Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”

“Ho Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”

“Ho Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”

“TSOELA pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (Tite 3:1) Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka mosebetsi ofe o molemo ha a ne a ngolla balumeli-’moho le eena mantsoe ao? Setsebi sa Bibele se bitsoang E. F. Scott se ile sa bua ka mosebetsi o mong o molemo, sa re: “Hase feela hore Bakreste ba ne ba lokela ho mamela ba boholong, empa ba tšoanela ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo. . . . Ha ho ne ho hlokahala, Bakreste ba lokela ho ba har’a batho ba pele ba bontšang hore ba amehile ka boiketlo ba sechaba. Hangata ho tla qhoma mello, ho be le mafu a seoa le likoluoa tse sa tšoaneng, ha baahi bohle ba molemo ba tla batla ho thusa baahelani ba bona.”

Bakreste ba kenya letsoho mesebetsing e itseng ea bohlokoa sechabeng hafeela mesebetsi eo e se khahlanong le melao ea Molimo. (Liketso 5:29) Ka mohlala, selemo le selemo, basebetsi ba ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e motseng oa Ebina Japane, ba latela tataiso ea lefapha la litima-mollo la sebakeng seo ka ho etsa pontšo ea se lokelang ho etsoa haeba mollo o ka qhoma. Liketsahalong tse joalo, litho tsohle tsa lelapa la Bethele lia bokana hore li tl’o mamela litaelo tse fanoang ke moemeli oa lefapha la litima-mollo la sebakeng seo.

Ho phaella moo, ka lilemo tse fetang tse leshome, ofisi ena ea lekala e ’nile ea sebelisana le babusi ba sebaka seo lipontšong tse lokiselitsoeng ho hlokomelisa batho hore na ba ka thibela mollo joang. Lipontšong tsena, lik’hamphani le lifeme tsa motse oo li bontša kamoo li leng malala-a-laotsoe kateng ho tima mollo le ho o thibela. Ofisi ena ea lekala e ’nile ea babatsoa ka makhetlo ka lebaka la bokhoni ba basebetsi ba eona le tšebelisano-’moho ea bona. Ka 2001, ba ile ba fuoa khau ea pele pontšong eo. Ba loketse ho etsa mosebetsi o molemo o ka pholosang bophelo haeba mollo o ka qhoma.

Tšebeletso ea Bohlokoa

Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li thahasella mosebetsi oa mofuta o mong o molemo ho feta oo, oo le oona o ntseng o pholosa bophelo. Khafetsa li etela baahelani ba tsona hore li ba bolelle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Lipaki li khothalletsa batho ho ithuta le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona, e le hore ba ntlafatse tsela eo ba phelang ka eona hona joale le hore ba be le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng leo ho lona ho tla rena khotso ea ’nete le tšireletseho.

Ba bang ba ka ’na ba se utloisise hore na tšebeletso eo Lipaki Tsa Jehova li e etsang ke ea bohlokoa hakae, ba nka hore lia khathatsa. Leha ho le joalo, Moahloli, Jean Crepeau oa Lekhotla le Phahameng la Quebec le Canada ha a bone litaba ka tsela eo. Lipaki Tsa Jehova tsa motseng oo li ne li sa lumellane le molaoana oa motse oa Blainville, o profensing ea Quebec, o neng o re li lokela ho fumana lengolo la tumello la ho etela batho ka ntlo le ntlo. Ha Moahloli Crepeau a etsa qeto ea lekhotla o ile a re: “Maeto a etsoang ke Lipaki Tsa Jehova ke tšebeletso ea Bokreste sechabeng ’me . . . libuka tseo Lipaki li li fang baahi ba li thahasellang ke lingoliloeng tsa bohlokoa tse tšohlang litaba tse kang bolumeli, Bibele, lithethefatsi, bokhoba ba tahi, thuto ea bacha, mathata a lenyalo le tlhalo.” Qeto eo e ile ea tsoela pele ka ho re: “Qeto feela eo lekhotla le ka e etsang ke hore, ho bapisa Lipaki Tsa Jehova le barekisi ke ho li nyelisa, ho li tlosa seriti, ho li utloisa bohloko ebile ho li senya lebitso.”

Lipaki Tsa Jehova li ntlafatsa boiketlo ba batho ba libaka tseo li lulang ho tsona ka ho ba thusa ho hlōla mathata a bona a bophelo ba letsatsi le letsatsi le ka ho ba tlisetsa tšepo ea bokamoso. Bibele e li thusa hore li khone ho phetha mosebetsi oo. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Na u ne u ka rata ho tseba hore na Lipaki Tsa Jehova li etsa joang hore li ‘lokele mosebetsi o mong le o mong o molemo’? Re u khothalletsa hore u lumele hore li u thuse ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele ’me kahoo u sebelise monyetla oa tšebeletso ena ea bohlokoa sechabeng eo li e etsang sebakeng sa heno le lefatšeng lohle.

[Litšoantšo tse leqepheng la 30, 31]

Lipaki Tsa Jehova li leka ho sebelisana le ba boholong

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Lipaki li tsebahala ka ho thusa baahelani ba tsona