Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lenaneo la Thelevishene le Ile la Etsa Hore a Rorise Molimo

Lenaneo la Thelevishene le Ile la Etsa Hore a Rorise Molimo

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Lenaneo la Thelevishene le Ile la Etsa Hore a Rorise Molimo

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a bolela hore “ba bang ba bolela Kreste ka mohono le tlhōlisano, empa ba bang hape ka ho khahloa.” (Bafilipi 1:15) Ka linako tse ling, le bona batho ba lekang ho tlosa batho ba Jehova seriti, ntle ho boikemisetso ba ’nile ba etsa hore batho ba lipelo li lokileng ba khahloe ke ’nete.

Ka November 1998, lenaneong le leng la thelevishene ea sechaba ea Fora, ho ile ha bontšoa litšoantšo tsa Bethele, e leng mehaho ea lekala la Lipaki Tsa Jehova e Louviers Fora. Le hoja ho ile ha e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ka lenaneo leo, le ile la hlahisa liphello tse ntle ka mokhoa o neng o sa lebelloa.

Motho e mong ea neng a shebelletse lenaneo leo e ne e le Anna-Paula, ea neng a lula lik’hilomithara tse 60 feela ho tloha Bethele. Anna-Paula, ’mè oa bana ba babeli ea hlaliloeng ke monna, o ne a ntse a batla mosebetsi. Kahoo hoseng ho latelang, o ile a founela Bethele ho botsa hore na a ka fumana mosebetsi moo. O itse: “Ke ile ka ba le boikutlo ba hore ke sebaka se hlomphehang le hore mosebetsi o etsoang moo ke oa bohlokoa.” O ile a makala hakaakang ha a tsebisoa hore ba sebeletsang Bethele ke baithaopi! Ka mor’a puisano e khutšoanyane e mabapi le mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova, o ile a lumela hore Paki e mo etele.

Ha mosebeletsi e mong oa nako e tletseng oa phuthehong ea sebakeng sa habo, ea bitsoang Léna a mo etetse, ba ile ba ba le puisano e telele, eaba Anna-Paula o amohela buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. * Ha Léna a mo etetse ka lekhetlo le latelang, Anna-Paula o ne a se a balile buka eo ho tloha qalong ho ea qetellong a bile a e-na le lipotso tse ngata. O ile a amohela thuto ea Bibele a sa tsila-tsile. Anna-Paula o ile a re: “Ho ’na, sena e ne e le monyetla o motle oa ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho ne ho se mohla nkileng ka tšoara Bibele ka letsoho la ka.”

Ka January, Anna-Paula o ile a etela Bethele, ’me beke e latelang a ba teng sebokeng sa Bokreste ka lekhetlo la pele. Nakoana ka mor’a moo, o ile a qala ho ithuta Bibele le bana ba hae le ho pakela metsoalle ea hae. O re: “Ke ne ke sa khone ho ithiba hore ke se ke ka bua ka seo ke neng ke ithuta sona. Ke ne ke batla ho bolella batho ’nete ea Bibele le ho ba tšelisa.” Ka mor’a ho loanela ho hlōla mathata a mangata ao a neng a e-na le ’ona, Anna-Paula o ile a qala ho ba teng libokeng kamehla. O ile a tsoela pele ka potlako ’me a kolobetsoa ka la 5 May, 2002.

Ho ekelletsa moo, ka lebaka la mohlala o motle oa Anna-Paula le ho bolela ha hae ka cheseho ’mè oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele a ba a kolobetsoa ka potlako. Anna-Paula o re: “Ha ke tsebe hore na ke reng hore ke hlalose kamoo ke thabileng kateng. Ke leboha Jehova letsatsi le leng le le leng kaha o ntumeletse hore ke mo tsebe le ho mo sebeletsa, ke boetse ke mo leboha ka litlhohonolofatso tsohle tseo a mphileng tsona.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Ka holimo: Ke Anna-Paula

Ka tlaase: Ke keiti ea ofisi ea lekala la Fora