Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Hlokomelang Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea Kateng

Kamoo U ka Hlokomelang Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea Kateng

Kamoo U ka Hlokomelang Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea Kateng

U.S.News & World Report e re: “Lilemong tsa bo-1990, ho ile ha ngoloa libuka tse fetang tse 300 tse buang ka hore na lintho tsa moea li phetha karolo efe mosebetsing—ho qala ka Jesus CEO [e bolelang ofisiri e ka sehloohong ea phethahatso] ho ea fihla ho The Tao of Leadership—li tletse lipokellong tsa libuka.” Mokhoa ona o bontša hore linaheng tse ngata tse hafang ka nkatana, batho ba labalabela haholoanyane ho tataisoa linthong tsa moea. Ha koranta ea khoebo e bitsoang Training & Development e bua ka taba ena, e re: “Nakong ena ea ha theknoloji e laola likarolo tsohle tsa bophelo ba rōna, re ntse re batla lebaka le leholoanyane la hore na re phelela’ng, le hore na morero oa bophelo ke ofe, le hore motho ka mong a khotsofale haholoanyane.”

Leha ho le joalo, u ka fumana tataiso e khotsofatsang ea lintho tsa moea hokae? Nakong e fetileng, batho ba ne ba lebella hore malumeli a molao a ba thuse ho fumana “morero o moholo” oa bophelo. Kajeno, batho ba bangata ba tlohetse malumeli a molao. Ho latela Training & Development, phuputsong e entsoeng ho bo-manejara le batsamaisi ba 90 ba phahameng ho fumanoe hore “batho baa hlokomela hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa bolumeli le bomoea.” Batho bao ho neng ho etsoa phuputso eo ka bona ba ne ba talima bolumeli e le “ntho e sa lumelleng maikutlo a mang le e bakang likarohano,” ha bomoea “e le ntho e teng hohle le e akaretsang batho bohle.”

Bacha ba bangata ba lulang libakeng tse sa amehang ka bolumeli, tse kang Australia, New Zealand, United Kingdom le Europe, le bona ka ho tšoanang ba lemoha phapang pakeng tsa bolumeli le bomoea. Ha Moprofesa Ruth Webber, a ngola ho Youth Studies Australia, o tiisa taba ena tjena: “Boholo ba bacha bo lumela ho Molimo, kapa ho mofuta o mong o itseng oa matla a phahametseng a tlhaho, empa ha ba nahane hore kereke ke ntho ea bohlokoa kapa hore e ka ba thusa ho bontša bomoea ba bona.”

Bolumeli ba ’Nete bo Ntlafatsa Bomoea

Boikutlo bona ba ho belaella bolumeli boa utloahala. Mekhatlo e mengata ea bolumeli e kene ka botebo mererong e mebe ea bopolotiki le boitšoarong ba boikaketsi, ebile e khenathetse mali a se nang molato ka lebaka la lintoa tse ngata-ngata tsa bolumeli. Leha ho le joalo, ha batho ba bang ba ntse ba qhelela ka thōko mekhatlo ea bolumeli e bolisitsoeng ke boikaketsi le bomenemene, ba bang ba entse phoso ea ho khesa Bibele, eo ba nahanang hore e lumella mekhoa e joalo.

Ha e le hantle, Bibele e nyatsa boikaketsi le tlōlo ea molao. Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le tšoana le mabitla a soeufalitsoeng, ao ka sebele a bonahalang a le matle ka ntle empa ka hare a tletse masapo a batho ba shoeleng le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong. Ka tsela eo le lōna, ka sebele ka ntle, le bonahala le lokile ho batho, empa ka hare le tletse boikaketsi le tlōlo ea molao.”—Matheu 23:27, 28.

Ho feta moo, Bibele e khothalletsa Bakreste ho se jele paate litabeng tsohle tsa lipolotiki. Ho e-na le ho khothalletsa balumeli ho bolaeana, e ba laela hore ba lokela ho ikemisetsa ho shoelana. (Johanne 15:12, 13; 18:36; 1 Johanne 3:10-12) Bolumeli ba ’nete bo thehiloeng Bibeleng bo ‘akaretsa batho bohle,’ hase “ntho e sa lumelleng maikutlo a mang le e bakang likarohano.” Moapostola Petrose o itse: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Bibele—Ke Tataiso e Tšepahalang e Isang Bophelong bo Botle ba Moea

Bibele e re bolella hore batho ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26, 27) Le hoja sena se sa bolele hore batho ba na le ’mele o tšoanang le oa Molimo, se bolela hore ba na le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo, tse akarelletsang ho khona ho etsa lintho tsa moea, kapa tse amang bomoea.

Ka lebaka leo, hoa utloahala hore Molimo o ne a tla re fa se hlokahalang bakeng sa litlhoko tsa rōna tsa moea, a be a re fe tataiso e loketseng eo ka eona re ka khethollang pakeng tsa se ka re tsoelang molemo le se ka re lematsang moeeng. Feela joalokaha Molimo a bōpile ’mele ea rōna e e-na le mokhoa o entsoeng ka bohlale oa ho itšireletsa mafung, o loantšang maloetse ’me o re thusa hore re lule re phetse hantle, Molimo o boetse o re file letsoalo, kapa lentsoe le ka hare, le ka re thusang hore re etse liqeto tse nepahetseng re be re qobe mekhoa e ka re lematsang nameng le moeeng. (Baroma 2:14, 15) Joalokaha re tseba, e le hore mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa mafung o sebetse, re tlameha ho ja lijo tse nang le phepo. Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore re fepe matsoalo a rōna ka lijo tse matlafatsang tsa moea e le hore a sebetse.

Ha Jesu a bua ka ho toba ka hore na ke lijo tsa mofuta ofe tse tla re thusa hore re lule re phetse hantle moeeng, o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Mantsoe a Jehova a tlalehiloe ka Lentsoeng la hae, Bibele, ebile a “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Kahoo, ke boikarabelo ba rōna hore re etse boiteko ba ho ja lijo tsena tsa moea. Hore na re tla rua molemo o mokae moeeng le nameng, ho itšetlehile ka hore na re tseba Bibele hakae le hore na re leka ho sebelisa melao-motheo ea eona hakae bophelong ba rōna.—Esaia 48:17, 18.

Na U Tšoanela ho Etsa Boiteko?

Ke ’nete hore ho nka nako hore re ntlafatse bophelo ba rōna ba moea ka ho ithuta Bibele; ’me ho bonahala ho se na nako. Empa ka lebaka la meputso eo u tla e fumana, u ke ke ua ikoahlaela boiteko boo u tla beng u bo entse! Mamela kamoo litsebi tse ling tse maphathaphathe li hlalosang kateng hore na ke hobane’ng ha ho ipha nako ea ho hlokomela bophelo ba tsona ba moea ho li tsoetseng molemo.

Ngaka e ’ngoe e bitsoang Marina, e re: “Ke ne ke e-s’o ka ke nahana ka bomoea ba ka ho fihlela ha ke qala ho sebetsa sepetlele ’me ke qala ho ikutloa ke utloela batho ba mahlomoleng bohloko. Ka nako eo ke ile ka elelloa hore ho ne ho hlokahala hore ke lumele hore ke na le litlhoko tsa moea, ’me ke li hlokomele e le hore ke tle ke khotsofale le hore ke be le khutso etsoe bophelo bo potlakile le lintho tseo batho ba amehileng ka tsona li ka sithabetsa motho ea etsang mosebetsi oo ke o etsang.

“Hona joale ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Thuto ena e nthusa ho hlahloba liketso tsa ka le lintho tse ntšusumetsang ka tsela e ntle hape e nkoetlisetsa ho nahana lintho ka tsela e nepahetseng, e le hore nka phela bophelo bo tsitsitseng. Hona joale ke khotsofalletse mosebetsi oa ka haholo. Empa ke thuto ea Bibele e entseng hore ke phele hantle maikutlong, e nthusitseng hore ke laole maikutlo a sa rateheng, hore ke fokotse khatello ea maikutlo le ho ba ea sa teneheleng batho le ea ba qenehelang haholoanyane. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho boetse ho thusitse lenyalo la ka. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ke hore ebe ke tsebile Jehova, ’me kea utloa hore ka tsela e itseng moea oa hae o sebetsa ka bolokolohi ho ’na, e leng se etsang hore ke phele bophelo bo nang le morero haholoanyane.”

Setsebi se seng se etsang lipolane tsa mehaho se bitsoang Nicholas, se re: “Pele ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke sa thahaselle lintho tsa moea. Sepheo se seholo bophelong ba ka e ne e le ho atleha tsebong ea ka ea mosebetsi oo ke neng ke o khethile. Thuto ea ka ea Bibele e nthutile hore bophelong mosebetsi oa ka hase eona feela ntho ea bohlokoa, le hore ho etsa thato ea Jehova ho tla etsa hore motho a thabe e le kannete le ka ho sa feleng.

“Mosebetsi oa ka oa nkhotsofatsa, empa ke Bibele e nthutileng bohlokoa ba hore ke se ke ka thatafatsa bophelo empa ke nahanisise ka lintho tsa moea. Ka ho etsa joalo, ’na le mosali oa ka re qobile ho sithabetsoa ke mokhoa oa bophelo oa ho rata lintho tse bonahalang. Re boetse re bile le metsoalle e mengata ea sebele ka lebaka la hore re tloaelane le batho ba nang le boikutlo bo tšoanang le ba rōna ka bophelo.”

’Muelli e mong oa molao ea bitsoang Vincent, o re: “Mosebetsi o lefang hantle o ka u khotsofatsa ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ke fumane hore ho hlokahala ho hong ho eketsehileng e le hore motho a thabe a be a khotsofale. Pele ke tseba seo Bibele e se rutang tabeng ea ho thaba le ho khotsofala, ke hopola mohla ho reng etlo! ke bona kamoo bophelo bo se nang morero kateng—motho oa tsoaloa, oa hōla, oa nyala kapa a nyaloe, a sebetse mosebetsi o mo fang seo a se hlokang nameng hore a hōlise bana ba hae, a ba rupele hore ba latele tsela ea hae ea bophelo hantle, ’me qetellong oa tsofala a be a shoe.

“Ke feela ka mor’a ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova moo ke ileng ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa ka tse mabapi le morero oa bophelo. Thuto ea ka ea Bibele e nthusitse ho tseba hore Jehova ke motho ea ba ea nthusa hore ke mo rate ka ho tebileng. Sena se rala motheo oa hore ke lule ke e-na le boikutlo bo botle ka lintho tsa moea ha ke ntse ke ikitlaelletsa ho phela tumellanong le seo ke tsebang hore ke morero oa [Molimo]. Hona joale, ’na le mosali oa ka re khotsofalletse ho tseba hore re sebelisa bophelo ba rōna ka tsela e nang le morero ka ho fetisisa.”

Le uena u ka khona ho ba le morero bophelong ka ho ithuta Bibele. Lipaki Tsa Jehova li thabela ho u thusa ho etsa joalo. Joaloka Marina, Nicholas le Vincent, le uena u ka khotsofatsoa ke ho ithuta ka Jehova le ka merero ea hae bakeng sa moloko oa batho ka kakaretso le hore na o rerile’ng ka uena. Hase feela hore u tla thabela ho hlokomela litlhoko tsa hao tsa moea, empa u tla boela u be le tšepo ea ho thabela bophelo bo sa feleng, u phela hantle ’meleng—u phethahetse—e leng tšepo e tla thabeloa feela ke “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

Tsela e ’ngoe eo re ka ntlafatsang bomoea ba rōna ka eona ke ka ho rapela. Jesu o ile a ipha nako a ruta barutuoa ba hae ho rapela, a ba bolella seo ka tloaelo se bitsoang Thapelo ea Morena. Thapelo eo e bohlokoa hakae ho uena kajeno? E ka u ruisa molemo joang? U tla fumana likarabo lihloohong tse peli tse latelang.

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Marina

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Nicholas

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Vincent