Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li Ketekoa Joang?

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li Ketekoa Joang?

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li Ketekoa Joang?

MOAPOSTOLA oa Mokreste Pauluse o qaqisa taba ea ho ketekoa ha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, ha a ngola, a re: “Ke ile ka amohela ho Morena seo le ’na ke ileng ka nehelana ka sona ho lōna, hore Morena Jesu ka bosiu boo ho neng ho tla nehelanoa ka eena o ile a nka bohobe ’me, ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola ’me a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’ Hape a etsa ka ho tšoanang mabapi le senoelo, ka mor’a ho ja lijo tsa shoalane, a re: ‘Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka. Le ’ne le etse sena, nako le nako ha le se noa, ho nkhopola.’ Etsoe nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.”—1 Bakorinthe 11:23-26.

Joalokaha Pauluse a bolela, Jesu o ile a qalisa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ‘ka bosiu boo [Judase] a neng a tla nehelana ka [Jesu]’ ho baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ileng ba hatella Baroma hore ba khokhothele Kreste. Lijo tseo li ile tsa jeoa hamorao ka shoalane ka Labone la la 31 March, 33 C.E. Jesu o ile a shoela thupeng ea tlhokofatso ka Labohlano thapama, ka la 1 April. Kaha matsatsi a almanaka ea Sejuda a ne a qala ka shoalane ea letsatsi le leng a fela ka shoalane ea letsatsi le latelang, Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le lefu la Jesu Kreste li etsahetse ka letsatsi le le leng—ka la 14 Nisane, 33 C.E.

Ba jang bohobe le veine ba ne ba lokela hore ba ‘’ne ba etse sena’ ho hopola Jesu. Ho ea ka phetolelo e ’ngoe, Jesu o ile a re: “Etsang sena hore le nkhopole ka sona.” (1 Bakorinthe 11:24, The Jerusalem Bible) Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li boetse li bitsoa Sehopotso sa lefu la Kreste.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ikhopotsa Lefu la Jesu?

Karabo e ka fumanoa ka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lefu la Jesu e le la bohlokoa. Jesu o ile a shoa e le ea ka sehloohong ea phahamisang bobusi ba Jehova. Kahoo, o ile a bontša hore Satane o leshano ha a etsa qoso ea hore batho ba sebeletsa Molimo feela ka mabaka a boithati. (Jobo 2:1-5; Liproverbia 27:11) Ntho e ’ngoe eo Jesu a e entseng ka hore a shoe e le motho ea phethahetseng, ke “ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ha Adama a siteloa Molimo, o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae bo phethahetseng a ba a lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Empa “Molimo o ratile lefatše [e leng moloko oa batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ka sebele, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.

Kahoo, lefu la Jesu Kreste le amana le litsela tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tseo lerato le bontšitsoeng ka tsona—e leng lerato le leholo leo Jehova a ileng a le bontša moloko oa batho ha a fana ka Mora oa hae hammoho le lerato le nang le boitelo leo Jesu a ileng a le bontša moloko oa batho ka hore a ikhethele ho tela bophelo ba hae ba lefatšeng. Sehopotso sa lefu la Jesu se totobatsa litsela tsena tse peli tseo lerato le bontšitsoeng ka tsona. Kaha ke rōna ba bontšoang lerato lena, na ha rea lokela ho bontša teboho? Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang teboho ka eona ke ka ho ba teng moketeng oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.

Se Boleloang ke Bohobe le Veine

Jesu o ile a sebelisa bohobe le senoelo sa veine e khubelu e le litšoantšetso ha a ne a qalisa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. A nka bohobe, ’me “ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola ’me a re: ‘Sena [e leng bohobe] se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna.’” (1 Bakorinthe 11:24) Kaha e ne e le bohobe bo qhetsohang bo entsoeng ka phofo ea koro le metsi, bo se nang tomoso, bo ne bo lokela ho qhetsoloa pele e le hore bo ka ajoa le ho jeoa. Ka Mangolong, tomoso e tšoantšetsa sebe. (Matheu 16:11, 12; 1 Bakorinthe 5:6, 7) Jesu o ne a se na sebe. Kahoo, ’mele oa hae o phethahetseng oa nama o ile oa sebetsa e le sehlabelo se loketseng sa thekollo bakeng sa moloko oa batho. (1 Johanne 2:1, 2) Ho loketse hakaakang hore ebe bohobe bo ileng ba sebelisetsoa ho emela ’mele oa Kreste oa nama e ne e le bo sa lomosoang!

Jesu o ile a rapella le senoelo sa veine e khubelu e sa tsoakoang a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka.” (1 Bakorinthe 11:25) Veine e khubelu e ka senoelong e emela mali a Jesu. Feela joalokaha ka 1513 B.C.E. mali a lipoho le liphoko tse ileng tsa etsoa sehlabelo a ile a tiisa selekane sa Molao pakeng tsa Molimo le sechaba sa Iseraele, mali a Jesu a tšolotsoeng lefung, a ile a tiisa selekane se secha.

Ke Bo-mang ba Lokelang ho Ja?

E le hore re tsebe hore na ke bo-mang bao ho loketseng hore ba je litšoantšetso tsa Sehopotso, ho hlokahala hore re utloisise hore na selekane se secha se sebetsa eng le hore na litho tsa sona ke bo-mang. Bibele e re: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla hlaba selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda . . . Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka. . . . Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.’”—Jeremia 31:31-34.

Selekane sena se secha se bula monyetla oa kamano e khethehileng le Jehova Molimo. Ka selekane sena, sehlopha se itseng sa batho e ba batho ba hae ’me eena e be Molimo oa bona. Molao oa Jehova o ngotsoe ka hare ho bona, ka lipelong tsa bona, esita le batho bao eseng Bajuda ba bolotseng ba ka kena kamanong ea selekane sena se secha le Molimo. (Baroma 2:29) Mongoli oa Bibele Luka o ngola ka morero oa Molimo oa ho ‘lebisa tlhokomelo ea Hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.’ (Liketso 15:14) Ho latela 1 Petrose 2:10, ‘ka nako e ’ngoe e ne e se sechaba, empa joale ke sechaba sa Molimo.’ Mangolo ha a bua ka bona a ba bitsa “Iseraele ea Molimo,” ke hore, Iseraele ea moea. (Bagalata 6:16; 2 Bakorinthe 1:21) Kahoo, selekane se secha, ke selekane pakeng tsa Jehova Molimo le Iseraele ea moea.

Bosiung ba ho qetela boo Jesu a neng a e-na le barutuoa ba hae ka bona, le eena ka boeena o ile a etsa selekane se seng le bona. O ile a re ho bona: “Ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:29) Selekane sena ke sa ’Muso. Batho ba sa phethahalang ba kentsoeng selekaneng sena sa ’Muso ba 144 000. Ha ba se ba tsoselitsoe leholimong, ba tla busa le Kreste e le marena le baprista. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4) Kahoo, batho ba selekaneng se secha le Jehova Molimo ba boetse ba selekaneng sa ’Muso le Jesu Kreste. Ke bona feela bao ho loketseng hore ba je litšoantšetso tsa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.

Batho ba nang le tokelo ea ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso ba tseba joang hore ba na le kamano e khethehileng le Molimo le hore ke majalefa-’moho le Kreste? Pauluse oa hlalosa: “Moea [o halalelang] o paka le moea oa rōna [e leng, boikutlo ba rōna ba kelello] hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.”—Baroma 8:16, 17.

Molimo o tlotsa majalefa-’moho le Kreste ka moea oa hae o halalelang, kapa matla a hae a sebetsang. Sena se ba kholisa hore ke majalefa a ’Muso. Se etsa hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba be le tšepo ea ho ea phela leholimong. Ba nka hore sohle seo Bibele e se buang ka bophelo ba leholimo, se tobisitsoe ho bona. Ho feta moo, ba ikemiselitse ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bophelo ba lefatšeng, ho akarelletsa ho tela ho phela lefatšeng le ho tela likamano tsohle tsa bona le batho ba bang. Le hoja Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba lemoha hore bophelo lefatšeng la Paradeise e tla ba bo babatsehang, ha ba na tšepo ea ho phela ho lona. (Luka 23:43) Hase ka lebaka la pono e fosahetseng ea bolumeli empa ke ka lebaka la moea oa Molimo o sebetsang ho bona hore ebe ba na le tšepo e sa fetoheng ea ho phela leholimong ’me ka lebaka leo ho nepahetse hore ba je litšoantšetso tsa Sehopotso.

Nka hore motho ha a tsebe hantle hore na o selekaneng se secha le selekaneng sa ’Muso. Ho thoe’ng haeba a boetse a se na bopaki ba moea oa Molimo ba hore ke mojalefa-’moho le Kreste? Joale, e ne e ka ba phoso hore a je litšoantšetso tsa Sehopotso. Ka sebele, Molimo a ke ke a thaba haeba ka boomo motho a iketsa eka ke e mong oa ba bitselitsoeng ho ba marena le baprista leholimong empa ho hlile ho se joalo.—Baroma 9:16; Tšenolo 22:5.

O Lokela ho Ketekoa Khafetsa Hakae?

Na lefu la Jesu le lokela ho hopoloa beke le beke kapa mohlomong letsatsi le letsatsi? Ha e le hantle, Kreste o ile a qalisa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena a ba a bolaoa ka leeme Letsatsing la Paseka. Paseka, e neng e tšoaroa hanngoe feela ka selemo, ka la 14 Nisane, e ne e le mokete oa sehopotso sa ho lokolloa ha Baiseraele botlamuoeng ba Egepeta. (Exoda 12:6, 14; Levitike 23:5) Kahoo, lefu la “Kreste paseka ea rōna” le lokela ho hopoloa hanngoe ka selemo, eseng beke le beke kapa letsatsi le letsatsi. (1 Bakorinthe 5:7) Ha Bakreste ba keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, ba latela mokhoa o tšoanang le oo Jesu a ileng a li qalisa ka oona.

Ebe joale ho boleloa’ng ka mantsoe aa a Pauluse a reng: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla”? (1 Bakorinthe 11:26) Temaneng ena Pauluse o ile a sebelisa lentsoe le bolelang “nako e ’ngoe le e ’ngoe eo ka eona,” kapa “neng le neng.” Kahoo, o ne a bolela hore neng le neng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ja litšoantšetso, ba ne ba tla be ba bolela hore ba lumela sehlabelong sa Jesu sa thekollo.

Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ikhopotsa lefu la Kreste “ho fihlela a fihla.” Mokete ona o ne o tla ’ne o ketekoe ho fihlela Jesu a fihla e le hore nakong ea ho ba teng ha hae a nkele balateli ba hae ba tlotsitsoeng leholimong ka ho ba tsosetsa bophelong ba moea. (1 Bathesalonika 4:14-17) Sena se lumellana le mantsoe ao Kreste a ileng a a bua ho baapostola ba 11 a reng: “Haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.”—Johanne 14:3.

Sehopotso ke sa Bohlokoa Hakae ho Uena?

Na ho hlokahala hore motho a je litšoantšetso tsa Sehopotso e le hore a rue molemo sehlabelong sa Jesu le hore a fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng? Che. Ha ho na letho ka Bibeleng le bolelang hore batho ba neng ba tšaba Molimo ba kang Noe, Abrahama, Sara, Isaka, Rebeka, Josefa, Moshe le Davida ba tla ke ba je litšoantšetso tsena ka mor’a ho tsosetsoa lefatšeng. Empa, bona le ba bang bohle ba lakatsang ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng, ba tla tlameha ho bontša tumelo ho Molimo, ho Kreste le tokisetsong ea Jehova ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu. (Johanne 3:36; 14:1) Le uena u ka fumana bophelo bo sa feleng ka hore u bontše tumelo e kang eo. Ho ba teng moketeng oa selemo le selemo oa lefu la Kreste ho tla u hopotsa sehlabelo seo se seholo ’me ho lokela ho tebisa tsela eo u se ananelang ka eona.

Moapostola Johanne o ile a totobatsa bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu ha a ne a re: “[Batlotsuoa-’moho le ’na,] ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng. Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:1, 2) Batlotsuoa ba ka bolela hore sehlabelo sa Jesu ke sekoahelo sa poelano sa libe tsa bona. Empa sehlabelo sena e boetse ke sa libe tsa lefatše lohle, se etsang hore moloko oa batho o mamelang o be le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng!

Na u tla ba teng ka la 4 April, 2004, ho ikhopotsa lefu la Jesu? Lipaki Tsa Jehova li tla tšoarela mokete ona libakeng tseo li kopanelang ho tsona lefatšeng lohle. Haeba u tla ba teng, u tla rua molemo ka ho mamela puo ea bohlokoa haholo ea Bibele. U tla hopotsoa hore na Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etselitse lintho tse khōlō hakae. Hape, u tla rua molemo moeeng ka hore u bokane le batho bao ka botebo ba hlomphang Molimo, ba hlomphang Kreste le sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Ketsahalo ena e ka ba ea hōlisa takatso ea hao ea ho ba motho eo Molimo a mo bontšang mosa o sa tšoanelang, o isang bophelong bo sa feleng. U se ke ua sitisoa ke letho. Tloo moketeng ona o amang maikutlo, o hlomphang le ho khahlisa Jehova Molimo, Ntat’a rōna oa leholimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lefu la Jesu le amana le litsela tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tseo lerato le bontšitsoeng ka tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Bohobe bo sa lomosoang le veine ke litšoantšetso tse loketseng tsa ’mele oa Jesu o se nang sebe le mali a hae a tšolotsoeng