Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kōpa “likarolo tse peli” tsa moea oa Elia?

Nakoana pele Elia a phetha kabelo ea hae e le moprofeta Iseraele, moprofeta Elisha e mocha o ile a mo kōpa a re: “Ke kōpa hore likarolo tse peli tsa moea oa hao li tle ho ’na.” (2 Marena 2:9) Ha re bua ka tsela ea moea, ho bonahala eka Elisha o ne a batla kabelo e mennoeng habeli e kang e neng e fuoa mora oa letsibolo. (Deuteronoma 21:17) Ho hlahloba ho se hokae tlaleho ena ho tla hlakisa sena le ho re thusa ho bona seo re ka ithutang sona ketsahalong eo.

Tumellanong le tataiso ea Jehova, moprofeta Elia o ne a tlotsitse Elisha hore e be mohlahlami oa hae. (1 Marena 19:19-21) Elisha o ne a sebelelitse e le mohlokomeli ea tšepahalang oa Elia ka lilemo tse ka bang tšelela ’me o ne a ikemiselitse ho etsa sena ho isa qetellong. Esita le letsatsing la ho qetela la Elia e le moprofeta Iseraele, Elisha o ne a ntse a khomaretse mokoetlisi oa hae. Le hoja Elia a ile a phehella Elisha hore a tlohele ho mo sala morao, ka makhetlo a mararo moprofeta eo e mocha o ile a re: “Nke ke ka u tlohela.” (2 Marena 2:2, 4, 6; 3:11) Ha e le hantle, Elisha o ne a nka moprofeta eo ea seng a hōlile e le ntate oa hae oa moea.—2 Marena 2:12.

Leha ho le joalo, Elisha e ne e se eena feela mora oa Elia oa moea. Elia le Elisha ba ne ba sebetsa hammoho le sehlopha sa banna ba bitsoang “bara ba baprofeta.” (2 Marena 2:3) Tlaleho e ho Marena a Bobeli e bontša hore “bara” bana le bona ba ne ba e-na le maqhama a matla le ntate oa bona oa moea, Elia. (2 Marena 2:3, 5, 7, 15-17) Empa kaha Elisha e ne e le mohlahlami ea tlotsitsoeng, ke eena ea neng a hlaheletse har’a bara ba Elia ba moea—a le joaloka letsibolo. Iseraeleng ea boholo-holo, mora oa letsibolo o ne a fuoa likarolo tse peli tsa lefa la ntat’ae, athe bara ba bang ba ne ba fumana e mong le e mong karolo e le ’ngoe. Kahoo, Elisha o ne a kōpa likarolo tse peli tsa lefa la Elia la moea.

Ke hobane’ng ha Elisha a ile a kōpa see ka nako eo ka ho khetheha? Hobane o ne a le mothating oa ho qalisa mosebetsi o matla—oa ho ba mohlahlami oa Elia e le moprofeta Iseraele. Elisha o ile a hlokomela hore e le hore a phethahatse boikarabelo bo tsamaisanang le kabelo ena e khōlōhali, o ne a hloka matla a moea a ka holimo ho seo a ka se khonang, matla ao e leng Jehova feela ea neng a ka fana ka ’ona. O ne a lokela ho ba sebete joaloka Elia. (2 Marena 1:3, 4, 15, 16) Kahoo, o ile a kōpa likarolo tse peli tsa moea oa Elia, e leng moea oa ho ba sebete le oa ho ‘boulella Jehova ka ho feletseng’—e leng litšobotsi tsa bohlokoa tse hlahisoang ke moea oa Molimo. (1 Marena 19:10, 14) Elia o ile a arabela joang?

Elia o ne a tseba hore Elisha o kōpile ntho e seng matleng a hae empa eo e leng Molimo feela ea nang le tokelo ea ho fana ka eona. Kahoo, ka ho inyenyefatsa Elia o ile a araba ka ho re: “U kōpile ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena.” (2 Marena 2:10) Ha e le hantle, Jehova o ile a lumella Elisha hore a bone ha Elia a nyoloha a le sefefong. (2 Marena 2:11, 12) Elisha o ile a fuoa seo a se kōpileng. Jehova o ile a mo fa moea oo a neng a o hloka e le hore a qalise mosebetsi oa hae o mocha le hore a tle a tobane le liteko tse tlang.

Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng (bao ka linako tse ling ba bitsoang sehlopha sa Elisha) le bahlanka ba bang ba Molimo ka kakaretso ba ka fumana khothatso e matla tlalehong ena ea Bibele. Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa re sithabetse re bile re sa tšoanelehe ha re fuoa kabelo e ncha, kapa re ka ’na ra haelloa ke sebete sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa rōna oa boboleli ba ’Muso ha re tobana le ho iphapanya ho ntseng ho eketseha kapa khanyetso tšimong ea rōna. Leha ho le joalo, haeba re kōpa Jehova hore a re tšehetse, o tla re fa moea o halalelang ha re o hloka e le hore re tobane le mathata le maemo a fetohang. (Luka 11:13; 2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13) E, feela joalokaha Jehova a ile a matlafatsa Elisha hore a jare boikarabelo bo tomanyana, o tla thusa e mong le e mong oa rōna, e monyenyane le e moholo, ho phethahatsa tšebeletso ea rōna.—2 Timothea 4:5.