Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mafutsana a Futsaneha le ho Feta

Mafutsana a Futsaneha le ho Feta

Mafutsana a Futsaneha le ho Feta

“Ha ho sechaba seo ka sebele se ka atlehang ’me sa thaba, ha karolo e khōlō ea sona e futsanehile ’me e hlomola pelo.”

ADAM SMITH, eo e leng setsebi sa moruo, o ile a bua mantsoe ana khale lekholong la bo18 la lilemo. Ba bangata ba kholisehile hore ’nete ea seo a se boletseng e totobala haholoanyane kajeno. Phapang pakeng tsa ba ikhonang le ba kojoana li mahetleng e bonahala pepenene le ho feta. Philippines, karolo ea boraro ea baahi e phela ka chelete e ka tlaase ho $1 (U.S.) ka letsatsi, e leng chelete eo hangata e sebeletsoang ka metsotso feela linaheng tse ruileng haholoanyane. Human Development Report 2002 ea Machaba a Kopaneng e bolela hore “batho ba ruileng ka ho fetisisa ba etsang karolo ea 5 lekholong ea baahi ba lefatše ba fumana chelete e fetang ea batho ba futsanehileng ka ho fetisisa ba etsang karolo ea 5 lekholong ka makhetlo a 114.”

Le hoja batho ba bang ba batla ba phela bophelo bo mabothobotho, ba limilione ke baipehi ’me ba hloma mek’huk’hu hohle moo ba ka khonang. Ba bang ha ba lehlohonolo hakaalo; ba lula literateng, mohlomong ba ala k’hateboto feela kapa polasetiki hore ba se ke ba robala fatše. Ba bangata ba bona ba ikhoantlella ka tsela leha e le efe eo ba ka e khonang—ba sela lijo moo ho qhalloang lithōle teng, ba kakatela lintho tse boima, kapa ba thonaka lintho tse lahliloeng tse ka sebelisoang hape ’me ba li tšela ka har’a li-trolley.

Ho se lekane ha barui le mafutsana ha ho linaheng tse tsoelang pele moruong feela, empa joalokaha Banka ea Lefatše e bolela, “linaheng tsohle ho tloaelehile hore ho be le ‘litsiketsi tse itseng tseo ho tsona ho lulang batho ba futsanehileng.’” Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba hafa ka nkatana hakae, ho tloha Bangladesh ho ea United States, ho na le batho ba sehlang ka thata hore ba fumane lijo tse lekaneng kapa hore feela ba be le moo ba lulang teng. The New York Times e ile ea qotsa tlaleho ea 2001 ea Lefapha la Palo ea Sechaba United States, e bontšang hore lekhalo pakeng tsa barui le mafutsana United States le ntse le tsoela pele ho eketseha. E ile ea re: “Selemong se fetileng, batho ba ruileng ka ho fetisisa ba etsang karolo ea bohlano ea baahi, ba ile ba fumana chelete e lekanang le halofo ea chelete e fumanoang ke malapa ’ohle ha e kopantsoe . . . Ba futsanehileng ka ho fetisisa ba ile ba amohela karolo ea 3,5 lekholong.” Linaheng tse ngata boemo bo tjena kapa bo bobe le ho feta mona. Tlaleho ea Banka ea Lefatše e ile ea bontša hore hoo e ka bang karolo ea 57 lekholong ea baahi ba lefatše e phela ka chelete e ka tlaase ho $2 ka letsatsi.

Ho mpefatsang litaba le ho feta ke hore ka 2002, ba bangata ba ile ba ferekanngoa ke litlaleho tsa hore ho na le baokameli ba fetohileng barui ka mekhoa e belaetsang. Joalokaha ho boletsoe makasineng ea Fortune, ba bangata ba ile ba nahana hore esita le haeba baokameli bana ba k’hamphani ba ne ba sa tlōle molao ka ho toba, “leruo la bona le ne le ntse le eketseha haholo, ka mokhoa o sa tloaelehang, o hlabisang lihlong.” Ha re nahana ka se etsahalang lefatšeng, ba bang baa ipotsa hore na ke mabaka afe a ka behoang a hore ebe ba bang ba ngoatha ka sekotlolo bokhothokhotho ba lidolara tse hakanyetsoang ho limilione tse makholo, ha ba bang ba bangata ba kolla ntsi hanong.

Na Bofutsana bo Tla ba Teng ka ho sa Feleng?

Ha re bolele hore ha ho motho ea lekang ho etsa ho hong ka maqakabetsi ao mafutsana a leng ho ’ona. Ka sebele ba boholong ’musong ba nang le boikemisetso bo botle le mekhatlo e fanang ka lithuso ba entse litlhahiso tse tla etsa hore ho be le liphetoho. Leha ho le joalo, linnete tsona li sa ntse li nyahamisa. Human Development Report 2002 e bolela hore “linaha tse ngata li futsanehile ho feta lilemong tse 10, tse 20 ’me maemong a mang le tse 30 tse fetileng,” ho sa tsotellehe boiteko bo molemo ba ho ntlafatsa boemo.

Na see se siea mafutsana a se na tšepo? Re u mema hore u bale sehlooho se latelang e le hore u nahane ka bohlale bo bong bo sebetsang bo ka thusang hona joale, esita le ka tharollo eo mohlomong u neng u sa nahane ka eona.