesu o ile a eketsa, a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” (Matheu 19:4-6, 9) Kahoo, ho hlakile hore ho nyala basali ba babeli kapa ba fetang moo le hona ke bofebe.

Joale, ke hobane’ng ha lenyalo la sethepu le ne le lumeletsoe nakong ea boholo-holo? Hopola hore Jehova ha aa ka a theha mokhoa ona. Motho oa pele ea boleloang ka Bibeleng ea neng a nyetse sethepu ke Lameke, setloholo sa Kaine. (Genese 4:19-24) Ha Jehova a tlisa Moroallo mehleng ea Noe, Noe o ne a e-na le mosali a le mong, ’me e mong le e mong oa bara ba hae ba bararo o ne a e-na le mosali a le mong feela. Bohle ba neng ba nyetse sethepu ba ile ba bolaoa ke Moroallo.

Makholo a lilemo hamorao ha Jehova a khetha Baiseraele hore e be sechaba sa hae, ba ne ba se ba ntse ba nyala sethepu, le hoja ho bonahala eka ho ne ho tloaelehile haholo hore monna a be le mosali a le mong. Molimo ha aa ka a laela hore malapa a qhalane moo ho neng ho e-na le basali ba bangata. Ho e-na le hoo, o ile a laola mokhoa ona ka hloko.—Exoda 21:10, 11; Deuteronoma 21:15-17.

Hore lenyalo la sethepu le ile la mamelloa ka nakoana ha hoa ka ha bontšoa feela ke seo Jesu a ileng a se bolela mabapi le molao-motheo oa Jehova oa mathomo ka lenyalo, empa ho ile ha boela ha bontšoa ke seo moapostola Pauluse a ileng a bululeloa ke moea o halalelang oa Molimo hore a se ngole. O ile a re: “Monna e mong le e mong a ke a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:2) Pauluse o ile a boela a bululeloa ho ngola hore monna leha e le ofe ea khetheloang ho ba molebeli kapa mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong ea Bokreste e lokela ho ba “monna oa mosali a le mong.”—1 Timothea 3:2, 12; Tite 1:6.

Kahoo, ho mamella ha Jehova lenyalo la sethepu ho ile ha fela ha ho thehoa phutheho ea Bokreste lilemong tse fetileng tse ka bang 2 000. Ka nako eo, molao-motheo oa lenyalo o ile oa khutlela ho seo o neng o le sona ha Molimo a qala ho bōpa monna le mosali: e leng hore monna a le mong a be le mosali a le mong. E sa le oona molao-motheo o sebelisoang ke batho ba Molimo kajeno lefatšeng lohle.—Mareka 10:11, 12; 1 Bakorinthe 6:9, 10.