Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o re fa Seo re se Hlokang Letsatsi le Leng le le Leng

Jehova o re fa Seo re se Hlokang Letsatsi le Leng le le Leng

Jehova o re fa Seo re se Hlokang Letsatsi le Leng le le Leng

“Le khaotse ho tšoenngoa ke lipelaelo; etsoe . . . Ntat’a lōna oa tseba hore le hloka lintho tsena.”—LUKA 12:29, 30.

1. Jehova o fepa liphoofolo joang?

NA U kile ua shebella serobele kapa nonyana e ’ngoe feela ha e ntse e nokola moo ho bonahalang eka ke mobu feela? Mohlomong u ne u ipotsa hore na ha e ntse e nokola, e ka fumana eng eo e ka e jang. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a bontša hore ho na le seo re ka ithutang sona tseleng eo Jehova a fepang linonyana ka eona. O ile a re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” (Matheu 6:26) Jehova o fepa libōpuoa tsohle tsa hae ka litsela tse hlollang.—Pesaleme ea 104:14, 21; 147:9.

2, 3. Ke lintho life tsa bohlokoa moeeng tseo re ka ithutang tsona tabeng ea hore Jesu o ile a re ruta ho rapella bohobe ba rōna ba letsatsi le leng le le leng?

2 Ebe ke hobane’ng ha thapelong ea hae ea mohlala Jesu a ile a akarelletsa kōpo ee: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena”? (Matheu 6:11) Kōpong ena e bonolo re ka ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa moeeng. Ea pele, e re hopotsa hore Jehova ke Mofani e Moholo oa lintho tsohle tseo re li hlokang. (Pesaleme ea 145:15, 16) Batho ba ka lema ba ba ba jala, empa ke Molimo feela ea ka etsang hore lintho li hōle nameng le moeeng. (1 Bakorinthe 3:7) Seo re se jang le seo re se noang ke limpho tse tsoang ho Molimo. (Liketso 14:17) Ha re mo kōpa hore a re fe seo re se hlokang letsatsi le leng le le leng, re mo bontša hore ha re haelloe ke teboho bakeng sa litokisetso tse joalo. Ha e le hantle, kōpo e joalo ha e re jarolle boikarabelo ba ho sebetsa haeba re khona ho sebetsa.—Baefese 4:28; 2 Bathesalonika 3:10.

3 Ea bobeli, ha re kōpa ‘bohobe ba letsatsi lena,’ re bontša hore ha rea lokela ho tšoenyeha ho tlōla ka bokamoso. Jesu o ile a tsoela pele a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa. Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” (Matheu 6:31-34) Ho rapella ‘bohobe ba letsatsi lena’ ke mohlala oa hore re phele bophelo bo bonolo ba “boinehelo ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.”—1 Timothea 6:6-8.

Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Leng le le Leng

4. Ke liketsahalo life bophelong ba Jesu le ba Baiseraele tse ileng tsa hatisa hore ho hlokahala hore re je lijo tsa moea?

4 Ho rapella bohobe ba letsatsi le leng le le leng ho boetse ho lokela ho re hopotsa hore re hloka lijo tsa moea tsa letsatsi le leng le le leng. Le hoja Jesu a ne a lapile haholo ka mor’a ho itima lijo ka nako e telele, o ile a hana ha Satane a mo leka hore a fetole majoe bohobe, a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’” (Matheu 4:4) Mona Jesu o ile a qotsa seo moprofeta Moshe a ileng a se bolella Baiseraele a re: “[Jehova] o u kokobelitse ’me a u tlohela hore u lape eaba o u fepa manna, ao uena kapa bo-ntat’ao le neng le sa a tsebe; e le hore u tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Tsela eo Jehova a ileng a fepa Baiseraele manna ka eona ha ea ka ea ba fa lijo tsa nama feela empa e ile ea ba ruta le lintho tsa moea. Seo ba neng ba ithuta sona linthong tsa moea ke hore “e mong le e mong [o ne a lokela hore] a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi.” Haeba ba ne ba bokella manna a fetang ao ba neng ba a hloka letsatsing leo, a salang a ne a nkha ’me a e-ba le libōkō. (Exoda 16:4, 20) Leha ho le joalo, sena se ne se sa etsahale ka letsatsi la botšelela ha ba ne ba lokela ho bokella manna a matsatsi a mabeli e le hore ba be le ao ba neng ba tla a hloka ka Sabatha. (Exoda 16:5, 23, 24) Kahoo, manna a ne a ba hopotsa ka matla hore ba tlameha ho mamela le hore bophelo ba bona bo ne bo sa itšetleha feela ka bohobe empa bo ne bo itšetlehile le ka ho ela hloko “polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.”

5. Jehova o re fa lijo tsa moea tsa letsatsi le leng le le leng joang?

5 Ka tsela e tšoanang, le rōna ho hlokahala hore letsatsi le le leng le le leng re iphepe ka lijo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona ka Mora oa hae. Bakeng sa morero ona, Jesu o khethile “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fe ba ntlo ea tumelo “lijo . . . ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:45) Sehlopha seo sa lekhoba le tšepahalang ha se fane feela ka lijo tse ngata tsa moea tsa lintho tse re thusang ho ithuta Bibele empa se boetse se re khothalletsa hore re bale Bibele letsatsi le leng le le leng. (Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:1-3) Le rōna re ka matlafala moeeng joaloka Jesu, ka hore letsatsi le leng le le leng re ikitlaelletse ho ithuta thato ea Jehova le ho e etsa.—Johanne 4:34.

Tšoarelo ea Libe

6. Ke melato efe eo re ka kōpang hore re e tšoareloe, ’me Jehova o ikemiselitse ho e hlakola haeba re etsa joang?

6 Kōpo e latelang ea thapelo ea mohlala e re: “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.” (Matheu 6:12) Mona Jesu o ne a sa bue ka melato ea chelete. O ne a nahanne ka hore re tšoareloe libe. Tlalehong ea Luka ea thapelo ena ea mohlala, kōpo ena e re: “U re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato ho rōna.” (Luka 11:4) Kahoo, ha re etsa sebe, ho joalokaha eka re etsa molato ho Jehova. Empa Molimo oa rōna ea lerato o ikemiselitse ho ‘hlakola,’ kapa ho phumola, molato oo haeba re ‘baka’ e le kannete, ’me re mo kōpa hore a re tšoarele hobane re lumela sehlabelong sa thekollo sa Kreste.—Liketso 3:19; 10:43; 1 Timothea 2:5, 6.

7. Ke hobane’ng ha letsatsi le leng le le leng re lokela ho rapella hore re tšoareloe?

7 Ka lehlakoreng le leng, re etsa sebe ha re hlōleha ho finyella pakane ea litekanyetso tsa ho loka tseo Jehova a li behileng. Ka lebaka la sebe seo re se futsitseng, bohle re sitoa ka mantsoe, ka liketso le ka monahano, kapa re hlōleha ho etsa seo re lokelang ho se etsa. (Moeklesia 7:20; Baroma 3:23; Jakobo 3:2; 4:17) Kahoo, ebang rea hlokomela hore kajeno re ile ra etsa sebe kapa che, ho hlokahala hore letsatsi le leng le le leng ha re rapela, re kopanyelletse kōpo ea hore re tšoareloe libe.—Pesaleme ea 19:12; 40:12.

8. Ho rapella hore re tšoareloe ho lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng, ka phello efe e molemo?

8 Pele re rapella hore re tšoareloe, re lokela hore ebe re ile ra itlhahloba ka botšepehi, ra baka ra ba ra ipolela, ka tumelo ea hore mali a tšolotsoeng a Kreste a na le matla a ho lopolla. (1 Johanne 1:7-9) Ho bontša hore lithapelo tsa rōna ke tsa ’nete, re lokela ho etsa “mesebetsi e tšoanelang pako” e tšehetsang kōpo ea rōna ea hore re tšoareloe. (Liketso 26:20) Ka mor’a moo ke hona re ka lumelang hore Jehova o loketse ho re tšoarela libe. (Pesaleme ea 86:5; 103:8-14) Phello ea seo ke khotso ea kelello eo ho seng e tšoanang le eona, e leng “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle, e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:7) Empa thapelo ea Jesu ea mohlala e re ruta haholoanyane seo re lokelang ho se etsa e le hore re tšoareloe libe.

E le Hore re Tšoareloe, re Lokela ho Tšoarela ba Bang

9, 10. (a) Jesu o ile a phaella thapelo ea mohlala ka tlhaloso efe, ’me tlhaloso ee e ile ea hatisa eng? (b) Jesu o ile a tsoela pele joang ho bontša hore ho hlokahala hore re tšoarele ba bang?

9 Hoa thahasellisa hore ebe kōpo e reng “’u re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna,” ke eona karolo feela ea thapelo ena ea mohlala eo Jesu a ileng a e hlalosa. Ka mor’a ho phethela thapelo ena o ile a phaella ka ho re: “Etsoe haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.” (Matheu 6:14, 15) Kahoo, Jesu o ile a totobatsa hore Jehova o tla re tšoarela hafeela re ikemiselitse ho tšoarela ba bang.—Mareka 11:25.

10 Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore hoa hlokahala hore re tšoarele ba bang haeba re lebeletse hore Jehova a re tšoarele. O ile a pheta pale ea morena e mong ea ileng a hlakola molato o moholo oo lekhoba le leng le neng le e-na le oona. Hamorao morena eo o ile a ahlola monna enoa haboima ha a hana ho hlakola molato o monyenyane haholo oa lekhoba le leng. Jesu o ile a qetela papiso ea hae ka ho re: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.” (Matheu 18:23-35) Ntho eo re e rutoang ka ho hlaka ke hore: Molato oa sebe oo Jehova a o tšoaretseng e mong le e mong ho rōna o moholo haholo ho feta tšito eo e ka ’nang eaba mang kapa mang o re etselitse eona. Ho feta moo, Jehova o re tšoarela letsatsi le leng le le leng. Kahoo, ha ho pelaelo hore re ka tšoarela ba bang likhopiso tseo ba tšohang ba re khopisitse ka tsona.

11. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe eo re tla e latela haeba re lebeletse hore Jehova a re tšoarele, hona e le ka liphello life tse molemo?

11 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) Ho tšoarelana ho etsa hore ho be le khotso har’a Bakreste. Pauluse o ile a boela a khothatsa a re: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:12-14) Sena sohle se akarelelitsoe thapelong eo Jesu a re rutileng eona ha a ne a re: “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.”

Ho Sireletsoa ha re Lekoa

12, 13. (a) Kōpo e latelang ea thapelo ea mohlala ha e bolele eng? (b) Moleki e moholo ke mang, hona thapelo ea rōna ea hore re se ke ra kenngoa molekong e bolela’ng?

12 Kōpo e latelang thapelong ea Jesu ea mohlala e re: “U se ke ua re kenya molekong.” (Matheu 6:13) Na Jesu o ne a bolela hore re lokela ho kōpa Jehova hore a se ke a re leka? Ho ke ke ha e-ba joalo hobane morutuoa Jakobo o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang.” (Jakobo 1:13) Ho feta moo, mopesaleme o ile a ngola a re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) Jehova ha aa lalla phoso e ’ngoe le e ’ngoe ea rōna, ’me ka sebele ha a leke ho re khopa. Kahoo, karolo ee ea thapelo ea mohlala e bolela’ng?

13 Satane Diabolose ke eena ea lekang ho re khopa, ho re liha ka maqiti, haesita le ho re harola. (Baefese 6:11) Ke Moleki e moholo. (1 Bathesalonika 3:5) Ha re rapella hore re se ke ra kenngoa molekong, re kōpa Jehova hore a se ke a lumella hore re oe ha re lekoa. Re mo kōpa hore a re thuse hore re se ke ra “qhekelloa ke Satane,” hore re se ke ra inehela ha re lekoa. (2 Bakorinthe 2:11) Re rapella hore re lule “sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa,” re ntse re fumana tšireletso ea moea e fuoang ba elang hloko bobusi ba Jehova linthong tsohle tseo ba li etsang.—Pesaleme ea 91:1-3.

14. Moapostola Pauluse o re tiisetsa joang hore Jehova a ke ke a re lahla haeba re batla thuso ho Eena ha re lekoa?

14 Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a re lahla le ka mohla haeba sena ke takatso ea rōna e tiileng, e bontšoang ka lithapelo tsa rōna le ka liketso tsa rōna. Moapostola Pauluse o re tiisetsa sena: “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.

“U re Lopolle ho ea Khopo”

15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho feta neng kapa neng hore re rapelle ho lopolloa ho ea khopo?

15 Ho latela libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse tšepahalang ka ho fetisisa tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, thapelo ea mohlala ea Jesu e fella ka mantsoe a reng: “U re lopolle ho ea khopo.” * (Matheu 6:13) Nakong ena ea bofelo ho hlokahala haholo hore re sireletsoe ho Diabolose. Satane le bademona ba hae ba loana le masala a tlotsitsoeng, a “bolokang litaelo tsa Molimo ’me [a] e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu,” ’me ba boetse ba loana le metsoalle ea ’ona ea “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:9; 12:9, 17) Moapostola Petrose o ile a hlokomelisa Bakreste a re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong. Empa emang khahlanong le eena, le tiile tumelong.” (1 Petrose 5:8, 9) Satane a ka rata ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho paka, ’me o leka ho re tšosa ka baemeli ba hae ba lefatšeng—ebang ke ba bolumeli, ba khoebo, kapa ba lipolotiki. Leha ho le joalo, ha re ema re tiile, Jehova o tla re lopolla. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

16. Jehova o sebelisa eng ho thusa bahlanka ba hae ha ba lekoa?

16 Jehova o ile a lumella hore Mora oa hae a lekoe. Empa ka mor’a hore Jesu a hanyetse Diabolose ka ho itšireletsa ka Lentsoe la Molimo, Jehova o ile a roma mangeloi hore a mo matlafatse. (Matheu 4:1-11) Ka tsela e tšoanang, Jehova o sebelisa mangeloi a hae hore a re thuse ha re mo rapela ka tumelo ebile re mo etsa setšabelo sa rōna. (Pesaleme ea 34:7; 91:9-11) Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.”—2 Petrose 2:9.

Topollo e Feletseng e Haufi

17. Jesu o ile a thathamisa lintho ka tsela e tšoanetseng joang ka ho re ruta thapelo ea mohlala?

17 Thapelong ea mohlala, Jesu o thathamisa lintho ka tsela e tšoanetseng. Ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho ameha ka eona ke ho halaletsoa ha lebitso le leholo le le halalelang la Jehova. Kaha sena se tla finyelloa ka ’Muso oa Bomesia, re rapella hore ’Muso oo o tle o tl’o felisa mebuso eohle e sa phethahalang ea batho, kapa lipuso, le hore o tl’o tiisa hore thato ea Molimo e etsoa ka ho feletseng lefatšeng joaloka leholimong. Tšepo ea rōna ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e itšetlehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ka hore bobusi ba hae bo lokileng bo eloe hloko bokahohleng. Ka mor’a ho rapella lintho tsena tsa bohlokoa haholo, re ka rapella lintho tseo re li hlokang letsatsi le leng le le leng, ra rapella hore re tšoareloe libe le hore re lopolloe molekong le manong a ea khopo, Satane Diabolose.

18, 19. Thapelo ea Jesu ea mohlala e re thusa joang hore re lule re falimehile le hore tšepo ea rōna ‘e tiee ho isa bofelong’?

18 Haufinyane re tla lopolloa ka ho feletseng ho ea khopo re be re lopolloe le tsamaisong ea hae ea lintho e senyehileng. Satane o tseba hantle hore “o na le nako e khutšoanyane” feela ea hore a ntšetse ‘bohale bo boholo’ ba hae lefatšeng, a bo ntšetsa haholo-holo ho bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. (Tšenolo 12:12, 17) Ha Jesu a ne a bua ka pontšo e nang le likarolo tse ngata ea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a bolela e sa le pele hore ho tla ba le liketsahalo tse tsosang tjantjello ’me tse ling tsa tsona ke hona li tla etsahala. (Matheu 24:3, 29-31) Ha re li bona li ntse li etsahala, tšepo ea rōna ea ho lopolloa e tla khanya haholoanyane. Jesu o ile a re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”—Luka 21:25-28.

19 Thapelo ena e khutšoanyane ea mohlala eo Jesu a ileng a e ruta barutuoa ba hae e re fa tataiso e ka tšeptjoang ea seo re ka se akarelletsang lithapelong tsa rōna ha bofelo bo ntse bo atamela. E se eka re ka lula re kholisehile hore ho fihlela qetellong, Jehova o tla ’ne a re fe lintho tsa moea le tsa nama tseo re li hlokang letsatsi le leng le le leng. Ha re lula re falimehetse ho rapela, sena se tla re thusa ho “tšoarella . . . ka tieo kholisehong eo re neng re e-na le eona tšimolohong ho isa bofelong.”—Baheberu 3:14; 1 Petrose 4:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Libibele tse ling tsa khale, tse kang Bibele ea Sesotho, li qetella Thapelo ea Morena ka mantsoe ao ho thoeng ke thoriso e eang ho Molimo, a reng: “Hobane ’muso ke oa hao, le matla, le khanya ka ho sa feleng. Amen!” The Jerome Biblical Commentary e re: “Mantsoe ana a thoriso e eang ho Molimo . . . ha a eo [libukeng tse ngotsoeng ka letsoho] tse tšepahalang ka ho fetisisa.”

Tlhahlobo

• Ke lintho life tseo re li akarelletsang kōpong ea rōna ea ‘bohobe ba letsatsi lena’?

• Hlalosa kōpo e reng “u re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.”

• Re bolela’ng ha re kōpa Jehova hore a se ke a re kenya molekong?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re rapele re re “u re lopolle ho ea khopo”?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Re lokela ho tšoarela batho ba bang haeba le rōna re batla ho tšoareloa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Lydekker