Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Exoda

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Exoda

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Exoda

KE PALE ea ’nete ea ho lopolloa ha ba neng ba entsoe “makhoba tlas’a khatello.” (Exoda 1:13) E boetse ke tlaleho e susumetsang ea ho thehoa ha sechaba. Mehlolo e makatsang, molao o babatsehang le ho hahoa ha tabernakele ke likarolo tsa eona tse khahlisang. Ha e le hantle, sena ke seo buka ea Bibele ea Exoda e buang ka sona.

Exoda e ngotsoeng ke moprofeta oa Moheberu ea bitsoang Moshe, e tlaleha liphihlelo tsa Baiseraele ka nako e fetang lilemo tse 145—ho qala ka lefu la Josefa ka 1657 B.C.E. ho fihlela ha tabernakele e phethoa ka 1512 B.C.E. Leha ho le joalo, tlaleho ena hase pale feela tjee e sa reng letho. Ke karolo ea lentsoe la Molimo, kapa molaetsa oa hae o eang ho moloko oa batho. Ka lebaka leo, ‘ea phela ’me e fana ka matla.’ (Baheberu 4:12) Kahoo, ka sebele Exoda ke ea bohlokoa ho rōna.

“MOLIMO A UTLOA HO BOBOLA HA BONA”

(Exoda 1:1–4:31)

Litloholo tsa Jakobo tse lulang Egepeta li ata ka potlako hoo morena a laelang hore li sotloe ebe makhoba. Faro o bile o ntša taelo ea hore bana bohle ba bashemane ba Baiseraele ba bolaoe. Ea pholohang pheliso eo ke lesea le likhoeli li tharo, Moshe, eo ka molao a nkeloang ka lapeng e le mora oa morali oa Faro. Le hoja Moshe a hōlisetsoa ka lelapeng la borena, ha a le lilemo li 40, o thusetsa batho ba habo o bile o bolaea Moegepeta. (Liketso 7:23, 24) Ha a tlameha ho baleha, o ea Midiane. Ha a le moo oa nyala ebile e ba molisa. A le sehlahleng se tukang ka mohlolo, Jehova o laela Moshe hore a khutlele Egepeta ho ea etella Baiseraele pele ha ba tsoa bokhobeng. Arone, moholoane oa hae, o khethoa ho ba ’muelli oa hae.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

3:1—Jethro e ne e le moprista oa mofuta ofe? Linakong tsa bapatriareka hlooho ea lelapa e ne e e-ba moprista oa lelapa la hae. Ho hlakile hore Jethro e ne e le hlooho ea mopatriareka ea moloko oa Bamidiane. Kaha Bamidiane e ne e le litloholo tsa Abrahama ka Ketura, mohlomong ba ne ba tseba ka borapeli ba Jehova.—Genese 25:1, 2.

4:11—Ke ka kutloisiso efe Jehova a “etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng . . . kapa ea foufetseng”? Le hoja ka linako tse ling Jehova a ’nile a etsa hore batho ba foufale le hore ba se ke ba khona ho bua, hase eena ea bakang bokooa bo joalo maemong ’ohle. (Genese 19:11; Luka 1:20-22, 62-64) Lintho tsena li etsahala ka lebaka la sebe se futsitsoeng. (Jobo 14:4; Baroma 5:12) Leha ho le joalo, kaha Molimo o lumeletse boemo bona hore bo ’ne bo be teng, o ne a ka re ke eena ea “etsang” ea sa khoneng ho bua, ea sa utloeng litsebeng le ea foufetseng.

4:16—Moshe o ne a tla ba “joaloka Molimo ho” Arone joang? Moshe e ne e le moemeli oa Molimo. Kahoo, Moshe o ile a ba “joaloka Molimo” ho Arone, ea neng a bua e le moemeli oa Moshe.

Seo re Ithutang Sona:

1:7, 14. Jehova o ile a tšehetsa batho ba hae ha ba ne ba hatelletsoe Egepeta. O boloka Lipaki tsa hae tsa kajeno ka tsela e tšoanang, leha li talimane le mahloriso a sehlōhō.

1:17-21. Jehova o re hopola “bakeng sa se molemo.”—Nehemia 13:31.

3:7-10. Jehova o nka khato ha a utloa sello sa batho ba hae.

3:14. Joang kapa joang Jehova o phetha merero ea hae. Kahoo, re ka kholiseha hore o tla phethahatsa tšepo ea rōna e thehiloeng Bibeleng.

4:10, 13. Moshe o ile a bontša hore o ne a sa tšepe hore o ne a e-na le bokhoni ba ho bua hoo e itseng leha a kholisoa hore Molimo o tla mo tšehetsa, a ileng a kōpa Molimo hore a romele motho e mong ea neng a tla bua le Faro. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a sebelisa Moshe a ba a mo fa bohlale le matla a neng a hlokahala hore a phethe kabelo ea hae. Ho e-na le ho nahana ka mefokolo ea rōna, e se eka ka botšepehi re ka itšetleha ka Jehova ’me ra phetha mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho ruta.—Matheu 24:14; 28:19, 20.

MEHLOLO E MAKATSANG EA LOPOLLA

(Exoda 5:1–15:21)

Moshe le Arone ba ema ka pel’a Faro, ba kōpa hore a lumelle Baiseraele hore ba e’o etsetsa Jehova mokete lehoatateng. ’Musi oa Baegepeta o ba hanela ka ho tella hohle ho teng. Jehova o sebelisa Moshe hore a ba tlisetse likotlo tse matla tse latellanang. Ke feela ka mor’a kotlo ea leshome moo Faro a lumellang Baiseraele hore ba tsamaee. Leha ho le joalo, nakoana hamorao, Faro le lebotho la hae baa ba ngoanyapisa. Empa Jehova o bula mocha oa ho ba pholosa Leoatleng le Lefubelu o bile o sireletsa batho ba hae. Baegepeta ba ba ngoanyapisang ba khangoa ke metsi ha leoatle le ba koahela.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

6:3—Ke joang ho ka thoe’ng lebitso la Molimo le ne le e-s’o ka le tsebahatsoa ho Abrahama, Isaka le Jakobo? Bapatriareka bana ba sebelisitse lebitso la Molimo ba ba ba fumana lintho tseo Jehova a neng a ba tšepisitse tsona. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tsebe ebile ba sa hlokomele hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae.—Genese 12:1, 2; 15:7, 13-16; 26:24; 28:10-15.

7:1—Moshe o ile a etsoa “Molimo ho Faro” joang? Moshe o ne a filoe matla le bolaoli ba Molimo holim’a Faro. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore a tšabe morena eo.

7:22—Baprista ba Baegepeta ba ile ba fumana metsi a neng a e-s’o ka a fetoloa mali hokae? E ka ’na eaba ba sebelisitse metsi a neng a khiloe Nōkeng ea Nile pele kotlo eo e qala. Metsi a hloekileng a ne a ka ’na a fumanoa ka ho cheka liliba mobung o mongobo tikolohong e potolohileng Nōka ea Nile.—Exoda 7:24.

8:26, 27—Ke hobane’ng ha Moshe a ile a re mahlabelo a Baiseraele a ne a tla ba “manyala ho Baegepeta”? Liphoofolo tse ngata tse fapa-fapaneng li ne li rapeloa Egepeta. Kahoo, hore ebe o ile a bua ka mahlabelo, ho ile ha etsa hore ntlha eo Moshe a neng a e hatella ea hore Baiseraele ba lokolloe hore ba il’o etsetsa Jehova sehlabelo e be matla e be e susumetse haholoanyane.

12:29—Ke bo-mang ba neng ba nkoa e le matsibolo? Matsibolo e ne e le bana ba batona feela. (Numere 3:40-51) Faro eo ka boeena e neng e le letsibolo, ha aa ka a bolaoa. O ne a e-na le lelapa la hae. Hase lihlooho tsa malapa tse ileng tsa bolaoa ke kotlo ena ea leshome, empa ke bara ba matsibolo malapeng a bo bona.

12:40—Baiseraele ba ile ba lula naheng ea Egepeta ka nako e kae? Lilemo tse 430 tseo ho buuoang ka tsona mona li akarelletsa nako eo bara ba Iseraele ba e qetileng “naheng ea Egepeta le naheng ea Kanana.” (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Reference Bible) Abrahama o ile a tšela Nōka ea Eufrate ka 1943 B.C.E. a le lilemo li mashome a supileng a metso e mehlano a e-ea Kanana. (Genese 12:4) Ho tloha ka nako eo ho fihlela ha Jakobo a kena Egepeta a le lilemo li 130 e bile lilemo tse 215. (Genese 21:5; 25:26; 47:9) Sena se bolela hore ka mor’a moo Baiseraele ba ile ba qeta lilemo tse lekanang le tseo Egepeta, tse 215.

15:8—Na metsi a ileng a “hoama” a Leoatle le Lefubelu a ile a hla a fetoha leqhoa? Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “ho hoama” le bolela ho honyela kapa ho teteana. Ho Jobo 10:10, polelo ena e sebelisitsoe ho nahannoe ka lebese le tieang. Kahoo, metsi a hoammeng hase hakaalo hore a fana ka maikutlo a ho ba metsi a fetohileng leqhoa, qhoqhoane. Haeba “moea o matla oa bochabela” oo ho buuoeng ka oona ho Exoda 14:21 o ne o bata haholo hoo o neng o ka fetola metsi leqhoa, ha ho pelaelo hore boitsebiso bo joalo ba hore ho ile ha bata po! bo ka be bo ngotsoe. Kaha ha ho letho le bonahalang le neng le tšoere metsi ao, a ne a bonahala a hoamme kapa a tiile.

Seo re Ithutang Sona:

7:14–12:30. Likotlo Tse Leshome e ne e se lintho tse hlahileng ka tsietsi. Ho ne ho boletsoe esale pele ka tsona ’me tsa fela tsa etsahala kamoo li neng li boletsoe hore li tla etsahala kateng. Li bontša ka ho hlakileng hakaakang hore ’Mōpi o na le matla a ho laela metsi, mahlaseli a letsatsi, likokoanyana, liphoofolo le batho! Likotlo tsena li boetse li bontša hore Molimo a ka bakela lira tsa hae tlokotsi moo a sireletsang barapeli ba hae.

11:2; 12:36. Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae. Ho hlakile hore o ne a tiisa hore Baiseraele ba fuoa moputso bakeng sa mosebetsi oa bona Egepeta. Ha baa kena naheng eo e le batšoaruoa ba hapuoeng ntoeng ba lokelang ho etsoa makhoba, empa e ne e le batho ba lokolohileng.

14:30. Re ka kholiseha hore Jehova o tla lopolla barapeli ba hae nakong ea “matšoenyeho a maholo” a tlang.—Matheu 24:20-22; Tšenolo 7:9, 14.

JEHOVA O HLOPHISA SECHABA SA PUSO EA MOLIMO

(Exoda 15:22–40:38)

Baiseraele ba hloma liahelo mosikong oa Thaba ea Sinai khoeling ea boraro ka mor’a hore ba lokolloe Egepeta. Ha ba le moo ba fumana Litaelo Tse Leshome le melao e meng, ba etsa selekane le Jehova ba bile ba fetoha sechaba sa puso ea Molimo. Moshe o qeta matsatsi a 40 a le thabeng, o fuoa litaelo tse malebana le borapeli ba ’nete le ho hahoa ha tabernakele ea Jehova, e leng tempele e jaroang. Ka nako eo, Baiseraele ba iketsetsa namane ea khauta ebile baa e rapela. Ha Moshe a theoha thabeng, o bona ketsahalo ena, o bile o loloma ke bohale hoo a pshatlang matlapa a mabeli a betliloeng ao Molimo a neng a mo file ’ona. Ka mor’a hore baetsi ba bobe bona ba fuoe kotlo e ba lokelang, o boela a nyolohela thabeng ’me o fuoa matlapa a mang a mabeli. Ha Moshe a khutla, tabernakele e qala ho hahuoa. Ho elella bofelong ba selemo sa pele Baiseraele ba fumane tokoloho, tente ena e hlollang le mekhabiso eohle ea eona ea phethoa ebile e qala ho sebelisoa. Joale Jehova o tlatsa tente ena ka khanya ea hae.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

20:5—Ho tla joang hore ebe Jehova o tlisa “kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate” ho meloko e tlang? Ha motho a se a hōlile, o ahloloa ho latela boitšoaro le boikutlo ba hae. Empa ha sechaba sa Iseraele se ne se fetohela borapeling ba litšoantšo, meloko e neng e tla latela ea sechaba sena e ile ea latsoa liphello tse babang tsa bofetoheli boo. Esita le Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba utloa liphello tsa bona, kaha bohlakana-hloana ba sechaba sena ba lintho tsa bolumeli bo ile ba ba thatafaletsa ho lula ba tšepahala.

23:19; 34:26—Ke hobane’ng ha taelo e reng u se ke ua pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona e ne e le ea bohlokoa? Ho pheha potsanyane (pōli e sa tsoa tsoaloa kapa phoofolo e ’ngoe) ka lebese la ’m’a eona ho tlalehoa e ne e le moetlo oa bohetene oo ho neng ho nahanoa hore ka ho o phetha pula e ne e tla na. Ho feta moo, kaha lebese la ’mè le molemong oa ho fepa ngoana oa hae, ho pheha phoofotsoana e sa ntseng e anya ka lebese la ’m’a eona e ne e tla be e le bokhopo. Molao ona o ile oa thusa batho ba Molimo ho bona hore ba lokela ho ba ba qenehelang.

23:20-23—Lengeloi leo ho buuoang ka lona moo e ne e le mang, hona lebitso la Jehova le ne le “le ho lona” joang? Ho ka etsahala hore ebe lengeloi lena e ne e le Jesu pele e e-ba motho. O ne a tataisa Baiseraele ha ba e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. (1 Bakorinthe 10:1-4) Lebitso la Jehova ‘le ho eena’ ka kutloisiso ea hore Jesu ke eena ea ka sehloohong ea phahamisang le ho halaletsa lebitso la Ntat’ae.

32:1-8, 25-35—Ke hobane’ng ha Arone a sa ka a otloa ka lebaka la ho etsa namane ea khauta? Arone o ne a sa lumellane le borapeli ba litšoantšo. Ho hlakile hore hamorao o ile a ikopanya le Balevi ba bang hore a eme ka lehlakoreng la Molimo a ba a hanyetsa ba neng ba hanyetsa Moshe. Ka mor’a hore ba molato ba bolaoe, Moshe o ile a hopotsa batho hore ba ne ba entse sebe se seholo, a bontša hore Jehova ha aa ka a hauhela Arone feela, empa o ile a hauhela le batho ba bang.

33:11, 20—Ke joang Molimo a ileng a bua le Moshe “lifahleho li talimane”? Polelo ena e fana ka maikutlo a puisano ea batho ba babeli ba atamelaneng. Moshe o ile a bua le moemeli oa Molimo eaba o fumana litaelo tse tsoang ho Jehova ka molomo. Empa Moshe ha aa ka a bona Jehova, kaha ‘ha ho motho ea ka bonang Molimo ’me leha ho le joalo a phela.’ Ha e le hantle, hase Jehova ka boeena ea ileng a bua le Moshe. Bagalata 3:19 e re, Molao “o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng.”

Seo re Ithutang Sona:

15:25; 16:12. Jehova o hlokomela batho ba hae hantle.

18:21. Banna ba khethetsoeng ho ba maemong a hlokang motho ea nang le boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste le bona ba lokela ho ba le bokhoni, e be ba tšabang Molimo, ba ka tšeptjoang le ba se nang boithati.

20:1–23:33. Jehova ke Mofani e moholo oa Molao. Ha Baiseraele ba ne ba mamela melao ea hae, e ne e ba thusa ho mo rapela ka tsela e hlophisehileng le e thabisang. Kajeno, Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo. Ho tsamaisana le oona ho ka re thabisa le ho re sireletsa.

Kamoo Sena e Leng sa Bohlokoa ho Rōna Kateng

Buka ea Exoda e senola eng ka Jehova? E bua ka eena e le Mohlokomeli ea lerato, Molopolli ea se nang thaka le Mophethahatsi oa merero ea hae. Ke Molimo oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Hae.

Ha u ntse u bala ’malo oa hao oa Bibele oa beke le beke oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ha ho pelaelo hore seo u ithutang sona ho Exoda se tla u susumetsa ka ho tebileng. Ha u nahanisisa ka se boletsoeng karolong e reng “Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa,” u tla fumana temohisiso e khōloanyane ea litemana tse itseng tsa Mangolo. Lintlha tse hlahang karolong e reng “Seo re Ithutang Sona” li tla u bontša kamoo u ka ruang molemo kateng ’malong oa hao oa Bibele oa beke eo.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Jehova o ile a laela Moshe, monna ea ikokobelitseng hore a etelle Baiseraele pele ha ba tsoa bokhobeng

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 25]

Likotlo Tse Leshome li ile tsa bontša hore ’Mōpi o na le matla a ho laela metsi, mahlaseli a letsatsi, likokoanyana, liphoofolo le batho

[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]

Jehova o ile a sebelisa Moshe hore A hlophise Baiseraele hore e be sechaba sa puso ea Molimo