Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Rutiloe ke Jehova ho Tloha Bocheng ba Ka

Ke Rutiloe ke Jehova ho Tloha Bocheng ba Ka

Pale ea Bophelo

Ke Rutiloe ke Jehova ho Tloha Bocheng ba Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE RICHARD ABRAHAMSON

“Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ho fihlela joale ke ntse ke bolela mesebetsi ea hao e hlollang.” E-re ke hlalose hore na ke hobane’ng ha mantsoe ao a Pesaleme ea 71:17 a e-na le moelelo o ikhethang ho ’na.

LIITHUTI TSA BIBELE, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo, li ile tsa kopana le ’Mè, e leng Fannie Abrahamson, ka 1924. Ke ne ke e-na le selemo feela. Ha ’Mè a ntse a rutoa linnete tsa Bibele, hang-hang o ne a ee a etele baahelani ba hae ’me a ba bolelle lintho tseo a ithutileng tsona, ’me o ne a boetse a nthuta a bile a ruta abuti le ausi. Le pele ke tseba ho bala, o ne a se a nthusitse ho tšoara ka hlooho litemana tse ngata tse buang ka litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo.

Ho elella lilemong tsa bo-1930, setsi sa rōna sa Liithuti Tsa Bibele se La Grande, naheng ea Oregon, U.S.A., e leng moo ke hlahetseng le ho hōlela teng, se ne se e-na le basali le bana ba seng bakae. Le hoja re ne re le sebakeng se ka thōko, re ne re eteloa hang kapa habeli ka selemo ke balebeli ba tsamaeang, ba neng ba tsejoa ka hore ke ba etelang libaka. Balebeli bana ba ne ba fana ka lipuo tse khothatsang, ba tsamaea le rōna tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ba bile ba bontša ho thahasella bana ka tsela e mosa. Ba bang ba balebeli bana ba ratehang ke Shield Toutjian, Gene Orrell le John Booth.

Ka 1931 ha ho le ea mong setsing sa rōna ea ileng a atleha ho ea kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, moo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova. Empa lihlopha, e leng kamoo liphutheho li neng li bitsoa kateng, le litsi tse ka thōko tse neng li se na boemeli kopanong eo li ile tsa kopana ka August selemong seo ho amohela qeto ea ho sebelisa lebitso leo. Setsi sa rōna se senyenyane se La Grande se ile sa etsa seo. Hamorao, ka 1933 phutuhong ea ho aba bukana e reng The Crisis, ke ile ka ithuta nehelano ea Bibele ka hlooho ’me ka lekhetlo la pele, ka paka ka ntlo le ntlo ke le mong.

Lilemong tsa bo-1930, ho hanyetsoa ha mosebetsi oa rōna ho ile ha tota. E le hore ho sebetsanoe le sena, lihlopha li ile tsa hlophisoa ka mahlopho, a neng a tšoara likopano tse nyenyane ’me hang kapa habeli ka selemo a etsa maeto a boboleli a neng a bitsoa liphutuho tsa mahlopho. Likopanong tsena re ne re rutoa mekhoa ea ho bolela re bile re bontšoa kamoo re ka sebetsanang le mapolesa ka tsela e bontšang tlhompho ha a re sitisa. Kaha Lipaki li ne li atisa ho hlahisoa ka pel’a moahloli oa lepolesa kapa ka pel’a lekhotla le tloaelehileng, re ne re itlhakisa ka boitsebiso bo leqepheng la litaelo le neng le bitsoa Order of Trial. Sena se ile sa re hlomella ho tobana le khanyetso.

Ho Tsoela Pele ’Neteng ea Bibele ke sa le Monyenyane

Ke ne ke ntse ke tsoela pele ho utloisisa linnete tsa Bibele le tšepo e thehiloeng Bibeleng ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo. Ka nako eo, kolobetso e ne e sa hatelloe hakaalo ho ba se nang tšepo ea ho ea busa le Kreste leholimong. (Tšenolo 5:10; 14:1, 3) Leha ho le joalo, ke ile ka bolelloa hore haeba pelong ea ka ke entse qeto ea ho etsa thato ea Jehova, e tla ba ho loketseng hore ke kolobetsoe. Kahoo ke ile ka kolobetsoa ka August 1933.

Ha ke le lilemo li 12, tichere ea ka e ile ea nahana hore ke tsoella hantle tabeng ea ho bua phatlalatsa, kahoo e ile ea khothalletsa ’Mè hore a lokisetse hore ke fuoe koetliso e eketsehileng. ’Mè o ile a nahana hore sena se ka ’na sa nthusa ho sebeletsa Jehova hamolemo. Kahoo o ile a lefella lithuto tsa ka ka ho qeta selemo a hlatsoetsa mokoetlisi oa ka liaparo. Koetliso eo e ile ea ipaka ho ba molemo tšebeletsong ea ka. Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka tšoaroa ke ramatiki, e ileng ea ntšitisa ho kena sekolo ka nako e fetang selemo.

Ka 1939 mosebeletsi e mong oa nako e tletseng ea bitsoang Warren Henschel o ile a tla sebakeng sa rōna. * E ne e le moholoane oa ka oa moea, re qeta nako e ngata re le tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a nakoana o ile a nthusa hore ke qalise tšebeletso ea bopula-maliboho ba nakong ea phomolo, e leng mofuta oa tšebeletso ea nako e tletseng ea nakoana. Lehlabuleng leo, setsi sa rōna se ile sa etsoa sehlopha. Warren o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa sehlopha, ’me ’na ka khetheloa ho ba mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Ha Warren a tloha ho ea sebeletsa Bethele, e leng ntlo-khōlō ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, ke ile ka ba mohlanka oa sehlopha.

Ho Qalisa Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Boikarabelo bo eketsehileng ba ho sebeletsa ke le mohlanka oa sehlopha bo ile ba matlafatsa le ho feta takatso ea ka ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea kamehla, e leng seo ke ileng ka se etsa ha ke le lilemo li 17 ha ke qeta selemo sa boraro ke le sekolong se phahameng. Ntate o ne a sa kopanele le rōna bolumeling, empa o ne a hlokomela lelapa hantle ebile e le motho ea nang le mekhoa e metle. O ne a batla hore ke ee kolecheng. Leha ho le joalo, o ile a mpolella hore hafeela ke sa tl’o lebella hore a mphepe a be a mphe bolulo, nka ’na ka etsa eng kapa eng eo ke khethang ho e etsa. Kahoo ke ile ka qala ho bula maliboho ka la 1 September, 1940.

Ha ke tloha hae, ’Mè o ile a re ke bale Liproverbia 3:5, 6 e reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Ha e le hantle, ho beha bophelo ba ka matsohong a Jehova kamehla e ’nile ea e-ba thuso e khōlō ho ’na.

Nakoana ka mor’a moo ke ile ka sebetsa le Joe le Margaret Hart karolong e ka leboea-bohareng Naheng ea Washington. Tšimo eo e ne e sa tšoane—e le lipolasi tsa likhomo, lipolasi tsa linku, libaka tsa bolulo tsa Maindia feela le metsana le litorotsoana tse ngata. Nakong ea selemo ka 1941, ke ile ka abeloa ho ba mohlanka oa sehlopha phuthehong e Wenatchee, Washington.

Ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna Walla Walla, Washington, ke ne ke le mohlokomeli, ke amohela batho ba kenang ka holong. Ke ile ka hlokomela mor’abo rōna e mong e mocha ea neng a sokolisoa ke libuela-hōle. Kahoo ka etsa tlhahiso ea hore a etse kabelo ea ka, ’me ’na ke etse eo ea hae. Ha mohlanka oa sebaka, e leng Albert Hoffman, a khutla ’me a bona hore ke siile kabelo ea ka, o ile a ntlhalosetsa a ntse a bososela ka botsoalle molemo oa ho khomarela kabelo eo motho a e filoeng ho fihlela a fuoa litaelo tse ling. Ke sa ntsane ke hopola keletso eo ea hae.

Ka August 1941, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa rera ho tšoara kopano e khōlō St. Louis, Missouri. Ba ha Hart ba ile ba kupetsa teraka ea bona ka morao eaba ba kenya libenche. Re le bo-pula-maliboho ba robong re ile ra tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 2 400 ka teraka eo ho ea St. Louis. Leeto leo le ile la nka hoo e ka bang beke ho ea le beke ho khutla. Kopanong eo, mapolesa a ile a hakanyetsa tlhōrō ea ba bileng teng ho 115 000. Le hoja e ka ’na eaba ba bileng teng ba bile ka tlaase ho moo, e tlameha ebe ba ne ba feta Lipaki tse ka bang 65 000 tse neng li le teng United States ka nako eo. Ka sebele kopano eo e bile e matlafatsang moeeng.

Ho Sebeletsa Bethele ea Brooklyn

Ha ke se ke khutletse Wenatchee, ke ile ka fumana lengolo le nkōpang hore ke itlalehe Bethele ea Brooklyn. Ha ke fihla teng ka la 27 October, 1941, ke ile ka isoa ofising ea Nathan H. Knorr, eo e neng e le molebeli oa fektheri. O ile a ntlhalosetsa ka mosa hore na bophelo ba Bethele bo joang ’me a hatella hore ho lula haufi le Jehova ke habohlokoa e le hore motho a atlehe moo. Ka mor’a moo ke ile ka isoa Lefapheng la Libuka ’me ka fuoa mosebetsi oa ho tlama mabokose a lingoliloeng tse romeloang.

Ka la 8 January, 1942, Joseph Rutherford, ea neng a eteletse pele Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara, o ile a hlokahala. Matsatsi a mahlano hamorao batsamaisi ba Mokhatlo ba ile ba khetha Mor’abo rōna Knorr hore e be mohlahlami oa hae. Ha W. E. Van Amburgh, eo e neng e bile mongoli-ramatlotlo oa Mokhatlo ka nako e telele, a tsebisa lelapa la Bethele ka sena, o ile a re: “Ke hopola ha C. T. Russell a hlokahala [ka 1916] ’me a nkeloa sebaka ke J. F. Rutherford. Morena o ile a tsoela pele ho tataisa mosebetsi oa Hae le ho o atlehisa. Joale, ke kholisehile ka hohle hore mosebetsi o tla tsoela pele ha Nathan H. Knorr e se e le mopresidente kaha mosebetsi ona ke oa Morena, hase oa motho.”

Ka February 1942, ho ile ha phatlalatsoa hore ho tlil’o qalisoa “Lenaneo la Thuto e Tsoetseng Pele ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo.” Le ne le reretsoe ho koetlisetsa ba leng Bethele ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho batlisisa lintlha tsa Bibele, ho hlophisa boitsebiso ba bona hantle le ho nehelana ka bona ka tsela e atlehang. Kaha ke ne ke koetliselitsoe ho bua phatlalatsa ke sa le monyenyane, ke ile ka etsa tsoelo-pele e potlakileng lenaneong leo.

Ka mor’a nakoana, ke ile ka abeloa ho ea sebetsa Lefapheng la Tšebeletso, le hlokomelang mosebetsi oa Lipaki, United States. Hamorao selemong seo, ho ile ha etsoa qeto ea ho tsosolosa lenaneo la hore basebeletsi ba etele lihlopha tsa Lipaki. Hamorao, basebeletsi bana ba tsamaeang, ba neng ba bitsoa bahlanka ho baena, ba ile ba bitsoa balebeli ba potoloho. Lehlabuleng la 1942, ho ile ha hlophisoa thupelo Bethele e le hore ho koetlisetsoe barab’abo rōna tšebeletso ea mofuta ona, ’me ke ile ka ba le tokelo ea ho ba e mong oa ba fumanang koetliso eo. Ka ho khetheha ke hopola hore Mor’abo rōna Knorr, eo e neng e le e mong oa barupeli, o ile a hatella ntlha ena ho rōna: “Le se ke la leka ho khahlisa batho. Le tla qetella le sa khahlisa motho le ea mong. Khahlisang Jehova, ’me le tla khahlisa bohle ba ratang Jehova.”

Mosebetsi oa ho tsamaea o ile oa qalisoa ka October 1942. Ba bang ba rōna Bethele, re ne re o etsa ka mafelo-beke a itseng, re etela liphutheho tse New York City tse bohōle ba lik’hilomithara tse sa feteng 400. Re ne re hlahloba mosebetsi oa phutheho oa boboleli le lenane la ba tlang libokeng, re tšoara seboka le ba hlokomelang mesebetsi ea phutheho, re fana ka puo e le ’ngoe kapa tse peli le ho kopanela tšebeletsong le Lipaki tsa sebaka seo.

Ka 1944, ke ile ka ba e mong oa bao Lefapha la Tšebeletso le ileng la ba romela ho ea qeta likhoeli tse tšeletseng mosebetsing oa ho tsamaea, ke sebeletsa Delaware, Maryland, Pennsylvania le Virginia. Hamorao, ka likhoeli tse seng kae, ke ile ka etela liphutheho tse Connecticut, Massachusetts le Sehlekehlekeng sa Rhode. Ha ke khutlela Bethele, ka linako tse ling ke ne ke sebetsa ofising ea Mor’abo rōna Knorr le mongoli oa hae Milton Henschel, e leng moo ke ileng ka tloaelana teng le mosebetsi oa rōna o etsoang lefatšeng ka bophara. Ka linako tse ling ke ne ke boetse ke sebetsa Ofising ea Ramatlotlo tlas’a tataiso ea W. E. Van Amburgh le motlatsi oa hae, Grant Suiter. Hamorao, ka 1946, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa mafapha a ’maloa a Bethele.

Liphetoho Tse Khōlō Bophelong ba Ka

Ha ke ntse ke sebeletsa liphutheho ka 1945, ke ile ka tloaelana le Julia Charnauskas oa Providence, Sehlekehlekeng sa Rhode. Mahareng a 1947 re ne re nahanela taba ea lenyalo. Ke ne ke rata tšebeletso ea Bethele haholo, empa mehleng eo, ho ne ho se na tokisetso ea ho tlisa molekane oa lenyalo ho tla sebeletsa moo. Kahoo ka January 1948, ke ile ka tsoa Bethele, eaba ke nyalana le Julia (Julie). Ke ile ka fumana mosebetsi o sa nkeng nako eohle suphamaketeng e ’ngoe Providence, eaba re qalisa tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho.

Ka September 1949, ke ile ka kōpuoa ho etsa mosebetsi oa potoloho ka leboea-bophirimela ho Wisconsin. E ne e le phetoho e khōlō ho ’na le Julie ho qeta boholo ba nako re paka litorotsoaneng le lipolasing tse hlahisang lebese. Mariha a ne a nka nako e telele a bile a bata, ka libeke tse ngata mohatsela o e-ba ka tlaase ho ntlha-khoamo le lehloa le atisa ho khetheha. Re ne re se na koloi. Leha ho le joalo, ho ne ho lula ho e-ba le motho ea re palamisang ho re isa phuthehong e latelang.

Nakoana re qalile mosebetsi oa potoloho, re ile ra ba le kopano ea potoloho. Ke hopola ke hlahloba ka hloko ho bona hore na lintho tsohle li entsoe, e leng ho neng ho etsa hore ba bang ba tsitsipane. Kahoo molebeli oa setereke, e leng Nicholas Kovalak, o ile a ntlhalosetsa ka mosa hore barab’abo rōna ba moo ba tloaetse ho etsa lintho ka tsela ea bona ’me ha ho hlokahale hore ke leke ho laola lintho ho isa bohōleng boo. Esale ho tloha mohlang oo, keletso eo e nthusitse haholo ha ke phetha likabelo tsa ka tse ngata.

Ka 1950, ke ile ka fuoa kabelo ea nakoana—ea ho okamela litokisetso tsa marobalo bakeng sa baeti ba neng ba tla kopanong ea pele likopanong tsa rōna tse ngata tse khōlō, tse ileng tsa tšoareloa Yankee Stadium, New York City. Kopano eo e ile ea e-ba e hlasimollang ho tloha qalong ho isa qetellong, ho ne ho e-na le baeti ba tsoang linaheng tse 67 ’me tlhōrō ea ba bileng teng ea e-ba 123 707! Ka mor’a kopano eo, ’na le Julie re ile ra khutlela mosebetsing oa rōna oa ho tsamaea. Re ne re thabile haholo ha re le mosebetsing oa potoloho. Leha ho le joalo, re ne re batla ho tsoela pele ho itlhahisa re le ba ka sebelisoang ka ho eketsehileng. Kahoo selemo se seng le se seng re ne re tlatsa liforomo tsa Bethele le tsa tšebeletso ea boromuoa. Ka 1952 re ile ra thaba ha re memeloa ho kena sehlopheng sa bo20 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, moo re ileng ra koetlisetsoa mosebetsi oa boromuoa.

Ho Sebeletsa Mose

Ha re qeta thupelo ea rōna ka 1953, re ile ra abeloa ho ea Brithani, moo ke ileng ka etsa mosebetsi oa setereke ka boroa ho Engelane. Le pele selemo se fela re le mosebetsing ona, oo ’na le Julie re neng re o thabela haholo, re ile ra makatsoa ke ha re fuoa kabelo e reng re ee Denmark. Ho ne ho hlokahala botsamaisi bo bocha ofising ea lekala, Denmark. Kaha ke ne ke le haufi le teng ke bile ke koetliselitsoe mosebetsi o joalo Brooklyn, ke ile ka isoa moo ho ea thusa. Re ile ra palama seketsoana se eang Netherlands, ’me ho tloha moo ra palama terene e eang Copenhagen, Denmark. Re ile ra fihla moo ka la 9 August, 1954.

Bothata bo bong bo neng bo lokela ho rarolloa ke ba hore ba seng bakae ba neng ba le maemong a boikarabelo ba ne ba sa amohele tataiso e tsoang ntlo-khōlō, Brooklyn. Hape, bafetoleli ba bararo ho ba bane ba neng ba fetolela likhatiso tsa rōna ka Sedanishe ba ile ba tsoa Bethele ’me qetellong ba khaotsa ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova. Empa Jehova o ile a arabela lithapelo tsa rōna. Bo-pula-maliboho ba babeli, e leng Jørgen le Anna Larsen, ba neng ba kile ba etsa mosebetsi oa ho fetolela ba sa sebetse nako eohle, ba ile ba itlhahisa hore ba sebetse nako e tletseng. Kahoo ho fetoleloa ha limakasine tsa rōna ka Sedanishe ho ile ha tsoela pele, ra se ke ra fosoa ke tokollo leha e le ’ngoe. Ba ha Larsen ba ntse ba le Bethele ea Denmark, ’me Jørgen ke mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.

Mohloli oa khothatso ea sebele lilemong tseo tse qalang e ne e le maeto a sa khaotseng a Mor’abo rōna Knorr. O ne a ipha nako ea hore a lule fatše ’me a qoqe, a pheta liphihlelo tse fanang ka malebela mabapi le kamoo mathata a ka rarolloang kateng. Ha a etile ka 1955, ho ile ha etsoa qeto ea hore re lokela ho haha lekala le lecha le nang le mohaho oa khatiso e le hore re ka khona ho hatisa limakasine tsa Denmark. Setša se ile sa fumanoa motseng o ka leboea ho Copenhagen, ’me lehlabuleng la 1957, ra fallela mohahong oo o sa tsoa hahuoa. Harry Johnson, eo hammoho le mosali oa hae, Karin, ba neng ba sa tsoa fihla Denmark ba tsoa sehlopheng sa bo26 sa Gileade, o ile a thusa ho kopanya mochine oa khatiso le ho etsa hore o sebetse.

Re ile ra ntlafatsa tsela eo re hlophisang ho tšoara likopano tse khōlō ka eona Denmark, ’me phihlelo eo ke neng ke bile le eona ha ke sebetsa likopanong tsa United States e ile ea ipaka ho ba molemo. Ka 1961 kopanong ea rōna e khōlō ea machaba e neng e tšoaretsoe Copenhagen, ho ile ha amoheloa baeti ba tsoang linaheng tse fetang 30. Tlhōrō ea ba bileng teng e ile ea e-ba 33 513. Ka 1969, re ile ra tšoara kopano eo e bileng e khōlō ka ho fetisisa likopanong tsohle tse neng li ile tsa tšoareloa Scandinavia, ’me tlhōrō ea ba bileng teng ea e-ba 42 073!

Ka 1963, ke ile ka memeloa ho ba sehlopheng sa bo38 sa Gileade. Ena e ne e le thupelo e ntlafalitsoeng e nkang likhoeli tse leshome e neng e reretsoe ka ho khetheha ho koetlisa basebeletsi ba lekala. E ile ea e-ba ho thabisang ho boela ke e-ba le lelapa la Bethele le Brooklyn le ho rua molemo phihlelong ea ba ’nileng ba sebeletsa moo ka lilemo tse ngata ba hlokomela mesebetsi e etsoang ntlo-khōlō.

Ka mor’a koetliso ena, ke ile ka khutlela Denmark ho ea tsoela pele ho hlokomela mosebetsi moo. Ho feta moo, ke ile ka ba le tokelo ea ho sebeletsa ke le molebeli oa libaka, ke etela makala a karolong e ka bophirimela le ka leboea ho Europe ke khothatsa basebetsi ba ’ona le ho ba thusa ho phetha boikarabelo ba bona. Moraonyana tjena ke entse mosebetsi ona Afrika Bophirimela le libakeng tsa Caribbean.

Ho elella lilemong tsa bo-1980, barab’abo rōna ba Denmark ba ile ba qala ho batla setša seo ba ka hahang mohaho o moholoanyane ho sona bakeng sa mosebetsi o eketsehileng oa ho fetolela le oa ho hatisa. Ho ile ha fumanoa setša se setle lik’hilomithara tse ka bang 60 ka bophirimela ho Copenhagen. Ke ile ka sebetsa hammoho le ba bang ho etsa lipolane le moralo oa mohaho ona o mocha, ’me ’na le Julie re ne re lebeletse ho lula lehaeng lena le letle le lecha hammoho le lelapa la Bethele. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea ka tsela eo.

Ho Khutlela Brooklyn

Ka November 1980, ’na le Julie re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele ea Brooklyn, moo re ileng ra fihla teng qalong ea January 1981. Ka nako eo re ne re se re habile lilemo tse 60, ’me ka mor’a ho sebeletsa le bara le barali babo rōna ba ratehang ba Denmark hoo e batlang e le halofo ea bophelo ba rōna, ho ne ho se bonolo ho rōna ho khutlela United States. Leha ho le joalo, ha rea ka ra lulela ho nahana ka sebaka seo re neng re ka lakatsa ho ba ho sona empa re ile ra leka ho tsepamisa likelello tsa rōna likabelong tseo re sa tsoa li abeloa le liphephetsong tseo li li hlahisang.

Re ile ra fihla Brooklyn ’me ra lula teng. Julie o ile a abeloa ho sebetsa ofising ea liak’haonte, a etsa mosebetsi o tšoanang le oo a neng a o etsa ha a le Denmark. ’Na ke ile ka abeloa Lefapheng la Bongoli ho thusa ho hlophisa mosebetsi oa ho hlahisoa ha lingoliloeng tsa rōna. Lilemo tse qalang tsa bo-1980 e bile nako ea ho fetola tšebetso ea rōna Brooklyn, ha re tlohela ho sebelisa mechine ea ho thaepa le ho seta litlhaku ka loto e chesang re fetohela ho ea lik’homphieutha le e hatisang ea offset. Ke ne ke sa tsebe letho ka lik’homphieutha empa ke e-na le kutloisiso e itseng ka tsamaiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng le ho sebetsana le batho.

Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlokahala hore ho matlafatsoe tlhophiso ea Lefapha la ho Etsa Litšoantšo kaha re ne re fetohela ho sebeliseng mochine oa offset o hatisang ka mebala e feletseng le ho sebeliseng litšoantšo le lifoto tse nang le ’mala. Le hoja ke ne ke se na phihlelo ea ho ba moetsi oa litšoantšo, ke ne nka khona ho thusa ka tlhophiso. Kahoo ke ile ka ba le tokelo ea ho hlokomela lefapha leo ka lilemo tse robong.

Ka 1992, ke ile ka abeloa hore ke thuse Komiti ea Khatiso ea Sehlopha se Busang ’me ka isoa Ofising ea Ramatlotlo. Mona ke moo ke ntseng ke tsoela pele ho sebetsana le litaba tsa lichelete tsa mesebetsi e etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.

Tšebeletso ea ka ho Tloha Bocheng ho ea Pele

Ho tloha bocheng ba ka le lilemong tse 70 tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea boinehelo, ka mamello Jehova o nthutile ka Lentsoe la hae, e leng Bibele le ka barab’eso ba nthusitseng ka mokhatlong oa hae o hlollang o hlophisitsoeng. Ke thabetse lilemo tse fetang 63 tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me ho tsona tse fetang 55 ke e-na le mohats’a ka ea tšepahalang, Julie. Ka sebele, ke ikutloa ke hlohonolofalitsoe ka ho enneng ke Jehova.

Morao koana ka 1940 ha ke tloha lapeng ke kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, Ntate o ile a soma qeto eo ke e entseng ’me a re: “Mora, ha u tloha hae mona ho ea etsa seo, u se ke ua nahana hore ka le leng u tla tla ho ’na mona u matha u re ke u thuse.” Ho theosa le lilemo, ha ho mohla nkileng ka tlameha ho etsa seo. Jehova o hlokometse litlhoko tsa ka ka seatla se bulehileng, hangata a sebelisa Bakreste-’moho le ’na ba molemo. Hamorao, Ntate o ile a hlompha mosebetsi oa rōna, a ba a etsa tsoelo-pele e itseng ho ithuteng ’nete ea Bibele pele a hlokahala ka 1972. ’Mè, ea neng a e-na le tšepo ea ho phela leholimong, o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a hlokahala ka 1985, a le lilemo li 102.

Le hoja mathata a e-ba teng tšebeletsong ea nako e tletseng, ha ho mohla ’na le Julie re kileng ra nahana ho tlohela kabelo ea rōna. Ka linako tsohle Jehova o ’nile a re tšehetsa boikemisetsong bona. Esita le ha batsoali ba ka ba ne ba se ba hōlile ’me ba hloka thuso, ausi oa ka, e leng Victoria Marlin, o ile a ithaopela ho thusa ’me a ba hlokomela ka mosa. Re ananela ka ho tebileng tlatsetso ea hae e lerato, e re thusitseng ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng.

Julie o ntšehelitse ka botšepehi likabelong tsohle tsa rōna, a nka seo e le karolo ea boinehelo ba hae ho Jehova. Le hoja hona joale ke le lilemo li 80 ’me ke se ke haelloa ke bophelo, ke ikutloa ke hlohonolofalitsoe haholo ke Jehova. Ke fumana khothatso e matla ho mopesaleme, eo ka mor’a ho bolela hore Molimo o mo rutile ho tloha bocheng ba hae ho ea pele, a ileng a kōpa ka tieo a re, ‘Esita le ho fihlela botsofaling, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.’—Pesaleme ea 71:17, 18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Warren e ne e le moholoane oa Milton Henschel, ea sebelelitseng ka lilemo tse ngata e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

’Na le ’Mè ka 1940, ha ke qala ho bula maliboho

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le Joe le Margaret Hart, bao ke neng ke bula maliboho le bona

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Letsatsing la rōna la lechato ka January 1948

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ka 1953, re e-na le liithuti-’moho le rōna tsa Gileade. Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Don le Virginia Ward, Geertruida Stegenga, Julie le ’na

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le Frederick W. Franz le Nathan H. Knorr, Copenhagen, Denmark, ka 1961

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Julie kajeno