Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letšolo la Moloko oa Batho la ho Khahlisa Molimo

Letšolo la Moloko oa Batho la ho Khahlisa Molimo

Letšolo la Moloko oa Batho la ho Khahlisa Molimo

“HA HO mohla ho kileng ha e-ba le mokhatlo leha e le ofe oa batho oo ho oona Molimo a sa kang a ba le karolo e itseng, hangata e le ea laolang bokahohle kapa e le ’Mōpi. Sena ke ’nete esita le lichabeng tse ikhethetseng ho se lumele ho Molimo.” Mantsoe ana a boletsoe ke John Bowker bukeng ea hae e bitsoang God—A Brief History. Ka tsela e itseng, letšolo la ho fumana Molimo le ho amoheloa ke eena e ’nile ea e-ba karolo e tloaelehileng ea boitšoaro ba batho. Lefatšeng lohle, batho ba bangata ba na le takatso e tiileng ea ho khahlisa Molimo. Ho hlakile hore tsela eo ba lekang ho etsa sena ka eona e fapana ho ea ka litumelo tsa bona.

Ba bang ba lumela hore se hlokahalang hore motho a amoheloe ke Molimo ke hore feela a itšoare hantle. Ba bang ba nahana hore ho ka khoneha hore Molimo a ba amohele haeba ba etsa mesebetsi e itseng e thusang mafutsana. Hape, mekete ea bolumeli le meetlo ke lintho tsa bohlokoa ho batho ba limilione.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba lumelang hore Molimo o sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona—o hōle haholo kapa o tšoarehile haholo ka litaba tse ling hoo a se nang nako ea batho feela ba tloaelehileng. Ho tlalehoa hore rafilosofi oa Greece ea boholo-holo Epicurus o ne a lumela hore ‘melimo e hōle haholo hore e ka ntša batho kotsi ka tsela leha e le efe.’ Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nahanang joalo ke batho ba bolumeli. Mohlomong ba bang ba bona ba bile ba etsa mahlabelo le ho etsa meetlo e itseng ba tšepile hore ba tla khutsisa baholo-holo ba bona ba shoeleng.

Uena u re’ng? Na ka sebele Molimo o ela hloko boiteko ba rōna ba ho leka hore a re amohele? Na ho ka khoneha hore re ame pelo ea Molimo le ho mo khahlisa?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin