Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khotso ea Westphalia e Ile ea Tlisa Phetoho ea Bohlokoa Europe

Khotso ea Westphalia e Ile ea Tlisa Phetoho ea Bohlokoa Europe

Khotso ea Westphalia e Ile ea Tlisa Phetoho ea Bohlokoa Europe

“HORE ebe baemeli ba ka sehloohong ba bangata hakana ba Linaha Tsa Europe ba bokane mona hammoho kajeno ke ketsahalo e sa tloaelehang e le kannete.” Ao ke mantsoe a builoeng ke Roman Herzog, mopresidente oa mehleng oa Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane ka October 1998. Ha a ne a bua mantsoe ao, o ne a mametsoe ke marena a mane, mafumahali a mane, likhosana tse peli, ’musisi ea phahameng a le mong le bapresidente ba sehlotšoana. Ketsahalo eo, e neng e tšehelitsoe ke Lekhotla la Europe, e ne e le ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lilemong tse 50 tsa histori ea naha ea Jeremane ea kajeno. Ke ketsahalo efe?

Khoeli ea October 1998 e ne e le ea mokete oa ho ikhopotsa Selekane sa Khotso ea Westphalia se neng se qeta lilemo tse 350 se tekennoe. Hangata litumellano tsa khotso ke liqeto tsa bohlokoa tse amang histori haholo, tabeng ena Selekane sa Khotso ea Westphalia e bile ntho e khethehileng. Ho tekenoa ha tumellano ena ka 1648 ho ile ha felisa Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, ha ba ha hlahisa k’honthinente ea Europe e ncha ea linaha tse ipusang.

Tsamaiso ea Khale ea Qholotsoa

Mehleng e Bohareng mekhatlo e neng e le matla ka ho fetisisa Europe e ne e le Kereke ea Roma e K’hatholike le ’Muso o Halalelang oa Roma. ’Muso oo o ne o entsoe ka linaha tse ngata tse sa lekaneng ka boholo ’me o ne o akaretsa libaka tseo hona joale e leng Austria, Rephaboliki ea Czech, Fora bochabela, Jeremane, Switzerland, Linaha Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea le likarolo tse ling tsa Italy. Kaha libaka tsa Jeremane e ne e hlile e le tsona nkokonono ’musong ona, o ile oa ba oa bitsoa ’Muso o Halalelang oa Roma oa Sechaba sa Majeremane. Naha ka ’ngoe e ne e busoa ke ’musisi oa eona ea neng a se na matla a feletseng. Moemphera eena e ne e le Moroma oa K’hatholike oa lelapa la Habsburg la Austria. Ka lebaka leo, kaha ho ne ho busa bo-mopapa le baemphera, Europe e ne e laoloa ka ho feletseng ke Roma e K’hatholike.

Leha ho le joalo, lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo, tsamaiso eo e ile ea qholotsoa. Europe eohle, batho ba ne ba korotla ka boitšoaro bo feteletseng ba Kereke ea Roma e K’hatholike. Bo-raliphetoho ba bolumeli ba kang Martin Luther le John Calvin ba ile ba buella hore ho boele ho khutleloe litekanyetsong tsa Bibele. Luther le Calvin ba ile ba tšehetsoa ka mahohle, ’me ka lebaka la bohato bona, ho ile ha hlaha malumeli a Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike le a Boprostanta. Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike e ile ea arola ’muso ona likoto tse tharo tsa bolumeli—Bok’hatholike, Bolutere le Bocalvine.

Mak’hatholike a ne a sa tšepe Maprostanta, ha Maprostanta ’ona a ne a khesa lira tsa ’ona tsa Mak’hatholike. Boemo bona bo ile ba etsa hore ho qaloe Mokhatlo oa Kopano ea Maprostanta le Selekane sa Mak’hatholike mathoasong a lekholo la bo17 la lilemo. Likhosana tse ling tsa ’muso ona li ile tsa kenela mokhatlo oa Kopano, ha tse ling tsona li ile tsa kenela oa Selekane. Batho ba Europe—haholo-holo ’musong—ba ne ba belaellana hoo ho neng ho hlokahala tlhasenyana feela e ka qholotsang ntoa. Qetellong ha tlhasenyana eo e hlaha, ho ile ha qhoma ntoa e ileng ea nka lilemo tse 30.

Tlhase e Bolaeang e Chesa Europe

Baeta-pele ba Maprostanta ba ile ba leka ho susumetsa Mak’hatholike a lelapa la Habsburg ho lumella batho hore ba be le tokoloho e khōloanyane ea borapeli. Empa ba ile ba lumelloa ka letheketheke, ’me ka 1617-18, likereke tse peli tsa Lutere tse neng li le Bohemia (Rephaboliking ea Maczech) li ile tsa koaloa ka sheshe. Ke moo Maprostanta a ileng a qala ho hlokela Mak’hatholike tlhompho, eaba a itšohlometsa ntlong ea borena e Prague, a tšoara Mak’hatholike a mararo a hlomphehang, a a tjeba ka fensetere ea mokato o holimo. Ketso ena e bile eona tlhase e ileng ea chesa Europe.

Le hoja malumeli ana a neng a hanyetsana a ne a ipolela hore ke balateli ba Khosana ea Khotso, Jesu Kreste, joale a ne a ntšana bothaka. (Esaia 9:6) Ntoeng ea White Mountain, Selekane sa Mak’hatholike se ile sa ruthutha Kopano ea Maprostanta hampe hoo Kopano eo e ileng ea aroha likoto. Banna ba phahameng ba Maprostanta ba ile ba bolaeloa ’marakeng oa Prague. Hohle Bohemia, Maprostanta a neng a hana ho latola tumelo ea ’ona a ne a amohuoa thepa ka mahahapa, ebe e abeloa Mak’hatholike. Buka ea 1648—Krieg und Frieden in Europa (1648—Ntoa le Khotso Europe) ha e hlalosa ho amohuoa thepa ka mahahapa hona e re: “Ha ho nako eo ka eona batho ba kileng ba nkeloa thepa ka mahahapa hakana Europe e bohareng eba e fuoa batho ba bang.”

Se qalileng e le khohlano ea bolumeli Bohemia se ile sa hloa mekoalaba, ea e-ba ntoa ea mebuso ea lipolotiki e neng e iketa e batla ho phahamela linaha tse ling. Lilemong tse 30 tse latelang, Denmark, Fora, Netherlands, Spain le Sweden li ile tsa kopanela ntoeng. Ka bolotsana babusi ba Mak’hatholike le ba Maprostanta, ba ile ba tsekisana litulo tse phahameng lipolotiking ba ba ba batla leruo ka khoebo ea bolotsana, hangata ba susumetsoa ke meharo le ho batla maemo. Ntoa ena ea Lilemo Tse Mashome a Mararo e ’nile ea aroloa ka mekhahlelo, kaofela ha eona e ne e rehelloa ka bahanyetsi ba ka sehloohong ba moemphera. Libuka tse ’maloa li bua ka mekhahlelo eo e mene: Ntoa ea Bohemia le ’Muso o Halalelang oa Roma, Ntoa ea Denmark le Saxony-Mabalane, Ntoa ea Masweden le Ntoa ea Mafora le Masweden. Lintoa tsena boholo li ne li loaneloa libakeng tsa ’Muso o Halalelang oa Roma.

Libetsa tsa mehleng eo li ne li akaretsa lipistolo, lithunya tse khōlō tse jaroang ka lehetla, likanono tse nyenyane le tse khōlō, Sweden e le eona e ka sehloohong e fepelang libetsa. Mak’hatholike le Maprostanta a ne a khile ka nko ntoeng. Masole a ne a e-ea ntoeng a ntse a hoeletsa a re “Santa Maria” kapa a re “Molimo o na le rōna.” Ha mabotho a ntoa a ntse a haola le libaka tsa Jeremane a ne a tlatlapa le ho hapa thepa eohle eo a neng a e fumana, a tšoara ba lireng le baahi joaloka liphoofolo. Ntoa eo e ile ea qetella e bile sehlōhō ka mokhoa o tšosang. Seo se fapane hakaakang le boprofeta ba Bibele bo reng: “Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa”!—Mikea 4:3.

Moloko oa Majeremane o hōtse o sa tsebe letho haese ntoa, ’me batho ba bangata ba ne ba khathetse ba ipatlela khotso feela. Ho hlakile hore ho ne ho tla ’ne ho be le khotso haeba baeta-pele ba lipolotiki ba ne ba sa hohlane ka lintho tseo ba li laba-labelang. Ntoa ena ha ea ka ea hlola e sa ba e pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta empa e ile ea qetella e se e le ea mebuso ea lipolotiki. Mohlolo oa taba ke hore, mohlohlelletsi oa phetoho ena e ne e le motho ea phahameng haholo oa Kereke e K’hatholike.

Mok’hadinale Richelieu o Tiisa Matla a Hae

Ka molao Armand-Jean du Plessis o ne a fuoe tlotla ea ho ba Mok’hadinale de Richelieu. O ile a boela a khetheloa ho ba tona-khōlō ea Fora ho tloha ka 1624 ho ea ho 1642. Richelieu o ne a batla ho etsa hore Fora e be ’muso o matla ka ho fetisisa Europe. Hore a finyelle seo, o ile a leka ho qeta matla a Mak’hatholike a habo, a lelapa la Habsburg. O ile a etsa see joang? Ka hore a ntše lichelete tsa ho thusa mabotho a Maprostanta a libakeng tsa Jeremane, Denmark, Netherlands le Sweden, tseo kaofela ha tsona li neng li loantša lelapa la Habsburg.

Ka 1635, Richelieu o ile a romela mabotho a Fora ntoeng ka lekhetlo la pele. Buka ea vivat pax—Es lebe der Friede! (Khotso e ke e Hlole ka Nako e Telele!) e hlalosa hore mokhahlelong oa ho qetela, “Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo ha ea ka ea hlola e sa ba khohlano ea mekhatlo ea bolumeli. . . . Ntoa ena e ile ea e-ba eo ho eona [mekha ea] lipolotiki e neng e iketela bophahamo Europe.” Se qalileng e le khohlano pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta se ile sa qetella e le ntoa eo Mak’hatholike a neng a thusetsa Maprostanta ho loantša Mak’hatholike a mang. Selekane sa Mak’hatholike, se neng se se se ntse se qetiloe matla mathoasong a bo-1630, se ile sa qhaloa ka 1635.

Seboka sa Khotso Westphalia

Lintho tse neng li sentse Europe ke ho haptjoa ha thepa, lipolao, lipeto le mafu. Butle-butle, batho ba ile ba laba-labela khotso haholoanyane ha ba elelloa hore ntoa eo ho ne ho se ea ka e hlōlang. Buka ea vivat pax—Es lebe der Friede! e re ho “elella bofelong ba bo-1630, likhosana tse ka sehloohong li ile tsa qetella li hlokometse hore sesole se ne se ke ke sa thusa hore li finyelle sepheo sa tsona.” Empa haeba batho bohle ba ne ba batla khotso, ba ne ba ka e fumana joang?

Moemphera Ferdinand III oa ’Muso o Halalelang oa Roma, Morena Louis XIII oa Fora le Mofumahali Christina oa Sweden ba ile ba lumellana hore ho lokela ho tšoaroe seboka seo ho sona mahlakore ’ohle a neng a tla lokela ho kopana le ho buisana ka litaba tse mabapi le ho finyella khotso. Ho ile ha khethoa libaka tse peli tseo ho neng ho tla tšoareloa lipuisano tsena ho tsona—toropong ea Osnabrück le ea Münster profensing ea Jeremane e bitsoang Westphalia. Li ile tsa khethoa hobane li ne li le bohareng ba metse-meholo ea Sweden le Fora. Ho tloha ka 1643, baemeli ba linaha ba ka bang 150—ba bang ba tsamaea le lihlopha tse khōlō tsa baeletsi—ba ile ba fihla litoropong tsena tse peli, baemeli ba Mak’hatholike ba bokana Münster, ha baemeli ba Maprostanta ba ile ba bokana Osnabrück.

Ntho ea pele, ho ile ha tekoa lintlha tse amanang le tlhophiso ea seboka, tse kang hore na moemeli ofe a bitsoe ka tlotla efe le hore na moemeli ofe ke eng sechabeng, le tsela eo ho neng ho tla luloa ka eona le tsamaiso ea seboka seo. Joale lipuisano tsa khotso li ile tsa qala ka hore litlhahiso li tlosoe sehlopheng se seng sa baemeli li isoe ho se seng ho sebelisoa bakena-lipakeng. Ka mor’a hoo e ka bang lilemo tse hlano—ntoa eona e ntse e tsoela pele—ho ile ha lumellanoa ka maemo ao tlas’a ’ona ho neng ho tla bōptjoa khotso. Selekane seo sa Westphalia se ne se e-na le litokomane tse ngata. Moemphera Ferdinand III o ile a tekena tumellano e ’ngoe le Sweden, e ’ngoe e ile ea tekenoa pakeng tsa moemphera eo le Fora.

Ha litaba tse mabapi le tumellano eo li phatlalla, batho ba ile ba qala ho keteka. Se qalileng e le tlhase e bolaeang se qetelletse ka litlelabore. Metseng e fapa-fapaneng li ne li tsekema sepakapakeng. Ho ile ha letsoa litšepe tsa likereke, likanono tsa khabola ho thoholetsa tumellano eo, ’me batho mapatlelong a metse ba ne ba e hlaba pina. Na joale Europe ho ne ho ka lebelloa khotso e sa feleng?

Na Khotso e sa Feleng ea Khoneha?

Selekane sa Westphalia se ne se buella ho hlompha molao-motheo oa linaha tse ipusang. Sena se ne se bolela hore lehlakore ka leng la selekane seo le ile la lumela hore le tla hlompha litokelo tse mabapi le meeli ea mahlakore a mang ’ohle le hore le ke ke la kena-kenana le litaba tsa lehae tsa naha e ’ngoe. Kahoo ho ile ha hlaha k’honthinente e ncha ea Europe e nang le linaha tse ipusang. Selekane sena se ile sa etsa hore linaha tse ling li rue molemo o moholoanyane ho feta tse ling.

Fora e ile ea khethoa hore ebe ’muso o moholo, ’me Netherlands le Switzerland tsa fumana tokoloho. Selekane sena, se ile sa bakela libaka tsa Jeremane mathata, tseo boholo ba tsona li neng li thefutsoe ke ntoa. Ka tsela e itseng, lichaba tse ling li ne li etsa qeto ea lintho tse neng li tla etsahala Jeremane. The New Encyclopædia Britannica e fana ka tlaleho ena: “Seo babusi ba Jeremane ba ileng ba se fumana le se ileng sa ba lahlehela, se ne se itšetlehile ka hore na mebuso e meholo: e leng Fora, Sweden le Austria e tla fumana molemo kapa che.” Ho e-na le hore linaha tsa Jeremane li ipōpe ngatana-’ngoe, li kopane ho ba sechaba se le seng, li ile tsa ’na tsa lula li arohane joaloka pele. Ho feta moo, libaka tse ling tsa Jeremane li ile tsa fuoa babusi ba linaha lisele hore ba li laole, joaloka libaka tse pel’a linōka tse khōlō tsa Jeremane—tse kang Rhine, Elbe le Oder.

Bolumeli ba Bok’hatholike, ba Bolutere le ba Bocalvine bo ile ba fuoa litokelo tse tšoanang. Hase bohle ba ileng ba thabisoa ke taba ena. Mopapa Innocent X o ne a sa tsamaisane le selekane seo ho hang, a bolela hore hase molaong ebile ha se na thuso. Leha ho le joalo, meeli ea bolumeli e neng e hlomamisitsoe e ile ea batla e lula e sa fetohe ka lilemo tse makholo a mararo. Le hoja tokoloho ea bolumeli bakeng sa motho ka mong e ne e e-s’o be teng, e ne e le haufi le ho ba teng.

Selekane sena se ile sa emisa Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, sa ba sa felisa lehloeo la eona. Ena e bile ntoa ea ho qetela e khōlō ea bolumeli Europe. Lintoa ha lia ka tsa fela, empa sesosa sa tsona ha ea ka ea hlola e sa ba bolumeli, empa e ile ea e-ba lipolotiki kapa khoebo. Sena hase bolele hore bolumeli bo ile ba felloa ke matla a ho hlohlelletsa lehloeo Europe. Ntoeng ea I le ea II ea Lefatše, masole a Jeremane a ne a iphasa ka mabanta a neng a e-na le tšepe e tšoanang e ngotsoeng: “Molimo o na le Rōna.” Liqhoebeshanong tseo tse nyarosang, Mak’hatholike le Maprostanta a ile a boela a ipōpa ngatana-’ngoe hore a loantše Mak’hatholike le Maprostanta a ka lehlakoreng la ba lireng.

Ho hlakile hore Selekane sa Westphalia ha sea ka sa tlisa khotso e sa feleng. Leha ho le joalo, haufinyane moloko oa batho o mamelang o tla thabela khotso e joalo. Jehova Molimo o tla tlisetsa moloko oa batho khotso e sa feleng a sebelisa ’Muso oa Bomesia oa Mora oa hae, Jesu Kreste. ’Musong oo, bolumeli bo le bong ba ’nete bo tla susumelletsa batho ho kopana eseng ho arohana. Ha ho motho ea tla ea ntoeng ka lebaka leha e le lefe, la bolumeli kapa leha e le lefe le leng. E tla ba ho imollang hakaakang ha ’Muso oo o nka marapo ’ohle lefatšeng, ebile “ho ke ke ha e-ba le bofelo [ba] khotso.”—Esaia 9:6, 7.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Se qalileng e le khohlano ea Mak’hatholike le Maprostanta se ile sa qetella e le ntoa eo Mak’hatholike a neng a thusetsa Maprostanta ho loantša Mak’hatholike a mang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Masole a ne a e-ea ntoeng a ntse a hoeletsa a re “Santa Maria” kapa a re “Molimo o na le rōna”

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Cardinal Richelieu

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Setšoantšo sa lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo se bontša Luther, Calvin le mopapa ba loana

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

From the book Spamers Illustrierte Weltgeschichte VI

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

Religious leaders struggling: From the book Wider die Pfaffenherrschaft; map: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck