Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Latsoa Mosa oa Jehova o Lerato le Tlhokomelo ea Hae

Ho Latsoa Mosa oa Jehova o Lerato le Tlhokomelo ea Hae

Pale ea Bophelo

Ho Latsoa Mosa oa Jehova o Lerato le Tlhokomelo ea Hae

JOALOKAHA HO BOLETSE FAY KING

Batsoali ba ka e ne e le batho ba mosa, empa joaloka batho ba bang ba bangata, ba ne ba sa batle bolumeli hōle le haufi. ’Mè o ne a ee a re: “E tlameha ebe ho na le Molimo, haeba ho se joalo, ke mang ea entseng lipalesa, hona ke mang ea entseng lifate?” Ebe o fella hona moo.

NTATE o ile a hlokahala ka 1939 ha ke ne ke le lilemo li 11, eaba ’na le ’Mè re lula Stockport, ka boroa ho Manchester, Engelane. Kamehla ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng ka ’Mōpi oa ka ebile ke ne ke hlompha Bibele, le hoja ke ne ke sa tsebe letho ka eona. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ea Kerekeng ea Chache hore ke utloe hore na teng ba reng.

Litšebeletso tsa kereke li ne li se bohlokoa hakaalo ho ’na, empa ha ho ne ho baloa Likosepele, mantsoe a Jesu a ne a nkholisa ka tsela e itseng hore seo Bibele e se buang e tlameha ebe ke ’nete. Ha ke nahana ka taba ena, hoa makatsa hore ebe ha kea ka ka ipalla Bibele ka bonna. Esita le hamorao ha mosali e mong ea neng a tloaetse lapeng a mpha “Testamente e Ncha” ea phetolelo ea morao-rao, ha kea ka ka ipha nako ea ho e bala.

Ho qhoma ha Ntoa ea Makorea ka 1950 ho ile ha etsa hore ke ipotse: Na khohlano ee e ne e tla nama joaloka Ntoa ea II ea Lefatše? Haeba e nama, ke ne nka mamela taelo ea Jesu ea ho rata lira tsa ka joang? Leha ho le joalo, na ke ne nka phutha matsoho ebe ke shebella batho ba hapa naha ea heso ke sa etse letho ho ba thibela? Haeba ke ne nka phutha matsoho, ka sebele ke ne ke tla be ke balehela boikarabelo ba ka. Le hoja ke ne ke ferekane, ke ile ka lula ke kholisehile hore likarabo tsa lipotso tsohle tsa ka li teng ka Bibeleng, le hoja ke ne ke sa tsebe hore na nka li fumana hokae leha e le hore na nka li fumana joang.

Ho Batla ’Nete Australia

Ka 1954 ’na le ’Mè re ile ra etsa qeto ea ho fallela Australia, moo Ausi Jean a neng a lula teng. Lilemo tse seng kae hamorao, Ausi Jean o ile a mpolella hore o ne a kōpile Lipaki Tsa Jehova ho nchakela kaha o ne a tseba hore ke ne ke thahasella Bibele ke bile ke kena kereke. O ne a batla ho tseba hore na ke ikutloa joang ka Lipaki Tsa Jehova. O ile a mpolella maikutlo a hae a re: “Ha ke tsebe hore na litlhaloso tsa tsona li nepahetse kapa che, empa bonyane li na le litlhaloso, e leng seo likereke li se nang sona.”

Ke ne ke eteloa ke banyalani ba botsoalle, e leng Bill le Linda Schneider. Ba ne ba se ba fetile lilemo tse 65 ’me e ne e bile Lipaki ka lilemo tse ngata. Ba ne ba sebelitse seea-le-moeeng se neng se sebelisoa ke Lipaki Tsa Jehova motseng oa Adelaide, ’me eitse ha mosebetsi oa boboleli o thibeloa Australia nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba ile ba ingolisetsa ho ba baboleli ba evangeli ba nako e tletseng. Empa, le hoja Bill le Linda ba ne ba nthusa hakaalo, ke ne ke sa ntse ke hlahloba malumeli a sa tšoaneng.

Mosebetsi-’moho le ’na e mong o ile a nkisa sebokeng se seng sa moevangeli ea bitsoang Billy Graham, ka mor’a moo ba bang ba rōna re ile ra kopana le moruti e mong ea ileng a re kōpa ho botsa lipotso. Ke ile ka mo botsa potso e ’ngoe e neng e ntse e nkhathatsa: “U ka ba Mokreste joang ua ba ua rata lira tsa hao ha u e-ea ntoeng ebe ua li bolaea?” Hang feela sehlopha sohle sa hlaba litlatse—sena se ile sa hlakisa hore kaofela ha bona ba ne ba tšoentsoe ke potso eo! Ka mor’a ho imamela, moruti eo o ile a re: “Ha ke tsebe karabo ea potso eo. Ke sa ntse ke nahana ka eona.”

Ka nako eo, ke ne ke ntse ke tsoela pele ho ithuta Bibele Bill le Linda, ’me ka September 1958, ke ile ka kolobetsoa. Ke ile ka etsa qeto ea ho latela mohlala oa mesuoe ea ka, kahoo selemong se latelang ka August, ke ile ka ingolisetsa ho ba pula-maliboho oa kamehla, e leng ’moleli oa evangeli oa nako e tletseng. Likhoeli tse robeli hamorao ke ile ka memeloa ho ba e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke utloa hore Ausi Jean le eena o ile a tsoela pele ho ithuta ebile o ne a se a kolobelitsoe!

Ho Buleloa Monyako oa Tšebeletso

Ke ne ke kopanela phuthehong e ’ngoe ea Sydney ’me ke khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse ngata. Ka letsatsi le leng, ke ile ka kopana le moruti e mong oa Kereke ea Chache ea neng a se a le pencheneng eaba ke mo botsa hore na kereke e reng ka bofelo ba lefatše. Le hoja a ile a mpolella hore o ne a rutile lithuto tsa kereke ka lilemo tse 50, karabo ea hae e ile ea ’makatsa, o ile a re: “Ke tla tšoanela ho nka nako pele nke ke e batlisise, kaha ha ke tsebe Bibele kamoo Lipaki Tsa Jehova li e tsebang kateng.”

Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha kōptjoa baithaopi ba neng ba ka ea Pakistan. Ke ile ka etsa kōpo, ke sa tsebe hore basali ba sa nyaloang ba ne ba sa romeloe moo, ho ne ho isoa banna ba masooa kapa banyalani feela. Ho hlakile hore kōpo ea ka e ile ea fetisetsoa ntlo-khōlō ea rōna e Brooklyn kaha nakoana hamorao, ke ile ka fumana lengolo le neng le mpolella hore ho na le sebaka Bombay (eo hona joale ho thoeng ke Mumbai), India, haeba ke ne nka thabela ho ea teng. Seo se etsahetse ka 1962. Ke ile ka ea ’me ka lula Bombay ka likhoeli tse 18 pele ke fallela Allahabad.

Kapele feela ke ile ka sebetsa ka thata hore ke ithute Sehindi. Ka kakaretso puo ena ea Seindia ea tšoana—kamoo mantsoe a peletoang kateng le kamoo a bitsoang kateng—kahoo ha ho thata haholo ho e tseba hantle. Leha ho le joalo, hangata ke ne ke nyahama ha beng ba matlo ba nkōpa hore ke bue Senyesemane ho e-na le hore ke ’ne ke itōme leleme moo ke habileng ho bua puo ea bona! Leha ho le joalo, naha ena e ncha e ile ea hlahisa liteko tse ling tse thahasellisang le tse khothatsang, empa ke ile ka thabela botsoalle le Lipaki tse ling tseo re neng re tsoa Australia hammoho le tsona.

Ha ke sa le mocha, ke ne ke nahana ka ho nyaloa, empa ha ke kolobetsoa, ke ne ke phathahane haholo ke sebeletsa Jehova, hoo ke neng ke se ke sa nahane ka ho nyaloa ho hang. Leha ho le joalo, ka nako eo ke ile ka boela ka qala ho ikutloa ke hloka molekane bophelong. Ke ’nete hore ke ne ke sa batle ho tlohela kabelo ea ka naheng esele, kahoo ke ile ka bolella Jehova taba ena ka thapelo eaba ke tlohela ho nahana ka eona.

Tlhohonolofatso e sa Lebelloang

Edwin Skinner o ne a hlokomela mosebetsi oa lekala la India ka nako eo. O ne a ile a ba teng sehlopheng sa borobeli sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka 1946 a e-na le barab’abo rōna ba bang ba bangata ba tšepahalang, bao har’a bona ho neng ho e-na le Harold King le Stanley Jones, ba neng ba abetsoe ho sebetsa Chaena. * Ka 1958, Harold le Stanley ba ile ba koalloa ba le bang ka lebaka la mosebetsi oa bona oa ho bolela Shanghai. Ha Harold a lokolloa teronkong ka 1963, Edwin o ile a mo ngolla. Harold o ile a mo araba ka mor’a hore a khutlele Hong Kong ha a tsoa leetong la hae United States le Brithani eaba o mo bolella hore o lakatsa ho nyala. O ile a bolella Edwin hore o ne a ile a rapella sena ha a sa le teronkong, eaba o botsa Edwin hore na o tseba Paki eo e neng e ka ba mosali ea tšoanelehang.

Batho ba bangata ba khetheloa balekane India, ’me hangata ho ne ho kōptjoa Edwin hore a etse litlhophiso tse joalo, empa kamehla o ne a khetha ho se etse joalo. Kahoo, Edwin o ile a nka lengolo la Harold a le neha Ruth McKay, eo monna oa hae Homer e neng e le molebeli ea tsamaeang. Hamorao, Ruth o ile a ’ngolla ho mpolella hore moromuoa e mong ea bileng ’neteng ka nako e telele o ntse a batla mosali eo a ka mo nyalang, eaba oa mpotsa hore na ebe nka thahasella ho mo ngolla. Ha aa ka a mpolella hore na mor’eso eo ke mang kapa ho mpolella ntho leha e le efe e ’ngoe ka eena.

Ke ’nete hore ho ne ho se motho ea neng a tseba hore ke ne ke ntse ke rapella ho ba le molekane, haese Jehova feela, ’me qalong ke ne ke nahana ho hanana le taba eo. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke nahana ka eona haholoanyane, ke moo ke ileng ka khona ho etsa qeto ea hore ke ka seoelo Jehova a arabang lithapelo ka tsela eo re ka ’nang ra nahana hore o tla li araba ka eona. Kahoo ke ile ka araba Ruth ka lengolo eaba ke re hafeela ke sa qobelloe ho nyalana le eena, a ka kōpa mor’eso eo hore a boele a ngole. Lengolo la bobeli leo Harold King a ileng a le ngola le ile la tla ho ’na.

Litšoantšo tsa Harold le pale ea hae li ile tsa hlaha likoranteng le limakasineng tse sa tšoaneng ka mor’a hore a lokolloe teronkong Chaena. Ka nako eo, o ne a tsejoa hohle lefatšeng, empa ke ile ka khahloa ke tlaleho ea ho tšepahala ha hae tšebeletsong ea puso ea Molimo. Kahoo re ile ra ngollana ka likhoeli tse hlano, eaba ke ea Hong Kong. Re ile ra nyalana ka la 5 October, 1965.

Ka bobeli ba rōna re ne re batla ho kena lenyalong re be re lule tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me ha re ntse re hōla, re ile ra ikutloa re e-na le takatso e matla ea ho ba le molekane. Lerato la ka ho Harold le ile la ’na la eketseha, ’me ha ke bona kamoo a neng a le mosa kateng le tsela eo a neng a bontša ho nahanela ka eona ha a ne a sebelisana le batho ba bang le kamoo a neng a sebetsana kateng le mathata a neng a hlaha tšebeletsong ea rōna, sena se ile sa etsa hore ke mo hlomphe haholo. Re ile ra thabela lenyalo le monate haholo ka lilemo tse 27 ’me Jehova o ile a re hlohonolofatsa haholo.

Machaena ke batho ba sebetsang ka thata, ’me ke a rata haholo. Puo e buuoang Hong Kong ke Secantonese, e leng mofuta oa Sechaena se nang le melumo e mengata ho feta Semandarin ’me kahoo ho thatanyana ho ithuta sona. Ha re qeta ho nyalana, ’na le Harold re ile ra lula lehaeng la baromuoa le ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me ka mor’a moo ra ba likabelong likarolong tse sa tšoaneng tsa Hong Kong. E, re ne re thabile haholo, empa ka 1976 ke ile ka kula hampe.

Ho Sebetsana le Bokuli

Ke ile ka tsoa mali ka likhoeli tse ’maloa, eaba ke fokolloa ke mali haholo. Ho ile ha hlokahala hore ke buuoe, empa lingaka li ile tsa mpolella hore li ne li ke ke tsa mpuoa ka ntle ho mali kaha haeba li ne li ka mpuoa, ke ne ke tla shoa ka lebaka la ho haelloa ke mali. Ka tsatsi le leng ha lingaka li ne li ntse li seka-seka taba ea ka, baoki ba ile ba leka ho etsa hore ke fetole maikutlo, ba re ha ho hlokahale hore ke shoe ntle ho lebaka. Ho ne ho e-na le batho ba 12 ba neng ba lokela ho buuoa letsatsing leo, ba 10 e le ba neng ba tlil’o ntša limpa, empa ke ile ka hlokomela hore ha ho le ea mong ea ileng a bua le baimana bao ka ho bolaea masea a bona.

Qetellong, Harold o ile a ngola lengolo le lokollang sepetlele hore se ke ke sa ba molato le haeba ke ne nka shoa, ’me lingaka li ile tsa lumela ho mpuoa ka tsela e neng e hlokahala. Ke ile ka isoa ka kamoreng eo ho bueloang ho eona eaba ho lokisetsoa hore ke robatsoe e le hore ke se ke ka utloa bohloko. Leha ho le joalo, motsotsong oa ho qetela, ngaka e neng e lokela ho nthobatsa e ile ea hana ho tsoela pele, eaba sepetlele sea ntokolla.

Re ile ra ea ngakeng e ’ngoe ea mafu a basali e sa sebeletseng sepetleleng seo. Ha e hlokomela kamoo boemo ba ka bo neng bo hlobaetsa kateng, e ile ea ithaopela ho mpuoa ka chelete e fokolang—hafeela re ne re ke ke ra bolella mang kapa mang hore na e ntefisitse bokae. E ile ea phetha mosebetsi ka katleho—e sa sebelisa mali ho hang. Ka nako ena e khethehileng, ’na le Harold re ile ra bona mosa o lerato oa Jehova le tlhokomelo ea hae ka ho hlaka.

Ka 1992, Harold o ile a kulela lefu. Re ile ra fallela ofising ea lekala moo re ileng ra hlokomeloa ka lerato. Monna oa ka ea ratehang o ile a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ka 1993 a le lilemo li 81.

Ho Khutlela Engelane

Ke ile ka thabela ho ba setho sa lelapa la Bethele e Hong Kong, empa ke ne ke ntse ke thatafalloa ka ho eketsehileng ho phela tlas’a mocheso le mongobo oa teng. Eaba ke fumana lengolo leo ke neng ke sa le lebella le neng le tsoa ntlo-khōlō e Brooklyn, leo ho lona ke neng ke botsoa hore na ebe ka lebaka la bophelo ba ka, nke ke ka nahanisisa ka taba ea ho fallela lekaleng le nang le tlhokomelo e khōloanyane ea tsa kalafi. Kahoo ka selemo sa 2000, ke ile ka khutlela Engelane eaba ke sebetsa hammoho le lelapa la Bethele e London. Tokisetso ee e bile e lerato hakaakang! Ke ile ka amoheloa ka mofuthu, ’me ke thabela haholo likabelo tsa mosebetsi oa ka tse sa tšoaneng, tse akarelletsang ho thusa ho hlokomela laebrari ea lelapa la Bethele le libuka tsa eona tse 2 000.

Hape ke kopanela le phutheho ea Sechaena e kopanelang London, leha ho le joalo, mona lintho li fetohile. Matsatsing ana, ke batho ba ’maloa haholo ba tsoang Hong Kong, boholo ke ba tsoang Chaena. Ba bua Semandarin, ’me sena se mpakela bothata boo ke qalang ho kopana le bona mosebetsing oa ho bolela. Naheng ka bophara ho na le litlaleho tsa lithuto tsa Bibele tse ngata tse khahlisang tse khanneloang liithuti tse tsoang Chaena tse tlil’o ntšetsa pele lithuto tsa tsona. Li sebetsa ka thata li bile li ananela ’nete ea Bibele eo li ithutang eona. Re thabela ho li thusa.

Ha ke le lapeng les’o le lecha moo ho khutsitseng, khafetsa ke nahana ka bophelo ba ka bo monate ebe ke tsota mosa oa Jehova o lerato. O tletse hohle linthong tse amanang le morero oa Jehova, ’me tsela eo ka eona a hlokomelang bahlanka ba hae ka bomong e totobetse. Ka sebele ke tlameha ho mo leboha ka sohle seo a se entseng hore a ntlhokomele ka lerato.—1 Petrose 5:6, 7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 19 Lipale tsa bophelo tsa baromuoa bana ba babeli li hlaha ho Molula-Qhooa oa January 15, 1964, leqepheng la 41-46, le oa April 15, 1966, leqepheng la 175-79 le oa May 1, 1966, leqepheng la 195-201.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ha ke le India

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Harold King ka 1963 le ka bo-1950 ha a le Chaena

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Letsatsi la lechato la rōna Hong Kong, ka la 5 October, 1965

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Re na le litho tsa lelapa la Bethele Hong Kong, ba ha Liang ba bohareng, ka letsohong le letona ke ba ha Gannaway