Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ehude o Roba Joko ea Mohatelli

Ehude o Roba Joko ea Mohatelli

Ehude o Roba Joko ea Mohatelli

ENA ke pale ea ’nete e bontšang motho ea sebete le ea nang le maqiti a ntoa. E etsahetse lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng. Tlaleho ena ea Mangolo e qala ka mantsoe a reng: “Bara ba Iseraele ba qala ho etsa se sebe hape mahlong a Jehova. Eaba Jehova o tlohela Eglone morena oa Moabe hore a be matla khahlanong le Baiseraele, hobane ba ne ba entse se sebe mahlong a Jehova. Ho feta moo, a bokella bara ba Ammone le Amaleke khahlanong le bona. Joale ba ea ’me ba hlasela Baiseraele eaba ba hapa motse oa lifate tsa palema. Bara ba Iseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Eglone morena oa Moabe ka lilemo tse leshome le metso e robeli.”—Baahloli 3:12-14.

Moeli oa Bamoabe o thatika ka bochabela ho Nōka ea Jordane le Leoatle le Shoeleng. Empa ba ne ba se ba tšetse nōka eo ba bile ba lula Jeriko, “motse oa lifate tsa lipalema,” kahoo ba busa Baiseraele. (Deuteronoma 34:3) “Motho e motenya haholo,” ea bitsoang Eglone morena oa Bamoabe, o ne a ile a qobella Baiseraele ho lefa sethabathaba se boima le se tlotlollang ka lilemo tse ka bang mashome a mabeli. (Baahloli 3:17) Empa tsela eo a neng a batla sethabathaba seo ka eona, e ne e bulela Baiseraele menyetla ea ho bolaea mohatelli eo.

Tlaleho eo e re: “Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso. Kahoo Jehova a ba hlahisetsa mopholosi, Ehude mora oa Gera, Mobenjamine, monna ea leqele. Ka mor’a nako bara ba Iseraele ba romela sethabathaba ka letsoho la hae ho Eglone morena oa Moabe.” (Baahloli 3:15) E tlameha ebe Jehova o ile a tiisa hore Ehude o khetheloa ho isa sethabathaba seo. Ha hoa tlalehoa hore na o ne a kile a phetha mosebetsi oo kapa che. Leha ho le joalo, tsela e hlokolosi eo ka eona Ehude a ileng a lokisetsa ho ba le seboka le Eglone le maqiti a ntoa ao a a sebelisitseng, ke lintho tse bontšang hore o ne a batla a tloaelane le ntlo ea borena ea Eglone le seo a neng a ka se lebella moo. Linthong tsena tsohle, hore ebe o ne a le leqele e bile habohlokoa.

Na e ne e le Sekooa Kapa Mohale?

Ka ho toba, lentsoe la Seheberu bakeng sa “ea leqele,” le bolela ‘ea koetsoeng, ea holofetseng, kapa ea tlamiloeng letsoho le letona. Na see se bolela hore Ehude e ne e le sekooa, mohlomong letsoho la hae le letona le sa haheha hantle? Hlokomela seo Bibele e se buang ka “banna ba khethiloeng ba makholo a supileng ba leqele” ba neng ba hlaha molokong oa Benjamine. Baahloli 20:16 e re: “E mong le e mong oa bona e ne e le ea tjeketjelang lejoe nthong e botenya ba moriri ’me o ne a sa fose.” Ho hlakile hore ba ne ba khethoa ka lebaka la boiphihlelo ba bona ntoeng. Ho latela litsebi tse ling tsa Bibele, ha ho thoe motho “ea leqele” ho buoa ka motho “ea sebelisang letsoho la leqele joaloka la ho ja,” ke hore motho ea sebelisang matsoho a hae ka bobeli.—Baahloli 3:15, The Douay Version.

Ha e le hantle, moloko oa Benjamine o ne o tumme ka banna ba oona ba leqele. Likronike tsa Pele 12:1, 2 e bua ka Babenjamine bao e neng e le “banna ba matla, bathusi ntoeng, ba hlometseng ka seqha, ba sebelisang matsoho a matona ’me ba sebelisa matsoho a matšehali ka majoe kapa ka metsu seqheng.” Ho latela buka e ’ngoe, batho ba ne ba ka ba le bokhoni bona “ka hore bana ba banyenyane ba tlangoe matsoho a matona—ka ‘ho mo tlama letsoho le letona’—o koetlisetsoa ho sebelisa letsoho la hae la leqele.” Hangata lira tsa Baiseraele li ne li koetlisetsoa ho loana le bahale ba sebelisang matsoho a matona. Kahoo, boholo ba lintho tseo oa lireng a neng a li koetliselitsoe e ne e tla tsa lefeela haeba a ne a ka re tjoang! tjoang! le lesole le leqele.

“Lekunutu” Bakeng sa Morena

Bohato ba pele boo Ehude a ileng a bo nka ke ba ho “iketsetsa sabole”—sabole e sehang ka nģ’a tse peli e neng e le khutšoane ka ho lekaneng hoo e neng e ka pateha ha a e khoaetse ka har’a liaparo tsa hae. E ka ’na eaba o ne a lebeletse hore ba tla hlahloba hore na o nkile eng. Hangata lisabole li ne li kenngoa ka lehlakoreng le letšehali la ’mele, moo batho ba neng ba sebelisa matsoho a matona ba neng ba ka e ntša ka potlako. Kaha Ehude o ne a le leqele, o ile a khoaela sebetsa sa hae “ka tlas’a seaparo sa hae holim’a serope se setona,” moo e neng e se hangata balebeli ba morena ba neng ba ka hlahloba hore na ho na le eng. Kahoo, ntle ho tšitiso, o ile “a hlahisa sethabathaba ho Eglone morena oa Moabe.”—Baahloli 3:16, 17.

Lintlha tsa liketsahalo tsa qalong tse etsahetseng lekhotleng la Eglone ha lia tlalehoa. Seo Bibele e se buang feela ke hore: “Eitse ha [Ehude] a qetile ho hlahisa sethabathaba, hang-hang a re batho ba tsamaee, bajari ba sethabathaba.” (Baahloli 3:18) Ehude o ile a hlahisa sethabathaba, a felehetsa bajari ba sethabathaba ho fihlela ba le thōkoana le moo Eglone a neng a lula teng, eaba o khutlela ha Eglone ka mor’a ho ba fonanisa. Hobane’ng? Na banna baa ba ne ba tsamaea le eena bakeng sa tšireletso, kapa e ne e le feela tsela e hlomphehang ea boitšoaro, kapa che mohlomong ba ne ba itsamaela le eena feela hobane e ne e le bajari ba sethabathaba? Kapa na o ne a batla hore ba tsamaee pele a phetha morero oa hae e le hore ba tle ba se ke ba qaphaletsoa ke mali? Hore na o ne a nahanne eng, Ehude o ile a beta pelo a khutlela ha Eglone a le mong.

“[Ehude] a khutla likoaring tsa Gilgale, eaba o re: ‘Ke na le lekunutu bakeng sa hao, morena.’” Hore na o khonne joang ho boela a kena moo Eglone a neng a le teng, ha hoa hlalosoa ka Mangolong. Na balebeli ba ne ba sa lokela ho mo belaella? Ebe ba ile ba nahana hore Moiseraele a le mong o ne a ke ke a ntša morena oa bona kotsi? Na ba ile ba nahana hore kaha Ehude o ne a tlile a le mong o ne a tlil’o tsoa batho ba habo tlaase? Ho sa tsotelle hore na ho ile ha etsahala eng, Ehude o ile a batla ho bua le morena eo lekunutung, ’me o ile a fumana monyetla oo.—Baahloli 3:19.

Tlaleho e bululetsoeng e tsoela pele ho re: “Ehude a tla ho eena [Eglone] ha a ntse a lutse ka kamoreng ea hae e marulelong e pholileng eo a neng a e-na le eona. Ehude a tsoela pele ho re: ‘Ke na le lentsoe la Molimo bakeng sa hao.’” Ehude o ne a sa bue ka molaetsa o tsoang ho Molimo o fetisoang ka molomo. Ehude o ne a nahanne ka ho sebelisa sabole ea hae. E ka ’na eaba morena eo o ile a “phahama teroneng ea hae” hobane a ne a lebeletse ho utloa molaetsa o itseng o neng o tsoa ho molimo oa hae ea bitsoang Kemoshe. Ka ho panya ha leihlo, Ehude a be a se a tsomutse sebetsa sa hae, eaba o hlaba Eglone mpeng. Ho hlakile hore sabole eo e ne e se na tšepe e arolang mofeng le lehare. Kahoo, “mofeng le oona oa ’na oa kenella hare ka mor’a lehare hoo mafura a ileng a koahela lehare, . . . ’me mantle a qala ho tsoa,” mohlomong a ne a tsoa leqebeng leo kapa a ntšoa ke hobane mala a Eglone a ile a hlepha hoo a neng a sa khone ho ithiba.—Baahloli 3:20-22.

Ho Phonyoha Habonolo Feela

Ka ntle le ho senya nako, a ntse a re o sa ntša sabole ea hae, “Ehude a tsoa ka lesoba le kenyang moea, empa a koala mamati a kamore e marulelong ’me a a notlela. A tsoa. Bahlanka ba [Eglone] ba tla ’me ba qala ho talima, mamati a kamore e marulelong a ne a notletsoe. Kahoo ba re: ‘O ntse a ithusa ka kamoreng e ka hare e pholileng.’”—Baahloli 3:23, 24.

“Lesoba le kenyang moea” leo Ehude a ileng a tsoa ka lona ke lefe? Buka e ’ngoe e re: “Tlhaloso e tobileng ea [lentsoe leo la Seheberu] ha e tsejoe,” empa “ho entsoe litlhahiso tsa hore e ka ’na eaba e ne e le ‘mathule,’ ‘monyako o monyenyane o eang ho o moholo.’” Na Ehude o ile a notlela menyako e ka hare eaba o tsoa ka tsela e ’ngoe? Kapa na o ile a notlela menyako e kantle ka senotlolo seo a neng a se nkile ho morena ea shoeleng? Kapa na o ile a feta balebeli a itsamaela hantle joalokaha eka ho ne ho sa etsahala letho? Mangolo ha a re letho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na Ehude o ile a sebelisa mokhoa ofe, ha ea ka eare hang feela ha bahlanka ba Eglone ba fumana mamati a notletsoe ba hla ba belaela. Ba ile ba nahana feela hore morena “o ntse a ithusa.”

Eitse ha bahlanka ba morena ba ntse ba rabaraba, Ehude a phonyoha. Eaba o bitsa banna ba habo ’me o re ho bona: “Ntateleng, hobane Jehova o nehelane ka lira tsa lōna, Bamoabe, matsohong a lōna.” Ka ho hapa maliboho a botleng a Jordane, banna ba Ehude ba ile ba thibella Bamoabe ba neng ba se na moeta-pele ha ba balehela naheng ea habo bona. Kahoo, “nakong eo [Baiseraele] ba qala ho bolaea Bamoabe, banna ba ka bang likete tse leshome, e mong le e mong ea matla le e mong le e mong ea sebete; ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha. Bamoabe ba hlōloa letsatsing leo tlas’a matsoho a Baiseraele; ’me naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a robeli.”—Baahloli 3:25-30.

Lithuto Tseo re ka Ithutang Tsona

Se etsahetseng mehleng ea Ehude se re ruta hore ho na le liphello tse babang tse tlisoang ke ha re etsa se sebe mahlong a Jehova. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o thusa ba khutlelang ho eena ka ho baka.

Merero ea Ehude ha ea atleha hobane a ne a le bohlale ka tsela leha e le efe, ebile hase hobane sera sa hae se ne se se na matla. Ha hoa itšetleha ka boemo ba motho hore merero ea Molimo e phethahale. Lebaka le leholo le entseng hore Ehude a atlehe ke hobane o ne a thusoa ke Molimo kaha o ne a etsa se tumellanong le thato ea Molimo e sa hlōloeng ea ho lokolla batho ba Hae. Molimo o ile a hlahisa Ehude, “ha Jehova a ne a . . . hlahisetsa [batho ba hae] baahloli, Jehova o ne a e-ba le moahloli eo.”—Baahloli 2:18; 3:15.