Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Re ka soabisa moea o halalelang oa Molimo joang, kaha hase motho?

Ke moapostola Pauluse ea ileng a ngola a re: “Le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo.” (Baefese 4:30) Ba bang ba nka mantsoe ana e le pontšo ea hore moea o halalelang ke motho. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata likhatiso tsa “motsamaisi ea tšepahalang” li ’nile tsa fana ka bopaki ba Mangolo le ba histori ba hore Bakreste ba pele ba ne ba sa nke moea o halalelang e le motho kapa molimo ea lekanang le Ea Phahameng ka ho Fetisisa kapa e le karolo ea seo ho thoeng ke Boraro-bo-bong. * (Luka 12:42) Kahoo Pauluse o ne a sa bolele hore moea o halalelang ke motho.

Moea o halalelang oa Molimo ke matla a hae a sa bonahaleng a sebetsang. (Genese 1:2) Jesu o ne a tla kolobetsa “ka moea o halalelang,” feela joalokaha Johanne a ne a kolobetsa ka metsi. (Luka 3:16) Ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120 ba ile ba “tlala moea o halalelang”—ho hlakile hore ba ne ba sa tlatsoa ka motho. (Liketso 1:5, 8; 2:4, 33) Batlotsuoa bao ba ile ba amohela tšepo ea leholimo, ’me moea oa Molimo o ile oa ba tataisetsa bophelong ba botšepehi. (Baroma 8:14-17; 2 Bakorinthe 1:22) Moea o ile oa hlahisa litholoana tsa bomolimo ’me oa ba thusa ho qoba “mesebetsi ea nama” ea boetsalibe e neng e tla fella ka hore ba se ke ba fumana kamohelo ea Molimo.—Bagalata 5:19-25.

Haeba re bahlanka ba Molimo ba nang le tšepo ea lefatšeng, ha rea tlotsoa ka moea o halalelang. Ho sa tsotellehe seo, re ka ba le moea oa Molimo o lekanang le oa ba nang le tšepo ea leholimo. Kahoo, le rōna re ka soabisa moea oo. Empa re ka o soabisa joang?

Haeba re ne re ka hlokomoloha keletso ea Mangolo e ngotsoeng ka tataiso ea moea o halalelang, re ne re tla ba le mekhoa e itseng e neng e ka fella ka hore re siteloe moea ka boomo, re lahleheloe ke kamohelo ea Jehova, ’me re qetelle re timelitsoe. (Matheu 12:31, 32) E ka ’na eaba ha re e-s’o etse sebe se tebileng, empa mohlomong re qala ho khelohela tseleng e fosahetseng, e ka ’nang ea qetella e re lebisitse tseleng e khahlanong le moea. Maemong a joalo, re tla be re soabisa moea o halalelang.

Kahoo, re ka qoba ho soabisa moea oa Molimo joang? Ka sebele re lokela ho laola mehopolo le liketso tsa rōna. Lengolong la hae le eang ho Baefese, khaolong ea 4, moapostola Pauluse o buile ka ho qoba litšekamelo tse itseng tsa ho sotha litaba, ho lula motho a halefile, botsoa, le lipuo tse sa lokang. Haeba re apere “botho bo bocha” empa leha ho le joalo re itumella ho khelosetsoa linthong tse joalo, re tla be re etsa’ng? Re tla be re le khahlanong le keletso e bululetsoeng ke moea, ea Lentsoe la Molimo Bibele. Haeba re etsa joalo, re tla be re soabisa moea o halalelang.

Ho Baefese khaolo ea 5, re bala keletso ea Pauluse e mabapi le ho qoba ho ba le thahasello e tsosang takatso e sa lokang ea bohlola. Moapostola o boetse o khothalletsa balumeli-’moho le eena ho qoba boitšoaro bo hlabisang lihlong le mesoaso e nyonyehang. Haeba re sa batle ho soabisa moea o halalelang oa Molimo, re lokela ho hopola sena ha re khetha boithabiso. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša thahasello linthong tse joalo ka ho bua ka tsona, ho bala ka tsona, le ho li shebella ha li bontšoa thelevisheneng kapa sebakeng se seng?

Ke ’nete hore re ka soabisa moea ka litsela tse ling. Moea oa Jehova o hōlisa bonngoe ka phuthehong, empa a re re re jala litšebo tse kotsi kapa re khothalletsa lihlotšoana ka phuthehong. Na re tla be re sa sebetse khahlanong le tataiso ea moea ea hore ho be le bonngoe? Ka tsela e akaretsang, re tla be re soabisa moea o halalelang, joaloka ba ileng ba baka likarohano phuthehong ea Korinthe. (1 Bakorinthe 1:10; 3:1-4, 16, 17) Hape re tla be re soabisa moea haeba ka boomo re sa hlomphe banna ba khethiloeng ke moea ka phuthehong.—Liketso 20:28; Juda 8.

Kahoo, ho hlakile hore re tla be re etsa hantle ha re hlahloba boikutlo le liketso tsa rōna leseling la seo re tsebang hore ke tataiso ea moea o halalelang joalokaha se bontšitsoe ka Bibeleng le ka phuthehong ea Bokreste. Hape a re ‘rapeleng ka moea o halalelang,’ re o lumelle hore o re tataise ’me ka linako tsohle re iphaphathe le se boletsoeng Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. (Juda 20) E se eka re ka ikemisetsa hore le ka mohla re se soabise moea empa ka mehla re tataisoe ke oona bakeng sa tlhompho ea lebitso le halalelang la Jehova.

Jesu Kreste o ile a bapisa bothata ba ho kena ha monna ea ruileng ’Musong le kamele e lekang ho kena ka lesoba la nale. Na Jesu o ne a nahanne ka kamele ea sebele le nale ea ho rōka ea sebele?

Litlaleho tse peli ho tse tharo tsa Mangolo polelong ena li tšoana hantle. Ho ea ka tlaleho ea Matheu, Jesu o itse: “Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” (Matheu 19:24) Ka ho tšoanang, Mareka 10:25 e baleha tjena: “Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.”

Libuka tse ling tsa litšupiso li bolela hore ‘lesoba la nale’ e ne e le heke e nyenyane har’a liheke tse ling tse khōlō tsa Jerusalema. Haeba heke e khōlō e ne e koaloa bosiu, ho ne ho ka buloa e nyenyane. Ho lumeloa hore kamele e ne e ka kena ka eona. Na see ke sona seo Jesu a neng a se nahanne?

Kamoo ho bonahalang kateng ha ho joalo. Ka ho totobetseng, Jesu o ne a bua ka nale ea ho rōka. Kaha ho ’nile ha fumanoa linale tsa boholo-holo tse entsoeng ka lesapo le ka tšepe sebakeng seo, e tlameha ebe e ne e le lintho tseo ho neng ho tloaelehile hore li sebelisoe ka lapeng. Luka 18:25 e tlosa khoao leha e le efe mantsoeng a Jesu, hobane e mo qotsa ha a re: “Ha e le hantle, ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ea ho rōka ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.”

Bangoli ba sa tšoaneng ba lidikshinari ba lumellana le phetolelo e reng “nale ea ho rōka” e sebelisitsoeng Phetolelong ea Lefatše le Lecha. Lentsoe la Segerike bakeng sa ‘nale’ le ho Matheu 19:24 le ho Mareka 10:25 (rha·phisʹ) le tsoa leetsing le bolelang “ho rōka.” ’Me lentsoe la Segerike le fumanoang ho Luka 18:25 (be·loʹne) le bolela nale ea sebele e amanang le ho buoa. Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e re: “Khopolo ea ho hlalosa ‘lesoba la nale’ e le liheke tse nyenyane e bonahala e le ea morao tjena; ha e bonahale e kile ea e-ba teng mehleng ea boholo-holo. Sepheo sa Morena ka polelo ena ke ho bontša hore ke ntho eo batho ba neng ba ke ke ba khona ho e etsa ebile ha ho hlokahale hore motho a leke ho bebofatsa bothata bona ka ho nka hore nale e bolela ntho e ’ngoe ka ntle ho sesebelisoa se tloaelehileng.”—1981, Volume 3, leqepheng la 106.

Ba bang ba bolela hore litemaneng tsena “kamele” e lokela ho fetoleloa e le “thapo.” Mantsoe a Segerike bakeng sa thapo (kaʹmi·los) le kamele (kaʹme·los) aa tšoana. Leha ho le joalo, ho Matheu 19:24 libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale haholo tse leng teng tsa Segerike tsa Kosepele ea Matheu (Sinaitic, Vatican No. 1209, le Alexandrine) ho hlaha lentsoe la Segerike “kamele” e seng “thapo.” Ho ea ka tlaleho, qalong Matheu o ngotse Kosepele ea hae ka Seheberu ’me mohlomong o ile a e fetolela a e isa Segerikeng. O ne a tseba hantle seo Jesu a se boletseng ’me ka hona o ile a sebelisa lentsoe le nepahetseng.

Kahoo, Jesu o ne a bua ka nale ea sebele ea ho rōka le ka kamele ea sebele. O ne a sebelisa lintho tsena ho hatisa hore ntho e itseng e ne e ke ke ea khoneha. Empa na Jesu o ne a bolela hore ha ho morui ea tla kena ’Musong? Che, hobane mantsoe a Jesu a ne a sa rereloa hore a nkoe a le joalo. O ne a sebelisa pheteletso ho bontša feela hore joalokaha kamele e ke ke ea kena ka lesoba la nale ea sebele ea ho rōka, ho ke ke ha khoneha hore morui a kene ’Musong haeba a tsoela pele ho khomarela maruo a hae ’me a sa behe Jehova pele bophelong ba hae.—Luka 13:24; 1 Timothea 6:17-19.

Jesu o buile mantsoe ana hang feela ka mor’a hore ’musi ea itseng e mocha a hane tokelo e khōlō ea ho ba molateli oa Jesu. (Luka 18:18-24) Motho ea ruileng ea ratang matlotlo a hae haholo ho feta lintho tsa moea a ke ke a lebella ho fumana bophelo bo sa feleng tokisetsong ea ’Muso. Leha ho le joalo, batho ba itseng ba ruileng e ile ea e-ba barutuoa ba Jesu. (Matheu 27:57; Luka 19:2, 9) Kahoo motho ea ruileng ea elang hloko tlhoko ea hae ea moea le ea batlang thuso ea Molimo a ka fumana poloko eo Molimo a fanang ka eona.—Matheu 5:3; 19:16-26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona bukana e reng Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.