Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thabisa Molimo

U ka Thabisa Molimo

U ka Thabisa Molimo

NA KA sebele re ka susumetsa tsela eo Molimo a ikutloang ka eona? Na Molimo a ka khona ho thaba? Ba bang ba nahana hore Molimo e mpa e le matla feela a itseng. Na re ka lebella hore matla a se nang sebōpeho kapa boikutlo a thabe? Le hanyenyane. Leha ho le joalo, nahana ka seo Bibele e se buang ka Molimo.

Jesu Kreste o itse: “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Moea ke mofuta oa bophelo o fapaneng le oa batho. Le hoja moea o sa bonahale mahlong a batho, o na le ’mele—“oa moea.” (1 Bakorinthe 15:44; Johanne 1:18) Esita le Bibele e sebelisa mokhabo-puo ha e re Molimo o na le mahlo, litsebe, matsoho, joalo-joalo. * Hape Molimo o na le lebitso—ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, Molimo oa Bibele, ke motho oa moea. (Baheberu 9:24) “Ke Molimo ea phelang le Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Jeremia 10:10.

Joaloka motho oa sebele ea phelang, Jehova o khona ho nahana le ho nka khato. O bonahatsa litšobotsi le maikutlo a itseng, ho na le lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Ha e le hantle, ka Bibeleng ho na le lipolelo tse ngata tse senolang lintho tse mo khahlisang kapa tse sa mo khahliseng. Le hoja melimo e entsoeng ke batho le litšoantšo tse rapeloang li bonahatsa feela mekhoa kapa litšobotsi tse itseng tsa baetsi ba tsona ba batho, Molimo ea matla ’ohle, Jehova, ke eena Ea Qapileng maikutlo ao a a kentseng ho batho.—Genese 1:27; Esaia 44:7-11.

Ntle ho pelaelo Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Ha a thabele mesebetsi ea hae ea pōpo feela empa o boetse o thabela ho phetha morero oa hae. Jehova o re ka moprofeta Esaia: “Ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang . . . Ke [e] boletse; ke tla boela ke [e] tlise. Ke [e] entse, ke tla boela ke [e] phethe.” (Esaia 46:9-11) Mopesaleme o ile a bina a re: “Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.” (Pesaleme ea 104:31) Empa ho sa ntse ho e-na le ntho e ’ngoe e etsang hore Molimo a thabe. O re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.” (Liproverbia 27:11) Ak’u nahane feela hore na seo se bolela’ng—re ka thabisa Molimo!

Kamoo re ka Thabisang Pelo ea Molimo Kateng

Nahana kamoo Noe hlooho ea lelapa a ileng a thabisa pelo ea Jehova kateng. Noe ‘o ile a fumana kamohelo mahlong a Jehova’ hobane “o ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.” Ho fapana ka ho feletseng le batho ba khopo ba mehleng eo, tumelo ea Noe le ho mamela ha hae li ne li thabisa Molimo haholo hoo ho ileng ha thoe “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 6:6, 8, 9, 22) “Ka tumelo Noe . . . o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” (Baheberu 11:7) Jehova o ile a khahlisoa ke Noe ’me a mo hlohonolofatsa hammoho le lelapa la hae ka ho ba pholosa nakong eo e mahlonoko historing ea batho.

Mopatriareka Abrahama le eena o ile a elelloa ka matla tsela eo Jehova a ikutloang ka eona. Ho bontša hore o ne a tseba ka botebo tsela eo Molimo a nahanang ka eona ho bonahetse hantle ha Jehova a ne a mo bolella hore Sodoma le Gomora li ne li tla timetsoa ka lebaka la boitšoaro ba tsona bo litšila. Abrahama o ne a tseba Jehova hantle hoo a neng a ka phetha ka hore ha ho utloahale hore Molimo o ne a ka bolaea motho ea lokileng le ea sa lokang. (Genese 18:17-33) Lilemo hamorao, ka lebaka la ho mamela tataiso ea Molimo, Abrahama “ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka,” hobane “o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa bafung.” (Baheberu 11:17-19; Genese 22:1-18) Abrahama o ne a utloisisa tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ’me o ile a bontša tumelo e matla le kutlo hoo ‘a ileng a bitsoa “motsoalle oa Jehova.”’—Jakobo 2:23.

Monna e mong ea ileng a leka ho thabisa pelo ea Molimo e ne e le Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. Jehova o ile a re ka eena: “Ke fumane Davida mora oa Jese, monna ea ratoang ke pelo ea ka, ea tla etsa lintho tsohle tseo ke li lakatsang.” (Liketso 13:22) Pele a tobana le Goliathe oa seqhenqha, Davida o ile a beha tšepo ea hae e feletseng ho Molimo eaba o re ho Morena Saule oa Iseraele: “Jehova, ea ileng a ntopolla marōng a tau le marōng a bere, ke eena ea tla ntopolla letsohong la Mofilista enoa.” Jehova o ile a hlohonolofatsa tšepo eo Davida a neng a e-na le eona ho Eena, e leng se ileng sa nolofalletsa Davida ho bolaea Goliathe. (1 Samuele 17:37, 45-54) Davida o ne a batla hore liketso tsa hae hammoho le ‘lipolelo tsa molomo oa hae le ho thuisa ha pelo ea hae e ke e be tse khahlisang ka pel’a Jehova.’—Pesaleme ea 19:14.

Ho thoe’ng ka rōna? Re ka khahlisa Jehova joang? Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka tsela eo Molimo a ikutloang ka eona, sena se tla etsa hore re ele hloko haholoanyane seo re lokelang ho se etsa hore re thabise Molimo pelo. Kahoo, ha re ntse re bala Bibele, ke habohlokoa hore re etse boiteko ba ho ithuta tsela eo Molimo a ikutloang ka eona e le hore ‘re ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore re tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo.’ (Bakolose 1:9, 10) Ka lehlakoreng le leng, tsebo e re thusa ho haha tumelo. Sena ke sa bohlokoa hobane ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho . . . khahlisa [Molimo] hantle.’ (Baheberu 11:6) E, ka ho etsa boiteko ba ho haha tumelo e matla le ka ho phela tumellanong le thato ea Jehova, re ka mo thabisa pelo. Ka nako e tšoanang, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra utloisa pelo ea Jehova bohloko.

U se ke Ua Utloisa Molimo Bohloko

Mohlala o bontšang kamoo Jehova a ka utloisoang bohloko kateng o fumanoa tlalehong e mabapi le matsatsi a Noe. Ka nako eo, “lefatše le ne le tletse pefo. Kahoo Molimo a bona lefatše ’me, bonang! le ne le senyehile, hobane nama eohle e ne e sentse tsela ea eona lefatšeng.” Molimo o ne a ikutloa joang ha a ntse a bona boitšoaro bo litšila le pefo? Bibele e re: “Jehova a ikutloa a soabile hore ebe o entse batho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.” (Genese 6:5, 6, 11, 12) Molimo o ile a soabela hore ebe boitšoaro ba batho bo ne bo le bobe haholo hoo a ileng a tlameha ho fetola boikutlo ba hae ka moloko o khopo oa pele ho Moroallo. Ka lebaka la ho se rate bokhopo ba oona, Molimo o ile a fetola boikutlo ba hae ba ho ba ’Mōpi oa batho ’me a fetoha motimetsi oa bona.

Hape Jehova o ile a utloa bohloko ha batho ba hae, sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, se ne se phehella ho hlokomoloha tsela eo a ikutloang ka eona le tataiso ea hae e lerato. Mopesaleme o ile a tletleba a re: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng, ba mo utloisa bohloko lehoatateng! Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo, ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” Leha ho le joalo, “o ne a le mohau; o ne a koahela phoso ’me a sa tlise pheliso. A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata, o ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.” (Pesaleme ea 78:38-41) Esita leha ho ne ho loketse hore Baiseraele ba marabele ba utloe bohloko ka lebaka la liphello tsa bokhopo ba bona, Bibele e re bolella hore “nakong ea mahlomola ’ohle a bona [Molimo] . . . o ile a hlomoha.”—Esaia 63:9.

Ho sa tsotellehe bopaki bo bongata bo bontšang hore Molimo o ne a ba tsotella, Baiseraele “ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.” (2 Likronike 36:16) Qetellong, mokhoa oa bona oa borabele oa ho satalatsa melala o ile oa “utloisa moea oa hae o halalelang bohloko” ’me seo se ile sa etsa hore ba lahleheloe ke kamohelo ea Jehova. (Esaia 63:10) Liphello? Ka toka Molimo o ile a tlosa tšireletso ea hae, ’me ba ile ba oeloa ke tlokotsi ha Bababylona ba hlōla Juda le ho timetsa Jerusalema. (2 Likronike 36:17-21) Ho soabisa hakaakang ha batho ba hahamalla tsela ea boetsalibe eo ’Mōpi oa bona a sa e rateng le e mo utloisang bohloko!

Bibele ha e re siee re e-na le khoao mabapi le taba ea hore boitšoaro bo sa lokang bo utloisa Molimo bohloko. (Pesaleme ea 78:41) Lintho tse sa rateheng—esita le tse manyala—ho Molimo li akarelletsa boikhohomoso, ho bua leshano, ho bolaea, ho sebelisa boselamose, ho lepa bokamoso, ho rapela baholo-holo, boitšoaro bo hlephileng, bosodoma, ho se tšepahale lenyalong, ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi, le ho hatella mafutsana.—Levitike 18:9-29; 19:29; Deuteronoma 18:9-12; Liproverbia 6:16-19; Jeremia 7:5-7; Malakia 2:14-16.

Jehova o ikutloa joang ka borapeli ba litšoantšo? Exoda 20:4, 5 e re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse.” Hobane’ng? Hobane setšoantšo se rapeloang “ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 7:25, 26) Moapostola Johanne o ile a lemosa a re: “Bana ba banyenyane, le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Johanne 5:21) ’Me moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Baratuoa ba ka, le balehele borapeli ba litšoantšo.”—1 Bakorinthe 10:14.

Batla Kamohelo ea Molimo

Molimo “o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” “Ba sa tšoauoeng phoso litseleng tsa bona baa mo khahlisa.” (Liproverbia 3:32; 11:20) Ho fapana le moo, bao ka manganga ba tsitlellang ho khopisa Molimo kapa ba sa hlompheng maikutlo a hae a lokileng haufinyane ba tla amohela liphello tse tlisoang ke ho hlōleha ho mo khahlisa. (2 Bathesalonika 1:6-10) Ka sebele, haufinyane o tla felisa bokhopo bohle bo atileng haholo hakana kajeno.—Pesaleme ea 37:9-11; Sofonia 2:2, 3.

Leha ho le joalo, Bibele e hlakisa hantle hore Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) A ka mpa a bontša kameho ea hae ho batho ba lokileng ho e-na le ho bontša khalefo ea hae ho ba khethang ho se fetohe. Jehova ha a ‘khahloe ke lefu la ea khopo, empa o khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.’—Ezekiele 33:11.

Kahoo ha ho na motho eo ho hlokahalang hore Jehova a mo halefele. “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) U e-na le tšepo e feletseng maikutlong a Molimo, u ka ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) E-ba le kholiseho ea hore ba thabisang Molimo pelo ba lebeletse ho thabela kamohelo ea hae le botsoalle ba hae. Kahoo, hona joale ho potlakile ho feta leha e le neng pele hore ‘re ’ne re nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’—Baefese 5:10.

Ke ntho e babatsehang hakaakang hore ebe Molimo ka mosa oa hae o sa tšoanelang o senotse litšobotsi tsa hae tse khanyang le maikutlo a hae! ’Me u ka khona ho mo thabisa pelo. Haeba u lakatsa ho etsa joalo, re u khothalletsa hore u iteanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno. Li tla thabela ho u bontša hore na li fumane eng e sebetsang le eo li e finyelletseng ha li ntse li leka ho thabisa Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona lebokose le reng “Ke Hobane’ng ha Bibele e Hlalosa Molimo ka Litšobotsi Tsa Batho?”

[Lebokose le leqepheng la 7]

Ke Hobane’ng ha Bibele e Hlalosa Molimo ka Litšobotsi Tsa Batho?

Kaha “Molimo ke Moea,” re ke ke ra mo bona ka mahlo a rōna a nama. (Johanne 4:24) Ka hona Bibele e sebelisa mokhabo-puo, o kang lipapiso, thehello, le mantsoe a hlalosang Molimo ka litšobotsi tsa batho ho re thusa ho utloisisa matla a Molimo, boholo ba hae le mesebetsi ea hae. Kahoo le hoja re sa tsebe hore na ’mele oa Molimo oa moea o joang, Bibele e re Molimo o na le mahlo, litsebe, matsoho, menoana, maoto, le pelo.—Genese 8:21; Exoda 3:20; 31:18; Jobo 40:9; Pesaleme ea 18:9; 34:15.

Puo e joalo e hlalosang ha e bolele hore ’mele oa Molimo oa moea o na le litho tse tšoanang le tsa ’mele ea batho. Mantsoe a hlalosang Molimo ka litšobotsi tsa batho ha aa lokela ho nkoa a le joalo. A mpa feela a thusa batho hore ba utloisise Molimo hamolemo. Kantle ho mokhabo-puo ona, ho ne ho tla ba thata hore batho feela ba utloisise tsela leha e le efe eo Molimo a hlalosoang ka eona, haeba e ne e le ntho eo ba neng ba ka e khona. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore botho ba Jehova Molimo bo qapiloe ke batho. Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo—eseng hore Molimo o entsoe ka setšoantšo sa motho. (Genese 1:27) Kahobane bangoli ba Bibele ba ne ba “bululetsoe ke Molimo,” tsela eo ba tšoantšetsang botho ba Molimo ka eona ha e le hantle ke tsela eo eena a hlalosang litšobotsi tsa hae ka eona—e leng tsona litšobotsi tseo a li kentseng ka tekanyo e sa tšoaneng ho batho bao a ba bōpileng. (2 Timothea 3:16, 17) Ho e-na le hore ho thoe Molimo o na le litšobotsi tsa motho, ha e le hantle ke motho ea nang le litšobotsi tsa Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Noe o ile a fumana kamohelo mahlong a Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Abrahama o ne a tloaetse tsela eo Molimo a ikutloang ka eona

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Davida o ile a tšepa Jehova ka ho feletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ha u ntse u bala Bibele, u ka ithuta kamoo u ka thabisang Molimo kateng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin