Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Morena, re Rute ho Rapela”

“Morena, re Rute ho Rapela”

“Morena, re Rute ho Rapela”

“E mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: ‘Morena, re rute ho rapela.’”—LUKA 11:1.

1. Ke hobane’ng ha e mong oa barutuoa ba Jesu a ile a kōpa Jesu hore a ba rute ho rapela?

KA LEKHETLO le leng ka 32 C.E., morutuoa e mong oa Jesu o ile a mo bona ha a ne A rapela. O ne a sa utloe hore na Jesu o re’ng ho Ntat’ae, etsoe mohlomong o ne a rapella ka pelong. Leha ho le joalo, ha Jesu a qeta, morutuoa enoa o ile a re ho eena: “Morena, re rute ho rapela.” (Luka 11:1) Ke eng se ileng sa mo susumelletsa hore a kōpe see? Thapelo e ne e le karolo ea kamehla ea bophelo le borapeli ba Bajuda. Mangolo a Seheberu a na le lithapelo tse ngata bukeng ea Lipesaleme le libukeng tse ling. Kahoo, morutuoa enoa o ne a sa kōpe hore a rutoe ntho eo a neng a sa e tsebe ho hang kapa eo a neng a e-s’o ka a e etsa le ka mohla. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba lithapelo tsa mponeng tsa baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda. Empa joale o ne a bone Jesu ha a rapela, ’me mohlomong o ile a hlokomela hore ho ne ho e-na le phapang e khōlō pakeng tsa lithapelo tse etsoang ka makōkō tsa bo-rabi le tsela eo Jesu a neng a rapela ka eona.—Matheu 6:5-8.

2. (a) Ke eng se re bontšang hore Jesu o ne a sa rera hore re phete lentsoe le leng le le leng la thapelo ea mohlala? (b) Ke hobane’ng ha re thahasella ho tseba ho rapela?

2 Thutong ea hae ea Thabeng, likhoeli tse ka bang 18 pele ho sena, Jesu o ne a ile a fa barutuoa ba hae mohlala oa hore na ba rapelle eng lithapelong tsa bona. (Matheu 6:9-13) Ho ka etsahala hore ebe morutuoa enoa o ne a le sieo ka nako eo, kahoo, ka mosa Jesu o ile a pheta lintlha tsa bohlokoa tsa thapelo eo ea mohlala. Hoa hlokomeleha hore ha aa ka a pheta lentsoe le leng le le leng la eona, e leng se bontšang hore o ne a sa rute thapelo e hlomamisitsoeng e lokelang ho phetoa ka hlooho ntle ho ho nahana. (Luka 11:1-4) Joaloka morutuoa eo ea sa boleloang ka lebitso, le rōna re batla ho rutoa ho rapela e le hore lithapelo tsa rōna li tle li re atametse haholoanyane ho Jehova. Ka lebaka leo, a re ke re hlahlobeng thapelo ea mohlala e feletseng haholoanyane, e leng e tlalehiloeng ke moapostola Matheu. Thapelo ena e na le likōpo tse supileng, tse tharo tsa tsona li amana le merero ea Molimo ’me tse ’nè li amana le litlhoko tsa rōna tsa nama le tsa moea. Sehloohong sena, re tla tšohla likōpo tsa pele tse tharo.

Ntate ea Lerato

3, 4. Re bolela’ng ha re bitsa Jehova “Ntat’a rōna”?

3 Ho tloha qalong, Jesu o ile a bontša hore lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša hore re na le kamano e haufi le e mofuthu le Jehova. Jesu o ne a bua haholo-holo molemong oa barutuoa ba hae ba neng ba khobokane pel’a hae mosikong oa thaba eo, ha a ba bolella hore ba bitse Jehova “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matheu 6:9) Ho latela setsebi se seng, ebang Jesu o ile a bua ka Seheberu se tloaelehileng kapa ka Searame, lentsoe leo a ileng a le sebelisa bakeng sa ‘Ntate’ le tšoana le leo ngoana a le sebelisang ka tsela e mofuthu ha a bitsa “Ntate” a reneketsa, ‘ke lentsoe le sebelisoang ke ngoana.’ Ha re bitsa Jehova “Ntat’a rōna,” re bontša hore kamano ea rōna le eena ke e mofuthu le e bontšang hore rea mo tšepa.

4 Ha re re “Ntat’a rōna,” re boetse re lumela hore re karolo ea lelapa le leholo la banna le basali ba elang hloko hore Jehova ke eena Monehi-bophelo. (Esaia 64:8; Liketso 17:24, 28) Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba nkeloa ka lapeng hore e be “bara ba Molimo,” ’me ba ka ‘hoeletsa’ ba re ho eena: “Abba, Ntate!” (Baroma 8:14, 15) Batho ba limilione ba fetohile metsoalle ea bona e tšepahalang. Batho bana ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ’me ba bontšitse boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa metsing. “Linku [tsena] tse ling” kaofela le tsona li ka atamela Jehova ka lebitso la Jesu eaba li Mo bitsa “Ntat’a rōna.” (Johanne 10:16; 14:6) Kamehla re ka ea ho Ntat’a rōna oa leholimo ka thapelo ho mo rorisa, ho mo leboha ka melemo eohle eo a re etsetsang eona, le ho mo bolella matšoenyeho a rōna, re kholisehile hore oa re tsotella.—Bafilipi 4:6, 7; 1 Petrose 5:6, 7.

Ho Rata Lebitso la Jehova

5. Kōpo ea mathomo thapelong ea mohlala ke efe, hona ke hobane’ng ha e loketse?

5 Hang-hang kōpo ea mathomo e bontša hore lintho tsa pele li lokela ho behoa sebakeng sa pele. E re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ha ho pelaelo hore ho halaletsoa ha lebitso la Jehova e lokela ho ba ntho e ka sehloohong ho rōna hobane rea mo rata ’me re hloile ho utloa litsela tsohle tse ngata tseo lebitso la hae le nyelisoang ka tsona. Borabele ba Satane le ho susumelletsa ha hae batho ba babeli ba pele hore ba hlompholle Jehova Molimo, bo ile ba senya Molimo lebitso ka ho tsosa lipelaelo ka tsela eo A neng a sebelisa bobusi ba hae ba bokahohle ka eona. (Genese 3:1-6) Ho feta moo, haesale ho tloha borabeleng boo ba pele, lebitso la Jehova le ’nile la nyefoloa ka lebaka la liketso le lithuto tse hlabisang lihlong tsa batho ba bolelang hore ke baemeli ba hae.

6. Re tla qoba ho etsa’ng haeba re rapella hore lebitso la Jehova le halaletsoe?

6 Ha re rapella hore lebitso la Jehova le halaletsoe, re bontša hore na re eme hokae tsekong ea bobusi ba bokahohleng—re bontša hore re tšehetsa ka botlalo tokelo ea Jehova ea ho busa bokahohle. Jehova o batla hore bokahohleng ho phele mangeloi le batho ba ratang le ba thabelang ho ikokobelletsa bobusi ba hae bo lokileng hobane ba mo rata ba bile ba rata sohle seo lebitso la hae le se emelang. (1 Likronike 29:10-13; Pesaleme ea 8:1; 148:13) Ho rata ha rōna lebitso la Jehova ho tla re thusa hore re se ke ra etsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea nyefola lebitso leo le halalelang. (Ezekiele 36:20, 21; Baroma 2:21-24) Kaha khotso ea bokahohleng le ea ba lulang ho bona e itšetlehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho rata ho ikokobelletsa bobusi ba hae, ha re rapela re re “lebitso la hao le ke le halaletsoe,” re bontša hore re kholisehile hore morero oa Jehova o tla phethahatsoa, e leng ho tla mo tlotlisa.—Ezekiele 38:23.

’Muso oo re o Rapellang

7, 8. (a) ’Muso oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle ke eng? (b) Re ithuta eng ka ’Muso oo bukeng ea Daniele le ea Tšenolo?

7 Kōpo ea bobeli thapelong ea mohlala e re: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:9, 10) Kōpo ena e amana haufi le e tlang pele ho eona. Kofuto eo Jehova a tla e sebelisa ho halaletsa lebitso la hae le halalelang ke ’Muso oa Bomesia, e leng puso ea hae ea leholimo, eo ho eona Mora oa hae, Jesu Kreste, e leng Morena ea khethiloeng ka tšoanelo. (Pesaleme ea 2:1-9) Boprofeta ba Daniele bo tšoantša ’Muso oa Bomesia le “lejoe” le khephohileng ‘thabeng.’ (Daniele 2:34, 35, 44, 45) Thaba e emela bobusi ba Jehova ba bokahohleng, kahoo, lejoe le emeloang ke ’Muso ona, ke tsela e ncha eo bobusi ba Jehova ba bokahohleng bo tla bonahatsoa ka eona. Boprofeta bona bo bontša hore ka mor’a moo, lejoe lena le ‘fetoha thaba e khōlō ’me le tlala lefatše lohle,’ ho bontša hore ’Muso oa Bomesia o tla emela bobusi bo phahameng ba Molimo ha o busa lefatše.

8 Pusong ea ’Muso ona, Kreste o tla tšoarisana le ba bang ba 144 000, “ba rekiloeng lefatšeng” hore ba e’o busa le eena e le marena le baprista. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4; 20:6) Daniele o ba bitsa “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” ’me bona, hammoho le Kreste, Hlooho ea bona, ba amohela “’muso le bobusi le boholo ba mebuso e tlas’a maholimo . . . ’Muso oa bona ke ’muso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.” (Daniele 7:13, 14, 18, 27) Tlhaloso ena e tšoanela hantle puso ea leholimo eo Kreste a ileng a ruta balateli ba hae hore ba e rapelle.

Ke Hobane’ng ha re sa Ntse re Rapella Hore ’Muso oo o Tle?

9. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re rapelle ’Muso oa Molimo hore o tle?

9 Thapelong ea hae ea mohlala, Kreste o re rutile hore re rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore ’Muso oa Bomesia o ile oa hlongoa leholimong ka 1914. * Kahoo, na ho sa ntse ho loketse hore re rapelle hore ’Muso oo “o tle”? Hantle haholo. Hobane boprofeteng ba Daniele, ’Muso ona oa Bomesia, o emeloang ke lejoe, o tla loana ka ho toba le mebuso ea batho ea lipolotiki, e emeloang ke setšoantšo se seholohali. Ke hona lejoe lena le sa tla felisa setšoantšo seo, le se silakanye hore se fetohe phofo. Boprofeta ba Daniele bo re: “’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

10. Ke hobane’ng ha re labalabela hore ’Muso oa Molimo o tle?

10 Re labalabela ho bona ’Muso oa Molimo o felisa tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane hobane sena se tla bolela ho halaletsoa ha lebitso le halalelang la Jehova le ho felisoa ha bahanyetsi bohle ba bobusi ba Molimo. Re rapela ka tieo re re: “’Muso oa hao o ke o tle,” ’me re tlatsa moapostola Johanne ha a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.” (Tšenolo 22:20) E, e se eka Jesu a ka tla ho tla halaletsa lebitso la Jehova le ho tlosa qoso bobusing ba Hae, e le hore mantsoe a mopesaleme e ka ba ’nete ha a re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

“Thato ea Hao e ke e Etsahale”

11, 12. (a) Ke eng eo re e kōpang ha re rapella hore thato ea Molimo “e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong”? (b) Ke eng hape eo re e bolelang ha re rapella hore thato ea Jehova e etsoe?

11 Ka mor’a sena Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Bokahohle bo bile teng ka thato ea Jehova. Libōpuoa tse matla tsa leholimo lia hooa li re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšenolo 4:11) Jehova o na le morero ka “lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” (Baefese 1:8-10) Ha re rapella hore thato ea Molimo e etsoe, ha e le hantle, re kōpa Jehova hore a phethe morero oa hae. Ho feta moo, ha re etsa joalo re bontša hore re labalabela ho bona thato ea Molimo e etsoa bokahohleng.

12 Ka thapelo ena re boetse re bontša hore re rata ho phela tumellanong le thato ea Jehova. Jesu o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Re le Bakreste ba inehetseng, re thabela ho etsa thato ea Molimo joaloka Jesu. Lerato la rōna ho Jehova le Mora oa hae le re susumelletsa hore re ‘se ke ra hlola re phelela litakatso tsa batho, empa re phelele thato ea Molimo.’ (1 Petrose 4:1, 2; 2 Bakorinthe 5:14, 15) Re loanela ho qoba ho etsa lintho tseo re tsebang hore ha li lumellane le thato ea Jehova. (1 Bathesalonika 4:3-5) Ka ho reka nako ea ho bala Bibele le ho ithuta, ‘re tsoela pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona,’ e leng se akarelletsang ho kopanela ka mafolofolo ho boleleng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.”—Baefese 5:15-17; Matheu 24:14.

Thato ea Jehova Leholimong

13. Ke joang thato ea Molimo e neng e ntse e etsoa ka nako e telele le pele Satane e e-ba lerabele?

13 Thato ea Jehova e ne e ntse e phethoa maholimong nako e telele le pele e mong oa bara ba hae ba moea e e-ba lerabele, ’me a fetoha Satane. Buka ea Liproverbia e bua ka Mora oa Molimo oa letsibolo e le bohlale bo mothofalitsoeng. Sena se bontša hore ka lilemo-lemo, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ne a “nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle,” a thabela ho etsa thato ea Ntat’ae. Hamorao e ile ea e-ba “mosebetsi ea hloahloa” oa Jehova ha ho ne ho bōptjoa lintho tsohle “tse maholimong le tse lefatšeng . . . lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng.” (Liproverbia 8:22-31; Bakolose 1:15-17) Jehova o ile a sebelisa Jesu e le Lentsoe la hae, kapa ’Muelli oa hae.—Johanne 1:1-3.

14. Re ka ithuta eng ho Pesaleme ea 103 ka tsela eo ka eona mangeloi a phethang thato ea Jehova maholimong?

14 Mopesaleme o bontša hore bobusi ba Jehova bo phahame ka ho fetisisa holim’a pōpo eohle le hore matšoele a mangeloi a mamela mantsoe a hae a taeo le litaelo tsa hae. Rea bala: “Jehova o tiisitse terone ea hae ka thata maholimong; borena ba hae bo ’nile ba ba le taolo holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae, ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae. Bokang Jehova, lōna mabotho ’ohle a hae, lōna basebeletsi ba hae, ba etsang thato ea hae. Bokang Jehova, lōna mesebetsi eohle ea hae, libakeng tsohle tsa taolo ea hae [kapa, “tsa bobusi ba hae”].”—Pesaleme ea 103:19-22.

15. Ha Jesu a ne a amohela matla a ’Muso, see se ile sa ama ho etsoa ha thato ea Molimo leholimong joang?

15 Joalokaha buka ea Jobo e bontša, Satane o ne a sa ntse a khona ho kena leholimong ka mor’a borabele ba hae. (Jobo 1:6-12; 2:1-7) Leha ho le joalo, buka ea Tšenolo e ile ea profeta hore nako e ne e tla tla eo ka eona Satane le bademona ba hae ba neng ba tla lelekoa leholimong. Ho hlakile hore nako eo e ile ea fihla hang hoba Jesu Kreste a amohele matla a ’Muso ka 1914. Ho tloha nakong eo, marabele ana ho hang ha a sa na sebaka leholimong. A koaletsoe lefatšeng. (Tšenolo 12:7-12) Hona joale ha ho sa na lentsoe le hanyetsang bobusi ba Jehova le utloahalang leholimong, ho utloahala feela mantsoe a kopaneng a thoholetsang “Konyana,” Kreste Jesu, le a rorisang Jehova ka boikokobetso. (Tšenolo 4:9-11) Ka sebele thato ea Jehova ea phethoa leholimong.

Thato ea Jehova ka Lefatše

16. Thapelo ea mohlala e hanyetsa thuto ea Bokreste-’mōtoana joang mabapi le tšepo ea batho?

16 Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li qhelela lefatše ka thōko tabeng e amanang le merero ea Molimo, li bolela hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Empa Jesu o ile a re ruta hore re rapele re re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Leha ho se ho thoe! na re ka bolela hore kajeno thato ea Jehova ea phethoa hohle lefatšeng lee le hlasetsoeng ke pefo, leeme, ho kula le lefu? Ho hang ha e etsoe! Kahoo, re lokela ho rapela ka tieo hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng, tumellanong le tšepiso e tlalehiloeng ke moapostola Petrose e reng: “Ho na le maholimo a macha [e leng puso ea Kreste ea ’Muso oa Bomesia] le lefatše le lecha [e leng moloko oa batho ba lokileng] tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:13.

17. Morero oa Jehova ke eng ka lefatše?

17 Jehova o ne a e-na le morero ha a bōpa lefatše lena. O ile a bululela moprofeta Esaia hore a ngole a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi: ‘Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.’” (Esaia 45:18) Molimo o ile a beha batho ba babeli ba pele serapeng sa paradeise eaba o ba fa taelo e reng: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:27, 28; 2:15) Ho totobetse hore morero oa ’Mōpi ke hore baahi ba lefatše e be moloko o phethahetseng oa batho ba lokileng ba thabelang ho ikokobelletsa bobusi ba Jehova le ba phelang ka ho sa feleng Paradeiseng eo Kreste a ileng a tšepisa hore e tla ba teng.—Pesaleme ea 37:11, 29; Luka 23:43.

18, 19. (a) Ho tlameha ho etsoe’ng pele thato ea Molimo e phethoa ka botlalo lefatšeng? (b) Ke lintlha life tse ling tsa thapelo ea Jesu ea mohlala tse tla tšohloa sehloohong se latelang?

18 Thato ea Jehova mabapi le lefatše lena e ke ke ea phethoa ka botlalo haeba baahi ba lefatše e ntse e le banna le basali ba hanyetsang bobusi ba hae. Molimo o tla sebelisa mabotho a matla a moea a eteletsoeng pele ke Kreste e le hore a ‘felise ba senyang lefatše.’ Tsamaiso eohle ea lintho e khopo ea Satane, hammoho le bolumeli ba eona ba bohata, lipolotiki tsa eona tse silafetseng, khoebo ea eona e etsoang ka meharo le ka ho se tšepahale le sesole sa eona se senyang, e tla timetsoa ka ho sa feleng. (Tšenolo 11:18; 18:21; 19:1, 2, 11-18) Ho tla tlosoa qoso bobusing ba Jehova ’me lebitso la hae le halaletsoe. Sena sohle re se rapella ha re re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.

19 Leha ho le joalo, thapelong ea hae ea mohlala, Jesu o ile a bontša hore re ka rapella le lintho tseo ka bomong re li hlokang. Lintlha tsena tsa thapelo eo a ileng a e ruta, re tla li tšohla sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Bona khaolo ea 6 ea buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Tlhahlobo

• Ke hobane’ng ha ho loketse hore re bitse Jehova “Ntat’a rōna”?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re rapelle hore lebitso la Jehova le halaletsoe?

• Ke hobane’ng ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle?

• Re bolela’ng ha re rapella hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho ne ho e-na le phapang e khōlō pakeng tsa lithapelo tsa Jesu le lithapelo tsa Bafarisi tse neng li etsoa ka makōkō

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bakreste ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle, hore lebitso la hae le halaletsoe le hore thato ea hae e etsoe