Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le ea ka Tšeptjoang?

Na ho na le ea ka Tšeptjoang?

Na ho na le ea ka Tšeptjoang?

A MOR’A ho oa ha Lerako la Berlin ka 1989, makunutu a mangata a neng a ntse a patiloe ka hloko a ile a senoloa. Ka mohlala, Lydia * o ile a fumana hore nakong ea Puso ea Bososhiale Jeremane Bochabela, Stasi, kapa Tšebeletso ea ’Muso ea Tšireletso, e ne e e-na le tlaleho ea lintho tseo a li etsang. Lydia o ile a makala ha a utloa ka faele eo, empa a makala le ho feta ha a utloa hore na ke mang ea fileng Stasi boitsebiso boo—e ne e le monna oa hae. O ne a tsuoe tlaase ke motho eo a neng a lokela ho mo tšepa ka ho feletseng.

The Times ea London e tlaleha hore Robert e ne e le monna ea seng a hōlile ea neng a nka ngaka ea hae e le “e hlomphehang haholo, a e nkela holimo a bile a e tšepa.” Ho ne ho boleloa hore ngaka eo e ne e le “mosa e bile e e-na le kutloelo-bohloko.” Eaba ka tšohanyetso Robert oa shoa. Na o ne a hlasetsoe ke lefu la pelo kapa stroke? Che. Ba boholong ba ile ba phetha ka hore ngaka e ne e ile ea etela Robert ha hae, eaba e mo hlaba ka ente e bolaeang Robert a sa tsebe le lelapa la hae le sa tsebe. Kamoo ho bonahalang kateng, Robert o ne a bolailoe ke motho eo a neng a mo tšepa ka ho feletseng.

Lydia le Robert ba ile ba soetsoa haholo ke batho bao ba ba tšepileng, ’me liphello ea e-ba tse bohloko. Maemong a mang liphello ha e be tse tebileng joalo. Leha ho le joalo, ho soetsoa ke motho eo re mo tšepileng ke ntho e tloaelehileng. Tlaleho e ileng ea hatisoa ke mokhatlo o itlhommeng pele oa Jeremane oa liphuputso, o bitsoang Allensbacher Jahrbuch der Demoskopie 1998-2002, e ile ea senola hore ho batho ba bang le ba bang ba 100 bao ho entsoeng liphuputso ho bona, ba 86 ba ne ba ekiloe ke motho eo ba neng ba mo tšepile. Mohlomong le uena u kile ua ekoa ka mokhoa o tšoanang. Kahoo, ha rea lokela ho makala hore ebe ka 2002, koranta ea Switzerland e bitsoang Neue Zürcher Zeitung e ile ea tlaleha hore “linaheng tsa Bophirimela tse tsoetseng pele indastering, ho tšepana ho ’nile ha qepha ka lilemo tse ngata.”

Ho Tšepa Motho ho Nka Nako, Empa ho ka Fela ka Potlako

Ho tšepa motho ho bolela’ng? Ho latela dikishinari e ’ngoe, ho tšepa ba bang ho bolela ho “lumela hore baa tšepahala ebile ke batho ba ’nete le hore ba ke ke ba u utloisa bohloko ka boomo.” Ho tšepa motho ho nka nako empa ho ka fela ka ho panya ha leihlo. Kaha ba bangata ba ikutloa hore ba tsuoe tlaase ke batho bao ba neng ba ba tšepile, na hoa makatsa hore ebe batho ba leqe ho tšepa ba bang? Ho ea ka phuputso e ileng ea hatisoa Jeremane ka 2002, “ke bacha ba ka tlaase ho a le 1 ho ba 3 ba hlileng ba tšepang batho ba bang.”

Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ha e le hantle ho na le eo re ka mo tšepang? Na ho na le molemo ho tšepa motho le hoja ho ka etsahala hore a re soetse?’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore ho batho ba bang le ba bang ba 100 bao ho entsoeng liphuputso ho bona, ba 86 ba ne ba ekiloe ke motho eo ba neng ba mo tšepile