Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste

Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste

Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste

“Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.”—ESAIA 46:4.

1, 2. Tlhokomelo eo Ntat’a rōna oa leholimo a fanang ka eona e fapana joang le e fanoang ke batsoali ba batho?

BATSOALI ba itetseng ba hlokomela bana ba bona boseeng, bongoaneng le lilemong tsa bocha. Esita leha bacha e se e le batho ba boholo ba bile ba e-na le malapa a bona, bo-ntat’a bona le bo-’m’a bona ba tsoela pele ho ba hlokomela le ho ba tšehetsa ka lerato.

2 Le hoja seo batho ba ka se etsetsang bana ba bona se e-na le moeli, kamehla Ntat’a rōna oa leholimo o khona hore ka lerato la hae, a hlokomele a be a tšehetse bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ha Jehova a ne a bua le batho ba hae ba boholo-holo ba khethiloeng, o ile a re: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.” (Esaia 46:4) Mantsoe aa ke a khothatsang hakaakang ho Bakreste ba hōlileng! Jehova ha a lahle batho ba lulang ba tšepahala ho eena. Ho e-na le hoo, o ba tšepisa hore o tla ba hlokomela, a ba tšehetse le ho ba tataisa bophelong bohle ba bona, esita le ho fihlela botsofaling.—Pesaleme ea 48:14.

3. Ho tla hlahlojoa eng sehloohong see?

3 Re ka etsisa kameho e lerato ea Jehova joang bakeng sa batho ba hōlileng? (Baefese 5:1, 2) A re hlahlobeng litsela tseo ka tsona bana, balebeli ba phutheho le Bakreste ka bomong ba ka hlokomelang litlhoko tsa batho ba baholo ba ka mokhatlong oa rōna oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.

Boikarabelo ba Rōna Joaloka Bana

4. Bana ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe mabapi le batsoali ba bona?

4 “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Baefese 6:2; Exoda 20:12) Ka mantsoe ana a bonolo empa e le a nang le moelelo a qotsitsoeng Mangolong a Seheberu, moapostola Pauluse o ile a hopotsa bana boikarabelo boo ba nang le bona ho batsoali ba bona. Empa mantsoe aa a sebetsa joang tabeng ea ho hlokomela batho ba hōlileng? Mohlala o amang maikutlo oa mehleng ea pele ho Bokreste o tla re thusa ho araba potso ena.

5. (a) Ke eng se bontšang hore Josefa o ne a e-s’o lebale boikarabelo ba hae joaloka ngoana ho motsoali? (b) Ho hlompha batsoali ba rōna ho bolela eng, hona ke mohlala ofe o molemo oo Josefa a ileng a o beha ntlheng ee?

5 Ka lilemo tse fetang 20, Josefa o ne a sa khone ho kopana le ntat’ae ea hōlileng, e leng mopatriareka Jakobo. Leha ho le joalo, ho totobetse hore Josefa o ne a sa felloa ke lerato la ngoana ho motsoali bakeng sa Jakobo. Ha e le hantle, ha Josefa a senolela barab’abo hore na ke mang, o ile a ba botsa: “Na Ntate o sa ntse a phela?” (Genese 43:7, 27; 45:3) Nakong eo, naha ea Kanana e ne e hlasetsoe ke tlala ea boja-likata. Kahoo, Josefa o ile a romella ntat’ae molaetsa, a re: “Theohela ho ’na. U se ke ua lieha. U lule naheng ea Goshene, ’me u ’ne u be haufi le ’na . . . Ke tla u fa lijo hona teng.” (Genese 45:9-11; 47:12) E, ho hlompha batsoali ba hōlileng ho akarelletsa ho ba sireletsa le ho ba hlokomela ka lintho tse bonahalang ha ba se ba sa khone ho itlhokomela. (1 Samuele 22:1-4; Johanne 19:25-27) Josefa o ile a thabela ho amohela boikarabelo bona.

6. Josefa o ile a bontša joang hore o rata ntat’ae e le kannete, hona re ka etsisa mohlala oa hae joang?

6 Ka thuso ea Jehova, Josefa o ne a fetohile e mong oa batho ba ruileng ka ho fetisisa le ba matlahali ba Egepeta. (Genese 41:40) Empa ha aa ka a inka e le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa kapa ea phathahaneng haholo hoo a neng a ke ke a hlompha ntat’ae ea lilemo li 130. Ha a utloa hore Jakobo (kapa Iseraele) o haufi, “Josefa a lokisa koloi ea hae ’me a nyoloha ho ea khahlanyetsa ntat’ae Iseraele Goshene. Ha a mo bona a itihela hang-hang molaleng oa hae ’me a ’na a ntšetsa meokho molaleng oa hae.” (Genese 46:28, 29) Kamohelo ena e ne e se mokhoa feela tjee o tloaelehileng oa mponeng kea hlompha. Thatohatsi ea Josefa e ne e le ntat’ae ea hōlileng ’me o ne a se lihlong ho bontša lerato la hae. Haeba re e-na le batsoali ba hōlileng, na le rōna ka ho tšoanang re ba bolella ka bolokolohi hore rea ba rata?

7. Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a rata ho patoa Kanana?

7 Boinehelo ba Jakobo ho Jehova bo ile ba lula bo le matla ho fihlela a e-shoa. (Baheberu 11:21) Ka lebaka la tumelo ea hae litšepisong tsa Molimo, Jakobo o ile a kōpa hore setopo sa hae se patoe Kanana. Josefa o ile a hlompha ntat’ae ka ho latela kōpo ena, ho sa tsotellehe hore na ho ne ho ameha litšenyehelo tse ngata hakae le boiteko bo matla hakae.—Genese 47:29-31; 50:7-14.

8. (a) Ke eng se hlileng se re susumelletsang ho hlokomela batsoali ba hōlileng? (b) Mohlanka e mong oa nako e tletseng o ile a etsa’ng e le hore a hlokomele batsoali ba hae ba hōlileng? (Bona lebokose le leqepheng la 17.)

8 Ke eng se ileng sa susumelletsa Josefa ho hlokomela ntat’ae? Le hoja lerato le boikutlo ba ho batla ho leboha ea mo fileng bophelo le ea ileng a mo hlokomela e bile lintho tse ileng tsa susumetsa Josefa, ha ho pelaelo hore o ne a boetse a e-na le takatso e matla ea ho khahlisa Jehova. Le rōna re lokela ho ba le takatso eo. Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba mohlolohali leha e le ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana ba ke ba ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba bona, kaha hona hoa khahlisa mahlong a Molimo.” (1 Timothea 5:4) Ka sebele, ho rata Jehova le ho mo tšaba ka tsela e nang le tlhompho ho tla re susumelletsa ho hlokomela batsoali ba hōlileng, ho sa tsotellehe hore na ho etsa joalo ho akarelletsa mathata afe. *

Kamoo Baholo ba Bontšang Hore Baa Tsotella

9. Ke bo-mang bao Jehova a ba khethileng hore ba lise mohlape, o akarelletsang Bakreste ba hōlileng?

9 Ho ea qetellong ea bophelo ba hae bo bolelele, Jakobo o ile a bua ka Jehova a re ke “Molimo oa ’nete ea ’nileng a ntisa bophelong bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena.” (Genese 48:15) Kajeno, Jehova o lisa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng ka balebeli ba Bakreste, kapa baholo ba tlas’a tataiso ea Mora oa hae, Jesu Kreste, “molisa ea ka sehloohong.” (1 Petrose 5:2-4) Balebeli ba ka etsisa Jehova joang ha ba hlokomela litho tse hōlileng tsa mohlape?

10. Ho entsoe’ng ho hlophisa thuso ea lintho tse bonahalang bakeng sa Bakreste ba hōlileng? (Bona lebokose le leqepheng la 19.)

10 Nakoana ka mor’a hore ho thehoe phutheho ea Bokreste, baapostola ba ile ba khetha “banna ba supileng ba pakiloeng . . . ba tletseng moea le bohlale” hore ba okamele ‘kabo ea letsatsi le leng le le leng’ ea lijo har’a bahlolohali ba hlokang ba Bakreste. (Liketso 6:1-6) Hamorao, Pauluse o ile a laela molebeli ea bitsoang Timothea hore lenaneng la ba neng ba tšoanela ho fumana thuso ea lintho tse bonahalang, a kenye bahlolohali ba behang mohlala ba hōlileng. (1 Timothea 5:3, 9, 10) Ka tsela e tšoanang kajeno, ha ho hlokahala, balebeli ba liphutheho ba thabela ho hlophisa thuso e loketseng bakeng sa Bakreste ba hōlileng. Leha ho le joalo, ho hlokomela batho ba hōlileng ba tšepahalang ho akarelletsa lintho tse ngata.

11. Jesu o ile a re’ng ka mohlolohali ea hlokang ea ileng a etsa monehelo o monyenyane?

11 Ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a lula fatše tempeleng ’me a “qala ho hlokomela kamoo bongata bo neng bo akhela chelete ka matlōleng a polokelo ea matlotlo.” Eaba motho e mong o hapa tlhokomelo ea hae. Tlaleho e re: “Mohlolohali e mong oa mofutsana a tla ’me a akhela licheletana tse peli tsa tšepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.” Jesu o ile a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena eaba o re ho bona: “Kannete ke re ho lōna mohlolohali enoa oa mofutsana o akhetse ho fetang ha bohle ba akhelang chelete ka matlōleng a polokelo ea matlotlo; etsoe kaofela ba akhetse ho tsoa botlallong ba bona, empa eena, ho tsoa bohloking ba hae, o akhetse sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.” (Mareka 12:41-44) Ha re bua ka chelete eo mohlolohali enoa a ileng a fana ka eona, re ka re e ne e le nyenyane, empa Jesu o ne a tseba kamoo Ntat’ae oa leholimo a ananelang pontšo e joalo ea boinehelo ba moea oohle. Ho sa tsotellehe hore na mohlolohali eo ea futsanehileng o ne a le lilemo li kae, Jesu ha aa ka a hlokomoloha seo a se entseng.

12. Baholo ba ka bontša kananelo ea bona joang bakeng sa tlatsetso e etsoang ke Bakreste ba hōlileng?

12 Joaloka Jesu, balebeli ba Bakreste ha ba hlokomolohe seo batho ba hōlileng ba se etsang ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Baholo ba na le lebaka la ho babatsa batho ba hōlileng ka ho kopanela ha bona tšebeletsong, ka ho nka karolo libokeng, ka tšusumetso ea bona e matlafatsang ka phuthehong le ka mamello ea bona. Mantsoe a khothatsang a tlohang pelong a ka thusa ba hōlileng ho fumana “sesosa sa thabo” tšebeletsong ea bona e halalelang, ’me sena se tla ba qobisa ho nyahamisoa ke ho ipapisa le Bakreste ba bang kapa ho bapisa seo ba se etsang hona joale le seo ba neng ba khona ho se etsa nakong e fetileng.—Bagalata 6:4.

13. Ke ka litsela life baholo ba ka sebelisang bokhoni le phihlelo ea batho ba hōlileng?

13 Baholo ba ka bontša hore ba ananela tlatsetso ea bohlokoa e etsoang ke Bakreste ba hōlileng ka hore ba sebelise phihlelo le bokhoni ba bona. Ka linako tse ling, batho ba hōlileng ba behang mohlala ba ka ’na ba sebelisoa lipontšong kapa lipuisanong. Moholo e mong o re: “Bamameli ba thea tsebe ha ke buisana le mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ea hōlileng ea hōliselitseng bana ’neteng.” Baholo ba phutheho e ’ngoe ba tlaleha hore morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea lilemo li 71 o atlehile ho thusa bahoeletsi ba ’Muso hore ba be teng kamehla tšebeletsong ea tšimo. O boetse o ba khothalletsa ho etsa “lintho tsa motheo,” tse kang ho bala Bibele le temana ea letsatsi le ho thuisa ka seo ba se balileng.

14. Sehlopha se seng sa baholo se ile sa bontša joang hore se ananela molebeli-’moho ea hōlileng?

14 Baholo ba boetse ba nka tlatsetso ea balebeli-’moho le bona ba hōlileng e le ea bohlokoa. José, ea lilemong tsa bo-70 ea bileng a sebelelitseng e le moholo ka mashome a lilemo, o sa tsoa etsoa oporeishene e khōlō. Kaha ho ne ho tla nka nako e telele hore a fole, o ile a nahana ka ho tlohela tokelo ea hae ea ho ba molebeli ea okamelang. José o re: “Tsela eo baholo ba bang ba ileng ba itšoara ka eona e ile ea ’makatsa. Ho e-na le ho amohela tlhahiso ea ka, ba ile ba mpotsa hore na ke batla thuso ea mofuta ofe e le hore ke tsoele pele ka boikarabelo ba ka.” Ka thuso ea moholo e mong e monyenyane, José o ile a khona ho tsoela pele a sebeletsa ka thabo e le molebeli ea okamelang, ’me sena e bile tlhohonolofatso phuthehong. Moholo-’moho le eena e mong o re: “Barab’abo rōna ba ananela mosebetsi oa José haholo oa ho ba moholo. Baa mo rata ebile baa mo hlompha ka lebaka la phihlelo ea hae le mohlala oa hae oa tumelo. O matlafatsa phutheho ea rōna.”

Ho Hlokomelana

15. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba lokela ho ameha ka boiketlo ba batho ba hōlileng ba har’a bona?

15 Hase bana ba nang le batsoali ba hōlileng le bahlanka ba khethiloeng feela ba lokelang ho ameha ka batho ba hōlileng. Ha Pauluse a bapisa phutheho ea Bokreste le ’mele oa motho o ile a ngola tjena: “Molimo o ile a kopanya ’mele, a fana ka tlhompho e eketsehileng haholo karolong e neng e e-na le khaello, e le hore ho se ke ha e-ba le karohano ’meleng, empa hore litho tsa oona li hlokomelane ka tsela e tšoanang.” (1 Bakorinthe 12:24, 25) Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “Litho tsohle tse sa tšoaneng [tsa ’mele li] lokela ho ameha ka ho hlokomelana.” (Knox) E le hore phutheho ea Bokreste e sebetse ka kutloano, setho se seng le se seng se lokela ho ameha ka boiketlo ba balumeli-’moho le sona, ho akarelletsa le ba hōlileng.—Bagalata 6:2.

16. Re ka bontša joang hore re thahasella batho ba hōlileng ha re le libokeng tsa Bokreste?

16 Liboka tsa Bokreste li fana ka monyetla o motle oa hore re bontše kamoo re thahasellang batho ba hōlileng kateng. (Bafilipi 2:4; Baheberu 10:24, 25) Na re ipha nako ea ho qoqa le batho ba hōlileng ha re le liketsahalong tsee? Le hoja ho ka ba hotle ho ba botsa hore na ba phela joang, na re ka ba “fa mpho e ’ngoe ea moea,” mohlomong ka ho ba bolella phihlelo e hahang kapa ka ho ba bolella taba e itseng ea Mangolo? Kaha batho ba bang ba hōlileng ha ba khone ho tsamaea, e ka ba ho bontša mosa ho ea ho bona ho e-na le ho lebella hore ba tle ho rōna. Haeba ba utloela thateng, ho ka ’na ha hlokahala hore re bue butle ’me re bitse mantsoe ka mokhoa o hlakileng. Joale, e le hore “ho ka ba le ho khothatsana” ha ’nete, re lokela ho mamela ka hloko hore na motho eo e moholo o re’ng.—Baroma 1:11, 12.

17. Re ka bontša joang hore re amehile ka Bakreste ba hōlileng ba tlamehang ho lula ka matlung ba sa tsoe?

17 Ho thoe’ng haeba batho ba bang ba hōlileng ba sa khone ho ba teng libokeng tsa Bokreste? Jakobo 1:27 e bontša hore ke mosebetsi oa rōna ho “hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” Moelelo o mong oa leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “hlokomela” ke “ho etela.” (Liketso 15:36) Batho ba hōlileng ba thaba hakaakang ha re ba etela! Ha “monna ea hōlileng,” Pauluse, a ne a koaletsoe chankaneng Roma hoo e ka bang ka 65 C.E., o ne a le mong to! ka monoana. O ile a lakatsa ho bona mosebetsi-’moho le eena ea bitsoang Timothea eaba o ngola mantsoe a reng: “Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na haufinyane.” (Filemone 9; 2 Timothea 1:3, 4; 4:9) Le hoja ba se litlamong joaloka Pauluse, batho ba bang ba hōlileng ba tlameha ho lula ka matlung ba sa tsoe ka lebaka la mathata a ho kula. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ba re, ‘Ke kōpa hore le etse sohle se matleng a lōna hore le nketele haufinyane.’ Na re arabela boipiletsong boo?

18. Ho etela batho ba hōlileng ho ka tlisa melemo efe?

18 Le ka mohla u se ke ua halala liphello tse molemo tsa ho etela mora kapa morali’abo rōna oa moea ea hōlileng. Ha Mokreste ea bitsoang Onesiforase a ne a le Roma, o ile a etsa matsapa ho batla Pauluse, a mo fumana, ’me ka mor’a moo ‘a mo khatholla hangata.’ (2 Timothea 1:16, 17) Morali’abo rōna e mong ea hōlileng o re: “Ke rata ho ba le ba sa ntseng ba le bacha. Seo ke se ratang ka ho fetisisa ke hore ba ntšoara joaloka setho sa malapa abo bona. Sena se nkhothatsa haholo.” Mokreste e mong ea hōlileng o re: “Ke thaba haholo ha motho e mong a nthomella karete, a bua le ’na ka thelefono ka metsotso e seng mekae, kapa a nketela ka nakoana. Hoa matlafatsa.”

Jehova o Putsa ba Hlokomelang

19. Ke litlhohonolofatso life tse tlisoang ke ho hlokomela batho ba hōlileng?

19 Ho hlokomela batho ba hōlileng ho fella ka litlhohonolofatso tse ngata. Ho tloaelana le ba hōlileng le ho khona ho rua molemo tsebong ea bona le phihlelong ea bona ke monyetla o babatsehang. Bahlokomeli ba fumana thabo e eketsehileng ka lebaka la ho fana, hape ba ikutloa ba e-na le seo ba se finyeletseng ebile meea ea bona e ba le khotso ka lebaka la ho phetha boikarabelo ba bona ba Mangolo. (Liketso 20:35) Ho feta moo, ba hlokomelang batho ba hōlileng ha ba hloke ho tšoha hore ba tla lahloa kherehloa ha ba se ba hōlile. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa, le re: “Moea o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona, ’me ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”—Liproverbia 11:25.

20, 21. Jehova o talima batho ba hlokomelang ba hōlileng joang, ’me boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?

20 Jehova o putsa bana ba tšabang Molimo, balebeli le Bakreste ba bang, bao ntle ho boithati ba hlokomelang litlhoko tsa balumeli-’moho le bona ba hōlileng. Moea o joalo o lumellana le maele ana a reng: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liproverbia 19:17) Haeba lerato le re susumelletsa ho bontša mohau ho ba tlaase le ho mafutsana, Molimo o nka ho fana ho joalo e le ho alima hoo a tla ho buseletsa ka litlhohonolofatso. O boetse oa re buseletsa ha ka lerato re hlokomela barapeli-’moho le rōna ba hōlileng, bao bongata ba bona e leng ‘mafutsana mabapi le lefatše empa e le ba ruileng tumelong.’—Jakobo 2:5.

21 Puseletso ea Molimo ke khapukhapu e kaakang! E akarelletsa bophelo bo sa feleng. Bakeng sa bahlanka ba bangata haholo ba Jehova, e tla ba bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, moo liphello tsa sebe se futsitsoeng li tla beng li felisitsoe le moo mahlahahlaha a bocha a batho ba hōlileng ba tšepahalang a tla khutlisoa. (Tšenolo 21:3-5) Ha re ntse re letetse nako eo e thabisang, e se eka re ka tsoela pele ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ba Bokreste ba ho hlokomela ba hōlileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Bakeng sa litlhahiso tse molemo tsa kamoo u ka hlokomelang batsoali ba hōlileng, bona Tsoha! ea February 8, 1994, leqepheng la 3-10.

U ka Araba Joang?

• Ke joang bana ba ka hlomphang batsoali ba bona ba hōlileng?

• Baholo ba bontša joang hore ba ananela litho tse hōlileng tsa mohlape?

• Bakreste ka bomong ba ka etsa’ng ho bontša hore ba hlile ba thahasella batho ba hōlileng?

• Ke litlhohonolofatso life tse tlisoang ke ho hlokomela Bakreste ba hōlileng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 17]

Ha Batsoali ba Hae ba ne ba Hloka Thuso

Philip e ne e le mosebeletsi oa moithaopi oa kaho Liberia ka 1999 ha a fumana molaetsa o reng ntat’ae o kula haholo. Kaha o ne a kholisehile hore ’mè oa hae o ne a ke ke a khona ho sebetsana le boemo boo a le mong, o ile a etsa qeto ea ho khutlela hae ho ea hlophisetsa ntat’ae tlhokomelo ea meriana.

Philip o hopola sena: “Ho ne ho se bonolo ho khutlela hae, empa ke ile ka nahana hore boikarabelo ba ka ka batsoali ba ka bo tla pele.” Lilemong tse latelang tse tharo, o ile a fallisetsa batsoali ba hae ntlong e loketseng haholo ’me Bakreste-’moho le eena ba ile ba mo thusa ho lokisa ntlo ena hore e lokele litlhoko tse khethehileng tsa ntat’ae.

Hona joale ’mè oa Philip o boemong bo molemo ba ho sebetsana le bothata bo tebileng ba ho kula ha ntat’ae. Morao tjena, Philip o ile a khona ho amohela memo ea ho ea sebetsa e le moithaopi ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Macedonia.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Ha Baa Hlokomoloha Litlhoko Tsa Hae

Ha Mokreste e mong oa Australia ea lilemo li 85 ea bitsoang Ada, a hlōleha ho tloha lapeng la hae ka lebaka la ho kula, baholo ba phutheho ba ile ba lokisetsa hore a thusoe. Ba ile ba etsa litokisetso tsa hore sehlopha sa balumeli-’moho le eena se mo thuse. Bara le barali bana babo rōna ba ile ba thabela ho etsa mesebetsi e kang ho mo hloekisetsa, ho mo hlatsoetsa le ho mo phethela mabaka.

Thuso ena e qalile hoo e ka bang lilemong tse leshome tse fetileng. Ho fihlela joale, Lipaki Tsa Jehova tse ling tse fetang 30 li thusitse ho hlokomela Ada. Li tsoela pele ho mo etela, ho mo balla lingoliloeng tsa Bibele, ho mo tsebisa ka tsoelo-pele ea moea ea ba ka phuthehong le ho rapela le eena kamehla.

Moholo e mong oa moo oa Mokreste o ile a re: “Ba hlokomelang Ada ba thabela ho mo thusa. Ba bangata ba susumelitsoe ke tšebeletso eo a e entseng ka botšepehi ka lilemo tse mashome, ’me ba ne ba ke ke ba iphapanyetsa litlhoko tsa hae.”

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na re bontša batsoali ba hōlileng lerato ka bolokolohi?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Bohle ka phuthehong ba ka bontša hore ba rata balumeli-’moho le bona ba hōlileng