Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke ka kutloisiso efe Ezekiele e ileng ea e-ba ‘ea sa khoneng ho bua’ kapa “semumu,” nakong ea ho thibelloa le ho timetsoa ha Jerusalema?

Ha e le hantle, ke ka kutloisiso ea hore ho ne ho se letho leo a ka le eketsang molaetseng oa Jehova oa boprofeta oo a neng a se a o boletse.

Moprofeta Ezekiele o qalile tšebeletso ea hae e le molebeli ea tšepahalang bakeng sa batlamuoa ba Baiseraele ba neng ba le Babylona “ka selemo sa bohlano sa ho isoa kholehong ha Morena Jojakine,” ke hore, ka 613 B.C.E. (Ezekiele 1:2, 3) Ka letsatsi la leshome la khoeli ea leshome ea 609 B.C.E., ka pululelo ea Molimo o ile a tsebisoa hore Bababylona ba se ba qalile ho thibella Jerusalema. (Ezekiele 24:1, 2) Liphello tsa ho thibelloa hoo e ne e tla ba life? Na Jerusalema le baahi ba eona ba se nang tumelo ba ne ba ka pholoha? E le molebeli, Ezekiele o ne a se a ntse a fetisitse molaetsa oa Jehova oa kahlolo o hlakileng ’me ho ne ho se ho sa hlokahale hore Ezekiele a eketse letho, joalokaha eka o etsa hore molaetsa oo e be o kholisang haholoanyane. Ezekiele ha aa ka a bua ka ntho leha e le efe e eketsehileng e amanang le ho thibelloa ha Jerusalema.—Ezekiele 24:25-27.

Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., mophonyohi e mong o ile a tlisetsa Ezekiele ea neng a le Babylona litaba tsa ho etsoa lesupi ha motse o halalelang. Mantsiboea pele mophonyohi eo a fihla, Jehova o ile a “ahlamisa molomo oa [Ezekiele] . . . , eaba [o] khona ho bua.” (Ezekiele 33:22) Seo se ile sa etsa hore Ezekiele e se ke ea hlola e e-ba semumu.

Na Ezekiele e ne e hlile e le semumu ka nako eo? Ho hlakile hore ha ho joalo, hobane esita le ka mor’a hore e be “semumu,” o ile a bolela boprofeta bo neng bo lebisitsoe haholo-holo linaheng tse ba potolohileng tse ileng tsa thabela ho oa ha Jerusalema. (Ezekiele, khaolo ea 25-32) Ha Ezekiele a sa tsoa qala mosebetsi oa ho ba moprofeta le molebeli, Jehova o ne a ile a re ho eena: “Ke tla etsa hore leleme la hao le khomarele mahalapa a hao, ’me ka sebele u tla fetoha semumu, ’me ho bona u ke ke ua ba motho ea fanang ka khalemelo, hobane ke ntlo e tletseng borabele. Ha ke bua le uena ke tla ahlamisa molomo oa hao.” (Ezekiele 3:26, 27) Ha Jehova a ne a se na molaetsa bakeng sa Baiseraele, Ezekiele o ne a lokela ho lula e le ea sa khoneng ho bua mabapi le sechaba seo. Ezekiele o ne a tla bua feela seo Jehova a neng a batla hore a se bue ka nako eo Jehova a neng a batla hore a se bue ka eona. Ho ba semumu ha Ezekiele ho ne ho bolela hore o ne a sa khone ho bua mantsoe a boprofeta ao e neng e le a bohlokoa ho Baiseraele.

Sehlopha sa kajeno sa molebeli, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng, se ’nile sa lemosa ka ho ahloloa ha Bokreste-’mōtoana, e leng Jerusalema ea tšoantšetso. Ha “matšoenyeho a maholo” a hlasela le ho ripitla “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho ke ke ha hlokahala hore sehlopha se tlotsitsoeng sa Ezekiele se bue ho hong ho eketsehileng ka ho fela ha Bokreste-’mōtoana, boo e leng karolo e khōlō ea ’muso oo.—Matheu 24:21; Tšenolo 17:1, 2, 5.

Ka sebele, ka letsatsi le leng masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona e tla ba limumu, ho se letho le eketsehileng leo ba ka le fetisetsang ho Bokreste-’mōtoana. Ka nako eo “linaka tse leshome” le “sebata” li tla ripitla Babylona e Moholo le ho e hlobolisa. (Tšenolo 17:16) Ho hlakile hore Bakreste e ke ke ea e-ba ba sa khoneng ho bua ka tsela ea sebele. Feela joalokaha ba ntse ba etsa le hona joale, ba tla rorisa Jehova le ho bua ka eena letsatsi le leng le le leng “ho pholletsa le meloko eohle e tlang.”—Pesaleme ea 45:17; 145:2.