Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bomoea le Bophelo ba Hao bo Botle

Bomoea le Bophelo ba Hao bo Botle

Bomoea le Bophelo ba Hao bo Botle

HO KA etsahala hore ebe u qeta nako e ngata u itlhokometse hore u phele hantle ’meleng. E ka ’na eaba letsatsi ka leng u qeta lihora tse robeli u robetse, lihora tse itseng u pheha le ho ja, lihora tse robeli kapa tse fetang tseo u sebelletsa ho lefella bolulo le lijo. Haeba u kula, mohlomong u sebelisa nako le chelete hore u bone ngaka kapa u iketsetsa moriana oo u ka u sebelisang. U hloekisa lehae la hao, ua itlhatsoa, hape e ka ’na eaba u bile u ikoetlisa kamehla, u etsa tsena tsohle molemong oa hore u phele hantle.

Leha ho le joalo, hore u lule u phetse hantle, hase taba ea ho itlhokomela ’meleng feela. Ho na le ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa haholo e ka u thusang hore u phele hantle. Phuputso e ’ngoe ea bongaka e bontšitse hore bophelo bo botle ba ’mele bo amana le bophelo ba hao ba moea—e leng hore bomoea ba hao bo ama bophelo ba hao ba ’mele.

Kamano e Tobileng

Moprofesa Hedley G. Peach oa University ea Melbourne, Australia o re: “Lihloohong tse ngata tsa liphuputso tse entsoeng pele ka taba ena ho fumanoe hore ha bomoea ba motho bo le matla le bophelo ba hae boa ntlafala. Ha The Medical Journal of Australia e bua ka lintlha tsena tse fumanoeng e re: “Ho ameha ka lintho tsa bolumeli ho boetse ho amahanngoa le . . . ho ba le khatello e tlaase ea mali, ho ba le k’holeseterole e tlaase . . . ho bile ho etsa hore ho se be bonolo hore motho a tšoaroe ke kankere ea mala a maholo.”

Ka ho tšoanang, phuputsong e entsoeng ho batho ba 6 545 United States ka 2002 Univesithing ea California (UC), Berkeley o ile a fumana hore “batho ba eang litšebeletsong tsa bolumeli hang ka beke ba na le menyetla ea ho phela haleletsana ho feta ba eang ngope-setšoha kapa ba sa eeng ho hang.” Doug Oman, ea neng a etelletse pele phuputso eo e bile e le tichere Univesithing ea California Berkeley School of Public Health, o itse: “Re fumane phapang ena esita le ka mor’a ho nahana ka lintho tse kang tsela eo motho a phelisanang le batho ba bang ka eona, le tsela eo a phelang ka eona, e akarelletsang ho tsuba le ho ikoetlisa.”

Ha Medical Journal of Australia e supa melemo e meng eo ba nang le boikutlo ba ho batla lintho tsa moea bophelong ba e fumanang, e re: “Liphuputsong tse entsoeng Australia ho fumanoe hore har’a batho ba amehileng ka bolumeli, manyalo a bona a tsitsa haholoanyane, ha ba sebelise tahi le lithethefatsi hampe, lipalo tsa ba ipolaeang le tsa ba nahanang ho ipolaea lia theoha, ho tšoenyeha, khatello ea maikutlo le boithati li fokotseha haholo.” Ho ekelletsa moo, ha BMJ (eo pele e neng e tsejoa e le The British Medical Journal) e tlaleha e re: “Batho ba nang le tumelo e matla linthong tsa moea ba bonahala ba tšeliseha kapele le ka ho feletseng mahlomoleng a bona ka mor’a lefu la motho ea haufi le bona ho feta ba se nang tumelo linthong tsa moea.”

Ho na le maikutlo a fapa-fapaneng a hore na hantle-ntle bomoea ke eng. Leha ho le joalo, boemo ba hao ba moea bo hlile bo ama bophelo ba hao ba ’mele le ba kelello. Bopaki bona bo lumellana le polelo eo Jesu Kreste a ileng a e bua hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng. O itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Kaha bophelo ba hao ba ’mele le thabo li angoa ke boemo ba hao ba moea, hoa utloahala hore motho a botse: ‘Nka fumana tataiso e tšepahalang ea lintho tsa moea hokae? ’Me ho ba motho oa moea ho akarelletsa eng?’

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]

Photo Credits: Page 18: Mao Tse-tung and Golda Meir: Hulton/Archive by Getty Images; Francis Ferdinand: From the book The War of the Nations; Hirohito, Lindbergh, & Einstein: U.S. National Archives photo; Stalin: U.S. Army photo; Roosevelt: Franklin D. Roosevelt Library; Churchill: The Trustees of the Imperial War Museum (MH 26392)