Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike

SELEMO ha se e-s’o fele ho tloha ha Baiseraele ba ne ba lokolloa bokhobeng ba Egepeta. Joale e se e le sechaba se secha se hlophisitsoeng, ba leetong le eang naheng ea Kanana. Morero oa Jehova ke hore sechaba se halalelang se lule moo. Leha ho le joalo, mokhoa oa bophelo oa Bakanana le litloaelo tsa bona tsa bolumeli lia nyonyeha. Kahoo Molimo oa ’nete o fa phutheho ea Iseraele litaelo tse tla e khetholla bakeng sa tšebeletso ea hae. Lintho tsena li tlalehoa bukeng ea Bibele ea Levitike. Buka ena eo kamoo ho bonahalang kateng, moprofeta Moshe a e ngoletseng lefeelleng la Sinai ka 1512 B.C.E., e akaretsa khoeli e le ’ngoe feela ea tlaleho ea Baiseraele. (Exoda 40:17; Numere 1:1-3) Khafetsa Jehova o khothalletsa barapeli ba hae hore ba halalele.—Levitike 11:44; 19:2; 20:7, 26.

Kajeno Lipaki Tsa Jehova ha li tlas’a Molao oo Molimo a faneng ka oona ka Moshe. Lefu la Jesu Kreste le ile la felisa Molao oo. (Baroma 6:14; Baefese 2:11-16) Leha ho le joalo, litaelo tse fumanoang ho Levitike li ka re tsoela molemo, tsa re ruta ho hongata ka borapeli ba Molimo oa rōna, Jehova.

LINYEHELO TSE HALALELANG—TSA BOITHATELO LE TSE TLAMANG

(Levitike 1:1–7:38)

Linyehelo le mahlabelo a mang a Molao li ne li etsoa ka boithatelo, ha tse ling tsona li ne li tlama. Ka mohlala, nyehelo ea secheso e ne e le ea boithatelo. Kaofela ha eona e ne e nyeheloa ho Molimo, esita le joalokaha Jesu Kreste a ile a nehela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo ka boithatelo le ka ho feletseng. Sehlabelo se kopanetsoeng sa boithatelo se ne se arolelanoa. Karolo e ’ngoe ea sona e ne e hlahisoa ho Molimo aletareng, e ’ngoe e jeoa ke moprista, ha e ’ngoe eona e ne e jeoa ke motho ea neng a e nyehela. Ka mokhoa o tšoanang, ho Bakreste ba tlotsitsoeng, Sehopotso sa lefu la Kreste ke sejo se kopaneloang.—1 Bakorinthe 10:16-22.

Linyehelo tsa sebe le linyehelo tsa molato li ne li tlama. Linyehelo tsa sebe li ne li koahela libe tse entsoeng ka phoso, kapa tse sa etsoang ka boomo. Linyehelo tsa molato li ne li khotsofatsa Molimo ha tokelo ea motho e mong e ne e hataketsoe kapa li ne li etsetsoa ho khutlisetsa litokelo tse itseng tsa mofosi ea bakileng—kapa li ne li ka phetha merero eo ka bobeli. Ho ne ho boetse ho e-na le linyehelo tsa lijo-thollo tse neng li etsoa ho bontša hore ho eloa hloko hore Jehova o fana ka lintho tse ngata. Ho rōna litaba tsena tsohle lia thahasellisa hobane mahlabelo ao ho neng ho laetsoe hore a etsoe tlas’a selekane sa Molao a ne a tšoantšetsa Jesu Kreste le sehlabelo sa hae kapa melemo e neng e tla tlisoa ke sehlabelo sa hae.—Baheberu 8:3-6; 9:9-14; 10:5-10.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:11, 12—Ke hobane’ng ha “nyehelo e entsoeng ka mollo” ea mahe a linotši e ne e sa amohelehe ho Jehova? Mona e tlameha ebe ho ne ho sa buuoe ka mahe a linotši. Le hoja a ne a sa lumelloa ho ba “nyehelo e entsoeng ka mollo,” a ile a balelloa har’a “litholoana tsa pele tsa . . . lihlahisoa tsohle tsa naha.” (2 Likronike 31:5) Kamoo ho bonahalang kateng, mahe ana a linotši e ne e le lero la litholoana. Kaha mahe a linotši a ne a ka bela, a ne a sa amohelehe e le nyehelo holim’a aletare.

2:13—Ke hobane’ng ha letsoai le ne le lokela ho hlahisoa “hammoho le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe”? Sena se ne se sa etsetsoe ho natefisa mahlabelo. Lefatšeng ka bophara, letsoai le ’nile la sebelisoa e le motsoako o thibelang lintho ho bola. Ho ka etsahala hore le ne le hlahisoa ’moho le linyehelo hobane le emela se ke keng sa bola kapa sa senyeha.

Seo re Ithutang Sona:

3:17. Kaha mafura a ne a nkoa e le karolo ea bohlokoa haholo kapa e nonneng ka ho fetisisa, thibelo ea hore a se ke a jeoa e ne e bontša Baiseraele hore karolo ea bohlokoahali e ne e le ea Jehova. (Genese 45:18) Sena se re hopotsa hore re tšoanela ho fa Jehova se molemohali seo re nang le sona.—Liproverbia 3:9, 10; Bakolose 3:23, 24.

7:26, 27. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ja mali. Molimo o talima mali a emela bophelo. Levitike 17:11 e re: “Moea [bophelo] oa nama o maling.” Ho sa ntse ho hlokahala hore barapeli ba ’nete kajeno ba ile mali.—Liketso 15:28, 29.

BOPRISTA BO HALALELANG BOA THEHOA

(Levitike 8:1–10:20)

Ke bo-mang ba neng ba filoe boikarabelo ba ho hlokomela mesebetsi e neng e amana le mahlabelo le linyehelo? Bo ne bo filoe baprista. Moshe o ile a tataisoa ke Molimo hore a tsamaise mokete oa ho hlomamisa Arone, moprista ea phahameng, le ho hlomamisa bara ba hae ba bane bao e neng e lokela ho ba baprista ba tlaasana. Ho hlakile hore mokete oo o ile oa nka matsatsi a supileng, ’me letsatsing le latelang boprista bo ile ba qala ho sebetsa.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

9:9—Ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa ho tšela mali karolong e ka tlaase ea aletare le ho a tlotsa likarolong tsa eona tse sa tšoaneng? Sena se ne se bontša hore Jehova o ne a amohela mali bakeng sa ho koahela libe. Tokisetso eohle ea ho koahela libe e ne e itšetlehile ka mali. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.”—Baheberu 9:22.

10:1, 2—Mohlomong sebe sa bara ba Arone, e leng Nadabe le Abihu se ne se akarelletsa eng? Nakoana ka mor’a hore Nadabe le Abihu ba hlōlehe ho itšoara hantle ha ba phetha mesebetsi ea boprista, Jehova o ile a hanela baprista ho noa veine kapa lino tse tahang ha ba sebeletsa tabernakeleng. (Levitike 10:9) Sena se fana ka maikutlo a hore mohlomong bara ba Arone ba babeli ba ne ba noele lino tse tahang ketsahalong e hlalositsoeng mona. Leha ho le joalo, lebaka-baka la lefu la bona ke hore ba ile ba nyehela “mollo oo e seng oa molao, oo [Jehova] a neng a sa ba laela hore ba o etse.”

Seo re Ithutang Sona:

10:1, 2Bahlanka ba Jehova ba nang le boikarabelo kajeno ba lokela ho iphaphatha le litaelo tsa Molimo. Ho feta moo, ha baa lokela ho iketelletsa pele ha ba ntse ba hlokomela mesebetsi ea bona.

10:9. Ha rea lokela ho phetha mesebetsi eo re e filoeng ke Molimo re noele lino tse tahang.

BORAPELI BO HALALELANG BO HLOKA BOHLOEKI

(Levitike 11:1–15:33)

Litaelo tse mabapi le lijo tabeng ea liphoofolo tse hloekileng le tse sa hloekang li ne li tsoela Baiseraele molemo ka litsela tse peli. Litaelo tsena li ne li ba sireletsa hore ba se kenoe ke likokoana-hloko li bile li etsa hore ho hle ho bonahale phapang pakeng tsa bona le batho ba lichaba tse neng li ba potolohile. Litaelo tse ling li ne li sebetsana le ho se hloeke ka lebaka la litopo, ho itlhoekisa ha basali ka mor’a ho beleha, mehato e neng e lokela ho lateloa mabapi le lepera le litaelo tse mabapi le ho se hloeke ho neng ho bakoa ke ho lutla ha monna le ha mosali. Baprista ba ne ba lokela ho sebetsana le litaba tse mabapi le batho ba neng ba sa hloeka.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

12:2, 5—Ke hobane’ng ha ho belehoa ha ngoana ho ne ho etsa hore mosali e be “ea sa hloekang”? Litho tsa pelehi li ne li etselitsoe ho hlahisa bophelo bo phethahetseng ba motho. Leha ho le joalo, ka lebaka la liphello tse futsitsoeng tsa sebe, bophelo bo sa phethahalang le bo nang le sebe bo ile ba fetisetsoa baneng. Linako tse khutšoanyane tsa ‘ho se hloeke’ ho amanang le ho beleha ngoana, hammoho le lintho tse ling, tse kang ho ilela khoeli le ho tsoa ha peō, li ne li hopotsa Baiseraele hore ba ne ba e-na le sebe se futsitsoeng. (Levitike 15:16-24; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Litaelo tsa ho itlhoekisa tseo ho neng ho hlokahala hore li lateloe li ne li tla thusa Baiseraele ho utloisisa hore ho ne ho hlokahala sehlabelo sa thekollo bakeng sa ho koahela sebe sa moloko oa batho le ho khutlisetsa batho phethehong. Kahoo Molao o ile oa fetoha “motataisi . . . ea isang ho Kreste.”—Bagalata 3:24.

15:16-18—‘Peō e tsoang’ eo ho buuoang ka eona litemaneng tsee ke eng? Kamoo ho bonahalang kateng ho buuoa ka peō e tsoang bosiu le ka ho kopanela liphate ha banyalani.

Seo re Ithutang Sona:

11:45. Jehova Molimo oa halalela ebile o batla hore ba mo etsetsang tšebeletso e halalelang ba halalele. Ba lokela ho hahamalla ho halalela ’me ba lule ba hloekile ’meleng le moeeng.—2 Bakorinthe 7:1; 1 Petrose 1:15, 16.

12:8. Jehova o ile a lumella mafutsana hore a nyehele linonyana ha a ne a etsa nyehelo ea sehlabelo ho fapana le hore a etse nyehelo ka linku tse theko e boima. O nahanela mafutsana.

RE LOKELA HO LULA RE HALALELA

(Levitike 16:1–27:34)

Mahlabelo a bohlokoa ka ho fetisisa a ne a nyeheloa selemo le selemo Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe. Ho ne ho nyeheloa poho bakeng sa baprista le moloko oa Levi. Ho ne ho etsoa sehlabelo sa pōli bakeng sa meloko ea Iseraele eo e neng e se ea boprista. Pōli e ’ngoe e ne e romeloa lefeelleng ka mor’a hore ho boleloe liphoso tsa batho holim’a eona. Lipōli tseo ka bobeli li ne li nkoa e le nyehelo e le ’ngoe ea sebe. Sena sohle se ne se bontša taba ea hore Jesu Kreste o ne a tla etsoa sehlabelo ’me a boele a jare libe.

Litaelo tse mabapi le ho ja nama le tse amanang le lintho tse ling li hatisa bohlokoa ba hore re halalele ha re sebeletsa Jehova. Ka ho loketseng, baprista ba ne ba lokela ho lula ba halalela. Mekete e meraro ea selemo le selemo e ne e le liketsahalo tse monate haholo le tsa ho leboha ’Mōpi. Jehova o ile a boela a fa batho ba hae litaelo tse mabapi le hore na ho etsoe eng ha lebitso la hae le halalelang le sebelisitsoe hampe, litaelo tsa ho ketekoa ha Lisabatha le Jubile, tsa kamoo mafutsana a neng a lokela ho tšoaroa kateng le tsa ho sebetsana le makhoba. Litlhohonolofatso tse neng li tla tlisoa ke ho mamela Molimo li bapisoa le lithohako tseo ba neng ba tla li fumana ha ba sa mo mamele. Ho boetse ho na le litaelo tse buang ka linyehelo tse mabapi le likano le litekanyetso, matsibolo a liphoofolo le ho fana ka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome e le “ntho e halalelang ho Jehova.”

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa:

16:29—Ke ka tsela efe Baiseraele ba neng ba lokela ‘ho hlorisa meea ea bona’? Mokhoa ona, o neng o lateloa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, o ne o amana le ho kōpa tšoarelo ea libe. Kamoo ho bonahalang kateng, ho itima lijo ka nako eo ho ne ho amahanngoa le ho utloisisa boemo ba boetsalibe. Kahoo, mohlomong “ho hlorisa meea” ho ne ho amana le ho itima lijo.

19:27—Taelo e neng e re ba se ke ba “kuta moriri . . . o lehlakoreng,” kapa ho “senya mathōko a litelu” e ne e bolela’ng? Kamoo ho bonahalang kateng, molao ona o ile oa fanoa ho thibela Bajuda ho kuta litelu tsa bona kapa moriri oa bona ka tsela eo ba neng ba tla be ba etsisa mekhoa e itseng ea bohetene. (Jeremia 9:25, 26; 25:23; 49:32) Leha ho le joalo, taelo ea Molimo e ne e sa bolele hore Bajuda ba ne ba sa lokela ho kuta litelu tsa bona kapa moriri o sefahlehong ka ho feletseng.—2 Samuele 19:24.

25:35-37—Na ka linako tsohle ho ne ho fosahetse hore Baiseraele ba lefise phaello? Haeba chelete e ne e alimanoe ka mabaka a khoebo, motho ea alimaneng ka eona o ne a ka lefisa phaello. Leha ho le joalo, Molao o ne o nyatsa ho lefisa phaello ha motho e mong a ne a alimiloe chelete e le hore a tsoe bofumeng. Ho tsoalisa chelete e neng e alimiloe moahelani ea mathateng a lichelete ho ne ho fosahetse.—Exoda 22:25.

26:19—Ke joang ‘maholimo a neng a ka ba joaloka tšepe ’me lefatše le be joaloka koporo’? Ka lebaka la khaello ea pula, leholimo le holim’a naha ea Kanana le ne le tla bonahala le le joaloka tšepe e thata, e se nang masoba. Kantle ho pula, lefatše le ne le tla ba le ’mala o benyang joaloka koporo.

26:26—Ho boleloa’ng ha ho thoe ‘basali ba leshome ba apeha bohobe ka ontong e le ’ngoe’? Ka tloaelo, mosali e mong le e mong o ne a tla hloka onto ea hae a le mong bakeng sa ho apeha lintho tsohle tseo a neng a hloka ho li apeha. Empa mantsoe ana a bua ka nako ea ha lijo li ne li tla be li haella hoo onto e le ’ngoe e neng e tla be e lekane hore basali ba leshome ba apehele ho eona sohle seo ba neng ba hloka ho se apeha. Ena ke e ’ngoe ea liphello tse neng li boletsoe esale pele tsa ho hlōleha ho ipoloka ba halalela.

Seo re Ithutang Sona:

20:9. Jehova o ne a talima lehloeo le ho ba lonya e le lintho tse mpe joaloka ho bolaea. Kahoo o ile a fana ka kahlolo ea hore ha motho a ne a rohakile batsoali ba hae, a ahloloe joalokaha eka o ne a hlile a ba bolaile. Na see ha sea lokela ho re susumelletsa ho bontša balumeli-’moho le rōna lerato?—1 Johanne 3:14, 15.

22:32; 24:10-16, 23. Lebitso la Jehova ha lea lokela ho rohakoa. Ho fapana le moo, re lokela ho rorisa lebitso la hae le ho rapella hore le halaletsoe.—Pesaleme ea 7:17; Matheu 6:9.

Kamoo Levitike e Amang Borapeli ba Rōna Kateng

Kajeno Lipaki Tsa Jehova ha li tlas’a Molao. (Bagalata 3:23-25) Leha ho le joalo, kaha se boletsoeng ho Levitike se re thusa hore re lemohe kamoo Jehova a talimang litaba tse fapa-fapaneng kateng, se ka ama borapeli ba rōna.

Ha u ntse u bala ’malo oa Bibele oa beke le beke u lokisetsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ha ho potang hore u tla ikutloa u hloletsoe ke taba ea hore Molimo o batla hore bahlanka ba hae ba halalele. Buka ena e ka boela ea u susumetsa hore u fe Ea Phahameng ka ho Fetisisa se molemohali seo u nang le sona, ka linako tsohle u lula u halalela hore u mo rorise.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mahlabelo a neng a nyeheloa tlas’a Molao a ne a tšoantšetsa Jesu Kreste le sehlabelo sa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang e ne e le ketsahalo e thabisang haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mekete ea selemo le selemo, joaloka Mokete oa Maphephe, e ne e le liketsahalo tsa ho isa liteboho ho Jehova