Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo

Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo

Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo

HO TŠOAROA ke mala ka lebaka la lijo tse kulisang ho hang ha ho monate. Motho ea kulisoang ke lijo khafetsa o lokela ho ba hlokolosi haholoanyane ka seo a se jang. Empa ho tlohela ho ja ka ho feletseng e le ho qoba ho tšoaroa ke mala ka lebaka la lijo tse kulisang hase taba e utloahalang. Ho e-na le ho rarolla mathata, sena se ne se tla baka mathata a eketsehileng. Motho ea sa jeng a ke ke a phela halelele.

Ka tsela e tšoanang, ho bohloko ho tsuoa tlaase ke motho eo u mo tšepang. Ho tsuoa tlaase ka makhetlo a mangata ho ka ’na ha etsa hore re nahane ka hloko ka batho bao re khethang ho tloaelana le bona. Leha ho le joalo, ho itšehla thajana e le hore motho a qobe ho soetseha hase pheko. Hobane’ng? Hobane ho se tšepe batho ba bang ho re amoha thabo. E le hore re phele bophelo bo khotsofatsang, ho hlokahala hore re tšepane litšebelisanong tsa rōna le ba bang.

Buka ea Jugend 2002 e re: “Ho tšepa ba bang ke e ’ngoe ea lintho tsa motheo tse hlokahalang e le hore litšebelisano tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi le ba bang li se ke tsa e-ba le mathata.” Koranta ea Neue Zürcher Zeitung e tlaleha hore “e mong le e mong o labalabela ho tšepa kapa ho tšeptjoa. Ho tšepa ba bang ho ntlafatsa bophelo” ho isa bohōleng boo “e leng habohlokoa hore re tsoele pele re phela.” Ha e le hantle, koranta eo e tsoela pele ho bolela hore ntle le ho tšepa ba bang, “motho a ke ke a atleha bophelong.”

Kaha ka tlhaho ho hlokahala hore re tšepe motho e mong, ke mang eo re ka mo tšepang re sa tšabe hore re ka soetseha?

Tšepa Jehova ka Pelo ea Hao Eohle

Bibele ea re bolella: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle.” (Liproverbia 3:5) Ha e le hantle, ka makhetlo Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re tšepe ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo.

Ke hobane’ng ha re ka tšepa Molimo? Lebaka la pele ke hore Jehova Molimo oa halalela. Moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova.” (Esaia 6:3) Na taba ea hore oa halalela ha e ipiletse ho uena? Ha e le hantle, e lokela ho ipiletsa ho uena hobane khalalelo ea Jehova e bolela hore o hloekile, ha a etse bobe ho hang ebile a ka tšeptjoa ka hohle. Ha ho mohla e ka bang ea sa tšepahaleng kapa a sebelisa matla hampe, ’me ho ke ke ha etsahala hore a re phoqe ha re mo tšepile.

Ho feta moo, re ka tšepa Molimo ka lebaka la matla a hae le takatso ea hae ea ho tšehetsa ba mo sebeletsang. Ka mohlala, matla a hae a phahameng a mo nolofalletsa hore a nke khato. Toka ea hae e phethahetseng le bohlale li laola tsela eo a nkang khato ka eona. ’Me lerato la hae le ke keng la lekanngoa le mo susumelletsa hore a nke khato. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Lerato la Molimo le susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. Khalalelo ea Jehova le litšobotsi tse ling tsa hae tse ikhethang li etsa hore e be Ntate ea molemohali, e be motho eo re ka mo tšepang ka ho feletseng. Ha ho letho ebile ha ho mang kapa mang ea ka tšepahalang ho feta Jehova.

Tšepa Jehova ’me U Thabe

Lebaka le leng le utloahalang la ho tšepa Jehova ke hore o re utloisisa hamolemo ho feta leha e le mang. Oa tseba hore ka tlhaho ho hlokahala hore motho e mong le e mong a be le kamano e sireletsehileng le ’Mōpi oa hae, e sa feleng le e bontšang ho mo tšepa. Ba nang le kamano e joalo ba ikutloa ba sireletsehile haholoanyane. Morena Davida o ile a phetha ka ho re: “Ho thaba monna ea shahlileng ea behileng Jehova e le tšepo ea hae.” (Pesaleme ea 40:4) Ba limilione kajeno ba lumellana ka pelo eohle le maikutlo a Davida.

Nahana ka mehlala ena. Doris o lutse Dominican Republic, Jeremane, Greece le United States. O re: “Ke thabile haholo hore ebe ke tšepile Jehova. O ntlhokomela nameng, moeeng le maikutlong. Ke motsoalle ea molemohali eo motho a ka bang le eena.” Wolfgang eo e leng ramolao oa hlalosa o re: “Ke ho hlollang ho khona ho itšetleha ka motho ea hlileng a u thahasellang, ea ka u etsetsang se molemohali—’me ha e le hantle a tla u etsetsa se molemohali!” Ham, ea ileng a tsoalloa Asia empa hona joale a lula Europe, o re: “Ke kholisehile hore Jehova o laola tsohle, ’me ha a etse liphoso, kahoo ke thabela ho itšetleha ka eena.”

Ho hlakile hore e mong le e mong oa rōna ha aa lokela ho tšepa ’Mōpi oa rōna feela empa o boetse o lokela ho tšepa batho. Kahoo, Jehova joaloka motsoalle ea bohlale le ea nang le phihlelo, o re fa keletso ea hore na re lokela ho tšepa batho ba mofuta ofe. Ka ho bala Bibele ka hloko, re ka lemoha keletso ea hae tabeng ena.

Batho Bao re ka ba Tšepang

Mopesaleme o ile a ngola a re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Mantsoe ana a bululetsoeng a re thusa ho lemoha hore batho ba bangata hase bao re ka ba tšepang. Esita le ba nkeloang holimo joaloka “bahlomphehi” ba lefatše lena, ba kang litsebi mafapheng a khethehileng a tsebo kapa mosebetsi, hase bao re ka ba tšepang feela tjee. Hangata tataiso ea bona ea khelosa, ’me ho tšepa “bahlomphehi” ba joalo ho ka fetoha masoabi ka potlako.

Ka sebele sena ha sea lokela ho etsa hore re se ke ra tšepa motho e mong le e mong. Leha ho le joalo, ho hlakile hore re lokela ho hloaea ha re khetha bao re ba tšepang. Re lokela ho sebelisa tekanyetso efe? Mohlala oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele o ka re thusa. Ha ho ne ho hlokahala hore ho khethoe batho ba neng ba tla jara boikarabelo bo boima Iseraele, Moshe o ile a eletsoa “ho khetha har’a sechaba sohle banna ba nang le bokhoni, ba tšabang Molimo, banna ba tšepahalang, ba hloileng phaello e sa lokang.” (Exoda 18:21) Re ka ithuta’ng ho see?

Bao e ne e le banna ba ileng ba bonahatsa litšobotsi tse itseng tsa bomolimo pele ba khetheloa maemo ao a ho tšeptjoa. Ba ne ba se ba ipakile hore ba tšaba Molimo; ba ne ba hlompha ’Mōpi ka ho loketseng ’me ba tšaba ho mo khopisa. Ho e mong le e mong ho ne ho hlakile hore banna bana ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho boloka melao ea Molimo. Ba ne ba hloile phaello e sa lokang, e leng se neng se bontša hore ba na le matla a boitšoaro a neng a ka ba thibela ho senngoa ke matla. Ba ne ba ke ke ba tsoa batho tlaase e le hore ba ntšetse pele lithahasello tsa bona kapa tsa beng ka bona kapa metsoalle.

Na e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore re sebelise tekanyetso e tšoanang kajeno ha re khetha bao re ba tšepang? Na re tseba batho bao boitšoaro ba bona bo bontšang hore ba tšaba Molimo? Na ba ikemiselitse ho boloka melao ea hae ea boitšoaro? Na ba tšepahala hoo ba qobang ho etsa lintho tse fosahetseng? Na ba tšepahala hoo ba ke keng ba nka monyetla oa ho sebelisa boemo bakeng sa ho ithuisa molemo kapa bakeng sa ho fumana seo ba se batlang? Ka sebele, banna le basali ba bontšang litšoaneleho tse joalo ba tšoaneloa ke hore re ba tšepe.

U se ke Ua Nyahamisoa ke ha U Soetseha ka Linako Tse Ling

Ha re etsa qeto ea hore na ke mang eo re ka mo tšepang, re tlameha ho ba le mamello kaha ho tšepa motho ho nka nako. Tsela e bohlale ke ho qala ho tšepa motho butle-butle, hanyane ka hanyane. Joang? Re ka talima tsela eo motho a itšoarang ka eona ka nakoana e teletsana, re hlokomele kamoo a etsang lintho kateng maemong a itseng. Na ke motho ea tšepahalang linthong tse nyenyane? Ka mohlala, na o khutlisa lintho tseo a li alimileng joalokaha a tšepisitse ’me na o boloka nako eo ho lumellanoeng ka eona? Haeba ho joalo, joale re ka nka hore ho ke ke ha e-ba kotsi ho mo tšepa linthong tse tebileng haholoanyane. Sena se lumellana le molao-motheo o reng: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo.” (Luka 16:10) Ho hloaea le ho bontša mamello ho ka ’na ha re thusa hore re qobe ho soetseha habohloko.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba motho a re soetsa? Liithuti tsa Bibele li tla hopola hore bosiung boo Jesu Kreste a ileng a tšoaroa ka bona, baapostola ba hae ba ile ba mo soetsa haholo. Judase Iskariota o ile a mo eka, ’me ba bang ba baleha ka tšabo. Petrose o ile a ba a latola Jesu ka makhetlo a mararo. Empa Jesu o ile a lemoha hore ke Judase feela ea entseng seo ka boomo. Ho soetseha nakong e mahlonoko joalo ha hoa ka ha sitisa Jesu hore libekeng tse ’maloa hamorao a tiisetse baapostola ba hae ba 11 ba setseng hore oa ba tšepa. (Matheu 26:45-47, 56, 69-75; 28:16-20) Ka ho tšoanang, haeba re nka hore re ekiloe ke motho eo re mo tšepang, re lokela ho ipotsa hore na ebe ketso eo e bonahalang eka ke ho eka ke bopaki ba hore ke motho ea sa tšepahaleng kapa ke bopaki ba bofokoli ba nakoana ba nama.

Na Kea Tšepahala?

Motho ea etsang qeto ea ho hloaea bao a ba tšepang o lokela ho hloka leeme ’me a ipotse: ‘Na kea tšepahala? Ke litekanyetso life tse utloahalang tsa ho tšepahala tseo ke lokelang ho lebella hore ’na le ba bang re ka li finyella?’

Ka sebele, motho ea tšepahalang o bua ’nete kamehla. (Baefese 4:25) Ha a fetole seo a se buang ho itšetlehile ka hore na o bua le mang e le hore a fumane seo a se batlang. ’Me haeba motho ea tšepahalang a itlama, o etsa sohle seo a ka se khonang hore a phelele lentsoe la hae. (Matheu 5:37) Haeba motho e mong a mo bolella makunutu, motho ea tšepahalang oa a boloka ’me ha a sebe. Motho oa ’nete o tšepahalla molekane oa hae oa lenyalo. Ha a shebe litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ha a lulele ho lohotha ka ho khotsofatsa litakatso tsa nama ebile ha a bapale ka maikutlo a batho ba bang a lerato. (Matheu 5:27, 28) Motho ea tšoaneloang ke hore re mo tšepe o sebetsa ka thata ho iphelisa hammoho le ho phelisa lelapa la hae ’me ha a leke ho iphumanela chelete habonolo ka ho hanyapetsa batho ba bang. (1 Timothea 5:8) Ho hopola melao e joalo e utloahalang le e thehiloeng Mangolong ho tla re thusa hore re lemohe batho bao re ka ba tšepang. Ho feta moo, ho khomarela melao e tšoanang ea boitšoaro ho tla thusa e mong le e mong oa rōna hore a tšoaneloe ke hore ba bang ba mo tšepe.

E ne e tla ba ho thabisang hakaakang ho phela lefatšeng leo ho lona batho bohle ba tšepahalang le leo ho lona ho ke keng ha hlola ho e-ba le ho soetseha ka lebaka la ho tsuoa tlaase ke bao re ba tšepileng! Na seo ke toro feela? Eseng ho batho ba nkang litšepiso tsa Bibele ka ho teba, etsoe Lentsoe la Molimo le bolela esale pele hore ho tla ba le “lefatše le lecha” le letle le se nang thetso, mashano le khanyapetso le le se nang masoabi, ho kula esita le lefu! (2 Petrose 3:13; Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:3-5) Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho batla ho tseba ho eketsehileng ka tšepiso ee? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena le litabeng tse ling tsa bohlokoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho se tšepe batho ba bang ho re amoha thabo

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jehova ke eena ea tšoaneloang ke hore re mo tšepe ka ho fetisisa

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bohle ho hlokahala hore re tšepane litšebelisanong tsa rōna le ba bang