Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Liliba Tse ke Keng Tsa Boloka Metsi

Liliba Tse ke Keng Tsa Boloka Metsi

Liliba Tse ke Keng Tsa Boloka Metsi

MEHLENG ea Bibele, liliba e ne e le likoti tsa maiketsetso tseo morero oa tsona o ka sehloohong e neng e le ho boloka metsi. Ka linako tse ling, Naheng e Tšepisitsoeng e ne e le tsona feela mehloli ea bohlokoa ea phepelo ea metsi.

Ha moprofeta Jeremia a ne a tlaleha phatlalatso ea Molimo, o ile a bua ka liliba ka kutloisiso ea tšoantšetso ’me a re: “Ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse, ’na mohloli oa metsi a phelang, e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.”—Jeremia 2:13.

Kaha Baiseraele ba ne ba furalletse Jehova, Molimo oa bona—“mohloli oa metsi a phelang”—ba ne ba entse lilekane tse sa tšepahaleng tsa sesole le lichaba tsa bahetene le ho rapela melingoana e se nang thuso, ea bohata. Ho latela papiso eo Jeremia a e sebelisitseng, litšabelo tse joalo tseo ba neng ba li tšepile li ile tsa fetoha liliba tse lutlang, tse neng li se na matla leha e le afe a ho sireletsa kapa a ho boloka.—Deuteronoma 28:20.

Na ho na le ntho eo re ithutang eona mohlaleng oo oa histori? Joalokaha ho ile ha etsahala mehleng ea Jeremia, Jehova, Molimo oa bosafeleng, e ntse e le eena feela Mohloli oa metsi a fanang ka bophelo. (Pesaleme ea 36:9; Tšenolo 4:11) Batho ba ka fumana bophelo bo sa feleng ho tsoa ho eena feela ka Mora oa hae, Jesu Kreste. (Johanne 4:14; 17:3) Leha ho le joalo, ho tšoana le batho ba mehleng ea Jeremia, kajeno matšoele a batho a khetha ho hana esita le ho nyatsa lentsoe la Molimo le ngotsoeng ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, ba tšepa litharollo tsa nakoana tsa lipolotiki, mabaka a batho a lefeela, menahano le lifilosofi tsa batho tse sa hlompheng Molimo. (1 Bakorinthe 3:18-20; Bakolose 2:8) Ho hlakile hore na ke mang eo batho ba lokelang ho mo tšepa. U tla tšepa mang? Na u tla tšepa Jehova, “mohloli oa metsi a phelang,” kapa u tla tšepa “liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi”?

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Seemahale se senyenyane sa entsoeng ka letsopa sa ’mè oa melimotsana se ileng sa fumanoa lebitleng le leng la Moiseraele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum