Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!

Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!

Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!

O BITSOA “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Baroma 4:11) Mosali oa hae ea ratoang le eena o ne a e-na le tšobotsi eo. (Baheberu 11:11) E ne e le Abrahama, mopatriareka ea tšabang Molimo le Sara, mosali oa hae ea inehetseng. Ke hobane’ng ha e ne e le mehlala e metle hakaale ea tumelo? Tse ling tsa liteko tseo ba ileng ba li mamella ke life? ’Me pale ea bona e na le molemo ofe ho rōna?

Abrahama o ile a bontša tumelo ha Molimo a ne a mo laela hore a siee lehae la hae. Jehova o ile a re: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona.” (Genese 12:1) Mopatriareka ea tšepahalang o ile a mamela, hobane rea bolelloa: “Ka tumelo Abrahama, ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng.” (Baheberu 11:8) Nahana hore na ho tloha sebakeng seo ho ne ho akarelletsa eng.

Abrahama o ne a lula Ure, sebakeng seo hona joale e leng Iraq boroa. Ure e ne e le setsi se tsoetseng pele sa Mesopotamia se neng se hoeba le linaha tsa Kou ea Persia, mohlomong se bile se hoeba le libaka tse Phuleng ea Indus. Monghali Leonard Woolley, ea neng a laola ho epolloa ho hlophisehileng ha lintho tsa khale Ure, o bolela hore mehleng ea Abrahama matlo a mangata a ne a hahiloe ka setene a bile a pentiloe ka bosoeu maboteng. Ka mohlala, ntlo ea moahi e mong ea ruileng e ne e e-na le mekato e ’meli le lebala le leholo le katiloeng ka majoe. Mokatong o ka tlaase e ne e le matlo a basebetsi le a baeti. Mokatong o ka holimo ho ne ho e-na le mathule a lehong a pota-potileng lebota, ao ka ’ona ho neng ho kenoa likamoreng tsa lelapa. Woolley o re, kaha matlo a joalo a ne a e-na le likamore tse 10 ho isa ho tse 20, a ne a le “maholo ho feta a tloaelehileng ’me a e-na le sebaka se seholo se etsang hore batho ba phele hamonate, ba khotsofetse ’me, ho ea ka litekanyetso tsa Bochabela, boo e ne e le bophelo bo mabothobotho.” E ne e le “matlo a batho ba tsoetseng pele ’me a ne a khotsofatsa litlhoko tsa batho ba phelang bophelo bo tsoetseng pele ba litoropo.” Haeba Abrahama le Sara ba ile ba siea lehae le joalo ba lebeletse hore ba il’o lula litenteng, ba ile ba itela haholo hore ba mamele Jehova.

Ha a qala ho falla, Abrahama o ile a ea Harane le lelapa la hae, e leng motse oa Mesopotamia o karolong e ka leboea, ’me a ntan’o ea Kanana. E ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1 600—leo ke leeto le lelelele bakeng sa batho ba babeli ba hōlileng! Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha a tloha Harane, ’me Sara a le lilemo li 65.—Genese 12:4.

E tlameha ebe Sara o ile a ikutloa joang ha Abrahama a mo bolella hore ba ne ba il’o tloha Ure? Ho siea lehae le sireletsehileng le mabothobotho, le ho fallela naheng eo a sa e tsebeng eo ho ka etsahalang hore e ne e tletse bora, le ho khotsofalla boemo bo tlaase ba bophelo e ka ’na eaba ho ile ha mo tšoenya. Leha ho le joalo, Sara o ne a ikokobelitse, a nahana ka Abrahama e le “morena” oa hae. (1 Petrose 3:5, 6) Litsebi tse ling li nka hore sena e ne e le bopaki ba “boikutlo le boitšoaro bo tloaelehileng [ba Sara], bo bontšang ho mo hlompha,” e le pontšo ea kamoo “ka sebele a neng a le kateng khopolong le boikutlong.” Empa ka holim’a tsohle, Sara o ne a tšepile Jehova. Boikokobetso ba hae le tumelo ea hae ke mohlala o motle bakeng sa basali ba Bakreste.

Ke ’nete hore ha re kōptjoe hore re siee mahae a rōna e le hore re mamele Molimo, le hoja baboleli ba bang ba evangeli ba nako e tletseng ba ile ba siea linaha tsa habo bona e le hore ba e’o bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe. Ho sa tsotellehe hore na re sebeletsa Molimo hokae, hafeela re etelletsa pele lithahasello tsa moea bophelong, o tla hlokomela litlhoko tsa rōna.—Matheu 6:25-33.

Sara le Abrahama ha baa ka ba ikoahlaela qeto eo ba e entseng. Moapostola Pauluse o re: “Hoja ebe ka sebele ba ne ba ’nile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona, ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla.” Empa ha baa ka ba khutla. Ba kholisehile hore Jehova “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo,” ba ile ba bontša tumelo litšepisong tsa hae. Le rōna re lokela ho etsa joalo haeba re tla tsoela pele ho etsetsa Jehova boinehelo ba moea oohle.—Baheberu 11:6, 15, 16.

Maruo a Moea le a Lintho Tse Bonahalang

Eitse hoba Abrahama a fihle Kanana, Molimo a re ho eena: “Ke tla fa peō ea hao naha ena.” Abrahama o ile a arabela ka ho hahela Jehova aletare le ka ho ipiletsa “lebitsong la Jehova.” (Genese 12:7, 8) Jehova o ile a ruisa Abrahama, ’me ba neng ba le liahelong tsa hae ba ne ba le bangata haholo. Kaha o ne a kile a khobokanya banna ba koetlisitsoeng ba 318, makhoba a tsoaletsoeng tlung ea hae, ho ’nile ha boleloa hore “e tlameha ebe sehlopha sa hae kaofela se ne se le ka holimo ho sekete.” Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, batho ba ne ba mo nka e le “morenana oa Molimo.”—Genese 13:2; 14:14; 23:6.

Abrahama o ne a etella pele borapeling, a ruta ba ntlo ea hae hore ba “boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka le kahlolo.” (Genese 18:19) Lihlooho tsa malapa a Bakreste kajeno li ka fumana khothatso mohlaleng oa Abrahama e le motho ea ileng a atleha ho ruta ba ntlo ea hae ho itšetleha ka Jehova le ho etsa ka ho loka. Ka hona ha ho makatse hore ebe lekhabunyane la Sara la Moegepeta Hagare, mohlanka e moholo oa mopatriareka le mora oa Abrahama Isaka ba ile ba itšetleha ka Jehova Molimo.—Genese 16:5, 13; 24:10-14; 25:21.

Abrahama e ne e le Motho ea Bōpang Khotso

Lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Abrahama li senola hore Abrahama o ne a e-na le botho ba bomolimo. Ho e-na le ho lumella hore qabang e tsoele pele pakeng tsa balisa ba liphoofolo tsa hae tse ruiloeng le pakeng tsa balisa ba liphoofolo tse ruiloeng ke Lota mora oa mor’abo, Abrahama o ile a etsa tlhahiso ea hore ba arohane eaba o mema mohlankana Lota ho khetha naha eo a e ratang. Abrahama e ne e le motho ea ratang ho bōpa khotso.—Genese 13:5-13.

Haeba re tlameha ho khetha pakeng tsa ho tsitlallela litokelo tsa rōna kapa ho inehela e le hore re bōpe khotso, re tla hlokomela hore Jehova ha aa ka a lumella Abrahama hore a lahleheloe ke ho itseng hobane a ile a nahanela Lota. Ho fapana le moo, hamorao Molimo o ile a tšepisa Abrahama le peō ea hae naha eohle eo Abrahama a neng a ka e bona ka mahlakoreng ’ohle. (Genese 13:14-17) Jesu o itse: “Ho thaba ba nang le khotso [ka ho toba, “ba bōpang khotso”], kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’”—Matheu 5:9.

Mojalefa oa Abrahama e ne e Tla ba Mang?

Ho sa tsotellehe litšepiso tsa peō, Sara o ile a lula e le nyopa. Abrahama o ile a isa taba ena ho Molimo. Na mohlanka oa hae Eliezere e ne e tla ba mojalefa oa sohle seo a neng a e-na le sona? Che, hobane Jehova o ile a re: “Monna enoa a ke ke a u hlahlama e le mojalefa, empa ea tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare o tla u hlahlama e le mojalefa.”—Genese 15:1-4.

Leha ho le joalo, ba ne ba se na ngoana, ’me Sara ea lilemo li 75 o ne a feletsoe ke tšepo ea hore o tla ima. Kahoo, o ile a re ho Abrahama: “Jehova o nkoetse hore ke se ke ka tsoala bana. Ka kōpo, kopanela liphate le lekhabunyane la ka. Mohlomong ke tla fumana bana ka lona.” Joale Abrahama a nka Hagare hore e be mosali oa hae oa bobeli, a kopanela liphate le eena ’me a ima. Hang feela ha Hagare a hlokomela hore o imme, a qala ho nyelisa mong’a hae Sara. Sara o ile a tletleba habohloko ho Abrahama ’me a tlotlolla Hagare, e leng se ileng sa etsa hore lekhabunyane lena le balehe.—Genese 16:1-6.

Abrahama le Sara ba ile ba etsa sena ka moea o motle, ba nka bohato bo neng bo lumellana le mekhoa e neng e amoheleha mehleng ea bona. Leha ho le joalo, eo e ne e se tsela ea Jehova ea ho hlahisa peō ea Abrahama. Ho ea ka moetlo oa rōna, ho ka ’na ha boleloa hore liketso tse itseng li lokile maemong a sa tšoaneng, empa seo ha se bolele hore Jehova o lumellana le tsona. A ka ’na a talima boemo ba rōna ka tsela e fapaneng ka ho feletseng. Kahoo, re lokela ho batla tataiso ea Molimo, re rapelle hore a re bontše tsela eo a batlang hore re e latele.—Pesaleme ea 25:4, 5; 143:8, 10.

Ha ho na “Ntho e sa Tloaelehang Bakeng sa Jehova”

Qetellong, Hagare o ile a tsoalla Abrahama mora ea bitsoang Ishmaele. Empa e ne e se Peō e tšepisitsoeng. Sara ke eena ea neng a tla tsoala mojalefa eo, ho sa tsotellehe ho hōla ha hae lilemong.—Genese 17:15, 16.

Ha Molimo a ne a bolela hore Sara o ne a tla tsoalla monna oa hae mora, ‘Abrahama o ile a itihela fatše ka sefahleho ’me a qala ho tšeha le ho re ka pelong: “Na monna ea lilemo li lekholo o tla tsoalloa ngoana, ’me na Sara, e, na mosali ea lilemo li mashome a robong o tla beleha?”’ (Genese 17:17) Ha lengeloi le ne le pheta molaetsa oo moo Sara a neng a ka o utloa, sena se ile sa etsa hore a ‘tšehele ka pelong.’ Empa ha ho letho le “sa tloaelehang bakeng sa Jehova.” Re ka ba le tumelo ea hore a ka etsa ntho leha e le efe eo a e ratang.—Genese 18:12-14.

E bile “ka tumelo [hore ebe] le eena Sara o ile a amohela matla a ho emola peō, esita leha a ne a fetile tekanyo ea lilemo, kaha o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala.” (Baheberu 11:11) Ka mor’a nako, Sara o ile a beleha Isaka, eo lebitso la hae le bolelang “Letšeho.”

Ho ba le Tšepo e Feletseng Litšepisong Tsa Molimo

Jehova o ile a tsebahatsa Isaka e le mojalefa eo e leng khale a lebeletsoe. (Genese 21:12) Kahoo e tlameha ebe Abrahama o ile a tsieleha ha Molimo a ne a mo kōpa hore a etse sehlabelo ka mora oa hae. Leha ho le joalo, Abrahama o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Molimo ka ho feletseng. Na Jehova o ne a ke ke a khona ho tsosa Isaka bafung? (Baheberu 11:17-19) Na Molimo ha aa ka a bontša matla a hae ha ka mohlolo a ne a tsosolosa matla a Abrahama le a Sara a ho hlahisa bana e le hore Isaka a tsoaloe? A kholisehile hore Molimo o na le matla a ho phethahatsa litšepiso tsa Hae, Abrahama o ne a itokiselitse ho mamela. Ke ’nete hore o ile a thibeloa hore a se ke a bolaea mora oa hae. (Genese 22:1-14) Leha ho le joalo, karolo eo Abrahama a ileng a e phetha tabeng ena e re thusa ho bona kamoo e tlamehang ebe ho ne ho le thata kateng bakeng sa Jehova Molimo hore a ‘fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.’—Johanne 3:16; Matheu 20:28.

Ho lumela ho Molimo ho ile ha etsa hore Abrahama a hlakeloe ke taba ea hore mojalefa oa litšepiso tsa Jehova o ne a ke ke a nyala morapeli oa bohata oa naheng ea Kanana. Ke joang motsoali ea tšabang Molimo a neng a ka lumella ngoana oa hae hore a nyalane le motho leha e le ofe ea sa sebeletseng Jehova? Kahoo Abrahama o ile a batlela Isaka mosali ea tšoanelehang har’a beng ka eena Mesopotamia, e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 800. Molimo o ile a hlohonolofatsa ketso eo ka ho bontša hore Rebeka e ne e le eena mosali eo a neng a mo khethile hore e be mosali oa Isaka le ho ba moholo-holo oa Mesia. E, Jehova “o ne a hlohonolofalitse Abrahama nthong e ’ngoe le e ’ngoe.”—Genese 24:1-67; Matheu 1:1, 2.

Litlhohonolofatso Bakeng sa Lichaba Tsohle

Abrahama le Sara e ne e le mehlala tabeng ea ho mamella liteko le ho bontša tumelo litšepisong tsa Molimo. Ho phethahala ha litšepiso tse joalo ho ama litebello tsa ka ho sa feleng tsa moloko oa batho, hobane Jehova o ile a tiisetsa Abrahama a re: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:18.

Ke ’nete hore Abrahama le Sara ba ne ba sa phethahala, joalokaha le rōna re sa phethahala. Leha ho le joalo, ha ba ne ba tseba hore na Molimo o batla hore ba etse eng, ba ne ba mamela ka potlako—ho sa tsotellehe hore na ba lahleheloa ke eng. Kahoo Abrahama o hopoloa e le “motsoalle oa Jehova” ’me Sara e le ‘mosali ea halalelang ea neng a tšepile Molimo.’ (Jakobo 2:23; 1 Petrose 3:5) Haeba re loanela ho etsisa tumelo ea Abrahama le Sara, le rōna re ka thabela kamano e haufi le Molimo. Re boetse re ka rua molemo litšepisong tsa bohlokoa tseo Jehova a ileng a li tšepisa Abrahama.—Genese 17:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka lebaka la tumelo ea bona, Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama le Sara ka ho ba fa mora botsofaling ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Mohlala oa Abrahama o re thusa ho bona kamoo Jehova a ileng a ameha kateng ha a ne a lumella Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a shoe