Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

“Khotso ea Kreste e ke e laole ka lipelong tsa lōna . . . Le iponahatse le le ba lebohang.”—BAKOLOSE 3:15.

1. Ke phapang efe eo re e hlokomelang pakeng tsa phutheho ea Bokreste le lefatše le laoloang ke Satane?

LIPHUTHEHONG tse 94 600 tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, re bona batho ba nang le moea oa ho leboha. Seboka ka seng se qala le ho phethoa ka thapelo e akarelletsang mantsoe a lebohang Jehova. Khafetsa re utloa mantsoe a reng “kea leboha,” kapa mantsoe a mang a kang ao a buuoa ke bacha le batho ba baholo hammoho le Lipaki tse sa tsoa kopanela le tsa khale ha li kopane borapeling le ha li thabela botsoalle. (Pesaleme ea 133:1) Sena se fapane hakaakang le boithati bo renang har’a batho ba bangata ‘ba sa tsebeng Jehova le ba sa mameleng litaba tse molemo’! (2 Bathesalonika 1:8) Re phela lefatšeng le sa leboheng. ’Me sena ha se makatse ha re nahana ka hore na Molimo oa lefatše lena ke mang—Satane Diabolose, ’muelli e moholohali oa boikhabi, eo boikhohomoso ba hae le moea oa hae oa borabele li tletseng hohle molokong oa batho!—Johanne 8:44; 2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19.

2. Ke temoso efe eo re lokelang ho e ela hloko, ’me ke lipotso life tseo re tla li tšohla?

2 Kaha re pota-potiloe ke lefatše la Satane, re lokela ho ba hlokolosi hore boikutlo ba lona bo se ke ba re silafatsa. Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Efese a re: ‘Ka nako e ’ngoe le ne le tsamaea ho ea ka tsamaiso ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele. E, ka nako e ’ngoe kaofela re ile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea rōna har’a bona, re etsa lintho tse ratoang ke nama le ke menahano, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba khalefo esita le joaloka ba bang kaofela.’ (Baefese 2:2, 3) Ho na le batho ba bangata ba joalo le kajeno. Kahoo, re ka ba le moea oa ho leboha joang? Jehova o fana ka thuso efe? Ke ka litsela life tse molemo re ka bontšang hore ka sebele re ba lebohang?

Mabaka a Hore re be ba Lebohang

3. Re leboha Jehova ka eng?

3 Ke Jehova Molimo, ’Mōpi le Monehi-Bophelo oa rōna, eo re lokelang ho mo leboha, haholo-holo ha re nahana ka tse ling tsa limpho tse ngata tseo a re fileng tsona ka seatla se bulehileng. (Jakobo 1:17) Letsatsi le letsatsi, re leboha Jehova hore ebe rea phela. (Pesaleme ea 36:9) Ha re talima lintho tse re pota-potileng, re bona bopaki bo bongata ba mesebetsi ea Jehova e tsoileng matsoho, e kang letsatsi, khoeli le linaleli. Pokello e khōlō ea lefatše la rōna ea liminerale tse bolokang bophelo, motsoako o lekantsoeng hantle oa meea e hlokahalang ea sepakapaka, le ho potoloha ho rarahaneng ha lintho tsa tlhaho, kaofela li paka hore ho na le seo re lokelang ho se etsetsa Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo. Morena Davida o ile a bina a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.”—Pesaleme ea 40:5.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Jehova ka botsoalle bo thabisang boo re bo thabelang liphuthehong tsa rōna?

4 Le hoja bahlanka ba Jehova ba sa phele paradeiseng ea sebele, kajeno ba thabela ho phela paradeiseng ea moea. Liholong tsa rōna tsa ’Muso le likopanong tsa rōna tse khōlō le tse nyenyane, re bona litholoana tsa moea oa Molimo li sebetsa ho balumeli-’moho le rōna. Ha e le hantle, ha Lipaki tse ling li pakela batho ba nang le tsebo e nyenyane kapa ba sa tsebeng letho ka bolumeli, li bua ka seo Pauluse a se boletseng lengolong la hae le eang ho Bagalata. Li qala ka ho lebisa tlhokomelo ‘mesebetsing ea nama’ ebe li botsa batho ba li mametseng hore na bona ba hlokometse eng. (Bagalata 5:19-23) Ba bangata ba lumela ba sa tsila-tsile hore lintho tsena li bontša seo batho ba leng sona kajeno. Batho ba bangata ha ba hlalosetsoa ka litholoana tsa moea oa Molimo le ha ba memeloa ho ea Holong ea ’Muso ea sebakeng sa habo bona hore ba iponele bopaki ba sena, ka potlako ba ee ba lumele ba re: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakorinthe 14:25) ’Me sena ha se etsahale feela Holong ea ’Muso sebakeng se le seng. Kae kapa kae moo u ka eang teng, ha u kopana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng, u bona moea o tšoanang oa thabo le nyakallo. Ka sebele, botsoalle bona bo hahang bo fana ka lebaka la ho leboha Jehova, e leng eena ea fanang ka moea oa hae ho etsa hore sena se khonehe.—Sofonia 3:9; Baefese 3:20, 21.

5, 6. Ke joang re ka iponahatsang re le ba lebohang bakeng sa mpho ea Molimo e khōlō ka ho fetisisa ea thekollo?

5 Mpho e khōlō ka ho fetisisa, e phethahetseng ka hohle-hohle eo Jehova a faneng ka eona, ke Mora oa hae, Jesu, eo ka eena ho fanoeng ka sehlabelo sa thekollo. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.” (1 Johanne 4:11) E, re iponahatsa re le ba lebohang thekollo eseng feela ka ho rata Jehova le ho mo leboha empa hape le ka ho phela ka tsela e bontšang hore re rata batho ba bang.—Matheu 22:37-39.

6 Re ka ithuta ho eketsehileng ka taba ea ho bontša teboho ka ho nahana ka tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Baiseraele ba boholo-holo ka eona. A sebelisa Molao oo a neng a o file sechaba ka Moshe, Jehova o ile a ruta sechaba seo lintho tse ngata. Ka “moralo oa tsebo le oa ’nete [e] Molaong,” re ka ithuta lintho tse ngata tse tla re thusa ho latela keletso ea Pauluse e reng: “Le iponahatse le le ba lebohang.”—Baroma 2:20; Bakolose 3:15.

Lithuto Tse Tharo Tseo re ka Ithutang Tsona Molaong oa Moshe

7. Tokisetso ea ho ntša karolo ea leshome e ile ea fa Baiseraele monyetla oa ho bontša liteboho tsa bona ho Jehova joang?

7 Molaong oa Moshe, Jehova o ile a bontša litsela tse tharo tseo ka tsona Baiseraele ba neng ba ka bontša kananelo ea bona ea sebele bakeng sa molemo oa hae. Tsela ea pele e ne e le ea ho ntša karolo ea leshome. Karolo ea leshome ea lihlahisoa tsa naha, hammoho le ‘karolo ea leshome ea mohlape oa likhutšoane le mohlape oa liphoofolo tse khōlō,’ e ne e lokela ho ba “ntho e halalelang ho Jehova.” (Levitike 27:30-32) Ha Baiseraele ba mamela, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa haholo. “‘Tlisang likarolo tsohle tsa leshome ka tlung ea polokelo, hore ho be le lijo ka tlung ea ka; ka kōpo, ntekeng tabeng ena,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’”—Malakia 3:10.

8. Ke eng e neng e khetholla linyehelo tsa boithatelo ho karolo ea leshome?

8 Tsela ea bobeli, ho phaella taelong ea ho ntša karolo ea leshome, Jehova o ile a etsa tokisetso ea hore Baiseraele ba ntše menehelo ea boithatelo. O ile a laela Moshe hore a re ho Baiseraele: “Ha le fihla naheng eo ke le tlisang ho eona, ha le ja bohobe leha e le bofe ba naha eo, le etsetse Jehova monehelo.” Tse ling tsa litholoana tsa pele tsa “lithollo tsa [bona] tse haitsoeng e le mahobe a lesoba hare” li ne li lokela ho fanoa e le “monehelo ho Jehova” melokong eohle ea bona. Hlokomela hore ho ne ho sa behoa sekepele bakeng sa litholoana tsena tsa pele. (Numere 15:18-21) Empa ha Baiseraele ba ne ba ntša monehelo oa ho leboha, joang kapa joang Jehova o ne a ba hlohonolofatsa. Re bona tokisetso e tšoanang mabapi le tempele eo Ezekiele a e boneng ponong. Rea bala: “Tsa pele litholoaneng tsohle tsa pele tse butsoitseng tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le monehelo o mong le o mong oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang menehelong eohle ea lōna—e tla ba tsa baprista; ’me litholoana tsa pele tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng le lokela ho li fa moprista, e le ho etsa hore tlhohonolofatso e lule holim’a ntlo ea lōna.”—Ezekiele 44:30.

9. Jehova o ile a ruta eng ka tokisetso ea ho khoahlapisa?

9 Tsela ea boraro, Jehova o ile a etsa litokisetso tsa hore ho be le mokhoa oa ho khoahlapisa. Molimo o ile a laela a re: “Ha le kotula lijalo tšimong ea lōna, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lōna ka ho feletseng, ’me le se ke la thonaka se khoahlapisoang lijalong tsa lōna. Hape, le se ke la bokella masalla a lirapeng tsa lōna tsa morara, ’me le se ke la thonaka morara o hasaneng lirapeng tsa lōna tsa morara. Le o siele ea hlorileng le mojaki. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.” (Levitike 19:9, 10) Le mona, ho ne ho sa behoa sekepele. Ho ne ho tla itsoela ho Moiseraele ka mong hore na o siela bahloki ho hokae. Morena Solomone ea bohlale o ile a hlalosa ka nepo a re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liproverbia 19:17) Kahoo Jehova o ne a ba ruta ho qenehela le ho nahanela ba hlokang.

10. Liphello e ne e e-ba life ha Baiseraele ba ne ba hlōleha ho iponahatsa e le ba lebohang?

10 Jehova o ile a hlohonolofatsa Baiseraele ha ba ne ba mamela ka ho tlisa likarolo tsa leshome, ba ntša menehelo ea boithatelo ’me ba fana ka ho itseng bakeng sa bahloki. Empa ha Baiseraele ba ne ba hlōleha ho iponahatsa e le ba lebohang, ba ne ba lahleheloa ke mohau oa Jehova. Sena se ile sa fella ka tlokotsi le ho isoa botlamuoeng. (2 Likronike 36:17-21) Kahoo, rōna re ithuta eng moo?

Kamoo re Bontšang Liteboho Tsa Rōna Kateng

11. Tsela e ka sehloohong eo re ka bontšang liteboho tsa rōna ho Jehova ka eona ke efe?

11 Ka ho tšoanang, tsela e ka sehloohong eo re ka rorisang Jehova ka eona le ho bontša ho leboha ha rōna, e akarelletsa “nyehelo.” Ke ’nete hore, joaloka Bakreste, ha re tlas’a Molao oa Moshe, ha re qobelloe ho nyehela mahlabelo a liphoofolo kapa a lijalo. (Bakolose 2:14) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Baheberu sena: “A re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Ka ho sebelisa bokhoni ba rōna le matlotlo a rōna ho fana ka sehlabelo sa thoriso ho Jehova, ebang ke tšebeletsong ea phatlalatsa kapa har’a “matšoele a phuthehileng” a Bakreste-’moho le rōna, re ka bontša liteboho tsa rōna tse tlohang botebong ba pelo bakeng sa Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova Molimo. (Pesaleme ea 26:12) Ha re ntse re etsa joalo, re ka ithuta eng ka litsela tseo Baiseraele ba neng ba lokela ho bontša liteboho tsa bona ho Jehova ka tsona?

12. Mabapi le boikarabelo ba rōna ba Bokreste, re ka ithuta eng tokisetsong ea ho ntša karolo ea leshome?

12 Pele ho tsohle, joalokaha re se re bone, tokisetso ea ho ntša karolo ea leshome e ne e se taba ea boikhethelo; e ne e le tlamo bakeng sa Moiseraele e mong le e mong. Joaloka Bakreste, re na le boikarabelo ba ho kopanela tšebeletsong le ba ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha re ikhethele hore na re batla ho etsa mesebetsi ena kapa che. Boprofeteng ba hae bo boholo bo mabapi le nako ea bofelo, ka ho toba Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14; 28:19, 20) Mabapi le liboka tsa Bokreste, moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Re bontša liteboho tsa rōna ho Jehova ha re amohela ka thabo boikarabelo ba rōna ba ho bolela le ho ruta hammoho le ho kopana kamehla le barab’abo rōna libokeng tsa phutheho, re nka lintho tsena e le tokelo le tlotla.

13. Re ithuta eng litokisetsong tsa menehelo ea boithatelo le tsa ho khoahlapisa?

13 Ho phaella moo, re ka rua molemo ka ho hlahloba litokisetso tse ling tse peli tseo Baiseraele ba neng ba ka bontša kananelo ea bona ka tsona—e leng ho ntša menehelo ea boithatelo le ho khoahlapisa. Ho fapana le ho ntša karolo ea leshome, eo e neng e le taelo eo ho hlalositsoeng ka ho hlaka hore ke tlamo, ho ne ho sa behoa sekepele bakeng sa menehelo ea boithatelo le tokisetso ea ho khoahlapisa. Ho e-na le hoo, lintho tsena li ne li etsa hore mohlanka oa Jehova a bontše botebo ba kananelo ea pelo ea hae bo neng bo mo susumelletsa ho nka bohato. Ka tsela e tšoanang, le hoja re utloisisa hore ho kopanela tšebeletsong le ho ba teng libokeng tsa Bokreste ke boikarabelo ba bohlokoa ba mohlanka e mong le e mong oa Jehova, na re kopanela ho tsona ka pelo eohle le ka ho rata? Na re li nka e le monyetla oa ho bontša kananelo e tlohang pelong bakeng sa sohle seo Jehova a re etselitseng sona? Na re kopanela haholo mesebetsing ena, ho ea kamoo maemo a rōna a re lumellang kateng? Kapa na re nka see sohle e le feela boikarabelo boo re tlamehang ho bo phetha? Ka sebele tsena ke lipotso tseo re lokelang ho li araba re le motho ka mong. Moapostola Pauluse o beha taba tjena: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

14. Jehova o lebeletse eng ho rōna ha re mo sebeletsa?

14 Jehova Molimo o tseba maemo a rōna hantle. O tseba mefokolo ea rōna. O ananela mahlabelo a maholo kapa a manyenyane, ao bahlanka ba hae ba a nyehelang ka ho ithatela. Ha aa lebella hore kaofela re fane ka tekanyo e tšoanang, ebile re ke ke ra khona ho etsa joalo. Ha moapostola Pauluse a ne a tšohla taba ea ho fana ka lintho tse bonahalang, o ile a bolella Bakreste ba Korinthe a re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.” (2 Bakorinthe 8:12) Molao-motheo ona o sebetsa ka tsela e tšoanang le ha re sebeletsa Molimo. Se etsang hore tšebeletso ea rōna e amohelehe ho Jehova hase tekanyo ea seo re se etsang empa ke tsela eo re se etsang ka eona—ka thabo le ka pelo eohle.—Pesaleme ea 100:1-5; Bakolose 3:23.

Hlaolela Moea oa Bopula-maliboho le ho o Boloka

15, 16. (a) Tšebeletso ea bopula-maliboho e amana joang le ho leboha? (b) Ba sa khoneng ho bula maliboho ba ka bontša moea oa bopula-maliboho joang?

15 Tsela e khotsofatsang haholo ea ho bontša liteboho tsa rōna ho Jehova ke ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ba susumetsoa ke lerato bakeng sa Jehova le ho leboha mosa oa hae o sa tšoanelang, bahlanka ba bangata ba inehetseng ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore ba be le nako e eketsehileng ea ho sebeletsa Jehova. Ba bang ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ba qeta karolelano ea lihora tse 70 khoeli le khoeli ba bolela litaba tse molemo le ho ruta batho ’nete. Ba bang, ba ka ’nang ba sitisoa ke maemo a sa tšoaneng, nako le nako ba etsa litokisetso tsa ho qeta lihora tse 50 ka khoeli ba bolela e le bo-pula-maliboho ba thusang.

16 Empa ho thoe’ng ka bahlanka ba bangata ba Jehova ba ke keng ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang? Ba ka bontša liteboho ka ho hlaolela moea oa bopula-maliboho le ho o boloka. Joang? Ka ho khothatsa ba ka khonang ho bula maliboho, ka ho kenya ka ho bana ba bona takatso ea ho hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng le ka ho kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ho itšetlehile ka maemo a bona. Seo re fanang ka sona tšebeletsong ea rōna se itšetlehile haholo ka botebo ba kananelo e ka lipelong tsa rōna bakeng sa seo Jehova a se entseng, le seo a se etsang le seo a sa ntse a tla re etsetsa sona.

Ho Bontša Liteboho ka ‘Lintho Tsa Rōna Tsa Bohlokoa’

17, 18. (a) Re ka bontša liteboho tsa rōna joang ka ‘lintho tsa rōna tsa bohlokoa’? (b) Jesu o ile a re’ng ka monehelo oa mohlolohali, hona hobane’ng?

17 Liproverbia 3:9 e re: “Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa le ka litholoana tsa pele tsa lihlahisoa tsohle tsa hao.” Ha ho sa hlokahala hore bahlanka ba Jehova ba ntše karolo ea leshome. Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Korinthe a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ho ntša menehelo ea boithatelo bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso le hona ho bontša liteboho tsa rōna. Kananelo e tlohang pelong e re susumelletsa ho etsa sena kamehla, mohlomong ka ho behella ho hong ka thōko beke le beke, joalokaha Bakreste ba pele ba entse.—1 Bakorinthe 16:1, 2.

18 Hase boholo ba seo re fanang ka sona bo bontšang liteboho tsa rōna ho Jehova. Ho e-na le hoo, li bontšoa ke moea oo re fanang ka oona. Sena ke sona seo Jesu a ileng a se hlokomela ha a ne a shebelletse batho ha ba akhela limpho tsa bona ka matloleng a polokelo ea matlotlo tempeleng. Ha Jesu a bona mohlolohali ea hlokang a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo,” o ile a re: “Kannete kea le bolella, Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho fetang hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.”—Luka 21:1-4.

19. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re hlahlobe bocha litsela tseo re bontšang liteboho tsa rōna ka tsona?

19 E se eka tlhahlobo ena ea kamoo re ka iponahatsang re le ba lebohang e ka re susumelletsa ho hlahloba bocha litsela tseo re bontšang liteboho tsa rōna ka tsona. Na mohlomong re ka eketsa sehlabelo sa rōna sa thoriso ho Jehova, hammoho le ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara ka lintho tse bonahalang? Ka tekanyo eo re etsang sena ka eona, re ka kholiseha hore Jehova, Ntate oa rōna ea lerato ea fanang ka seatla se bulehileng, o tla thaba haholo hore ebe re iponahatsa re le ba lebohang.

Na Ua Hopola?

• Re lokela ho leboha Jehova ka mabaka afe?

• Re ithuta eng tabeng ea ho ntša karolo ea leshome, menehelo ea boithatelo le ho khoahlapisa?

• Re hlaolela moea oa bopula-maliboho joang?

• Re ka sebelisa ‘lintho tsa rōna tsa bohlokoa’ joang ho leboha Jehova?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

“Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo”

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Ke lithuto life tse tharo tse tsoang Molaong tse bontšitsoeng moo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ke mahlabelo afe ao re ka fanang ka ’ona?