Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tla Buseletsa Eng ho Jehova?”

“Ke Tla Buseletsa Eng ho Jehova?”

Pale ea Bophelo

“Ke Tla Buseletsa Eng ho Jehova?”

JOALOKAHA HO BOLETSE MARIA KERASINIS

Ha ke le lilemo li 18, batsoali ba ka ba ile ba soetseha habohloko ka lebaka la ka, beng ka ’na ba ne ba nkhesa ’me motsaneng oa heso ke ne ke fetotsoe litšeho. E le hore ba ka leka ho senya botšepehi ba ka ho Molimo ba ile ba nqekisa, ba nkhatella ba ba ba ntšosa—empa ha baa ka ba atleha. Ke ne ke kholisehile hore ho khomarela ’nete ea Bibele ka botšepehi ho ne ho tla tlisa melemo ea moea. Ha ke nahana ka lilemo tse fetang 50 tseo ke sebelelitseng Jehova ka tsona, nka lumellana le mantsoe a mopesaleme a reng: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?”—Pesaleme ea 116:12.

KE HLAHETSE Aggelokastro ka 1930, e leng motsana o ka bang lik’hilomithara tse 20 ho tloha koung ea Senkrea, ka lehlakoreng le ka bochabela la Mochophoro oa Korinthe, moo ho ileng ha thehoa phutheho ea Bakreste ba ’nete lekholong la pele la lilemo.—Liketso 18:18; Baroma 16:1.

Lelapa leso le ne le iphelela ka khotso. Ntate e ne e le morena oa motse ’me o ne a hlomphuoa haholo. Ke ne ke le oa boraro ho bana ba bahlano. Batsoali ba ka ba ile ba re hōlisetsa hore re be litho tse chesehang tsa Kereke ea Greek Orthodox. Ke ne ke e-ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng. Ke ne ke etsa pontšo ea pako ka pel’a litšoantšo, ke khantša likerese matlong a thapelo metseng ebile ke keteka linako tsohle tsa ho itima lijo. Khafetsa ke ne ke nahana ka ho ba moitlami. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka ba oa pele ho soetsa batsoali ba ka.

Ho Hlasimolloa ke ’Nete ea Bibele

Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang 18, ke ile ka hlokomela hore Katina, khaitseli ea e mong oa bo-soare, ea neng a lula motsaneng o haufi, o ne a bala likhatiso tsa Lipaki Tsa Jehova, ebile o ne a se a khaolitse ho ea kerekeng. Sena se ile sa ntšoenya haholo, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho mo thusa hore a khutlele ho seo ke neng ke nka hore ke tsela e nepahetseng. Kahoo, eitse ha a re chaketse, ka lokisetsa hore re ke re otlolle maoto ka sepheo sa hore re tle re fapohele ntlong ea moprista. Moprista o ile a qala moqoqo ka letoto la lintho tse nyefolang Lipaki Tsa Jehova, a bolela hore ke bakhelohi ba khelositseng Katina. Puisano eo e ile ea tsoela pele ka masiu a mararo a latellanang. Katina o ile a shanofatsa liqoso tsohle tsa hae ka mabaka a lokiselitsoeng hantle a Bibele. Qetellong, moprista o ile a mo bolella hore kaha ke ngoanana ea motle, ea bohlale, o lokela ho thabela bocha ba hae ha monyetla o sa mo bulehetse ’me litaba tsa Molimo o tla li bona ha a se a hōlile.

Ha kea ka ka bolella batsoali ba ka ka puisano eo, empa Sontaheng se latelang, ha kea ka ka ea kerekeng. Har’a motšehare, moprista o ile a potlakela lebenkeleng leso. Ke ile ka iqapela lebaka la hore ke ile ka tlameha ho sala e le hore ke thuse Ntate lebenkeleng.

Moprista o ile a mpotsa a re: “Na leo ehlile ke lona lebaka, kapa ngoananyana eloa o u qhekelletse?”

Ke ile ka mo bolella sefahla-mahlo ka re: “Litumelo tsa batho bana li utloahala ho feta tsa rōna.”

Moprista o ile a retelehela ho Ntate, ’me a re: “Monghali Economos, leleka Katina kapele-pele; ke chefo lelapeng la hao.”

Lelapa Leso Lea Mphetohela

E ne e le ho ella bofelong ba bo-1940 ha Greece e ne e aparetsoe ke litlhaselo tse mabifi tsa ntoa ea lehae. Kaha Ntate o ne a tšaba hore likhukhuni li ka ’na tsa nkoetela, o ile a etsa litokisetso tsa hore ke tlohe motseng oa heso ke balehele ha moholoane ea neng a lula motsaneng o le mong le Katina. Ka likhoeli tse peli tseo ke li lutseng moo, ke ile ka thusoa ho ithuta hore na Bibele e re’ng litabeng tse ngata. Ke ile ka nyahama ha ke bona hore lithuto tse ngata tsa Kereke ea Orthodox ha li lumellane le Mangolo. Ke ile ka hlokomela hore Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang ho sebelisoa litšoantšo, hore lineano tse sa tšoaneng tsa bolumeli—tse kang tlhompho ea sefapano—ha li simolohe Bokresteng le hore motho o lokela ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete” e le hore a mo khahlise. (Johanne 4:23; Exoda 20:4, 5) Ka holim’a tsohle, ke ile ka ithuta hore Bibele e fana ka tšepo e khanyang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng! Linnete tsena tse babatsehang tsa Bibele ke tse ling tsa lintho tse molemo tseo Jehova a ileng a mpha tsona qalong.

Khabareng, moholoane oa ka le monna oa hae ba ile ba lemoha hore ke ne ke sa etse pontšo ea sefapano nakong ea lijo, le hore ke ne ke sa rapele ka pel’a litšoantšo tsa bolumeli. Bosiung bo bong ba ile ba nchapa. Letsatsing le latelang ke ile ka etsa qeto ea ho tloha ha bona, eaba ke ea ha ’Mangoane. Soare o ile a tsebisa Ntate ka seo. Nakoana ka mor’a moo Ntate o ile a tla a lla ’me a leka ho fetola maikutlo a ka. Soare o ile a khumama ka pel’a ka, a kōpa tšoarelo, ’me ke ile ka mo tšoarela. Ba ile ba leka ho lokisa taba ena ka ho nkōpa hore ke khutlele kerekeng, empa ke ile ka hana hehehe!

Ha ke khutlela motseng oo Ntate e neng e le morena ho oona, ke ile ka ’na ka hatelloa. Ke ne ke se na mokhoa oa ho buisana le Katina, ke se na libuka tseo nka li balang, haesita le eona Bibele. Ke ile ka thaba haholo ha motsoal’a ka e mong a ne a leka ho nthusa. Ha a ne a ile Korinthe, o ile a teana le Paki e ’ngoe eaba o ntlela buka ea “’Nete e be ea Molimo” le Bibele ea Mangolo a Segerike a Bakreste, tseo ke ileng ka qala ho li balla lekunutung.

Ho Etsahala Ntho e Neng e sa Lebelloa Bophelong

Ke ile ka hanyetsoa ka matla a maholo ka lilemo tse tharo. Ho hang ke ne ke sa khone ho teana le Lipaki, ke bile ke sa khone ho fumana libuka. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe hore ho ne ho tla tloha ho etsahala liphetoho tse khōlō bophelong ba ka.

Ntate o ile a mpolella hore ke tlameha ho ea ho Malome Thesalonika. Pele ke e-ea Thesalonika, ke ile ka ea sebakeng se seng Korinthe moo ho rōkoang liphahlo tsa basali e le hore ba nthokele jase. Ke ile ka hlolloa hakaakang ha ke fumana hore Katina o sebetsa moo! Re ile ra thaba haholo ha re boela re kopana ka mor’a nako e telele hakaalo. Ha re tsoa sebakeng seo, re ile ra teana le mohlankana e mong ea ratehang haholo ea neng a palame baesekele a tsoa mosebetsing. Lebitso la hae e ne e le Charalambos. Ka mor’a hore re tsebane, re ile ra rera ho nyalana. Ke hoo e ka bang ka nako ena, ka la 9 January, 1952, moo ke ileng ka bontša boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa.

Charalambos o ne a ile a kolobetsoa pejana. Le eena lelapa labo le ne le mo hanyetsa. Charalambos o ne a cheseha haholo. O ne a sebeletsa e le motlatsi oa mohlanka oa phutheho ’me o ne a khanna lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka mor’a nako, baholoane ba hae ba ile ba amohela ’nete ’me kajeno boholo ba litho tsa malapa a bona le tsona li sebeletsa Jehova.

Ntate o ne a rata Charalambos haholo, kahoo o ile a lumela hore re nyalane, empa ’Mè e ne e se motho ea lumelang lintho habonolo. Ho sa tsotellehe sena sohle, ’na le Charalambos re ile ra nyalana ka la 29 March, 1952. Lenyalong la rōna ho ne ho tlile Abuti le e mong oa bo-motsoala. Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe hore Charalambos e ne e tla ba tlhohonolofatso e khōlō hakalo—mpho ea sebele e tsoang ho Jehova! Joaloka molekane oa hae, ke ile ka khona ho theha bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova.

Ho Matlafatsa Barab’abo Rōna

Ka 1953, ’na le Charalambos re ile ra rera ho fallela Athene. Hobane Charalambos a ne a batla ho etsa ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli, o ile a tlohela ho sebetsa khoebong eabo ’me a fumana mosebetsi oa nakoana. Re ne re qeta nako ea motšehare oa mantsiboea re le hammoho tšebeletsong ea Bokreste ’me re ne re khanna lithuto tse ngata tsa Bibele.

Kaha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe ka molao, re ne re tlameha ho ba masene tlas’a maemo a thata. Ka mohlala, re ile ra etsa qeto ea ho beha limakasine tsa Molula-Qhooa fensetereng ea lephephe leo re neng re rekisetsa ho lona, har’a toropo ea Athene, moo monna oa ka a neng a sebetsa mosebetsi oa nakoana teng. Ofisiri e ’ngoe ea mapolesa e ile ea re bolella hore makasine eo e thibetsoe. Leha ho le joalo, e ile ea kōpa makasine o mong e le hore e ka ea botsa ofising ea tšireletso hore na o molaong. Ha basebetsi ba lefapha la tšireletso ba se ba mo tiiselitse hore makasine oo o lumeletsoe ka molao, e ile ea khutla ho tla re bolella seo. Hang hoba bara ba bang babo rōna ba neng ba e-na le maphephe ao ba rekisetsang ho ’ona ba utloe taba ena, ba ile ba qala ho beha limakasine tsa Molula-Qhooa lifensetereng tsa maphephe a bona. Monna e mong o ile a fumana Molula-Qhooa lephepheng la rōna, ea e-ba Paki ’me hona joale ke moholo.

Hape re ile ra thabela ho bona khaitseli ea ka e monyenyane a ithuta ’nete. O ne a tlile Athene ho tla ithuta kolecheng ea basesisi ba likepe tsa khoebo, ’me re ile ra ea le eena kopanong e ’ngoe. Likopano tsa rōna li ne li tšoaroa ka sekhukhu morung. O ile a rata seo a ileng a se utloa, empa nakoana ka mor’a moo o ile a qala ho tsamaea le likepe. Ha a le leetong le leng la hae, o ile a fihla koung ea likepe Argentina. Ha a le moo, moromuoa e mong o ile a palama sekepe seo hore a tle a bolele litaba tse molemo, eaba khaitseli ea ka e kōpa limakasine tsa rōna. Re ile ra thaba haholo ha re fumana lengolo le tsoang ho eena le re: “Ke fumane ’nete. Nketsetseng peeletso.” Kajeno, eena le lelapa la hae ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Ka 1958 monna oa ka o ile a memeloa hore e be molebeli ea tsamaeang. Kaha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe ’me maemo a le thata, hangata balebeli ba tsamaeang ba ne ba siea basali ba bona ha ba etela liphutheho. Ka October 1959, re ile ra kōpa barab’abo rōna ba ikarabellang ofising ea lekala hore na nka tsamaea le eena. Ba ile ba lumela. Re ne re lokela ho etela le ho matlafatsa liphutheho tse bohareng ba Greece le tse ka leboea.

Maeto ao a ne a le boima. Litsela tse betliloeng li ne li le ’maloa. Kaha re ne re se na koloi, hangata re ne re tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba kapa literaka tse nyenyane, re palama le likhoho le thepa e ’ngoe. Re ne re roala likhohlopo e le hore re tsebe ho tsamaea litseleng tse seretse. Kaha motseng o mong le o mong ho ne ho e-na le sesole sa motse, re ne re tlameha ho kena metseng bosiu e le hore re qobe lipotso tse sa feleng.

Barab’abo rōna ba ne ba thaba haholo ha re ba etetse. Le hoja boholo ba bona ba ne ba sebetsa ka thata masimong a bona, ba ne ba etsa boiteko bohle hore ba be teng libokeng tse neng li tšoareloa malapeng a fapa-fapaneng bosiu. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba rata baeti ’me ba ne ba re fa sohle seo ba neng ba ka se khona, le hoja ba ne ba futsanehile. Ka linako tse ling re ne re robala le lelapa lohle ka kamoreng e le ’ngoe. Tumelo, mamello le cheseho ea barab’abo rōna le tsona li ile tsa re ruisa molemo haholo.

Ho Eketsa Tšebeletso ea Rōna

Ka February 1961, ha re ne re etetse ofising ea lekala Athene, re ile ra botsoa hore na re ne re ke ke ra thabela ho sebeletsa Bethele. Ha re araba re ile ra sebelisa mantsoe a Esaia a reng: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Likhoeli tse peli hamorao, re ile ra fumana lengolo le re bolellang hore re tle Bethele kapele kamoo ho ka khonehang. Kahoo, ka la 27 May, 1961, re ile ra qala ho sebeletsa Bethele.

Re ile ra rata kabelo ea rōna e ncha, ’me re ile ra phutholoha hang-hang. Monna oa ka o ne a sebetsa lefapheng la Tšebeletso le la Lipeeletso, ’me hamorao o ile a sebeletsa Komiting ea Lekala ka nakoana. Ke ne ke e-na le likabelo tse ngatanyana [Bethele]. Ka nako eo lelapa la Bethele le ne le e-na le litho tse 18, empa hoo e ka bang ka lilemo tse hlano, ho ne ho e-na le batho ba ka bang 40 kaha sekolo sa baholo se ne se tšoareloa Bethele. Hoseng ke ne ke hlatsoa lijana, ke thusa motho ea phehang, ke alola libethe tse 12, ke bile ke teka litafole bakeng sa lijo tsa motšehare. Motšehare oa mantsiboea ke ne ke aena liphahlo ke hloekisa matloana le likamore. Hang ka beke, ke ne ke boetse ke sebetsa moo ho hlatsoetsoang liaparo teng. Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata, empa ke ne ke thabela hore ebe ke khona ho thusa.

Re ne re phathahana haholo mesebetsing ea rōna ea Bethele hammoho le tšebeletsong ea tšimo. Ka makhetlo a mangata re ne re khanna lithuto tsa Bibele tse supileng. Mafelong a beke, ke ne ke tsamaea le Charalambos ha a il’o fana ka lipuo liphuthehong tse fapa-fapaneng. Re ne re le monoana le lenala.

Re ile ra khanna thuto ea Bibele le banyalani ba neng ba sebelisana haufi-ufi le Kereke ea Greek Orthodox ebile e le metsoalle ea moruti ea neng a etelletse pele mokhatlo oa kereke o khahlanong le bakhelohi. Ka tlung ea bona, ho ne ho e-na le kamore e neng e tletse litšoantšo, moo libano li neng li tuka li sa khaotse ’me lifela tsa Byzantium li lla letšehare lohle. Ka nako e itseng, re ne re ba etela ka Labone ho ea ithuta Bibele le bona, ’me motsoalle oa bona oa moruti a ba etela ka Labohlano. Ka letsatsi le leng ba ile ba re kōpa hore joang kapa joang re ee ha bona kaha ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe e tla re makatsa. Ntho ea pele eo ba ileng ba re bontša eona ke kamore eo. Ba ne ba lahlile litšoantšo tsohle ba bile ba e nchafalitse. Banyalani bana ba ile ba tsoela pele ba ba ba kolobetsoa. Re thabetse ho bona batho ba ka bang 50 kaofela, bao re ileng ra ba khannela lithuto tsa Bibele, ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ba bile ba kolobetsoa.

Ho tloaelana le barab’abo rōna ba tlotsitsoeng e bile ntho e molemo ka ho fetisisa eo ke ileng ka e thabela. Maeto a neng a etsoa ke litho tsa Sehlopha se Busang tse kang Mor’abo rōna Knorr, Franz le Henschel, e ne e le a khothatsang haholo. Ka mor’a hore ke sebeletse Bethele ka lilemo tse fetang tse 40, ke sa ntse ke nahana hore ho sebeletsa Bethele ke tlotla e khōlō le tokelo e babatsehang.

Ho Sebetsana le ho Kuleloa le ho Shoeloa

Ka 1982 monna oa ka o ile a qala ho bonahala hore o na le lefu la Alzheimer. Ka 1990 o ne a se a fokolloa ke bophelo haholo, hoo qetellong a neng a se a hloka ho hlokomeloa ka linako tsohle. Ka lilemo tse robeli pele a hlokahala, re ne re se re sa khone ho tsoa Bethele ho hang. Barab’abo rōna ba bangata ba ratehang ba lelapa la Bethele, hammoho le balebeli ba nang le boikarabelo, ba ile ba etsa litokisetso tsa ho re thusa. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe thuso ea bona e mosa, ke ne ke tlameha ho qeta lihora tse telele motšehare le bosiu ke ntse ke mo hlokometse. Ka linako tse ling boemo bo ne bo e-ba thata haholo, ’me hangata ke ne ke hlobaela bosiu.

Ka July 1998 monna oa ka ea ratehang o ile a hlokahala. Le hoja ke mo hloloheloa haholo, ke tšelisoa ke ho tseba hore Jehova ha aa mo lebala, ’me kea tseba hore Jehova o tla mo hopola le ba bang ba limilione nakong ea tsoho ea bafu.—Johanne 5:28, 29.

Ke Leboha Melemo ea Jehova

Le hoja ke hlokahalletsoe ke monna, ha kea lahleha. Ke sa ntsane ke e-na le monyetla oa ho sebeletsa Bethele, ’me ke thabela kamoo lelapa lohle la Bethele le mpontšang lerato le bileng le ntlhokomelang kateng. Lelapa leso le akarelletsa bara le barali beso ba moea ba likarolong tsohle tsa Greece. Le hoja hona joale ke se ke fetile lilemo tse 70, ke sa ntse ke khona ho sebetsa letsatsi lohle kichineng le ka tlung ea ho jela.

Ka 1999 takatso ea pelo ea ka e ile ea phethahala ha ke ne ke etetse ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e New York. Ha ke na mantsoe a ho hlalosa kamoo ke ileng ka ikutloa kateng. Phihlelo ena e ile ea ’matlafatsa ebile nke ke ka e lebala.

Ha ke sheba maemo, ke lumela ka tieo hore ha ho tsela e ’ngoe e molemo eo nka beng ke ile ka phela ka eona ho feta ena. Mosebetsi o molemo ka ho fetisisa oo mang kapa mang a ka o etsang ke ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Nka bua ke kholisehile hore ha ke e-s’o ka ke hloka letho. ’Na le monna oa ka, Jehova o ile a re hlokomela ka lerato moeeng le nameng. Ka phihlelo eo ke bileng le eona, kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha mopesaleme a ile a botsa potso e reng: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?”—Pesaleme ea 116:12.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

’Na le Charalambos re ne re le monoana le lenala

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Monna oa ka o ka ofising ea hae Bethele

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ke nahana hore tšebeletso ea Bethele ke tlotla e khōlō