Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘U Hlompheha ho Feta Lithaba’

‘U Hlompheha ho Feta Lithaba’

Bokhabane ba Pōpo ea Jehova

‘U Hlompheha ho Feta Lithaba’

PHIHLELO ea ho boha letsatsi nakong ea mafube a hoseng ha mahlaseli a se a tla hlahella tlhōrōng ea Thaba ea Fuji ke sentebale. Letsatsi le bitoha eka khanare ea mollo, le khantša lehloa le lesoeu toa! hammoho le lejoe le thothofa le bileng teng ha seretse se foqohileng ka tlas’a lefatše se hoama. Ha letsatsi le lecha le qala, moriti oa lithaba o phaka o lopalla holim’a lilomo le makhalo, o apesa sebaka se boholo ba lik’hilomithara tse ngata.

Joaloka Thaba ea Fuji—eo ka nako e ’ngoe lebitso la eona le neng le ngoloa ka litlhaku tse bolelang “e se nang thaka”—re ke ke ra kopetsa molomo ke ho tsota lithaba tse hlomphehang. Ka sebele, lithaba tsa litonanahali li ka ’na tsa etsa hore re ikutloe re se letho! Lithaba li hlompheha haholo hoo batho ba bangata ba ’nileng ba lumela hore lithaba tse telelehali, tseo hangata li pupelitsoeng ke moholi le maru, e kile ea e-ba moo melimo e neng e lula teng.

Molimo a le mong eo litlhōrō tsa lithaba li mo tlotlisang e le kannete ke ’Mōpi ea hloahloa, Jehova. Eena a le mong ke “Moetsi oa lithaba.” (Amose 4:13) Lithaba li koahetse hoo e ka bang kotara ea lefatše, ’me ha Molimo a ne a bōpa polanete ea rōna, o ile a etsa hore ho be le matla ao qetellong a neng a tla hlahisa litlhōrō tse hlollang le mekoloko ea lithaba e tsotehang ka botle. (Pesaleme ea 95:4) Ka mohlala, ho lumeloa hore mekoloko ea lithaba tsa Himalaya le tsa Andes e ile ea hlahisoa ke ho loebehlana ho matla ho etsahetseng har’a mpa ea lefatše le ho sisinyeha ha likarolo tse kantle tsa lefatše.

Re le batho, ha re utloisise ka botlalo hore na lithaba li bile teng joang le hore na ke ka lebaka la eng li leng teng. Ka sebele, ha re khone ho araba lipotso tsena tse ileng tsa botsoa Jobo ea lokileng: “U ne u le hokae ha [’na Jehova] ke theha lefatše? . . . Litšehetso tsa lona tse sekoti li kentsoe ho eng?”—Jobo 38:4-6.

Leha ho le joalo, rea tseba hore bophelo ba rōna bo itšetlehile ka lithaba. Li ’nile tsa bitsoa mehloli ea tlhaho eo metsi a kollang ho eona, kaha linōka tsohle tse khōlō li fepeloa ke mehloli e lithabeng ebile halofo ea baahi ba lefatše e itšetlehile ka lithaba hore e fumane metsi. (Pesaleme ea 104:13) Ho latela makasine ea New Scientist, “har’a lijo tse lengoang tse jeoang haholo tse 20, tse tšeletseng tsa tsona li tsoa lithabeng.” Nakong ea ha lintho tse phelang le tikoloho ea tsona li tla be li lokile lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la Molimo, “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16; 2 Petrose 3:13.

Ho ba bangata, ha ho buuoa ka lithaba ba hopola lithaba tsa Europe tsa Alps. Lithaba tsena tse telele, li akarelletsa Thaba ea Civetta e bontšitsoeng mona, li fana ka bopaki bo botle ba hore ho na le ’Mōpi. (Pesaleme ea 98:8) Li rorisa Jehova, ea ‘tiisang [lithaba] ka thata ka matla a hae.’—Pesaleme ea 65:6. *

Botle ba lithaba tsa Alps ke bo hlollang e le kannete, li khaba ka matsatsa le matsoapo a koahetsoeng ke leqhoa, ka lilomo tse aparetsoeng ke lehloa, ka liphula, matša hammoho le makhulo a tsona. Morena Davida o ile a bua ka Jehova e le “ea etsang hore lithaba li hlahise joang bo botala.”—Pesaleme ea 147:8.

Mekoloko ea lithaba e makheka-kheka—joaloka lithabana tsa Guilin, Chaena—e ka ’na ea bonahala e sa khaba hantle joaloka lithaba tsa Alps, empa e ipabola ka tsela e sa tloaelehang ka botle ba eona. Mathōkong a Nōka ea Li, ho na le mekoloko-koloko ea melollope ea lithaba tsa lejoe la mokoetla e khahlang baeti ka botle ba eona. Ha motho a lahlela mahlo liphororong tse lithabaneng tsena tse mentsoeng ke moholi, a bona metsi a hlakileng a phallang, a ka ’na a nahana ka mantsoe a mopesaleme a reng: “[Jehova] O romela liliba liphuleng tsa melapo e phoroselang; li ntse li fetela pele pakeng tsa lithaba.”—Pesaleme ea 104:10.

Ke ka nepo re hlolloang ke lithaba, hobane re li nka e le karolo e hlomphehang ea tokisetso ea ’Mōpi ea lerato, eo a e entseng hore moloko oa batho o phele hantle o be o thabe. Empa le hoja lithaba li hlolla, hase letho ha li bapisoa le kamoo Jehova a hlomphehang kateng. Ruri ke ea “hlomphehang ho feta lithaba.”—Pesaleme ea 76:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Bona 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova, March/April.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Karolo ea leshome ea baahi ba lefatše e phela libakeng tse lithaba. Empa ho ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo eo hase teko e ke keng ea hlōloa. Basebetsi bana ba Bakreste ba maphatha-phathe lihlabeng tse ngata tse phahameng haholo. Efela “a khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko!”— Esaia 52:7.

Mopesaleme o ile a bina pina e reng: “Lithaba tse phahameng ke tsa lipōli tsa thaba.” (Pesaleme ea 104:18) Lipōli tsa thaba, tse kang pōli e hlaha ea Nubia e khabileng ka linaka tse ntle, har’a baahi bohle ba lithabeng li baloa har’a ba sa khōptjoeng ho hang. Li ithatika ka lilomo tseo ho bonahalang ho le tšopholi ho feta ho tsona. Pōli ena e hlaha e ikatetse e le hore e ka phela libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona. Lebaka le leng le etsang hore e khone ho etsa sena ke kamoo litlhako tsa eona li bōpehileng kateng. Ka lebaka la boima ba pōli ena, khola ea eona ea ahlama, e leng se etsang hore phoofolo ena e khone ho ingoamella ka thata ha e eme kapa e tsamaea mafikeng a patisaneng. Ka sebele, pōli ena e hlaha ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa boqapi!

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Thaba ea Fuji e sehlekehlekeng sa Honshu, Japane