Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”

“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”

“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”

“U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—PESALEME EA 37:4.

1, 2. Mohloli oa thabo ea sebele ke mang, ’me Morena Davida o ile a lebisa tlhokomelo ntlheng ee joang?

“HO THABA ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, . . . ho thaba ba mohau, . . . ho thaba ba nang le khotso.” Lipolelo tsena hammoho le litlhaloso tse ling tse tšeletseng tsa batho ba thabileng, li kenyelletsa ka mokhoa o tsotehang thuto e tummeng ea Jesu ea Thabeng, joalokaha li tlalehiloe ke mongoli oa Kosepele Matheu. (Matheu 5:3-11) Mantsoe a Jesu a re tiisetsa hore thabo ke ntho eo re ka e finyellang.

2 Pina e halalelang e ngotsoeng ke Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo e lebisa tlhokomelo ho Mohloli oa thabo ea sebele, e leng Jehova. Davida o itse: “Ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.” (Pesaleme ea 37:4) Empa ke eng se ka etsang hore ho tseba Jehova le ho tseba litšobotsi tse ngata tsa botho ba hae e be ‘thabo e phethehileng’? Ke joang ho nahana ka seo a se entseng le seo a sa ntsaneng a tla se etsa ha a phethahatsa morero oa hae, ho u fang tšepo ea ho fumana ‘lintho tseo pelo ea hao e li kōpang’? Ho hlahlobisisa Pesaleme ea 37, temana ea 1 ho ea ho 11, ho fana ka likarabo.

‘U se ke ua ba Mohono’

3, 4. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 37:1, Davida o fana ka keletso efe, hona ke hobane’ng ha ho e ela hloko ho loketse kajeno?

3 Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me bokhopo bo atile. Re bone ho phethahala ha mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Ho bonolo hakaakang hore re angoe ke seo ho bonahalang eka ke katleho le nala ea batho ba khopo! Sena sohle se ka re khelosa, sa etsa hore pono ea rōna ea moea e be lerootho. Hlokomela kamoo mantsoe a qalang a Pesaleme ea 37 a re hlokomelisang kateng ka kotsi ena e ka ’nang ea hlaha: “U se ke ua iponahatsa u halefile ka lebaka la baetsi ba bobe. U se ke ua honohela ba etsang ho sa lokang.”

4 Letsatsi le letsatsi mecha ea litaba ea lefatše e re sithabetsa ka ho re tlalehela liketso tse ngata tsa ho hloka toka. Bo-rakhoebo ba sa tšepahaleng ba atleha ho etsa bomene-mene empa ba sa fuoe kotlo. Linokoane li tlatlapa batho ba sitoang ho itšireletsa. Babolai ha ba fumanoe kapa ha ba fuoe kotlo. Mehlala ena eohle ea ho khopamisoa ha toka e ka re halefisa le ho senya khotso ea rōna ea kelello. Re ka ’na ra tlala mohono ka lebaka la seo ho bonahalang eka ke katleho ea baetsi ba bobe. Empa na ho halefa ho ka lokisa boemo? Na ho honohela melemo eo ho bonahalang eka baetsalibe baa e thabela ho fetola se tla ba hlahela qetellong? Che! Ruri ha ho hlokahale hore re ikutloe re “halefile.” Hobane’ng?

5. Ke hobane’ng ha baetsi ba bobe ba tšoantšoa le joang?

5 Mopesaleme oa araba o re: “Etsoe ba tla pona ka potlako joaloka joang, ba tla nyamela joaloka joang bo bocha bo botala.” (Pesaleme ea 37:2) Joang bo bocha bo botala bo ka ’na ba shebahala bo le botle, empa kapele boa pona ebe boa shoa. Ho joalo le ka baetsi ba bobe. Katleho eo ho bonahalang eka ba e fihletse ke ea nakoana. Ha ba e-shoa, maruo ao ba a fumaneng ka bolotsana ha a ba thuse. Qetellong toka e etsa hore e mong le e mong a fumane moputso oa hae. Pauluse o ile a ngola a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Qetellong baetsi ba bobe le bohle ba sa lokang ba tla fumana “moputso” oa bona ebe ke phetho. Eo ke tsela e se nang molemo hakaakang ea bophelo!—Pesaleme ea 37:35, 36; 49:16, 17.

6. Re ka ithuta eng ho Pesaleme ea 37:1, 2?

6 Kahoo, na re lokela ho lumella hore nala ea nakoana ea baetsi ba bobe e re khathatse? Re ithuta se latelang litemaneng tsa pele tse peli tsa Pesaleme ea 37: U se ke ua lumella hore katleho ea bona e u khelose tseleng eo u e khethileng ea ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, lebisa tlhokomelo ea hao litlhohonolofatsong le lipakaneng tsa moea.—Liproverbia 23:17.

“Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova?

7 Mopesaleme oa re phehella o re: “Tšepa Jehova ’me u etse se molemo.” (Pesaleme ea 37:3a) Ha re aparetsoe ke matšoenyeho kapa esita le lipelaelo, ho hlokahala hore re tšepe Jehova ka tieo. Ke Eena ea fanang ka tšireletso e feletseng ea moea. Moshe o ile a ngola a re: “Mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla iphumanela bolulo tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle.” (Pesaleme ea 91:1) Ha re khathalitsoe ke ho eketseha ha tlōlo ea molao tsamaisong ena ea lintho, ho hlokahala hore re itšetlehe haholo ka Jehova. Haeba re nonyetseha leqaqailaneng, rea thaba ha motsoalle a re lumella hore re tsamaee re itšetlehile ka eena. Ka ho tšoanang, ha re leka ho tsamaea ka botšepehi, ho hlokahala hore re itšetlehe ka Jehova.—Esaia 50:10.

8. Ho kopanela mosebetsing oa Bokreste ho ka re thusa joang hore re qobe ho tšoenyeha ho tlōla ka ho atleha ha batho ba khopo?

8 Ntho e ’ngoe e ka rarollang bothata ba ho tšoenngoa ke ho atleha ha batho ba khopo ke ho tšoareha ka ho batla le ho thusa batho ba kang linku hore ba be le tsebo e nepahetseng ea morero oa Jehova. Ho sa tsotellehe bokhopo bo ntseng bo eketseha, ho hlokahala hore re tšoarehe haholo ka ho thusa ba bang. Moapostola Pauluse o itse: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” “Molemo” o moholohali oo re ka o etsang ke ho bolella ba bang litaba tse molemo tse khanyang tsa ’Muso oa Molimo. Ka sebele ho bolela ha rōna phatlalatsa ke “sehlabelo sa thoriso.”—Baheberu 13:15, 16; Bagalata 6:10.

9. Hlalosa khothatso ea Davida ea ho “lula lefatšeng.”

9 Davida o tsoela pele ka ho re: “Lula lefatšeng, ’me u sebetse ka botšepehi.” (Pesaleme ea 37:3b) ‘Lefatše’ la mehleng ea Davida e ne e le naha eo Jehova a neng a e file Baiseraele, e leng Naha e Tšepisitsoeng. Nakong ea puso ea Solomone meeli ea eona e ne e tloha Dane ka leboea ho ea fihla Beerseba ka boroa. Ke hona moo Baiseraele ba neng ba lula teng. (1 Marena 4:25) Kajeno, kae kapa kae moo re phelang teng lefatšeng, re lebeletse ka thabo nako ea ha polanete ena eohle e tla fetoha paradeise lefatšeng le lecha la ho loka. Khabareng, re lutse tšireletsehong ea moea.—Esaia 65:13, 14.

10. Re fumana eng ha re ‘sebetsa ka botšepehi’?

10 Ha re ‘sebetsa ka botšepehi’ re tla fumana eng? Maele a bululetsoeng a re hopotsa se latelang: “Motho oa liketso tse tšepahalang o tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.” (Liproverbia 28:20) Ho phehella ha rōna ka botšepehi ho bolela litaba tse molemo kae kapa kae moo re lulang teng le ho li bolella mang kapa mang eo re ka khonang ho mo bolella tsona ka sebele ho tlisa meputso e tsoang ho Jehova. Ka mohlala, Frank le mosali oa hae Rose, ba ile ba kenela mosebetsi oa bopula-maliboho lilemong tse 40 tse fetileng motseng o mong o ka leboea Scotland. Batho ba ’maloa ba neng ba ile ba thahasella ’nete moo ba ne ba khelohile. Ba sa nyahamisoa ke seo, banyalani bana ba bopula-maliboho ba ile ba qalisa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Hona joale motseng oo ho na le phutheho e ntseng e hōla. Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse botšepehi ba banyalani bana. Ka boikokobetso Frank oa hlalosa o re: “Tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa ke hore, re ntse re le ’neteng ’me Jehova oa re sebelisa.” E, ha re ‘sebetsa ka botšepehi,’ re fumana litlhohonolofatso tse ngata ’me rea li ananela.

“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”

11, 12. (a) Re ka ‘ithabela ka ho phethehileng ho Jehova’ joang? (b) U ka ipehela pakane efe mabapi le thuto ea botho ’me see se ka fella ka eng?

11 E le hore re matlafatse kamano ea rōna le Jehova le ho tsoela pele re mo tšepa, re lokela ho ‘ithabela ka ho phethehileng ho Jehova.’ (Pesaleme ea 37:4a) Re etsa seo joang? Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna bo thata hakae, ha re nahane ka bona feela, ho e-na le hoo, re ameha ka Jehova. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke hore re iphe nako ea ho bala Lentsoe la hae. (Pesaleme ea 1:1, 2) Na ho bala ha hao Bibele hoa u thabisa? Ho tla u thabisa ha u bala ka sepheo sa ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Ka mor’a ho bala karolo e itseng, ke hobane’ng ha u sa etse khefu ebe ua ipotsa, ‘Temana ee e nthutile eng ka Jehova?’ Ho ka ba molemo hore u be le buka ea ho ngolla lintlha kapa pampiri ha u bala Bibele. Nako le nako ha u ema hore u nahanisise ka morero oa seo u se balileng, ngola poleloana e itseng e u hopotsang e ’ngoe ea litšobotsi tse ratehang tsa Molimo. Pesalemeng e ’ngoe, Davida o ile a bina a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.” (Pesaleme ea 19:14) Ho tsepamisa mehopolo ea rōna Lentsoeng la Molimo ho ‘khahlisa’ Jehova ’me le rōna hoa re thabisa.

12 Re ka fumana thabo joang ha re ithuta le ha re thuisa? Re ka iketsetsa pakane ea ho ithuta sohle seo re ka se khonang ka Jehova le ka litsela tsa hae. Likhatiso tse joaloka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le Atamela ho Jehova * li fana ka boitsebiso bo bongata boo re ka thuisang ka bona ka kananelo. Ka lehlakoreng le leng, Davida o tiisetsa batho ba lokileng hore, Jehova “o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.” (Pesaleme ea 37:4b) E tlameha ebe ke kholiseho ea mofuta ona e ileng ea susumelletsa moapostola Johanne ho ngola mantsoe ana: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Ho ekelletsa moo, haeba re tseba hore oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang, rea tseba hore re tla ba le lintho tse kōpiloeng kaha re li kōpile ho eena.”—1 Johanne 5:14, 15.

13. Lilemong tsa morao tjena, ho hlokometsoe keketseho efe mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso linaheng tse ngata?

13 Joaloka batho ba tšepahalang, ntho e re thabisang ka ho fetisisa ke ho bona ha ho tlosoa qoso bobusing ba Jehova. (Liproverbia 27:11) Na lipelo tsa rōna ha li khaphatsehe thabo ha re utloa ka mosebetsi o moholo oa boboleli o etsoang ke barab’abo rōna linaheng tseo pele li neng li le tlas’a puso ea bohatelli kapa ea bompoli? Re lebeletse ka cheseho ho bona hore na ke bolokolohi bofe bo eketsehileng bo ka ’nang ba e-ba teng pele tsamaiso ena e fela. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba phelang linaheng tseo mosebetsi oa Bokreste o etsoang ka bolokolohi ho tsona, ka mafolofolo ba pakela liithuti, baphaphathehi le ba bang ba lulang ka nakoana linaheng tseo ’me ba thabela tokoloho ea borapeli. Takatso ea rōna e tiileng ke hore ha batho bana ba ntse ba khutlela mahahabo bona, ba ka tsoela pele ho khantša leseli la ’nete esita le lefifing leo ho bonahalang eka le ke ke la phunyeletsoa.—Matheu 5:14-16.

“Rōlela Tsela ea Hao ho Jehova”

14. Ho na le bopaki bofe ba hore re ka itšetleha ka Jehova?

14 Ho khatholla hakaakang ho tseba hore re ka imolloa matšoenyehong a rōna le ho seo ho ka bonahalang eka ke meroalo e boima! Joang? Davida o re: “Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” (Pesaleme ea 37:5) Liphuthehong tsa rōna, re na le bopaki bo bongata ba hore re ka itšetleha ka Jehova. (Pesaleme ea 55:22) Ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng, ebang ke bo-pula-maliboho, balebeli ba tsamaeang, baromuoa kapa baithaopi ba sebeletsang Bethele, kaofela ba ka paka hore ka sebele Jehova oa hlokomela. Ke hobane’ng ha u sa bue le bao u ba tsebang ’me u ba botse hore na Jehova o ba thusitse joang? Ha ho pelaelo hore u tla utloa liphihlelo tse ngata tse bontšang hore esita le linakong tse thata, ha ho mohla letsoho la Jehova le leng lekhutšoanyane. Kamehla o fana ka lintho tse hlokahalang bophelong.—Pesaleme ea 37:25; Matheu 6:25-34.

15. Ho loka ha batho ba Molimo ho khanya joang?

15 Ha re tšepa Jehova ka ho feletseng, re ka angoa ke mantsoe a mopesaleme ha a tsoela pele a re: “Ka sebele o tla hlahisa ho loka ha hao joaloka leseli, le toka ea hao joaloka motšehare.” (Pesaleme ea 37:6) Re le Lipaki Tsa Jehova, hangata re senngoa lebitso. Empa Jehova o bula mahlo a batho ba pelo li tšepahalang ho ba thusa ho hlokomela hore tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e susumetsoa ke lerato bakeng sa Jehova le moahelani. Ka nako e tšoanang, boitšoaro ba rōna bo botle, le hoja ba bang ba bua hampe ka bona, bo totobetse. Jehova o re tšehetsa mefuteng eohle ea khanyetso le tlhoriso. Ka lebaka leo, ho loka ha batho ba Molimo ho khanya joaloka letsatsi har’a mp’a motšehare.—1 Petrose 2:12.

‘Khutsa . . . Leta ka Tlholohelo’

16, 17. Tumellanong le Pesaleme ea 37:7, hona joale ke nako ea eng, hona hobane’ng?

16 Mantsoe a latelang a mopesaleme a re: “Khutsa ka pel’a Jehova u mo letele ka tlholohelo. U se ke ua iponahatsa u halefetse mang kapa mang ea atlehisang tsela ea hae, u halefetse motho ea phethang likhopolo tsa hae.” (Pesaleme ea 37:7) Mona Davida o hatisa bohlokoa ba hore re lete re sa fele pelo hore Jehova a nke bohato. Le hoja bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo e-s’o fihle, sena ha sea lokela ho etsa hore re belaele. Na ha re e-s’o bone hore mohau oa Jehova le ho se fele pelo ha hae li khōlō ho feta kamoo re neng re nahana kateng pele? Na hona joale re ka bontša hore le rōna re letile re sa fele pelo ha re ntse re tšoarehile ho boleleng litaba tse molemo pele bofelo bo fihla? (Mareka 13:10) Joale ke nako ea hore re qobe liketso tse etsoang ka lepotlapotla tse ka re amohang thabo le tšireletseho ea moea. Joale ke nako ea ho hanela ka matla haholo tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane. Joale ke nako ea hore re hloeke boitšoarong ’me le ka mohla re se ke ra senya boemo ba rōna bo lokileng ho Jehova. A re tsoeleng pele ho thibela menahano ea boitšoaro bo bobe ’me re qobe ho tšoara batho ba bong bo fapaneng le ba rōna ka tsela e sa lokelang, kapa esita le ba bong bo tšoanang le ba rōna.—Bakolose 3:5.

17 Davida oa re eletsa o re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe. Etsoe baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:8, 9) E, re ka lebella ka kholiseho nakong—e seng e le haufi haholo—ea ha Jehova a tla felisa bobolu bohle lefatšeng hammoho le ba bo etsang.

“Ho Setse Nakoana e Seng Kae”

18, 19. Ke khothatso efe eo u e fumanang ho Pesaleme ea 37:10?

18 “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo.” (Pesaleme ea 37:10) Mantsoe ana a re khothatsa hakaakang ha re ntse re atamela bofelo ba tsamaiso ena le ba ho itokolla ho Jehova ho nang le liphello tse kotsi! Puso kapa bolaoli leha e le bofe bo qapiloeng ke batho bo hlōlehile habohloko. ’Me hona joale re atamela nako ea ho khutlela pusong ea Molimo, ’Muso oa Jehova o matsohong a Jesu Kreste. O tla laola litaba tsa lefatše ka ho feletseng ’me o tlose bohle ba hanyetsang ’Muso oa Molimo.—Daniele 2:44.

19 Lefatšeng le lecha tlas’a ’Muso oa Molimo, esita leha u ka batla ka hohle, u ke ke ua fumana motho “ea khopo.” Ka sebele, mang kapa mang ea tla fetohela Jehova ka nako eo o tla tlosoa ka potlako. Ha ho le ea mong ea hlaselang bobusi ba hae kapa ea hanang ho ikokobeletsa taolo ea Molimo ea tla ba teng moo. Baahelani bohle ba hao ba tla ba le kelello e tšoanang ea ho lakatsa ho khahlisa Jehova. Seo se tla tlisa tšireletseho e kaakang—ho ke ke ha e-ba le liloko le mekoallo ea tšepe, ha ho letho le tla senya tšepo e feletseng le thabo!—Esaia 65:20; Mikea 4:4; 2 Petrose 3:13.

20, 21. (a) Ba “bonolo” bao ho buuoang ka bona ho Pesaleme ea 37:11 ke bo-mang, hona ba fumana ‘khotso e ngata’ hokae? (b) Re tla fumana litlhohonolofatso life haeba re etsisa Davida e Moholoanyane?

20 Ka nako eo, “ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:11a) Empa ke bo-mang baa “ba bonolo”? Lentsoe le fetoletsoeng e le “bonolo” le hlaha motsong oa lentsoe le bolelang “ho utloisa bohloko, ho kokobetsa, ho nyenyefatsa.” E, batho “ba bonolo” ke bao ka boikokobetso ba letetseng Jehova hore a tl’o lokisa ho hloka toka hohle hoo ba utloisoang bohloko ka hona. “Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11b) Esita le hona joale re fumana khotso e ngata paradeiseng ea moea e tsamaisanang le phutheho ea ’nete ea Bokreste.

21 Le hoja re e-s’o lokolloe mahlomoleng, rea tšehetsana ’me re tšelisa ba tepelletseng maikutlo. Ka lebaka leo, batho ba Jehova ba khotsofala ka sebele ho tloha botebong ba pelo. Ka lerato barab’abo rōna ba khethiloeng e le balisa ba sebeletsa litlhoko tsa rōna tsa moea—’me ka linako tse ling esita le tsa nama—e leng ho re thusang ho mamella ka lebaka la ho loka. (1 Bathesalonika 2:7, 11; 1 Petrose 5:2, 3) Khotso ee ke letlotlo la bohlokoa hakaakang! Re boetse re na le tšepo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea khotso e haufi. Kahoo, e se eka re ka etsisa Davida e Moholoanyane, Kreste Jesu, eo cheseho ea hae bakeng sa Jehova e ileng ea mo susumelletsa ho sebeletsa ka botšepehi ho fihlela qetellong. (1 Petrose 2:21) Ka ho etsa joalo, re tla lula re thabile, re ntse re rorisa eo re mo thabelang ka ho phethehileng, e leng Molimo oa rōna, Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Na U ka Araba?

• U ithutile eng ho Pesaleme ea 37:1, 2?

• U ka ‘ithabela ka ho phethehileng ho Jehova’ joang?

• Ho na le bopaki bofe ba hore re ka itšetleha ka Jehova?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Bakreste ha ba ‘honohele ba etsang ho sa lokang’

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Tšepa Jehova ’me u etse se molemo”

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ithabele ho Jehova ka ho ithuta sohle seo u ka se khonang ka eena

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

“Ba bonolo ba tla rua lefatše”