Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang

Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang

Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang

“[Tloong]. . . ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.”—LIKETSO 14:15.

1, 2. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re ele hloko hore Jehova ke “Molimo ea phelang”?

KA MOR’A hore moapostola Pauluse le Barnabase ba folise monna e mong, Pauluse o ile a tiisetsa batho ba Lystra ba neng ba shebelletse a re: “Le rōna re batho ba nang le mefokolo e tšoanang le eo le nang le eona, ’me re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.”—Liketso 14:15.

2 Ka sebele Jehova hase setšoantšo feela se sa pheleng, empa ke “Molimo ea phelang”! (Jeremia 10:10; 1 Bathesalonika 1:9, 10) Kantle ho hore oa phela, Jehova ke Mohloli oa bophelo ba rōna. “O fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) O thahasella hore re thabele bophelo ba rōna, ba hona joale le ba nakong e tlang. Pauluse o ile a phaella ka hore Molimo ha aa ka “a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.

3. Ke hobane’ng ha re ka tšepa tataiso eo Molimo a fanang ka eona?

3 Thahasello eo Molimo a nang le eona ka bophelo ba rōna e re fa lebaka la hore re tšepe tataiso ea hae. (Pesaleme ea 147:8; Matheu 5:45) Ba bang ba ka ’na ba se ke ba tšepa tataiso ea hae haeba ba fumana taelo ea Bibele eo ba sa e utloisiseng kapa e bonahalang e ba thibela ho etsa ho itseng. Leha ho le joalo, ho tšepa tataiso ea Jehova ho ipakile ho le bohlale. Ka mohlala: Esita leha Moiseraele a ne a sa utloisise molao o khahlanong le ho ama setopo, o ne a rua molemo ka ho o mamela. Sa pele, ho mamela ha hae ho ne ho tla mo atametsa haufi le Molimo ea phelang; sa bobeli, ho ne ho tla mo thusa ho qoba maloetse.—Levitike 5:2; 11:24.

4, 5. (a) Pele ho mehla ea Bokreste, Jehova o ile a fana ka tataiso efe tabeng ea mali? (b) Re tseba joang hore tataiso ea Molimo tabeng ea mali e ama Bakreste?

4 Ho joalo le ka tataiso ea Molimo tabeng ea mali. O ile a bolella Noe hore batho ha baa lokela ho ja mali kapa ho a noa. Joale Molaong, Molimo o ile a senola hore mali a ne a lumeletsoe hore a sebelisoe feela aletareng—bakeng sa tšoarelo ea sebe. Ka ho fana ka litaelo tse joalo, Molimo o ne a rala motheo bakeng sa tšebeliso e phahameng haholo ea mali—e leng ho boloka bophelo ka thekollo e entsoeng ke Jesu. (Baheberu 9:14) E, Molimo o ile a fana ka tataiso ena a nahanne ka bophelo le ka boiketlo ba rōna. Ha Adam Clarke, e leng setsebi sa lekholong la bo19 la lilemo a tšohla Genese 9:4, o ile a ngola a re: “Bakreste ba linaheng tsa bochabela ba ntse ba latela ka hloko taelo ena e ileng ea fuoa [Noe] . . . Tlas’a molao mali a ne a sa jeoe, hobane a ne a lebisa tlhokomelo maling a neng a tla tšolloa bakeng sa sebe sa lefatše; ’me ho latela Kosepele ha aa lokela ho jeoa, hobane kamehla a lokela ho nkoa e le a emelang mali a tšolotsoeng bakeng sa tšoarelo ea libe.”

5 E ka ’na eaba setsebi sena se ne se bua ka kosepele ea motheo, kapa litaba tse molemo, tse amanang haufi-ufi le Jesu. Li akarelletsa ho romela ha Molimo Mora oa hae hore a tl’o re shoela, ho tšolla mali a hae e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; Baroma 5:8, 9) Tlhaloso ea setsebi seo e ne e boetse e akarelletsa taelo e ileng ea fanoa hamorao ea hore balateli ba Kreste ba ile mali.

6. Bakreste ba ile ba fuoa tataiso efe tabeng ea mali, hona hobane’ng?

6 Ua tseba hore Molimo o ile a fa Baiseraele melao e makholo-kholo. Ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ne ba sa tlameha ho boloka melao eo kaofela. (Baroma 7:4, 6; Bakolose 2:13, 14, 17; Baheberu 8:6, 13) Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng, ho ile ha hlaha potso mabapi le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e neng e ba tlama—e leng lebollo la batho ba batona. Na batho bao e seng Bajuda ba neng ba batla ho rua molemo maling a Kreste ba ne ba lokela ho bolla, ho bontša hore ba ntse ba le tlas’a Molao? Ka 49 C.E., sehlopha se busang sa Bakreste se ile sa tšohla taba eo. (Liketso, khaolo ea 15) Ba thusoa ke moea oa Molimo, baapostola le banna ba hōlileng ba ile ba phetha ka hore lebollo le neng le tlama le ile la fela le Molao. Ho sa tsotellehe seo, ho ne ho e-na le litaelo tse itseng tseo Molimo a neng a ntse a batla hore Bakreste ba li boloke. Ha sehlopha se busang se ngolla liphutheho, se ile sa re: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha.”—Liketso 15:28, 29.

7. Ho bohlokoa hakae hore Bakreste ba ‘ile mali’?

7 Ka ho hlakileng, sehlopha se busang se ile sa talima ho ‘ila mali’ e le ntho ea bohlokoa tabeng ea boitšoaro joaloka ho qoba boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate kapa borapeli ba litšoantšo. Sena ke bopaki ba hore thibelo e mabapi le mali ke taba e tebileng. Bakreste ba kopanelang borapeling ba litšoantšo kapa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate ba sa bake ba ke ke ba “rua ’muso oa Molimo”; “kabelo ea bona e tla ba . . . lefu la bobeli.” (1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8; 22:15) Hlokomela phapang: Ho hlokomoloha tataiso ea Molimo mabapi le ho halalela ha mali ho ka fella ka lefu la ka ho sa feleng. Ho hlompha sehlabelo sa Jesu ho ka lebisa bophelong bo sa feleng.

8. Ke eng se bontšang hore Bakreste ba pele ba ne ba nka ka botebo tataiso ea Molimo tabeng ea mali?

8 Bakreste ba pele ba ile ba utloisisa tataiso ea Molimo joang tabeng ea mali le ho nka khato ka eona? Hopola tlhaloso ea Clarke e reng: “Ho latela Kosepele a ne a sa lokela ho jeoa, hobane kamehla a lokela ho nkoa e le a emelang mali a tšolotsoeng bakeng sa tšoarelo ea libe.” Histori e tiisa hore Bakreste ba pele ba ne ba nka taba ena ka botebo. Tertullian o ile a ngola a re: “Nahana ka bao ka meharo e meholo, ba nkang mali a ntseng a chesa a batlōli ba molao ba khopo pontšong e tšoaretsoeng lebaleng la lipapali . . . ’me ba a nkela ho ea phekola lefu la bona la sethoathoa.” Ho fapana le Bahetene ba neng ba ja mali, Tertullian o itse Bakreste, “esita le mali a liphoofolo ha a eo lijong [tsa bona] . . . Ha le leka Bakreste le ba neha lisoseje tse entsoeng ka mali. Ka ho hlakileng, le kholisehile hore ho bona, [hoo] ke tlōlo ea molao.” E, ho sa tsotellehe ho tšosoa ka lefu, Bakreste ba ne ba sa je mali. Tataiso ea Molimo e ne e le ea bohlokoa haholo ho bona.

9. Ho ila mali ho ne ho akarelletsa eng kantle le ho se je mali ka ho toba?

9 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore sehlopha se busang se ne se bolela feela hore Bakreste ba ne ba sa lokela ho ja kapa ho noa mali ka ho toba kapa ho ja nama e sa fophisoang mali kapa lijo tse tsoakiloeng le mali. Ke ’nete hore oo e ne e le oona moelelo oa pele oa taelo eo Molimo a ileng a e fa Noe. ’Me molao-taelo oa baapostola o ne o hlile o bolella Bakreste hore ba ‘pheme lintho tse fenethiloeng,’ e leng nama e sa fophisoang mali. (Genese 9:3, 4; Liketso 21:25) Leha ho le joalo, Bakreste ba pele ba ne ba tseba hore seo se ne se akarelletsa ho hongata. Ka linako tse ling mali a ne a jeoa bakeng sa kalafo. Tertullian o boletse hore bahetene ba bang ba ne ba noa mali a ntseng a chesa, e le ha ba leka ho phekola sethoathoa. Hape, e ka ’na eaba mali a ne a sebelisoa ka litsela tse ling ho phekola boloetse kapa a sebelisoa ho nkoa hore a ka ntlafatsa bophelo. Kahoo, ho Bakreste, ho phema mali ho ne ho akarelletsa ho se a noe kapa ho a ja e le “moriana.” Ba ile ba boloka boemo boo ho sa tsotellehe hore na seo se ne se beha bophelo ba bona kotsing kapa che.

Ho Sebelisa Mali e le Moriana

10. Ke ka litsela life tse ling mali a sebelisoang e le moriana, ’me seo se phahamisa potso efe?

10 Hona joale ho se ho tloaelehile ho sebelisa mali e le moriana. Qalong, litšelo tsa mali li ne li etsoa ka mali a feletseng—a ntšitsoeng ho ea faneng ka ’ona, eaba aa bolokoa ’me a tšeloa ho mokuli, mohlomong motho ea lemetseng ntoeng. Hamorao, bafuputsi ba ile ba ithuta ho arola mali ka metsoako ea ’ona e meholo. Ka ho tšela bakuli metsoako ena, lingaka li ne li ka khona ho arolela bakuli ba bangata mali a fanoeng, mohlomong motho e mong ea lemetseng a fuoe lero la mali (plasma) ebe e mong eena o fuoa lisele tse khubelu. Phuputso e tsoelang pele e bontšitse hore ho ka etsoa ho hong ka motsoako o kang lero la mali hore ho ntšoe likaroloana tse nyenyane tse ngata tse ka fuoang bakuli ba bang ba bangata. Mehato ea ho etsa sena e ntse e tsoela pele, ’me ho ntse ho tlalehoa tšebeliso e ncha ea likaroloana tsena. Mokreste o lokela ho arabela joang? O ikemiselitse ka tieo hore le ka mohla a ke ke a amohela tšelo ea mali, empa ngaka ea hae e mo phehella hore a amohele o mong oa metsoako e meholo ea mali, mohlomong lisele tse khubelu tsa mali tse bokeletsoeng. Kapa phekolo e ka ’na ea akarelletsa ho sebelisa karoloana e le ’ngoe e nyenyane e ntšitsoeng motsoakong o moholo oa mali. Mohlanka oa Molimo a ka etsa qeto joang litabeng tse joalo, a ntse a hopola hore mali aa halalela le hore mali a Kreste ke ’ona a bolokang bophelo ka kutloisiso e phahameng ka ho fetisisa?

11. Ke boemo bofe bo lumellanang le tsa bongaka boo e leng khale Lipaki li bo khomaretse?

11 Lilemong tse ngata tse fetileng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlakisa boemo ba tsona tabeng ena. Ka mohlala, li ile tsa ngola sehlooho se ileng sa hatisoa ho The Journal of the American Medical Association (November 27, 1981; se ileng sa hatisoa hape ho Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, leqepheng la 27-9). * Sehlooho seo se ile sa qotsa Genese, Levitike le Liketso. Se itse: “Le hoja litemana tsena li sa behoa ka mantsoe a [bongaka], Lipaki li li talima e le tse qhelelang ka thōko tšelo ea mali a felletseng, li-RBC [lisele tse khubelu tsa mali] tse [lutseng li bolokiloe], le lero la mali le se nang ’mala (plasma), hammoho le ho tšeloa li-WBC [lisele tse tšoeu tsa mali] le platelets.” Buka ea 2001 ea Emergency Care, tlas’a sehlooho se reng “Kamoo Mali a Hlophisitsoeng Kateng,” e itse: “Mali a entsoe ka metsoako e ’maloa e meholo: lero la mali, lisele tse tšoeu le tse khubelu, le li-platelet.” Kahoo, tumellanong le linnete tsa bongaka Lipaki li hana ho tšeloa mali a feletseng kapa metsoako leha e le efe ea ’ona e meholo e mene.

12. (a) Ke boemo bofe bo ’nileng ba fanoa mabapi le likaroloana tse ntšitsoeng metsoakong e meholo ea mali? (b) Ke hokae moo ho ka fumanoang boitsebiso bo eketsehileng ka taba ee?

12 Sehlooho seo sa bongaka se ile sa tsoela pele sa re: “Kutloisiso ea Lipaki ea bolumeli ha e thibele ka ho felletseng tšebeliso ea [metsoako] e kang albumin, li-globulin tse thusang ’mele ho itšireletsa mafung, le meriana e etsang hore mali a khone ho etsa mahloele; Paki ka ’ngoe e tlameha ho iketsetsa qeto ea hore na e ka amohela metsoako ena.” Ho tloha ka 1981, ho ’nile ha aroloa likaroloana tse ngata (e leng likaroloana tse nyenyane tse ntšitsoeng metsoakong e mene e meholo ea mali) hore li sebelisoe. Ka lebaka leo, Molula-Qhooa oa June 15, 2000, o ile oa fana ka boitsebiso ba bohlokoa tabeng ena sehloohong se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali.” Molemong oa babali ba limilione ba hona joale, karabo eo e hatisitsoe hape leqepheng la 29-31 la makasine ena. E fana ka lintlha tse qaqileng le mabaka a utloahalang, leha ho le joalo u tla bona hore seo e se buang se lumellana le lintlha tsa motheo tse boletsoeng ka 1981.

Moo Letsoalo la Hao le Kenellang Teng

13, 14. (a) Letsoalo ke eng, ’me le kenella joang tabeng ea mali? (b) Molimo o ile a fa Baiseraele tataiso efe tabeng ea ho ja nama, empa seo se ne se ka ’na sa phahamisa lipotso life?

13 Boitsebiso bo joalo bo hloka hore motho a sebelise letsoalo la hae. Hobane’ng? Bakreste baa lumela hore ke habohlokoa hore ba latele tataiso ea Molimo, empa maemong a mang motho o lokela ho iketsetsa qeto, ’me letsoalo lea kenella. Letsoalo ke matla a tlhaho a ho sekaseka litaba, hangata e le litaba tse amang ho khetha se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baroma 2:14, 15) Leha ho le joalo, ua tseba hore matsoalo a batho ha a tšoane. * Bibele e bolela hore ba bang ba na le ‘matsoalo a fokolang,’ e leng se bontšang hore matsoalo a ba bang a matla. (1 Bakorinthe 8:12) Bakreste ba tsoetse pele ka tekanyo e sa tšoaneng ha ba ntse ba ithuta seo Molimo a se bolelang, ha ba ela hloko monahano oa hae, leha ba o sebelisa ha ba etsa liqeto. Re ka etsa papiso ea sena ka Bajuda le ka taba ea ho ja nama.

14 Bibele e bolela ka ho hlaka hore motho ea mamelang Molimo o ne a ke ke a ja nama e sa fophisoang mali. Eo e ne e le ntho ea bohlokoa hoo esita le boemong ba tšohanyetso ha masole a Baiseraele a ne a ja nama e sa fophisoang mali, a ileng a e-ba molato oa phoso e tebileng, kapa sebe. (Deuteronoma 12:15, 16; 1 Samuele 14:31-35) Leha ho le joalo, seo se ne se ka ’na sa hlahisa lipotso. Ha Moiseraele a ne a hlaba nku, o ne a lokela ho e fophisa mali kapele hakae? Na o ne a tlameha ho selakha phoofolo hore a e fophise mali? Na ho ne ho hlokahala hore a fanyehe nku eo ka litlhakoana tsa morao? Hona a e fanyehe ka nako e kae? O ne a tla etsa’ng ka khomo e khōlō? Esita le ka mor’a ho e fophisa mali, mali a mang a ne a ka ’na a salla nameng. Na o ne a ka ja nama eo? Ke mang ea neng a tla etsa qeto?

15. Bajuda ba bang ba ile ba nka khato efe tabeng ea ho ja nama, empa Molimo o ile a fana ka tataiso efe?

15 Nahana ka Mojuda ea chesehang ea neng a tobane le lipotso tse joalo. O ne a ka ’na a nahana hore ntho e molemo haholo eo a neng a ka e etsa ke ho qoba nama e rekisoang ’marakeng oa nama, joalokaha motho e mong a ne a ke ke a ja nama haeba mohlomong e ne e ile ea nyeheloa ho setšoantšo se rapeloang. Mohlomong Bajuda ba bang ba ne ba ka ja nama feela ka mor’a hore ba latele mekhoa e itseng e tloaelehileng ea ho ntša mali. * (Matheu 23:23, 24) U nahana’ng ka mehato eo e sa tšoaneng e neng e nkoa? Ho feta moo, kaha Molimo o ne a sa tlama batho hore ba nke mehato eo e sa tšoaneng, na ho ne ho tla be ho loketse hore Bajuda ba romele lipotso tse ngata lekhotleng la bo-rabi hore le etse qeto tabeng ka ’ngoe? Le hoja moetlo oo o simolohile Bolumeling ba Sejuda, re ka thaba hore ebe Jehova ha aa ka a laela barapeli ba ’nete hore ba etse liqeto ka tsela eo tabeng ea mali. Molimo o ile a fana ka tataiso ea motheo tabeng ea ho hlaba liphoofolo tse hloekileng le ea ho li fophisa mali, empa ha aa ka a fana ka makolopetso a eketsehileng.—Johanne 8:32.

16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea ho amohela ente ea karoloana ea motsoako oa mali?

16 Joalokaha ho boletsoe serapeng sa 11 le sa 12, Lipaki Tsa Jehova ha li amohele tšelo ea mali a feletseng kapa ea metsoako ea ’ona e mene e meholo—lero la mali, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, le li-platelet. Ho thoe’ng ka ho sebelisa likaroloana tse nyenyane tse ntšitsoeng metsoakong e meholo ea mali, tse kang li-serum tse nang le lithibela-mafu bakeng sa ho loantša boloetse bo itseng kapa ho thibela chefo ea noha? (Bona leqephe la 30, serapa sa 4.) Ba bang ba ’nile ba nahana hore, ha e le hantle, likaroloana tseo tse nyenyane ha e sa le mali ’me kahoo ha li akarelletsoe taelong ea ‘ho ila mali.’ (Liketso 15:29; 21:25; leqepheng la 31, serapa sa 1) Boo ke boikarabelo ba bona. Ba bang matsoalo a bona a ba susumelletsa ho hana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nkiloeng maling (a phoofolo kapa a motho), esita le karoloana e nyenyane ea motsoako o le mong feela o moholo oa mali. * Ba bang bona ba ka ’na ba lumela ho amohela liente tsa protheine ea lero la mali bakeng sa ho loantša kapa ho thibela chefo ea noha, empa ba ka ’na ba hana likaroloana tse ling tse nyenyane. Ho feta moo, lihlahisoa tse ling tse nkiloeng ho o mong oa metsoako e mene e meholo ea mali li ka ’na tsa etsa mosebetsi o tšoanang hantle le oa motsoako o feletseng ’me tsa phetha karolo e etsang hore ’mele o phele, ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ne ba tla li nka e le tse sa lokelang.

17. (a) Matsoalo a rōna a ka re thusa joang ha re tobane le litaba tse mabapi le likaroloana tsa mali? (b) Ke hobane’ng ha ho etsa qeto tabeng ee e le taba e tebileng hakaale?

17 Seo Bibele e se buang ka letsoalo sea thusa ha re etsa liqeto tse joalo. Mohato oa pele ke ho ithuta seo Lentsoe la Molimo le se buang le ho loanela ho lumellanya letsoalo la hao le sona. Seo se tla u hlomella hore u etse qeto e lumellanang le tataiso ea Molimo ho e-na le ho kōpa motho e mong hore a u etsetse eona. (Pesaleme ea 25:4, 5) Mabapi le ho amohela likaroloana tsa mali, ba bang ba ’nile ba nahana hore, ‘Ena ke taba e tlohelloang letsoalong la motho, kahoo ha e bohlokoa hakaalo.’ Ho nahana joalo ha hoa loka. Hore taba e itseng e tlohelloa letsoalong la motho ha ho bolele hore ha e bohlokoa. E ka ba taba e tebileng haholo. Lebaka le leng ke hore e ka ama batho bao matsoalo a bona a sa tšoaneng le a rōna. Re bona sena keletsong eo Pauluse a ileng a fana ka eona tabeng ea nama eo ho ka etsahalang hore ebe e ne e nyehetsoe ho setšoantšo se rapeloang ’me hamorao ea rekisoa ’marakeng. Mokreste o lokela ho ameha ka hore a se ke a ‘ntša matsoalo a ba fokolang kotsi.’ Haeba a khopisa ba bang, a ka ‘lematsa mor’abo eo ka lebaka la hae Kreste a ileng a shoa’ eaba o siteloa Kreste. Kahoo, le hoja litaba tse mabapi le likaroloana tse nyenyane tsa mali e le qeto ea motho ka mong, liqeto tseo li lokela ho nkoa ka botebo haholo.—1 Bakorinthe 8:8, 11-13; 10:25-31.

18. Mokreste a ka etsa joang hore a se ke a bolaea letsoalo la hae ha a etsa liqeto tabeng ea mali?

18 Ho na le ntlha e ’ngoe e hatisang botebo ba liqeto tse mabapi le mali. Ke phello ea kamoo liqeto tse joalo li ka ’nang tsa u ama kateng. Haeba ho amohela karoloana e nyenyane ea mali ho tla khathatsa letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele, ha ua lokela ho le hlokomoloha. Hape ha ua lokela ho hlokomoloha letsoalo la hao hobane feela motho e mong a re ho uena, “Ha ho phoso ho amohela karoloana ea mali; ba bangata ba ’nile ba e amohela.” Hopola hore batho ba limilione kajeno ba hlokomoloha matsoalo a bona, ’me aa shoa, a ba etsa hore ba bue leshano le ho etsa lintho tse ling tse sa lokang ba sa soabe. Ka sebele Bakreste ba batla ho qoba mokhoa o joalo.—2 Samuele 24:10; 1 Timothea 4:1, 2.

19. Ke eng seo re lokelang ho se hopola kamehla ha re etsa qeto litabeng tse amang mali?

19 Hoo e ka bang qetellong, karabo e hatisitsoeng hape leqepheng la 29-30 e re: “Na ’nete ea hore maikutlo le liqeto tse etsoang ka hloko li ka ’na tsa fapana e bolela hore taba ee hase ea bohlokoa? Che. E tebile.” E tebile haholo hobane e ama kamano ea hao le “Molimo ea phelang.” Kamano eo ke eona feela e ka isang bophelong bo sa feleng, motheong oa matla a pholosang a mali a Jesu a tšolotsoeng. E-ba le tlhompho e tebileng bakeng sa mali ka lebaka la seo Molimo a se etsang ka ’ona—e leng ho boloka bophelo. Ka nepo Pauluse o ile a ngola a re: “Le ne le se na tšepo ’me le ne le se na Molimo lefatšeng. Empa joale bonngoeng le Kreste Jesu lōna bao le kileng la ba hōle le se le le haufi ka mali a Kreste.”Baefese 2:12, 13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 13 Ka nako e ’ngoe, Pauluse le Bakreste ba bang ba bane ba ile ba ea tempeleng ho ea itlhoekisa tumellanong le moetlo. Molao o ne o se o sa sebetse, empa Pauluse o ile a latela keletso ea banna ba hōlileng ba neng ba le Jerusalema. (Liketso 21:23-25) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Bakreste ba bang ba ile ba ikutloa hore ba ne ba ke ke ba ea tempeleng kapa ho latela tloaelo eo. Matsoalo a batho a ne a sa tšoane ka nako eo, ebile ha a tšoane le kajeno.

^ ser. 15 Encyclopaedia Judaica e thathamisa melao e “rarahaneng le e qaqileng” mabapi le nama “e lokisoang tumellanong le melao ea Sejuda.” E bolela hore na nama e lokela ho behoa ka metsing metsotso e mekae, hore na e lokela ho fophisoa mali joang holim’a lepolanka, hore na e lokela ho kopanngoa le letsoai la mofuta ofe, le hore na e lokela ho hlatsuoa hakae ka metsing a batang.

^ ser. 16 Hangata lienteng tse ling, motsoako o moholo o sebelisoang kapa o etsang hore moriana e be o sebetsang ke sehlahisoa sa maiketsetso se sa nkoang maling. Empa maemong a mang ho ka ’na ha akarelletsoa tekanyo e nyenyane ea karoloana ea mali, e kang albumin.—Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa October 1, 1994.

Na U ka Hopola?

• Molimo o ile a fa Noe, Baiseraele le Bakreste tataiso efe tabeng ea mali?

• Ke eng eo Lipaki Tsa Jehova li e hanang ka ho feletseng tabeng ea mali?

• Ke ka kutloisiso efe ho amohela likaroloana tse nyenyane tsa motsoako o moholo oa mali ho tlohelloang letsoalong la motho, empa seo ha se bolele eng?

• Ha re etsa liqeto, ke hobane’ng ha re lokela ho hopola kamano ea rōna le Molimo kamehla?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Chate e leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BOEMO BA MOTHEO TABENG EA MALI

MALI A FELETSENG

▾ ▾ ▾ ▾

HA A AMOHELEHE Lisele Tse Khubelu Lisele Tse Tšoeu Li-platelet Lero la Mali (Plasma)

MOKRESTE O LOKELA HO ETSA QETO Likaroloana Likaroloana Likaroloana Likaroloana

tse ntšitsoeng tse ntšitsoeng tse ntšitsoeng tse ntšitsoeng

Liseleng Tse Khubelu

Liseleng Tse Tšoeu Li-platelet Lerong la Mali

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Sehlopha se busang se ile sa etsa qeto ea hore Bakreste ba lokela ho ‘ila mali’

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

U se ke ua hlokomoloha letsoalo la hao ha u tlameha ho etsa qeto mabapi le ho amohela karoloana ea mali