Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”

“U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”

“U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”

“U lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, . . . u etse mosebetsi oa moevangeli.”—2 TIMOTHEA 4:5.

1. Jesu o ile a fa balateli ba hae taelo efe?

LEFATŠENG lohle ho boleloa ka lebitso la Jehova le ka merero ea hae. Li boleloa hobane batho ba Molimo ba inehetseng ba nkile ka botebo taelo eo Jesu Kreste a ileng a e fa balateli ba hae ha a ne a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

2. Ke taelo efe e ileng ea fuoa molebeli ea bitsoang Timothea, ’me tsela e ’ngoe eo balebeli ba Bakreste ba ka phethang bosebeletsi ba bona ka eona ke efe?

2 Barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba nka taelo eo ka botebo. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a phehella molebeli-’moho le eena oa Mokreste, ea bitsoang Timothea, a re: “U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Timothea 4:5) Kajeno, tsela e ’ngoe eo molebeli a phethang bosebeletsi ba hae ka eona ke ka hore e be ’moleli oa ’Muso ea chesehang, ea kopanelang kamehla bosebeletsing bo etsoang tšimong. Ka mohlala, molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho o na le monyetla o motle oa ho etella pele mosebetsing oa boboleli le oa ho koetlisa ba bang. Pauluse o ile a phetha boikarabelo ba hae ba ho bolela litaba tse molemo, ’me o ile a thusa ba bang ka ho ba koetlisetsa bosebeletsi.—Liketso 20:20; 1 Bakorinthe 9:16, 17.

Baevangeli ba Chesehang ba Nakong e Fetileng

3, 4. Filipi o ile a ba le liphihlelo life mosebetsing oa hae oa boevangeli?

3 Bakreste ba pele ba ne ba tsejoa e le baevangeli ba chesehang. Nahana ka moevangeli Filipi. E ne e le e mong oa “banna ba supileng ba pakiloeng . . . ba tletseng moea le bohlale” ba ileng ba behoa hore ba abe lijo tsa letsatsi le letsatsi ntle ho khethollo har’a bahlolohali ba Bakreste ba neng ba le Jerusalema ba neng ba bua Segerike le ba neng ba bua Seheberu. (Liketso 6:1-6) Ha tšebeletso eo e khethehileng e khaotsa ’me bohle—ntle ho baapostola—ba hasana ka lebaka la mahloriso, Filipi o ile a ea Samaria. Ha a le moo, o ile a bolela litaba tse molemo ’me moea o halalelang o ile oa mo fa matla a ho leleka bademona le ho phekola batho ba holofetseng le ba shoeleng litho. Basamaria ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa ’Muso eaba baa kolobetsoa. Ha baapostola ba neng ba le Jerusalema ba utloa sena, ba ile ba romela moapostola Petrose le moapostola Johanne Samaria e le hore balumeli ba sa tsoa kolobetsoa ba ka amohela moea o halalelang.—Liketso 8:4-17.

4 Ka mor’a moo, moea oa Molimo o ile oa tataisa Filipi hore a kopane le leqhalaha la Ethiopia tseleng e eang Gaza. Ka mor’a hore Filipi a hlalose boprofeta ba Esaia ka tsela e qaqileng, “monna enoa ea neng a le pusong tlas’a Kandase mofumahali oa Baethiopia” o ile a lumela ho Jesu Kreste eaba oa kolobetsoa. (Liketso 8:26-38) Ha Filipi a tloha moo, o ile a ea Ashdode a nt’o leba Cesarea, ha a ntse a le tseleng o ne a “bolella metse eohle litaba tse molemo.” (Liketso 8:39, 40) Ka sebele o ile a beha mohlala o motle oa ho etsa mosebetsi oa moevangeli!

5. Barali ba bane ba Filipi ba ne ba hlile ba tsejoa ka eng?

5 Lilemo tse ka bang 20 hamorao, Filipi o ne a ntse a le mafolofolo bosebeletsing Cesarea. Ha Pauluse le Luka ba ne ba lula lelapeng la hae, o ne a “e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta.” (Liketso 21:8-10) Ka sebele ba ne ba koetlisitsoe hantle moeeng, ba chesehela bosebeletsi, ba bile ba thabela tokelo ea ho bua e le baprofeta. Cheseho eo batsoali ba nang le eona bakeng sa bosebeletsi e ka thusa bara le barali ba bona kajeno, ea ba susumelletsa hore pakane ea bona bophelong e be mosebetsi oa boevangeli o etsoang ka cheseho.

Baevangeli ba Chesehang ba Kajeno

6. Baevangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba atleha hakae?

6 Boprofeteng ba hae bo boholo bo buang ka mehla ea rōna le nako ea bofelo, Jesu Kreste o ile a re: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mareka 13:10) Bofelo bo ne bo tla tla ha litaba tse molemo li se li boletsoe “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Ha Pauluse le baevangeli ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ntse ba bolela litaba tse molemo, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli, ’me ha thehoa liphutheho libakeng tse ngata ’Musong ’ohle oa Roma. Baholo ba neng ba behiloe hore ba sebeletse liphuthehong tsena ba ne ba sebetsa le bara le baralib’abo bona mosebetsing ona oa ho bolela evangeli ’me ba ile ba atolosetsa mosebetsi oa boboleli hohle. Lentsoe la Jehova le ile la tsoela pele le hōla le ho hlōla matsatsing ao, joalokaha ho le joalo le kajeno ha Lipaki Tsa Jehova tse limilione li ntse li etsa mosebetsi oa baevangeli. (Liketso 19:20) Na u e mong oa barorisi bao ba thabileng ba Jehova?

7. Baboleli ba ’Muso ba etsa’ng kajeno?

7 Baboleli ba ’Muso ba bangata ba kajeno ba sebelisa menyetla e teng hore ba eketse seo ba se etsang mosebetsing ona oa ho bolela evangeli. Ba likete ba kenetse mosebetsi oa boromuoa, ’me ba makholo a likete ba kopanela mosebetsing oa boevangeli ba nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang. Ke mosebetsi o babatsehang hakaakang o etsoang ke banna, basali le bana ba sebetsang e le baboleli ba ’Muso ba chesehang! Ka sebele, batho bohle ba Jehova ba thabela tlhohonolofatso ea hae e khōlō ha ba ntse ba mo sebeletsa mahetla a bapile e le baevangeli ba Bakreste.—Sofonia 3:9.

8. Ke mosebetsi ofe oa ho tšoaea o ntseng o etsoa hona joale, ’me o etsoa ke bo-mang?

8 Molimo o file balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Mosebetsing ona oa ho bolela evangeli ba tšehelitsoe ke “linku tse ling” tsa Kreste tseo palo ea tsona e ntseng e eketseha. (Johanne 10:16) Ka puo ea boprofeta, mosebetsi ona oa ho pholosa bophelo o tšoantšoa le ho beha letšoao liphatleng tsa batho ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa. Ba khopo ba tla tloha ba timetsoa. Khabareng, ke tokelo e kaakang ho isetsa baahi ba lefatše linnete tse pholosang bophelo!—Ezekiele 9:4-6, 11.

9. Ba bacha ba ka thusoa joang bosebeletsing?

9 Haeba re ’nile ra kopanela mosebetsing ona oa ho bolela evangeli ka nako e itseng, ho ka etsahala hore ebe ho na le seo re ka se etsang ho thusa ba bacha ka phuthehong. Ka linako tse ling, re ka ba kōpa hore ba tsamaee le rōna bosebeletsing. Ba sebeletsang e le baholo ba khothalletsoa ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa balumeli-’moho le bona moeeng. Boiteko bo botle bo etsoang ke balebeli ba ikokobelitseng bo ka thusa haholo hore ba bang e be baevangeli ba chesehang le ba tšepahalang.—2 Petrose 1:5-8.

Ho Paka ka Ntlo le Ntlo

10. Kreste le balateli ba hae ba pele ba ile ba beha mohlala ofe bosebeletsing?

10 Jesu Kreste o ile a behela balateli ba hae mohlala o motle e le moevangeli. Tabeng ea bosebeletsi ba Kreste le baapostola ba hae, Lentsoe la Molimo le re: “A qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Ba leshome le metso e ’meli ba ne ba e-na le eena.” (Luka 8:1) Ho thoe’ng ka baapostola ka bobona? Ka mor’a hore ho tšolloe moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Liketso 5:42.

11. Ho ea ka Liketso 20:20, 21, moapostola Pauluse o ne a etsa’ng bosebeletsing?

11 Ka lebaka la mosebetsi oa hae o chesehang oa ho bolela evangeli, moapostola Pauluse o ne a ka re ho baholo ba Bakreste ba Efese: “Ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Ha Pauluse a ntse a ruta “ka ntlo le ntlo,” na o ne a etela malapa a barapeli-’moho le eena ba Jehova, a etsetsa balumeli maeto a bolisa? Che, hobane ha a tsoela pele o fana ka tlhaloso ena: “Ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” (Liketso 20:20, 21) Maemong a mangata, ba neng ba se ba inehetse ho Jehova ba ne ba sa tl’o hloka ho rutoa ka “pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” Pauluse o ile a koetlisa baholo ba Bakreste ba Efese bosebeletsing ba ntlo le ntlo ha a ntse a ruta ba sa lumelang ka pako le tumelo. Ha Pauluse a ne a etsa sena o ne a etsisa mokhoa o qapiloeng ke Jesu.

12, 13. Tumellanong le Bafilipi 1:7, ke eng eo batho ba Jehova ba e entseng mabapi le tokelo ea bona ea ho bolela?

12 Ho ka ba thata ho etsa bosebeletsi ka ntlo le ntlo. Ka mohlala, ba bang baa khopeha ha re tla malapeng a bona ka molaetsa oa Bibele. Sepheo sa rōna hase ho khopisa batho. Leha ho le joalo, bosebeletsi bo etsoang ka ntlo le ntlo bo lumelloa ke Mangolo, ’me ho rata Molimo le moahelani ho re susumelletsa ho paka ka tsela ena. (Mareka 12:28-31) Tokelo eo re nang le eona ea ho bolela ka ntlo le ntlo re ’nile ra e ‘sireletsa le ho e theha ka molao’ ka ho hlahlela linyeoe makhotleng, ho akarelletsa Lekhotleng le Phahameng la United States. (Bafilipi 1:7) Hoo e ka bang kamehla lekhotla leo le entse liqeto tse re emelang. Mohlala oa sebele ke kahlolo ena e latelang:

13 “Ho fa batho lipampitšana tsa bolumeli ke mokhoa oa khale oo baromuoa ba neng ba etsa boevangeli ka oona—o qalile ha ho qaptjoa mechine ea khatiso. Ka lilemo-lemo mekhatlo e sa tšoaneng ea bolumeli e ’nile ea o sebelisa ka matla a maholo. Mokhoa ona oa ho bolela evangeli o sebelisoa haholo kajeno ke malumeli a sa tšoaneng ao barekisi ba libuka tsa ’ona ba isang Kosepele malapeng a baloang ka likete, ba bileng ba etelang batho hore ba fumane basokolohi. . . . Sehlomathisong sa Pele sa [Molao oa Motheo oa United States] mosebetsi ona oa bolumeli o nkoa e le oa bohlokoa joaloka borapeli bo etsoang likerekeng le boboleli bo etsoang lifaleng.”—Murdock v. Pennsylvania, 1943.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ’Na re Bolela?

14. Bosebeletsi boo re bo etsang bo ka ama batho hanyane ka hanyane joang?

14 Ho na le mabaka a mangata a ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka lekhetlo le leng le le leng ha re etela mong’a ntlo, re leka ho jala peō ea ’nete e ka Mangolong. Ha re etsa maeto a ho boela, re batla ho e nosetsa. ’Me sena se ka ama mong’a ntlo hanyane ka hanyane, hobane Pauluse o ile a ngola a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa.” (1 Bakorinthe 3:6) Kahoo, a re tsoeleng pele ‘re lema le ho nosetsa,’ re kholisehile hore Jehova ‘o tla hōlisa.’

15, 16. Ke hobane’ng ha re etela malapeng a batho khafetsa?

15 Re etsa mosebetsi ona oa boevangeli hobane bophelo ba batho bo kotsing. Ha re bolela re ka boloka bophelo ba rōna le ba ba re mamelang. (1 Timothea 4:16) Haeba re ne re tseba hore bophelo ba motho ea itseng bo kotsing, na re ne re tla leka ho mo thusa ka monyebe ka lekhetlo le le leng feela? Che. Kaha beng ba matlo ba ka ’na ba pholoha ha re ntse re ba etela, re ba etela malapeng a bona khafetsa. Maemo a fetoha nako le nako. Motho ea phathahaneng hoo a sitoang ho mamela ka lekhetlo le leng, a ka ’na a lokoloha ho mamela molaetsa oa Bibele ka nako e ’ngoe. E ka ’na eare ha re etela lelapa leo hape, ra amoheloa ke motho osele, ’me lekhetlong leo re ka ’na ra khona ho buisana ka Mangolo.

16 Hase maemo a beng ba matlo feela a fetohang, empa le boikutlo ba bona bo ka fetoha. Ka mohlala, bohloko ba ho shoelloa ke moratuoa bo ka susumelletsa motho e mong ho mamela molaetsa oa ’Muso. Re batla ho tšelisa motho eo, re etse hore a hlokomele litlhoko tsa hae tsa moea, ’me re mo bontše hore na ke joang a ka fumanang seo a se hlokang.—Matheu 5:3, 4.

17. Lebaka le ka sehloohong la mosebetsi oa rōna oa ho bolela ke lefe?

17 Le leng la mabaka a ka sehloohong ao re pakang ka ntlo le ntlo ka ’ona kapa re kopanelang bosebeletsing ba mefuta e meng ba Bokreste, ke hobane re rata ho kopanela ho tsebahatseng lebitso la Jehova. (Exoda 9:16; Pesaleme ea 83:18) Re thaba hakaakang ha mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli o thusa batho ba ratang ’nete le ho loka hore e be barorisi ba Jehova! Mopesaleme o ile a bina a re: “Lōna bahlankana le lōna baroetsana, lōna banna-baholo hammoho le bashanyana. Ba ke ba rorise lebitso la Jehova, etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa. Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.”—Pesaleme ea 148:12, 13.

Boevangeli bo re Ruisa Molemo

18. Re rua molemo joang ha re etsa mosebetsi oa ho bolela evangeli?

18 Ho etsa mosebetsi oa boevangeli ho re ruisa molemo ka litsela tse ngata. Ho tsamaisa litaba tse molemo ka ntlo le ntlo ho re ruta boikokobetso, haholo-holo ha re sa amoheloe ka mosa. E le hore re be baevangeli ba atlehang, re lokela ho tšoana le Pauluse, ea ileng a ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore a ka pholosa ba bang.’ (1 Bakorinthe 9:19-23) Lintho tse re hlahelang bosebeletsing li re thusa hore re be masene. Ha re itšetleha ka Jehova ’me re sebelisa mantsoe a loketseng taba, re ka sebelisa keletso ena ea Pauluse e reng: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:6.

19. Moea o halalelang o thusa baevangeli joang?

19 Mosebetsi oa ho bolela evangeli o boetse o re susumelletsa ho itšetleha ka moea o halalelang oa Molimo. (Zakaria 4:6) Ha re etsa joalo, litholoana tsa oona—e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro”—lia bonahala bosebeletsing ba rōna. (Bagalata 5:22, 23) O ama litšebelisano tsa rōna le batho ba bang, hobane ho ikokobelletsa tataiso ea moea ho re thusa hore ha re ntse re bolela litaba tse molemo re be le lerato, thabo le khotso, re be ba tiisetsang le ba mosa, ba bontšang molemo le tumelo, bonolo le boitšoaro.

20, 21. Ke litlhohonolofatso life tse ling le melemo tseo re ka li fumanang ka ho tšoareha mosebetsing oa boevangeli?

20 Tlhohonolofatso e ’ngoe eo re e fumanang hobane re le baevangeli ke hore re ba ba qenehelang haholoanyane. Ha batho ba bolela mathata a bona—a kang ho kula, ho hloka mesebetsi, liteko ka malapeng—ha re iketse baeletsi ba bona, empa re ba balla litemana tse ba khothatsang le tse ba tšelisang. Re amehile ka batho ba foufalitsoeng moeeng empa ba bonahala ba rata ho loka. (2 Bakorinthe 4:4) Ho thabisa hakaakang ho thusa ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’!—Liketso 13:48.

21 Ho kopanela kamehla mosebetsing oa ho bolela evangeli ho re thusa ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tsa moea. (Luka 11:34) Sena se molemo haholo, hobane haeba re sa tsepamisa likelello linthong tsa moea, re ka ’na ra iphumana re hohetsoe ke maraba a lintho tse bonahalang a tloaelehileng lefatšeng lena. Moapostola Johanne o ile a phehella Bakreste a re: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:15-17) Ho ba baevangeli ba nang le ho hongata hoo ba ho etsang mosebetsing oa Morena ho tla re thusa hore re se ke ra rata lefatše.—1 Bakorinthe 15:58.

Ipolokele Matlotlo a Leholimo

22, 23. (a) Baevangeli ba Bakreste ba boloka matlotlo afe? (b) Sehlooho se latelang se tla re thusa joang?

22 Mosebetsi oa ho bolela ’Muso ka cheseho o tlisa melemo ea ka ho sa feleng. Jesu o ile a bontša sena ha a ne a re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.”—Matheu 6:19-21.

23 E se eka re ka tsoela pele ho boloka matlotlo leholimong, re ntse re hlokomela hore ha ho na tokelo e fetang ea ho emela Morena ’Musi Jehova re le Lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Ha re ntse re phetha taelo eo re e filoeng re le basebeletsi ba Molimo, re ka ’na ra ikutloa joaloka mosali e mong oa Mokreste ea lilemong tsa bo-90 eo ha a bua ka bophelo bo bolelele boo a bo phetseng a sebeletsa Molimo, a ileng a re: “Ka holim’a tsohle, ke leboha Jehova ea ileng a amohela tšebeletso ea ka ho sa tsotellehe bofokoli boo ke bileng le bona ka lilemo tsena kaofela, ’me ke rapela ka tieo hore e ’ne e be Ntate oa ka ea lerato ka ho sa feleng.” Haeba re nka kamano ea rōna le Molimo e le ea bohlokoa joalo, ha ho pelaelo hore re rata ho etsa mosebetsi oa moevangeli ka botlalo. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona kamoo re ka phethang bosebeletsi ba rōna ka botlalo kateng.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa mosebetsi oa moevangeli?

• U ka re’ng ka mosebetsi oa baevangeli ba nakong e fetileng le ba kajeno?

• Ke hobane’ng ha re paka ka ntlo le ntlo?

• U rua molemo joang ha u etsa mosebetsi oa moevangeli?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Mehleng ena ho na le baevangeli ba thabileng joaloka Filipi le barali ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

U rua molemo joang ha u ntse u bolella batho ba bang litaba tse molemo?