Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova

Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova

Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova

“E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona, ’me e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng bakeng sa hao o tsoang ho Jehova.”—RUTHE 2:12.

1, 2. Re ka rua molemo joang ka ho nahanisisa ka mehlala e boletsoeng ka Bibeleng ea basali ba ileng ba thabisa pelo ea Jehova?

HO TŠABA Molimo ho ile ha susumelletsa basali ba babeli ho hanyetsa Faro. Tumelo e ile ea susumelletsa mosali e mong oa letekatse hore a behe bophelo ba hae kotsing e le hore a ka sireletsa lihloela tse peli tsa Baiseraele. Ho sebelisa kelello le ho ikokobetsa nakong ea ha litaba li le mosenekeng ho ile ha thusa mosali e mong ho pholosa batho ba bangata le ho thibela motlotsuoa oa Jehova ho ba le molato oa mali. Ho ba le tumelo ho Jehova Molimo hammoho le moea oa ho amohela baeti ka mofuthu li ile tsa susumelletsa mohlolohali e mong eo e neng e bile e le ’mè hore a fe moprofeta oa Molimo lijo tsa hae tsa ho qetela. Ena e mpa e le e meng feela ea mehlala e mengata ea Mangolo ea basali ba ileng ba thabisa pelo ea Jehova.

2 Tsela eo Jehova a neng a ikutloa ka eona ka basali bao le litlhohonolofatso tseo a ileng a ba sitsa ka tsona li bontša hore se mo khahlisang ka ho fetisisa ke litšobotsi tsa moea, tseo e leng tsa bohlokoa ho feta hore na motho ke monna kapa ke mosali. Lefatšeng la kajeno le nkehileng ke chebahalo le maruo, ho thata hore motho a eteletse lintho tsa moea pele. Empa bothata bona bo ka hlōloa, joalokaha ho bontšoa ke basali ba limilione ba tšabang Molimo ba etsang karolo e khōlō ea batho ba Molimo kajeno. Basali ba joalo ba Bakreste ba etsisa tumelo, masene, ho amohela baeti ka mofuthu le litšobotsi tse ling tse ntle tse bontšitsoeng ke basali ba tšabang Molimo ba boletsoeng ka Bibeleng. Ha e le hantle, le banna ba Bakreste ba lokela ho etsisa litšobotsi tse bontšitsoeng ke basali ba joalo ba mehleng ea boholo-holo ba behileng mohlala o motle. E le hore re bone kamoo re ka etsang joalo ka ho eketsehileng, a re hlahlobeng ka ho qaqileng haholoanyane litlaleho tsa Bibele tse buang ka basali ba boletsoeng qalong.—Baroma 15:4; Jakobo 4:8.

Basali ba Ileng ba Hanyetsa Faro

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Shifra le Pua ba ile ba hana ho mamela Faro ha a ne a laela hore ngoana e mong le e mong e motona ea hlahang oa Moiseraele a bolaoe? (b) Jehova o ile a putsa babelehisi ba babeli ka lebaka la sebete le ho tšaba ha bona Molimo joang?

3 Linyeoeng tsa Nuremberg, tse ileng tsa tšoareloa Jeremane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ba bangata ba ileng ba ahloloa ka lebaka la ho bolaea batho ba bangata ba ile ba leka ho lokafatsa litlōlo tseo ba li entseng ka ho bolela hore ba ne ba mpa ba mamela litaelo. Joale, bapisa batho bana le babelehisi ba babeli ba Baiseraele, e leng Shifra le Pua, ba neng ba lula Egepeta ea boholo-holo nakong ea puso ea Faro oa mohatelli ea sa boleloang ka lebitso. Kaha Faro o ne a tšaba hore sechaba sa Baheberu se tla ata, o ile a laela babelehisi bao ba babeli hore ba etse bonnete ba hore ngoana e mong le e mong e motona ea hlahang oa Moheberu oa bolaoa. Basali bao ba ile ba etsa joang ha ba fuoa taelo eo e sehlōhō? “Ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng, empa ba ne ba boloka bana ba batona ba phela.” Ke hobane’ng ha basali baa ba sa ka ba inehella ho tšaba batho? Hobane “ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete.”—Exoda 1:15, 17; Genese 9:6.

4 E, babelehisi bao ba ile ba etsa Jehova setšabelo sa bona, ’me eena ea e-ba “thebe” ea bona, a ba sireletsa bohaleng ba Faro. (2 Samuele 22:31; Exoda 1:18-20) Empa tlhohonolofatso ea Jehova ha ea ka ea fella moo. O ile a putsa Shifra le Pua ka hore ba be le malapa. O bile a tlotla basali bana ka hore mabitso a bona le liketso tsa bona li tlalehoe Lentsoeng la hae le bululetsoeng hore meloko e tlang e tle e li bale, empa ha e le lebitso la Faro, ha le sa hopoloa.—Exoda 1:21; 1 Samuele 2:30b; Liproverbia 10:7.

5. Basali ba bangata ba Bakreste kajeno ba bontša boikutlo bo tšoanang le ba Shifra le Pua joang, hona Jehova o tla ba putsa joang?

5 Na kajeno ho na le basali ba kang Shifra le Pua? E, ka sebele! Selemo le selemo, basali ba joalo ba likete ba bolela molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo ba sa tšabe linaheng tseo ho tsona “taelo ea morena” e ba thibelang ho etsa joalo, ’me ka ho etsa joalo ba beha tokoloho ea bona esita le bophelo ba bona kotsing. (Baheberu 11:23; Liketso 5:28, 29) Kaha ba susumetsoa ke ho rata Molimo le moahelani, basali ba joalo ba sebete ha ba lumelle mang kapa mang ho ba thibela ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka lebaka leo, basali ba bangata ba Bakreste ba tobana le khanyetso le mahloriso. (Mareka 12:30, 31; 13:9-13) Joaloka tabeng ea Shifra le Pua, Jehova o hlokomela ka ho feletseng liketso tsa basali ba joalo ba khabane, ba sebete, ’me o tla bontša lerato la hae ho bona ka ho boloka mabitso a bona “bukeng [ea hae] ea bophelo” hafeela ba mamella ka botšepehi ho isa bofelong.—Bafilipi 4:3; Matheu 24:13.

Mosali eo e Neng e le Letekatse o Thabisa Pelo ea Jehova

6, 7. (a) Rahaba o ne a tseba eng ka Jehova le ka sechaba sa hae, hona tsebo ee e ile ea mo ama joang? (b) Lentsoe la Molimo le tlotla Rahaba joang?

6 Ka selemo sa 1473 B.C.E., mosali e mong oa letekatse ea bitsoang Rahaba o ne a lula motseng oa Bakanana oa Jeriko. Kamoo ho bonahalang kateng, Rahaba e ne e le mosali ea tsebang lintho tse ngata. Ha lihloela tse peli tsa Baiseraele li kōpa hore a li sireletse lapeng la hae, o ile a khona ho li phetela makolopetso a qaqileng ka ho Falla ha Baiseraele ka tsela ea mohlolo Egepeta, esita le hoja seo se ne se etsahetse lilemong tse 40 tse fetileng! O ne a boetse a tseba hore Baiseraele ba ne ba sa tsoa hlōla marena a Baamore e leng Sihone le Oge. Hlokomela kamoo tsebo eo e ileng ea mo ama kateng. O ile a re ho lihloela tseo: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena, . . . etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo holimo maholimong le tlaase lefatšeng.” (Joshua 2:1, 9-11) E, seo Rahaba a neng a ithutile sona ka Jehova le ka liketso tsa hae molemong oa Baiseraele se ne se amme pelo ea hae ’me se mo susumelelitse hore a be le tumelo ho eena.—Baroma 10:10.

7 Tumelo ea Rahaba e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato. O ile a amohela lihloela tsa Baiseraele “ka tsela e nang le khotso” ’me a mamela litaelo tsa tsona tse pholosang bophelo ha Baiseraele ba hlasela Jeriko. (Baheberu 11:31; Joshua 2:18-21) Ha ho pelaelo hore mesebetsi ea Rahaba ea tumelo e ile ea thabisa pelo ea Jehova, kaha o ile a bululela morutuoa oa Mokreste, e leng Jakobo, hore a balelle lebitso la hae hammoho le la Abrahama, motsoalle oa Molimo, e le mohlala oo Bakreste ba lokelang ho o etsisa. Jakobo o ile a ngola a re: “Ka mokhoa o tšoanang na le eena Rahaba oa seotsoa ha hoa ka ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi, ka mor’a hore a bontše manģosa kamohelo ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe?”—Jakobo 2:25.

8. Jehova o ile a hlohonolofatsa Rahaba joang bakeng sa tumelo ea hae le ho mamela ha hae?

8 Jehova o ile a putsa Rahaba ka litsela tse ngata. Har’a tse ling, ka mohlolo o ile a sireletsa bophelo ba hae le bophelo ba bohle ba ileng ba batla setšabelo lapeng la hae—e leng, “ba ntlo ea ntat’ae le bohle ba hae.” Ka mor’a moo o ile a lumella batho bana ho “lula har’a Iseraele,” moo ba neng ba lokela ho tšoaroa joaloka matsoalloa. (Joshua 2:13; 6:22-25; Levitike 19:33, 34) Empa ha ho felle moo. Jehova o ile a boela a sitsa Rahaba ka tlotla ea ho ba nkhon’oa Jesu Kreste. E ne e le pontšo e khōlōhali hakaakang ea mosa o lerato ho mosali oa Mokanana eo pele e neng e le morapeli oa litšoantšo! *Pesaleme ea 130:3, 4.

9. Boikutlo ba Jehova ka Rahaba le basali ba bang ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bo ka khothatsa basali ba bang joang kajeno?

9 Joaloka Rahaba, basali ba bang ba Bakreste, ho tloha lekholong la pele la lilemo ho fihlela kajeno, ba tlohetse bophelo ba boitšoaro bo bobe e le hore ba khahlise Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ha ho pelaelo hore ba bang ba bona ba hōletse tikolohong e tšoanang le ea Kanana ea boholo-holo, moo boitšoaro bo bobe bo neng bo jele setsi bo bile bo nkoa e le bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, ba ile ba fetola mekhoa ea bona, ba susumetsoa ke tumelo e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Mangolo. (Baroma 10:17) Kahoo, mabapi le basali bao ho ka boela ha thoe “Molimo ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo oa bona.” (Baheberu 11:16) Ke tlotla e kaakang!

O Ile a Hlohonolofatsoa ka Lebaka la ho ba le Kelello

10, 11. Ke maemo afe a amang Nabale le Davida a ileng a susumelletsa Abigaile hore a nke khato?

10 Basali ba bangata ba tšepahalang ba boholo-holo ba ile ba bontša ka tsela e ikhethang tšobotsi ea ho ba le kelello, e leng se ileng sa etsa hore e be letlotlo la bohlokoa ho batho ba Jehova. Mosali e mong ea joalo ke Abigaile, eo e neng e le mosali oa Nabale, Moiseraele ea ruileng eo e neng e le mong’a naha. Ho ba le kelello ha Abigaile ho ile ha fella ka ho sireletsa bophelo ’me ha thibela Davida, eo e neng e tla ba morena oa Iseraele, ho ba le molato oa mali. Re ka bala ka Abigaile tlalehong e ho 1 Samuele khaolo ea 25.

11 Ha pale ena e qala, Davida le balateli ba hae ba hlomme liahelo haufi le mehlape ea Nabale, eo ba e sireletsang bosiu le motšehare ntle ho tefo ka lebaka la ho bontša mosa ho Nabale, mor’abo bona oa Moiseraele. Ha lijo tsa Davida li fokotseha, o romela bahlankana ba leshome ho Nabale ho ea kōpa lijo. Joale Nabale o ba le monyetla oa ho bontša teboho ho Davida le ho mo tlotla joaloka motlotsuoa oa Jehova. Empa Nabale ha a etse joalo. A loloma ke bohale, o rohaka Davida ’me o khutlisa bahlankana bao ba le joalo. Ha Davida a utloa ka sena, o bokella bahlabani ba 400 ’me o itokisetsa ho iphetetsa. Abigaile o utloela kamoo monna oa hae a hlokileng kutloelo-bohloko kateng ’me o nka khato ka potlako le ka masene ho bōpa khotso le Davida ka ho romela lijo tse ngata. Ka mor’a moo le eena ka seqo o ea ho Davida.—Temana ea 2-20.

12, 13. (a) Abigaile o ile a paka ho ba le kelello ha hae hammoho le ho tšepahala ho Jehova le ho motlotsuoa oa hae joang? (b) Abigaile o ile a etsa’ng ha a khutlela hae, ’me litaba li ile tsa mo tsamaela joang?

12 Ha Abigaile a kopana le Davida, ho ipiletsa ha hae ka boikokobetso a kōpa mohau ho senola hore o hlompha motlotsuoa oa Jehova ka botebo. O re: “Ruri Jehova o tla etsetsa moren’a ka ntlo e tšoarellang, hobane moren’a ka o loana lintoa tsa Jehova,” o bile o phaella ka hore Jehova o tla beha Davida hore e be moeta-pele oa Iseraele. (Temana ea 28-30) Ka nako e tšoanang, Abigaile o bontša sebete ka tsela e ikhethang ka ho bolella Davida hore haeba a sa ithibe, ho phehella ha hae ho iphetetsa ho tla baka molato oa mali. (Temana ea 26, 31) Ho ikokobetsa ha Abigaile, tlhompho ea hae e tebileng le monahano oa hae o pholileng li thusa Davida hore a hlaphoheloe. O arabela ka ho re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali.”—Temana ea 32, 33.

13 Ha a khutlela hae, Abigaile ka sebete o batla ho tsebisa monna oa hae ka mpho eo a e fileng Davida. Leha ho le joalo, ha a mo fumana, ‘o tahiloe o re fu!’ Kahoo, o emela hore a hlaphoheloe ’me o mo phetela se etsahetseng. Nabale o etsa joang? O makala hoo a tšoaroang ke seo e ka ’nang eaba ke mofuta o mong oa ho shoa litho. Matsatsi a leshome hamorao, o bolaoa ke Molimo. Ha Davida a utloela ka lefu la Nabale, o kōpa Abigaile hore ba nyalane, kaha ho hlakile hore Davida oa mo ananela ’me o mo hlompha ka ho tebileng. Abigaile o lumela ho nyaloa ke Davida.—Temana ea 34-42.

Na U ka Tšoana le Abigaile?

14. Ke litšobotsi life tsa Abigaile tseo re ka lakatsang ho li hlaolela haholoanyane?

14 Na u bona litšobotsi tse ling tsa Abigaile tseo uena—ebang u monna kapa u mosali—u ka ratang ho li hlaolela haholoanyane? Mohlomong u lakatsa ho etsa lintho ka masene haholoanyane le ka ho ba le kelello haholoanyane ha ho hlaha mathata. Kapa mohlomong u batla ho bua u khobile matšoafo u bile u nahanela maemo ha ba bang ba phahamisitse maikutlo. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa rapele Jehova ka taba ee? O tšepisa hore o tla fana ka bohlale, temoho le matla a ho nahana ho bohle ba lulang ba ntse ba ‘kōpa ka tumelo.’—Jakobo 1:5, 6; Liproverbia 2:1-6, 10, 11.

15. Ke tlas’a maemo afe moo ho leng bohlokoa haholo-holo hore basali ba Bakreste ba bontše litšobotsi tse bontšitsoeng ke Abigaile?

15 Litšobotsi tse joalo tse ntle ke tsa bohlokoa haholo-holo ho mosali ea nang le monna ea sa lumelang ea sa eleng hloko melao-motheo ea Bibele hakaalo kapa ea sa e natseng ho hang. Mohlomong o noa ho feta tekano. Re tšepa hore banna ba joalo ba tla fetola litsela tsa bona. Ba bangata ba entse joalo, hangata e le ka lebaka la moea o bonolo, tlhompho e tebileng le boitšoaro bo hloekileng ba basali ba bona.—1 Petrose 3:1, 2, 4.

16. Ho sa tsotellehe maemo ao a tobaneng le ’ona lapeng, morali’abo rōna oa Mokreste a ka bontša joang hore o nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa ho feta lintho tsohle?

16 Ho sa tsotellehe hore na u ka ’na ua tlameha ho mamella mathata afe lapeng, u hopole hore Jehova o teng kamehla ho u tšehetsa. (1 Petrose 3:12) Kahoo, loanela ho imatlafatsa moeeng. Rapella ho ba bohlale le hore u be le moea o khutsitseng. E, atamela ho Jehova ka hore kamehla u ithute Bibele, u rapele, u thuise ’me u kopanele le Bakreste ba bang. Lerato la Abigaile ho Molimo le boikutlo ba hae ka mohlanka oa Hae ea tlotsitsoeng li ne li sa angoe ke hore monna oa hae o ne a sa talime lintho ka tsela ea moea. O ne a etsa lintho a itšetlehile ka melao-motheo e lokileng. Esita le lelapeng leo ho lona monna e leng mohlanka oa Molimo ea behang mohlala, mosali oa Mokreste oa hlokomela hore ho hlokahala hore a tsoele pele ho sebetsa ka thata ho haha le ho boloka bomoea ba hae. Ke ’nete hore monna oa hae o tlangoa ke Mangolo hore a mo hlokomele moeeng a be a mo hlokomele le ka lintho tse bonahalang, empa qetellong, eena ka boeena o lokela hore a “sebeletse poloko ea [hae] ka tšabo le thothomelo.”—Bafilipi 2:12; 1 Timothea 5:8.

O ile a Amohela “Moputso oa Moprofeta”

17, 18. (a) Mohlolohali oa Sarepta o ile a thulana le teko efe e thata ea tumelo? (b) Mohlolohali eo o ile a arabela joang kōpong ea Elia, hona Jehova o ile a mo putsa joang ka lebaka la see?

17 Tsela eo ka eona Jehova a ileng a hlokomela mohlolohali ea futsanehileng mehleng ea moprofeta Elia e bontša hore o ananela ka ho tebileng ba tšehetsang borapeli ba ’nete ka ho itela le ka ho tela matlotlo a bona. Ka lebaka la komello e ileng ea nka nako e telele mehleng ea Elia, batho ba bangata ba ne ba tjametsoe ke tlala, ho kopanyelletsa le mohlolohali le mora oa hae e monyenyane, ba neng ba lula Sarepta. Hantle feela ha ba saletsoe ke lijo tsa ho qetela, ho ile ha fihla moeti—e leng moprofeta Elia. O ile a mo kōpa ntho e thata ka ho fetisisa. Le hoja a ne a lemoha bothata ba mosali eo, o ile a mo kōpa hore a mo apehele “polokoe e nyenyane,” a sebelise oli ea hae ea ho qetela le phofo ea hae ea ho qetela. Empa o ile a eketsa ka ho re: “Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Nkho e khōlō ea phofo e ke ke ea fela, le nkho e nyenyane ea oli e ke ke ea fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a fanang ka pula ea litloebelele holim’a lefatše.’”—1 Marena 17:8-14.

18 Uena u ka be u ile ua etsa joang ha u kōpuoa ntho e thata joalo? Mohlolohali oa Sarepta, mohlomong a lemoha hore Elia ke moprofeta oa Jehova, o ile a “etsa ho ea ka lentsoe la Elia.” Jehova o ile a etsa joang ka lebaka la ho bontša ha mohlolohali eo moea oa ho amohela baeti ka mofuthu? O ile a fa mosali eo, mora oa hae le Elia lijo ka mohlolo nakong ea komello. (1 Marena 17:15, 16) E, Jehova o ile a fa mohlolohali oa Sarepta “moputso oa moprofeta,” esita le hoja e ne e se Moiseraele. (Matheu 10:41) Mora oa Molimo le eena o ile a tlotla mohlolohali enoa ha a ne a bolela hore ke mohlala ho batho ba se nang tumelo ba motseng oa habo oa Nazaretha.—Luka 4:24-26.

19. Basali ba bangata ba Bakreste kajeno ba bontša moea o bontšitsoeng ke mohlolohali oa Sarepta ka litsela life, hona Jehova o ikutloa joang ka bona?

19 Kajeno, basali ba bangata ba Bakreste ba bontša moea o bontšitsoeng ke mohlolohali oa Sarepta. Ka mohlala, beke le beke, baralib’abo rōna ba Bakreste ba hlokang boithati—bao ba bangata ba bona ba futsanehileng ba bileng ba nang le malapa ao ba lokelang ho a hlokomela—ba amohela balebeli ba tsamaeang le basali ba bona malapeng a bona ka mofuthu. Ba bang ba fa basebeletsi ba nako e tletseng ba sebakeng sa habo bona lijo, ba thusa bahloki, kapa ba itela ka tsela e itseng ebile ba tela le matlotlo a bona ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso. (Luka 21:4) Na Jehova o hlokomela boitelo bo joalo? Ha ho potang! “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheberu 6:10.

20. Ho tla hlahlojoa eng sehloohong se latelang?

20 Lekholong la pele la lilemo, basali ba bangata ba tšabang Molimo ba ile ba e-ba le tokelo ea ho sebeletsa Jesu le baapostola ba hae. Sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo basali bana ba ileng ba thabisa pelo ea Jehova kateng, ’me re tla hlahloba mohlala oa basali ba kajeno ba sebeletsang Jehova ka pelo eohle esita le har’a maemo a thata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Leloko la Jesu joalokaha le tlalehiloe ke Matheu, le qolla basali ba bane ka mabitso—Tamare, Rahaba, Ruthe le Maria. Bohle ba boleloa e le ba bohlokoa ka Lentsoeng la Molimo.—Matheu 1:3, 5, 16.

Ho Ikhopotsa

• Basali ba latelang ba ile ba thabisa pelo ea Jehova joang?

• Shifra le Pua

• Rahaba

• Abigaile

• Mohlolohali oa Sarepta

• Ho thuisa ka mohlala oa basali baa ho ka re thusa joang re le batho ka bomong? Bontša.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Basali ba bangata ba tšepahalang ba sebelelitse Molimo ho sa tsotellehe “taelo ea morena”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke hobane’ng ha Rahaba e le mohlala o motle oa motho ea nang le tumelo?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke litšobotsi life tse bontšitsoeng ke Abigaile tseo u batlang ho li etsisa?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Basali ba bangata ba Bakreste kajeno ba bontša moea o bontšitsoeng ke mohlolohali oa Sarepta