Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka Leo ba Eang ka Lona Kerekeng

Lebaka Leo ba Eang ka Lona Kerekeng

Lebaka Leo ba Eang ka Lona Kerekeng

“HONA joale Rephabliki ea Korea e na le Mapresbitheri a batlang a ka mena a Amerika ka makhetlo a mane.” Polelo ena e hlahileng makasineng ea Newsweek e ka ’na eaba e ile ea makatsa babali ba bangata, kaha batho ba bangata ba nahana hore Korea ke naha eo ho eona bolumeli ba Boconfucius kapa ba Bobuddha bo nang le batho ba bangata haholo. Kajeno, motho ea etelang Korea o tla fumana ho e-na le likereke tse ngatanyana tsa “Bokreste,” tseo hangata li khetholloang ka mabone a sefapano se sefubelu. Ho tloaelehile hore ka Lisontaha, u bone batho ba tsamaeang ba le babeli kapa ba le bararo ba e-ea kerekeng ba tšoere Libibele ka matsoho. Ho latela phuputso e entsoeng ka 1998, hoo e ka bang batho ba Korea ba 30 ho ba lekholo ba kena kereke ea K’hatholike kapa ea Prostanta ’me ba feta ba ipolelang hore ke Mabuddha.

Mehleng ena, ha hoa tloaeleha ho bona batho ba bangata hakaalo kae kapa kae ba e-ea kerekeng kamehla. Leha ho le joalo, sena ha se etsahale Korea feela, empa se boetse se etsahala le linaheng tse ling tsa Asia, tsa Afrika le tsa Latin America. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba ntse ba ipolela hore ba lumela ho Molimo ha ho se tsotelle bolumeli le ho iphapanyetsa bona ho bonahala e le kobo-anela? Ke hobane’ng ha ba e-ea kerekeng?

Patlisiso ea Gallup e ile ea bontša hore batho ba fetang halofo ea Makorea a eang kerekeng ba ntse ba batla ho ba le khotso ea kelello; hoo e ka bang a le mong ho ba bararo o na le tšepo ea bophelo bo sa feleng ka mor’a lefu; ’me a le mong ho ba leshome o ipatlela bophelo bo botle, maruo le katleho.

Batho ba bangata ba Chaena ba ea likerekeng ka bongata ka tšepo ea ho fumana ntho e ’ngoe e tla felisa tlala ea moea e bakiloeng ke ha butle-butle menahano ea bok’hapitale e nkela mekhoa le menahano ea Bokomonisi sebaka. Selemo le selemo, Chaena ho hatisoa Libibele tse limilione ebile lia ajoa, ’me batho ba bonahala ba li bala ka tsela eo ka eona ba neng ba bala bukana e khubelu ea Mao.

Mak’hatholike a mang a Brazil, haholo-holo bacha, ha ba khotsofatsoe ke ho tšepisoa hore ka moso ho tla ba le thabo bophelong—ba batla ho thaba hona joale. Koranta ea Tudo e re: “Haeba e ne e le bolumeli ba tokoloho bo ileng ba susumetsa lipelo le likelello tsa batho ka bo-1970, kajeno ke bolumeli ba leruo bo susumetsang batho.” Patlisisong e ileng ea etsoa Brithani, ho ile ha kōptjoa batho ba eang kerekeng hore ba bolele ntho e le ’ngoe eo ba e ratang ka likereke tsa bona. Batho ba bangata ba ile ba bolela hore lebaka le ka sehloohong ke ho ba le botsoalle.

Lintho tsena tsohle li bontša hore le hoja palo e itseng ea batho e ntse e lumela ho Molimo, ba bangata ba amehile ka lintho tseo ba ka li fumanang hona joale ho feta tseo ba ka li fumanang nakong e tlang; ha e le hantle ba amehile ka lintho tseo esita le ho feta kamoo ba amehileng ka Molimo kateng. U nahana hore lebaka le nepahetseng la ho lumela ho Molimo ke lefe? Bibele e reng ka taba ee? U tla fumana karabo sehloohong se latelang.