Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Sebetsana ka Katleho le ho ba le Khoao

U ka Sebetsana ka Katleho le ho ba le Khoao

U ka Sebetsana ka Katleho le ho ba le Khoao

“KA SEBELE!” “Joang kapa joang!” “Ha ke re le ho re fa!” Ha ho pelaelo hore u kile ua utloa lipolelo tse tjena ka makhetlo a mangata. Leha ho le joalo, bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, ha ho na lintho tse ngata tseo re ka kholisehang ka tsona. Bophelo ha boa tsitsa hoo khafetsa re ipotsang hore na ebe ho na le ntho leha e le efe eo re ka kholisehang ka eona ka hohle-hohle. Ho belaela le ho ba le khoao ho bonahala e le karolo ea bophelo.

Ke ho utloahalang hore batho ba bangata ba lakatsa hore bona le malapa a bona ba sireletsehe ba be ba thabe. Ba sebetsa ka thata hore ba fumane lintho tseo ba lumelang hore li tla ba thabisa le ho ba sireletsa—hangata lintho tsena ke chelete le maruo. Leha ho le joalo, tšisinyeho ea lefatše, leholiotsoana, kotsi kapa tlōlo ea molao e etsoang ka mabifi, li ka senya maruo a joalo ka nako le motsotso. Ho kula haholo, tlhalo kapa ho hloka mosebetsi ho ka fetola bophelo ka ho panya ha leihlo. Ke ’nete hore lintho tse joalo li ka ’na tsa se ke tsa u etsahalla ka ho toba. Leha ho le joalo, ho tseba feela hore ho na le ntho e bohloko e ka etsahalang neng kapa neng hoa ferekanya ebile hoa tepelletsa. Empa ha ho felle moo.

Ho ba le khoao ho tšoana le ho belaela, ’me buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho belaela” e le “ho ba le khoao ka seo u se lumelang kapa ka maikutlo a itseng, hoo hangata ho kena-kenanang le ho etsa liqeto.” Ho feta moo, ho latela buka ea Managing Your Mind, “ho ba le khoao ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke lebaka le ka sehloohong la ho tšoenyeha le la ho ngongoreha.” Lipelaelo ha li sa rarolloa li ka tšoenya motho, tsa mo nyahamisa le ho mo halefisa. Ha ho pelaelo hore ho ngongoreha ka lintho tse ka ’nang tsa etsahala kapa tsa se ke tsa etsahala ho ka re lematsa kelellong le ’meleng.

Ka lebaka leo, batho ba bang ba nka boemo bo bong bo feteletseng. Ba tšoana le mocha enoa oa Brazil ea ileng a re: “Ke hobane’ng ha u ituba ka hore na ho tla etsahala’ng? Tsa kajeno ke tsa kajeno, tsa hosane ke tsa hosane.” Boikutlo bo joalo ba ho felloa ke tšepo, ba hore “a re jeng ’me re noeng” bo ka nyahamisa motho, ba mo tepelletsa maikutlo ba ba ba qetella bo mo bolaile. (1 Bakorinthe 15:32) Ho molemo haholo hore re retelehele ho ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, hobane Bibele e re “ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:17) Haeba re hlahloba Lentsoe la Molimo Bibele, le tla re eletsa le ho re tataisa ka bohlale hore na re ka sebetsana joang le lintho tse bakang khoao bophelong. Re ka boela ra thusoa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba e-na le khoao.

Lebaka la ho ba le Khoao

Ka Mangolong re fumana pono e nepahetseng ka bophelo e bile re thusoa ho ba le boikutlo bo loketseng ka ho ba le khoao le ka liphetoho. Le hoja motho a ka ’na a ikutloa a sireletsehile ka tsela e itseng ka lebaka la likamano tsa lelapa, maemo a hae sechabeng, bohlale, bophelo bo botle le lintho tse ling, Bibele e bontša hore re ke ke ra nka lintho habobebe kapa ra lebella ho ja “monakalali oa keboleloa” bophelong. Morena Solomone ea bohlale o itse: “Ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo.” Hobane’ng? “Hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Kahoo, Solomone o ile a lemosa tjena: “Feela joaloka litlhapi tse ntseng li tšoasoa ka letlooa le lebe, le joaloka linonyana tse ntseng li tšoasoa ka sefi, bara ba batho ba ntse ba tšoasoa joalo nakong ea tlokotsi, ha e ba oela holimo ka tšohanyetso.”—Moeklesia 9:11, 12.

Jesu Kreste o ile a boela a bua ka nako eo ka eona moloko oohle oa batho o neng o tla ba le matšoenyeho le khoao ka ho feteletseng. Ka ho hlakileng o ile a re: “Ho tla ba le lipontšo letsatsing le khoeling le linaleling, ’me lefatšeng lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ka lebaka la ho luma ha leoatle le ho tsukutleha ha lona, ha batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona; etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a bua tjena ka ntho e ’ngoe e khothatsang batho ba lipelo li tšepahalang kajeno: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:25, 26, 31) Ka ho tšoanang, ho e-na le ho tšoha ka lebaka la ho ba le khoao e itseng ka bokamoso, re na le tumelo ho Molimo e re thusang hore re se ke ra talima feela linthong tse bakang khoao empa re bone bokamoso bo babatsehang le bo sireletsehileng.

‘Ho ba le Kholiseho e Feletseng ea Tšepo’

Le hoja re ke ke ra kholiseha ka sohle seo re se utloang, seo re se balang, kapa seo re se bonang, re na le lebaka le utloahalang la ho tšepa ’Mōpi. Hase feela hore ke eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa empa hape ke Ntate ea lerato ea hlokomelang bana ba hae ba lefatšeng. Molimo o ile a bua tjena ka lentsoe la hae: “Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Jesu Kreste o rutile ’nete e tsoang ho Molimo, ’me ba bangata ba neng ba mo mamela ba ile ba e amohela ba kholisehile ba bile ba se na khoao. Ka mohlala, sehlopha sa Basamaria ba lipelo li tšepahalang se ile sa re ho mosali ea ileng a mamela Jesu pele ho bona: “Ha re sa lumela ka lebaka la puo ea hao; etsoe re ikutloetse ’me rea tseba hore monna enoa kannete-nete ke mopholosi oa lefatše.” (Johanne 4:42) Ka ho tšoanang le kajeno, ho sa tsotellehe ho phela linakong tsa ho se sireletsehe, ha ho hlokahale hore re be le khoao ea hore na re lumele eng.

Ha ho tluoa litabeng tsa litumelo tsa bolumeli, ba bangata ba na le maikutlo a hore re tlameha ho lumela feela ho e-na le ho leka ho utloisisa. Leha ho le joalo, mongoli oa Bibele Luka, o ne a sa lumellane le boikutlo boo. O ile a etsa patlisiso eaba o fana ka boitsebiso bo nepahetseng e le hore ba bang ba “ka tseba ka botlalo bonnete ba lintho tseo” a neng a li ngotse. (Luka 1:4) Kaha ba malapa abo rōna ba sa lumeleng seo re se lumelang hammoho le metsoalle ea rōna ba ka ’na ba tšoenngoa ke hore re tla qetella re feletsoe ke tšepo re bile re nyahame, ke habohlokoa hore re khone ho sireletsa tumelo ea rōna. (1 Petrose 3:15) Ke feela ha re tseba ka ho nepahetseng lebaka la seo re se lumelang re ka thusang ba bang ho tšepa Molimo. Bibele e hlalosa Jehova ka mantsoe ana: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4.

Hlokomela poleloana eo ea ho qetela e reng: “O lokile ’me o khabane.” Re na le bopaki bofe ba ho kholiseha ka see? Moapostola Petrose o ne a kholisehile ka ho feletseng ka taba ena. O ile a re ho molaoli e mong oa Moroma le ba ntlo ea hae: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Petrose o ile a bua mantsoe ana hobane a ne a sa tsoa bona kamoo letsoho la Molimo le neng le ile la sebetsa litaba kateng hore lelapa la Balichaba, bao pele ba neng ba talingoa ba sa hloeka ba bile ba sa amohelehe, le amohelehe ho Eena. Le rōna re ka kholiseha joaloka Petrose hore Molimo ha a leeme ebile o lokile ha re bona “bongata bo boholo” ba batho—bao hona joale ba fetang limilione tse tšeletseng—ba tsoang linaheng tse fetang 230 lefatšeng ka bophara ba tlohetseng tsela ea bona ea pele ea bophelo ’me ba tsamaea tseleng ea ho loka.—Tšenolo 7:9; Esaia 2:2-4.

Kaha re Bakreste ba ’nete, ha re batle ho ba ba chesehelang lintho ho tlōla tekano kapa ba tsitlellang maikutlong a bona, empa re batla ho ba ba ikokobelitseng le ba hlaphohetsoeng kelellong. Leha ho le joalo, ha re na khoao ka seo re se lumelang le hore na re lebeletse bokamoso bo joang. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo mantsoe ana: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong.” (Baheberu 6:11) Ka ho tšoanang, litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng li entse hore re be le “kholiseho e feletseng ea tšepo.” Joalokaha Pauluse a ile a boela a hlalosa, tšepo eo, e thehiloeng ka tieo Lentsoeng la Molimo, “ha e soetse.”—Baroma 5:5.

Ho feta moo, re kholisehile ka ho feletseng hore ho ruta batho ba bang litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng ho ka etsa hore ba kholisehe ka tieo ka kamano ea bona le Molimo, ’me hape ho ka etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile maikutlong le ’meleng. Re ka lumellana le Pauluse ha a re: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa le ka matla le ka moea o halalelang le kholiseho e matla.”—1 Bathesalonika 1:5.

Litlhohonolofatso Tsa Hona Joale Tšireletsong ea Moea

Le hoja re ke ke ra lebella ho sireletseha ka ho feletseng bophelong kajeno, ho na le lintho tseo re ka li etsang tse tla re thusa hore re phele bophelo bo batlang bo tsitsitse le bo sireletsehileng. Ka mohlala, ho kopanela kamehla le phutheho ea Bokreste libokeng ho tlisa tšireletso kaha moo re rutoa melao-motheo le litekanyetso tse lokileng le tse tšepahalang. Pauluse o ile a ngola tjena: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.” (1 Timothea 6:17) Ka ho ithuta ho tšepa Jehova eseng maruo kapa menyaka e fetang, ba bangata ba ’nile ba khona ho itokolla matšoenyehong le linthong tse nyahamisang tseo pele ba neng ba lokela ho li mamella.—Matheu 6:19-21.

Ka phuthehong, re boetse re thabela kameho e lerato ea bara ba motho, e leng se re thusang le ho re tšehetsa ka litsela tse ngata. Ka nako e ’ngoe, ha moapostola Pauluse a ne a le tšebeletsong ea hae le metsoalle ea hae eo a neng a tsamaea le eona, ba ile ba e-ba tlas’a “khatello e fetisisang” hoo ba neng ba “sa tiiseha esita le ka bophelo ba [bona].” Pauluse o ile a tšehetsoa le ho thusoa ke eng? Ke ’nete hore tšepo ea hae ho Molimo ha ea ka ea sisinyeha ho hang. Leha ho le joalo, o ile a khothatsoa le ho tšelisoa ke Bakreste-’moho le eena ba ileng ba mo thusa. (2 Bakorinthe 1:8, 9; 7:5-7) Kajeno, ha ho hlaha likoluoa tsa tlhaho kapa litlokotsi tse ling, nako le nako barab’abo rōna ba Bakreste ke bona ba pele ba phallelang ho ea thusa Bakreste-’moho le bona hammoho le batho ba bang ba hlokang thuso nameng le moeeng.

Tsela e ’ngoe e ka re thusang ho sebetsana le maemo a bakang khoao bophelong ke thapelo. Kamehla re ka retelehela ho Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo ha ho hlaha ntho e re hatellang re sa lebella. “Jehova e tla ba sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa mang kapa mang ea hateletsoeng, e be sebaka se phahameng sa tšireletso linakong tsa mahlomola.” (Pesaleme ea 9:9) Batsoali ba ka ’na ba hlōleha ho sireletsa bana ba bona. Leha ho le joalo, Molimo o ikemiselitse ho re thusa hore re sebetsane le lintho tse re tšosang hammoho le maikutlo a ho ba le khoao. Ha re lahlela matšoenyeho a rōna ho Jehova ka thapelo, re ka kholiseha hore ‘a ka etsa ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang.’—Baefese 3:20.

Na u retelehela ho Molimo ka thapelo khafetsa? Na u kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo tsa hao? Ngoananyana e mong oa São Paulo o itse: “’Mè o ile a mpolella hore ke lokela ho rapela Molimo. Empa potso eo ke ileng ka ipotsa eona ke hore, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho bua le motho eo ke sa mo tsebeng?’ Leha ho le joalo, Liproverbia 18:10 e ile ea nthusa hore ke utloisise hore re hloka thuso ea Molimo le hore re tlameha ho bua le eena ka thapelo.” Lengolo leo le re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” Bonneteng re ka sebeletsa ho tšepa Jehova le ho kholiseha ka eena joang haeba re sa itloaetse ho bua le eena khafetsa? E le hore re thabele litlhohonolofatso tsa ho sireletseha moeeng, re lokela ho itloaetsa hore letsatsi le leng le le leng re rapele ho tloha botebong ba pelo. Jesu o itse: “Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:36.

Ntho e ’ngoe eo re ka kholisehang ka eona ke tšepo eo re nang le eona ’Musong oa Molimo. Hlokomela mantsoe a ho Daniele 2:44 a reng: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Tšepo eo e na le motheo ebile ke ntho eo re ka kholisehang ka eona. Hangata litšepiso tsa batho li ea le moea, empa ka linako tsohle re ka tšepa lentsoe la Jehova. Ho e-na le ho ba ea sa tšepahaleng, Molimo o joaloka lefika la letonanahali leo re ka itšetlehang ka lona. Re ka ikutloa joaloka Davida, ea ileng a re: “Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena, ke thebe ea ka le lenaka la ka la poloko, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, le sebaka seo ke balehelang ho sona, Mopholosi oa ka; u mpholosa pefong.”—2 Samuele 22:3.

Buka ea Managing Your Mind eo ho buuoeng ka eona pejana, e ile ea tsoela pele ho re: “Ha motho a nahana haholo ka lintho tse mpe tse ka ’nang tsa etsahala, li bonahala e se e le lintho tsa sebele, ’me ho ba thata haholoanyane ho nahana hore na a ka sebetsana le tsona joang ka katleho.” Kahoo, joale ke hobane’ng re ka itumella hore re imeloe ke matšoenyeho le lipelaelo tsa lefatše? Ho e-na le ho etsa joalo, beha tšepo ea hao litšepisong tsa sebele tsa Molimo ho fapana le ho e beha linthong tse belaetsang tsa lefatše lena. Ka ho ba le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova tse sa hlōleheng ho phethahala, re kholiseha ka sena: “Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.”—Baroma 10:11.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore moloko oa batho o tla hlohonolofatsoa nakong e tlang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

“Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha”

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Litaba tse molemo tsa ’Muso li tlisetsa batho tšireletseho