Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlaolela Moea oa ho Fana

Hlaolela Moea oa ho Fana

Hlaolela Moea oa ho Fana

HA HO motho ea tsoetsoeng a e-na le moea oa ho fana. Tšekamelo ea ngoana ea tlhaho ke ho ikhotsofatsa ka lintho tseo a li batlang le tseo a li hlokang, a sa natse esita le seo ba mo hlokomelang ba se thahasellang. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, ngoana o ithuta hore hase eena feela ea nang le seo a se hlokang. Ba bang le bona ba lokela ho nahaneloa, ’me o lokela ho ithuta hore a se ke a amohela feela empa a ithute ho fana le ho abela ba bang. Moea oa ho fana o lokela ho hlaoleloa.

Hase batho bohle ba fanang—esita le ba fanang ka seatla se bulehileng—ba nang le moea oa ho fana. Ba bang ba ka ’na ba nehelana ka liphallelo e le hore ba ntšetse pele lithahasello tsa bona. Ba bang ba ka ’na ba fana e le ha ba batla ho rorisoa ke batho. Leha ho le joalo, ho fana ha Bakreste ba ’nete ho fapane. Joale, ke ho fana ha mofuta ofe ho khothalletsoang ka Lentsoeng la Molimo? Ho hlahloba ho se hokae ho fana ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho tla araba potso ena.

Mehlala ea ho Fana ha Bakreste

Ho fana ha Bakreste, joalokaha ho hlalositsoe ka Bibeleng, e ne e atisa ho ba “ho arolelana lintho le ba bang” ba hlileng ba hlokang. (Baheberu 13:16; Baroma 15:26) Ho ne ho sa lokela ho etsoa ka ho qobelloa. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ho fana ho ne ho boetse ho sa lokela ho etsoa ka sepheo sa ho etsa mponeng. Ananiase le Safira ba ile ba etsa boikaketsi bo joalo ’me ba kotula litholoana tse babang tsa seo.—Liketso 5:1-10.

Tlhokahalo ea ho fana e ile ea hlahella ha Bajuda le basokolohi ba bangata ba neng ba e-tsoa libakeng tse hōle ba ne ba bokane Jerusalema bakeng sa mokete oa Pentekonta ka 33 C.E. Ke hona moo balateli ba Jesu ba ileng “ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng.” Letšoele le ile la phuthehela ho bona ’me la mamela puo e susumetsang ea Petrose e mabapi le Jesu Kreste. Hamorao, batho ba ile ba bona kamoo Petrose le Johanne ba folisitseng monna ea holofetseng ea neng a le monyako oa tempele, ’me ba utloa ha Petrose a boetse a bua ka Jesu le hore ho hlokahala pako. Ba likete ba ile ba baka ’me ba kolobetsoa hore e be balateli ba Kreste.—Liketso, khaolo ea 2 le ea 3.

Basokolohi ba bacha ba ne ba batla ho sala Jerusalema le ho rupeloa ka ho eketsehileng ke baapostola ba Jesu. Empa baapostola ba ne ba ka etsa’ng ho hlokomela litlhoko tsa baeti bao bohle? Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “Bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa ebe ba tlisa chelete ea lintho tse rekisitsoeng ’me ba ne ba e beha maotong a baapostola. Ka mor’a moo ho ne ho abeloa e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng.” (Liketso 4:33-35) Ka sebele, phutheho ea Jerusalema e neng e sa tsoa thehoa e ne e e-na le moea oa ho fana!

Hamorao, liphutheho tse ling li ile tsa bontša moea o tšoanang oa ho fana. Ka mohlala, le hoja Bakreste ba Macedonia ka bobona ba ne ba futsanehile, ba ile ba ikhokhotha e le hore ba etsetse barab’abo bona ba hlokang ba Judea monehelo. (Baroma 15:26; 2 Bakorinthe 8:1-7) Phutheho ea Filipi e ile ea ipabola ka ho tšehetsa ha eona tšebeletso ea Pauluse. (Bafilipi 4:15, 16) Phutheho ea Jerusalema ka boeona e ne e abela bahlolohali ba futsanehileng lijo letsatsi le letsatsi, ’me baapostola ba ile ba khetha banna ba supileng ba tšoanelehang e le hore ba hlokomele hore ha ho bahlolohali ba tšoanelehang ba hlokomolohiloeng.—Liketso 6:1-6.

Liphutheho tsa mehleng ea pele tsa Bakreste li ne li phalla ka potlako esita le ha ho ne ho lebeletsoe linako tse thata. Ka mohlala, ha moprofeta Agabase a bolela esale pele hore ho tla tlala e khōlō, barutuoa ba phutheho ea Antioke e Syria ba ile “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.” (Liketso 11:28, 29) Ba ile ba bontša moea o motle hakaakang oa ho nahanela litlhoko tsa ba bang!

Ke’ng se ileng sa susumelletsa Bakreste ba mehleng ea pele hore ba fane ka seatla se bulehileng joalo le ho ba le lerato hakaalo? Ha e le hantle, ho tla joang hore motho a be le moea oa ho fana? Re ka ithuta ho hongata ka ho hlahloba ho se hokae mohlala oa Morena Davida.

Ho Tšehetsa ha Davida Borapeli ba ’Nete ka Seatla se Bulehileng

Ka lilemo tse ka bang 500, areka ea selekane—e leng lebokose le halalelang le neng le emela boteng ba Jehova—e ne e se na moo e lulang teng. E ne e bolokoa ka tenteng, kapa ka tabernakeleng, e neng e isoa koana le koana nakong ea ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehoatateng ’me hamorao ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Morena Davida o ne a labalabela ka tieo ho tlosa areka ka tenteng eo e neng e bolokoa ka ho eona le ho hahela Jehova ntlo e loketseng e neng e tla boloka areka e halalelang. Ha Davida a bua le moprofeta Nathane, o ile a re: “Bona! ke lula ka tlung ea likedare, empa areka ea selekane sa Jehova e tlas’a masela a tente.”—1 Likronike 17:1.

Leha ho le joalo, Davida e ne e bile mohale oa ntoa. Kahoo Jehova o ile a laela hore e ne e le mora oa hae Solomone, ea neng a tla hahela areka ea selekane tempele nakong ea puso ea khotso. (1 Likronike 22:7-10) Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa khina moea oa Davida oa ho fana. O ile a hlophisa sehlopha se seholo, a tsoa letšolo la ho bokella thepa e tla sebelisoa ha ho hahoa tempele. Hamorao o ile a re ho Solomone: “Ke lokiselitse ntlo ea Jehova litalenta tsa khauta tse likete tse lekholo le litalenta tsa silevera tse milione, ’me koporo le tšepe ha ho mokhoa oa ho li lekanya hobane li ngata haholo; ke lokisitse le lifate le majoe.” (1 Likronike 22:14) Kaha Davida o ne a sa khotsofala ke seo, o ile a fana ka khauta le silevera tse tsoang letlotlong la hae tseo ka chelete ea kajeno li ka bitsang ka holimo ho R9 300 000 000. Ho feta moo, likhosana le tsona li ile tsa fana ka seatla se bulehileng. (1 Likronike 29:3-9) Ka sebele, Davida o ile a bonahatsa moea oa ho fana ka seatla se bulehileng!

Ke’ng se ileng sa susumelletsa Davida hore a fane ka seatla se bulehileng joalo? O ile a hlokomela hore sohle seo a neng a e-na le sona le seo a se finyeletseng e ne e le tlhohonolofatso ea Jehova. O ile a re thapelong: “Jehova Molimo oa rōna, lintho tsena tsohle tse ngata tseo re li lokiselitseng ho u hahela ntlo bakeng sa lebitso la hao le halalelang, li tsoa letsohong la hao, ’me kaofela ke tsa hao. Ke tseba hantle, Molimo oa ka, hore ke uena ea hlahlobang pelo, le hore u khahlisoa ke ho loka. Ka ho loka ha pelo ea ka ke nyehetse lintho tsena tsohle ka boithaopo, ’me batho ba hao ba leng teng mona ke thabetse ho ba bona ba u etsetsa linyehelo ka boithaopo.” (1 Likronike 29:16, 17) Davida o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa. O ne a lemoha hore ho hlokahala hore a sebeletse Molimo “ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng,” ’me o ne a thabisoa ke ho etsa seo. (1 Likronike 28:9) Litšobotsi tsena li ile tsa susumelletsa Bakreste ba mehleng ea pele hore le bona ba bonahatse moea oa ho fana.

Jehova—Mofani e Moholo ka ho Fetisisa

Jehova ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho fana. O lerato ebile o tsotella hoo ‘a chabisetsang batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me a nesetsang batho ba lokileng le ba sa lokang pula.’ (Matheu 5:45) O fa batho bohle “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) Ha e le hantle, joalokaha morutuoa Jakobo a bontša, “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.”—Jakobo 1:17.

Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Jehova a re fileng eona ke ho romela “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ha ho le ea mong ea ka bolelang hore mpho e joalo ea mo tšoanela, “etsoe bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23, 24; 1 Johanne 4:9, 10) Thekollo ea Kreste ke motheo le mocha oa ho fumana “mpho ea [Molimo] e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng,” ke hore “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” (2 Bakorinthe 9:14, 15) Ka lebaka la ho ananela mpho ena ea Molimo, Pauluse o ile a etsa hore “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo” e be mosebetsi oa sehlooho bophelong ba hae. (Liketso 20:24) O ile a hlokomela hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

Kajeno, sena se finyelloa ka mosebetsi o moholo oa ho paka le ho ruta oo hona joale o etsoang linaheng tse 234 lefatšeng ka bophara. Jesu o ile a bolela keketseho ena esale pele ha a ne a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) E, “litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mareka 13:10) Selemong se fetileng baboleli ba litaba tse molemo ba fetang limilione tse tšeletseng ba ile ba nehelana ka lihora tse 1 202 381 302 mosebetsing ona ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 5 300 000. Kaha bophelo bo kotsing, taelo ena ke ea bohlokoa haholo.—Baroma 10:13-15; 1 Bakorinthe 1:21.

Selemo le selemo ho hatisoa lingoliloeng tse limilione—tse akarelletsang Libibele, libuka le libukana—ho thusa ba lapetseng ’nete ea Bibele. Ho feta moo, ho hatisoa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse fetang limilione tse sekete. Ha batho ba ntse ba amohela litaba tse molemo, ho hahoa Liholo tse eketsehileng Tsa ’Muso le Tsa Likopano tsa Lipaki Tsa Jehova, tse sebeletsang e le litsi tsa thupelo ea Bibele. Selemo le selemo ho lokisetsoa likopano tsa potoloho le matsatsi a likopano tse khethehileng, hammoho le likopano tsa setereke. Ho boetse ho tsoeloa pele ho koetlisa baromuoa, balebeli ba tsamaeang, baholo le bahlanka ba sebeletsang. Re leboha Jehova hore ebe o fane ka litokisetso tsena tsohle a sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Ka sebele re lakatsa ho bontša hore rea Mo leboha!

Ho Bontša Teboho ho Jehova

Joaloka tabeng ea ho hahoa ha tempele le ho khahlametsoa ha litlhoko tsa liphutheho tsa Bakreste mehleng ea pele, litokisetso tsena tsohle li tšehetsoa ka ho feletseng ka chelete ea menehelo e etsoang ka boithatelo. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ha ho le ea mong ea ka ruisang Jehova, Mong’a tsohle. (1 Likronike 29:14; Hagai 2:8) Ka hona, menehelo ke bopaki ba lerato la rōna ho Jehova le ba takatso ea rōna ea ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Pauluse o re ho bonahatsa ho fana ka seatla se bulehileng joalo ho tlisa “teboho ho Molimo.” (2 Bakorinthe 9:8-13) Jehova o khothalletsa ho fana ho joalo kaha ho bontša hore re na le moea o motle le hore re mo rata ho tsoa pelong. Jehova o tla hlohonolofatsa ba fanang ka seatla se bulehileng le ba itšetlehileng ka eena ’me ba tla atleha moeeng. (Deuteronoma 11:13-15; Liproverbia 3:9, 10; 11:25) Jesu o ile a re tiisetsa hore seo se tla fella ka thabo, ha a ne a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Bakreste ba nang le moea oa ho fana ha ba emele feela mohla ho nang le tlhokahalo. Ho e-na le hoo, ba batla menyetla ea ‘ho sebetsa se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le bona tumelong.’ (Bagalata 6:10) Ha Pauluse a khothalletsa ho fana ka seatla se bulehileng ka tsela ea bomolimo, o ile a ngola a re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheberu 13:16) Ho sebelisa matlotlo a rōna—nako, matla le chelete—bakeng sa ho thusa ba bang le ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng ho khahlisa Jehova Molimo haholo. Ka sebele, o thabela moea oa ho fana.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.”

Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala e sebeletsang naha ea heno. Licheke li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona ho ka nehelanoa ka tsona. Menehelo ena e lokela ho tsamaea le lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng.

TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG

Ho ka ’na ha etsoa tokisetso e khethehileng ea hore motho a fane ka chelete, eo etlare ha a e kōpa e khutlisetsoe ho eena. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le Accounting Office ea ofisi ea lekala u sebelisa aterese e ka holimo.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella limphong tse tobileng tsa chelete le menehelong ea chelete e fanoang tlas’a maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Eona e akarelletsa:

Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng kapa ke ka ho etsa tokisetso ea hore ea nehelaneng ka tsona a tsoele pele ho lefuoa chelete.

Litša Tse Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka litša tse nang le mehaho tse ka rekisoang, ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng, kapa haeba e le litša tsa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a tsona a tsoele pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.

Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.

Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka lengolo kapa ka thelefono, u sebelisa aterese e bontšitsoeng mona ka tlaase kapa ofising ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

Accounting Office

Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

Private Bag X2067

Krugersdorp, 1740, South Africa

Thelefono: (011) 761-1000

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke’ng se ileng sa susumelletsa Bakreste ba mehleng ea pele hore ba fane ka seatla se bulehileng?