Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letsoalo le Tšepahalang

Letsoalo le Tšepahalang

Letsoalo le Tšepahalang

KA LETSATSI le leng ha mohiruoa oa univesithing ea Kenya ea bitsoang Charles, a ne a e-ea lapeng a e-tsoa mosebetsing, o ile a lahleheloa ke thelefono ea cellular. Kenya, lithelefono tsena e sa ntse e le lintho tse turang, tseo motho a ka phelang ka ntle ho tsona.

Charles o itse, “Ke ne ke sa lebella hore ho ne ho tla ba le motho ea neng a tla ntholisa eona.” Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae hamorao, o ile a makala ha a ne a founeloa ke ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Kenya. O ne a nahana hore litsebe tsa hae lia mo thetsa ha a utloa ho thoe a tl’o lata cellular ea hae! Charles o ne a le ka koloing e le ’ngoe le mosebeletsi e mong oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova ea ileng a thola founo eo. Mosebeletsi eo o ile a isa founo eo ofising ea lekala, moo a neng a leka ho e tholisa mong’a eona, eaba nakoana hamorao basebetsi ba baithaopi ba moo ba batla Charles ka ho letsetsa nomorong e neng e bontšitsoe founong eo.

Lengolong leo a ileng a le ngolla ofisi ea lekala, Charles o ile a re: “Ke leboha ho menahane ka boiteko boo le bo entseng ba ho ikopanya le ’na ho sa tsotellehe mathata a neng a ameha. Ke leboha litho tsa mokhatlo oa lōna ka pelo eohle tse ileng tsa thola cellular ena, tsa ba tsa fumana hore ke ea ka ’me tsa ntholisa eona. Ha ho bonolo ho fumana motho ea tšepahalang kajeno, hoa khothatsa ho tseba hore re na le ba ’maloa bao ho totobetseng hore ke Lipaki tsa ’nete tsa Jehova Molimo.”

Hohle Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka botšepehi ba tsona. Li etsisa moapostola Pauluse ea itseng: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18; 1 Bakorinthe 11:1) Lia utloisisa hore boitšoaro bo joalo bo tlotlisa Jehova Molimo, joalokaha Jesu a itse: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.”—Matheu 5:16.