Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa

Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa

Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa

“Mali a Kreste [a tla] hloekisa matsoalo a rōna mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang.”—BAHEBERU 9:14.

1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore re nka bophelo e le ba bohlokoa ka ho fetisisa?

HAEBA u ne u ka kōptjoa hore u bolele hore na u nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa hakae, u ne u ka re’ng? Re nka bophelo ba rōna le ba batho ba bang e le ba bohlokoa ka ho fetisisa. E le bopaki ba seo, re ka ’na ra ea ngakeng bakeng sa tlhokomelo ha re kula kapa nako le nako re ka ’na ra ea ngakeng ho tiisa hore re ntse re phela hantle. Re batla ho lula re phela ’me re shahlile. Esita le batho ba bangata ba tsofetseng kapa ba holofetseng ha ba batle ho shoa; ba batla ho tsoela pele ba ntse ba phela.

2, 3. (a) Liproverbia 23:22 e hatisa boikarabelo bofe? (b) Molimo o ameha joang boikarabelong bo boletsoeng ho Liproverbia 23:22?

2 Tsela eo u nkang bophelo e le ba bohlokoa ka eona e ama likamano tsa hao le batho ba bang. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo lea laela: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Ho “mamela” ha ho bolele feela ho utloa mantsoe; maele ana a bolela ho utloa ebe motho o latela seo a se utloileng. (Exoda 15:26; Deuteronoma 7:12; 13:18; 15:5; Joshua 22:2; Pesaleme ea 81:13) Lentsoe la Molimo le fana ka lebaka lefe la hore u mamele ntate oa hao le ’mè oa hao? Hase feela hobane ntate oa hao le ’mè oa hao ba le baholo ho uena kapa ba e-na le phihlelo e ngata. Lebaka le fanoeng ke hore ke bona ba “u tsoetseng.” Liphetolelo tse ling li beha temana ena tjena: “Mamela ntat’ao ea u fileng bophelo.” Hoa utloahala hore, haeba u nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa, u ikutloa u ikarabella ka tsela e itseng ho mohloli oa bophelo boo.

3 Ha ho pelaelo hore haeba u Mokreste oa ’nete, ua lumela hore Jehova ke eena Mohloli o ka sehloohong oa bophelo ba hao. Ka eena u “na le bophelo” ka bobona; u ka “sisinyeha,” ua etsa lintho joaloka sebōpuoa se nang le maikutlo; ’me hona joale u “teng” ’me u ka nahana kapa ua rera bokamoso, ho akarelletsa le bophelo bo sa feleng. (Liketso 17:28; Pesaleme ea 36:9; Moeklesia 3:11) Tumellanong le Liproverbia 23:22, ho loketse hore u ‘mamele’ Molimo ka boikokobetso, u e-na le takatso ea ho utloisisa pono ea hae ka bophelo le ho tataisoa ke eona ho e-na le ho khetha tsela leha e le efe e ’ngoe ea hore na bophelo ke ba bohlokoa hakae.

Hlompha Bophelo

4. Tšimolohong ea histori ea motho, ho hlompha bophelo e ile ea e-ba taba ea bohlokoa joang?

4 Tšimolohong ea histori ea batho, Jehova o ile a hlakisa hore o ne a sa lumella batho hore ba sebelise bophelo ka lebaka leha e le lefe le leng (kapa hore ba bo sebelise hampe). Ka lebaka la khalefo e tletseng mōna, Kaine o ile a felisa bophelo ba mor’abo ea neng a se na molato, e leng Abele. Na u nahana hore Kaine o ne a e-na le tokelo ea ho etsa qeto e joalo ka bophelo? Molimo ha aa ka a nahana joalo. Ha a bolella Kaine hore a ikarabelle o ile a re: “U entse’ng? Mamela! Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Genese 4:10) Hlokomela hore mali a Abele a neng a le mobung a ne a emela bophelo ba hae, bo neng bo khutsufalitsoe ka sehlōhō, ’me a ne a llela Molimo hore a a phetetse.—Baheberu 12:24.

5. (a) Molimo o ile a beha thibelo efe matsatsing a Noe, ’me e ne e sebetsa ho bo-mang? (b) Thibelo ee e ne e le bohato ba bohlokoa ka kutloisiso efe?

5 Ka mor’a Moroallo, moloko oa batho o ile oa qalisa bocha ka meea e robeli feela. Phatlalatsong e neng e ama batho bohle, Molimo o ile a senola lintho tse ngata mabapi le kamoo a neng a nka bophelo le mali e le tsa bohlokoa kateng. O ile a bolela hore batho ba ne ba ka ja nama ea liphoofolo, empa o ile a beha thibelo ena: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna. Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela. Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” (Genese 9:3, 4) Bajuda ba bang ba hlalosa hore seo se bolela hore batho ba ne ba sa lokela ho ja nama kapa mali a phoofolo e neng e ntse e phela. Empa hamorao ho ile ha hlakisoa hore mona Molimo o ne a thibela ho jeoa ha mali ka morero oa ho boloka bophelo. Ho feta moo, taelo eo Molimo a ileng a fana ka eona ka Noe e ne e le bohato ba bohlokoa ba ho finyella morero oa Hae o phahameng tabeng ea mali—morero o neng o tla lumella batho ho fumana bophelo bo sa feleng.

6. A sebelisa Noe, Molimo o ile a hatisa joang pono ea Hae ka bohlokoa ba bophelo?

6 Molimo o ile a tsoela pele a re: “Ke tla batla mali a meea ea lōna. Ke tla a batla letsohong la sebōpuoa se seng le se seng se phelang; ’me ke tla batla moea oa motho letsohong la motho, letsohong la e mong le e mong eo e leng mor’abo. Mang kapa mang ea tšollang mali a motho, mali a hae a tla tšolloa ke motho, etsoe o entse motho ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 9:5, 6) Phatlalatsong ena e ileng ea etsetsoa lelapa lohle la motho, u ka bona hore Molimo o nka mali a motho a emela bophelo ba hae. ’Mōpi o fa motho bophelo, ’me ha ho motho ea lokelang ho felisa bophelo boo, bo emeloang ke mali. Haeba motho a bolaea e mong, joalokaha Kaine a ile a etsa, ’Mōpi o na le tokelo ea ho “batla” bophelo ba ’molai eo.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella phatlalatso eo Molimo a ileng a e etsetsa Noe mabapi le mali?

7 Ka phatlalatso ea hae, Molimo o ne a laela batho hore ba se ke ba sebelisa mali hampe. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a fana ka taelo eo? Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Molimo a ile a talima mali ka tsela eo? Bonneteng, karabo e ama e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ka Bibeleng. Ke eona moko-taba oa molaetsa oa Bokreste, le hoja likereke tse ngata li khetha ho e hlokomoloha. Thuto eo ke efe, hona e ama bophelo ba hao, liqeto tsa hao le liketso tsa hao joang?

Mali—A ka Sebelisoa Joang?

8. Molaong, Jehova o ile a beha thibelo efe tabeng ea tšebeliso ea mali?

8 Jehova o ile a fana ka makolopetso a eketsehileng mabapi le bophelo le mali ha a ne a fa Baiseraele Molao. Ha a ntse a etsa joalo, o ile a nka bohato bo bong ho phethahatsa morero oa hae. Mohlomong ua tseba hore Molao o ne o hloka hore Molimo a etsetsoe linyehelo, tse kang tsa lijo-thollo, oli le veine. (Levitike 2:1-4; 23:13; Numere 15:1-5) Ho ne ho boetse ho e-na le mahlabelo a liphoofolo. Mabapi le ’ona Molimo o ile a re: “Moea oa nama o maling, ’me ke a behile aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna, hobane mali a koahela libe ka lebaka la moea o ho ’ona. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Ho lōna ho se ke ha e-ba le moea o jang mali.’” Jehova o ile a phaella ka hore haeba motho, ea kang setsomi kapa sehoai, a ne a ka bolaea phoofolo bakeng sa lijo, o ne a lokela ho e fophisa mali ’me a a koahele ka mobu. Lefatše ke setuloana sa maoto sa Molimo, ’me ha motho a ne a tšollela mali mobung, o ne a bontša hore oa lumela hore bophelo bo ne bo khutlisetsoa ho Monehi-Bophelo.—Levitike 17:11-13; Esaia 66:1.

9. Molaong ho ne ho bontšitsoe hore mali a lokela ho sebelisetsoa eng feela, hona morero oa see e ne e le ofe?

9 Molao oo e ne e se tloaelo feela tjee ea bolumeli e sa reng letho ho rōna. Na u hlokometse hore na ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ja mali? Molimo o itse: “Ke ka lebaka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Ho lōna ho se ke ha e-ba le moea o jang mali.’” Lebaka e ne e le lefe? “Ke behile [mali] aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna.” Na ua bona hore see se re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a bolella Noe hore batho ba ne ba sa lokela ho ja mali? ’Mōpi o ile a ikhethela ho talima mali e le a nang le bohlokoa bo phahameng, a a bolokela morero o le mong o khethehileng o neng o ka pholosa bophelo ba batho ba bangata. A ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ho koaheloeng ha libe. Kahoo tlas’a Molao, Molimo o ne a lumeletse hore mali a sebelisoe feela aletareng ho koahela libe bakeng sa bophelo ba Baiseraele, ba neng ba batla hore Jehova a ba tšoarele.

10. Ke hobane’ng ha mali a liphoofolo a ne a ke ke a fana ka tšoarelo e feletseng, empa mahlabelo a neng a etsoa tlas’a Molao a ne a fana ka khopotso efe?

10 Khopolo ena e ne e tsejoa Bokresteng. Ha moapostola oa Mokreste Pauluse a bua ka tšobotsi ena e lokiselitsoeng ke Molimo ea Molao, o ile a ngola a re: “Hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Baheberu 9:22) Pauluse o ile a hlakisa hore mahlabelo a neng a hlokahala ha aa ka a etsa hore Baiseraele e be batho ba phethahetseng, ba se nang sebe. O ile a ngola a re: “Ka mahlabelo ana ho na le khopotso ea libe selemo le selemo, etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe.” (Baheberu 10:1-4) Ho sa tsotellehe seo, mahlabelo a joalo e ne e le a bohlokoa. A ne a hopotsa Baiseraele hore e ne e le baetsalibe ’me ba ne ba hloka ho hong ho eketsehileng e le hore ba tšoareloe ka ho feletseng. Empa haeba mali a neng a emela bophelo ba liphoofolo a ne a ke ke a koahela libe tsa batho ka ho feletseng, na ho na le mali leha e le afe a neng a ka etsa joalo?

Tharollo ea Monehi-Bophelo

11. Re tseba joang hore mahlabelo a mali a liphoofolo a ne a supa nthong e ’ngoe e itseng?

11 Ha e le hantle Molao o ne o supa nthong e ’ngoe e neng e tla atleha haholoanyane ho phethahatseng thato ea Molimo. Pauluse o ile a botsa a re: “Joale, Molao o bile teng hobane’ng?” O ile a araba a re: “O ile oa eketsoa ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona; ’me o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng [Moshe].” (Bagalata 3:19) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a ngola a re: “Molao o na le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo.”—Baheberu 10:1.

12. Re ka bona ho senoleha ha morero oa Molimo joang tabeng ea mali?

12 Joalokaha re se re bone sehloohong sena, hopola hore matsatsing a Noe Molimo o ile a laela hore batho ba ka ja nama ea liphoofolo bakeng sa ho boloka bophelo, empa ba ne ba sa lokela ho ja mali. Ka mor’a nako, Molimo o ile a bolela hore “moea oa nama o maling.” E, o ile a khetha ho talima mali e le a emelang bophelo eaba o re: “Ke behile [mali] aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna.” Leha ho le joalo, morero oa Molimo o ne o tla tsoela pele ho senoleha ka mokhoa o babatsehang. Molao o ne o tšoantšetsa lintho tse molemo tse tlang. Lintho life?

13. Ke hobane’ng ha lefu la Jesu e ne e le la bohlokoa?

13 Boleng ba sena bo ne bo itšetlehile ka lefu la Jesu Kreste. Ua tseba hore Jesu o ile a hlokofatsoa a ba a khokhotheloa thupeng. O ile a shoa joaloka motlōli oa molao. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng. . . . Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:6, 8) Ka lebaka la ho re shoela, Kreste o ile a fana ka thekollo bakeng sa ho koahela libe tsa rōna. Thekollo eo ke eona moko-taba oa molaetsa oa Bokreste. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; 1 Bakorinthe 15:3; 1 Timothea 2:6) Ho na le kamano efe pakeng tsa thekollo le mali le bophelo, hona bophelo ba hao bo ameha joang?

14, 15. (a) Liphetolelo tse ling tsa Baefese 1:7 li hatisa lefu la Jesu joang? (b) Ke ntlha efe e mabapi le Baefese 1:7 e ka ’nang ea hlokomolohuoa?

14 Likereke tse ling li bua haholo ka lefu la Jesu, batho ba kenang likereke tseo ba re “Jesu o nchoetse.” Hlokomela kamoo liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolelang Baefese 1:7 kateng: “Ke ka eena le ka lefu la hae re nang le topollo, e leng, ho tlosoa ha litšito tsa rōna.” (The American Bible, ea Frank Scheil Ballentine, 1902) “Re lokolotsoe ka lefu la Kreste, ’me re tšoaretsoe libe.” (Today’s English Version, 1966) “Re lokolotsoe ka Kreste le ka sehlabelo sa bophelo ba hae, e leng ho lokolloa ho bolelang tšoarelo ea libe.” (The New Testament, ea William Barclay, 1969) “Re tšoaretsoe libe ka lefu la Kreste ’me re lokolotsoe.” (The Translator’s New Testament, 1973) U ka bona hore liphetolelong tsena ho buuoa haholo ka lefu la Jesu. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa, ka sebele lefu la Jesu ke la bohlokoa. Kahoo, ke eng e haellang liphetolelong tsee?’

15 Bonneteng, haeba u ne u tlameha ho itšetleha ka liphetolelo tsena, u ne u ka hlokomoloha ntlha ea bohlokoa haholo, ’me sena se ne se ka khina kutloisiso ea hao ea molaetsa oa Bibele. Liphetolelo tsena li pata ntlha ea hore mangolong a pele, ho Baefese 1:7 ho na le lentsoe la Segerike le bolelang “mali.” Kahoo, Libibele tse ngata, tse kang Phetolelo ea Lefatše le Lecha li fetolela taba ena joaloka mangolo a pele ka ho re: “Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.”

16. Phetolelo e reng “mali a eo” e lokela ho fetisetsa eng likelellong tsa rōna?

16 Phetolelo e reng “mali a eo” e na le moelelo o batsi ’me e lokela ho etsa hore re nahane. Lefu la motho ea itseng le ne le sa lekana, esita le lefu la motho ea phethahetseng Jesu. O ile a phethahatsa se neng se tšoantšelitsoe Molaong, haholo-holo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Letsatsing leo le khethehileng, ho ne ho etsoa sehlabelo ka liphoofolo tse khethiloeng. Ka mor’a moo, moprista ea phahameng o ne a nka mali a mang a tsona ’me a kena le ’ona karolong ea Sehalalelisiso ea tabernakele kapa ea tempele, ’me a nehelane ka ’ona moo ka pel’a Molimo, joalokaha eka o ka pel’a hae.—Exoda 25:22; Levitike 16:2-19.

17. Jesu o ile a phethahatsa joang se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

17 Joalokaha Pauluse a hlalositse, Jesu o ile a phethahatsa se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Pele, o boletse hore moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a kena Sehalalelisisong hang ka selemo ka mali a ho etsa nyehelo “bakeng sa hae le bakeng sa libe tsa ho hloka tsebo tsa batho.” (Baheberu 9:6, 7) Tumellanong le se neng se etsoa, ka mor’a hore Jesu a tsosoe e le moea, o ile a ea leholimong. E le moea, o se nang ’mele oa nama le mali, o ne a ka hlaha ka pel’a “Molimo bakeng sa rōna.” O ile a hlahisa eng ho Molimo? Ha aa ka a hlahisa ntho e bonahalang empa o ile a hlahisa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ha Kreste a tla e le moprista ea phahameng . . . , ha aa ka a kena ka mali a lipōli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna. Etsoe haeba mali a lipōli le a lipoho . . . [a] halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?” Ka sebele, Jesu o ile a hlahisa ho Molimo molemo oa mali a hae a fanang ka bophelo.—Baheberu 9:11-14, 24, 28; 10:11-14; 1 Petrose 3:18.

18. Ke hobane’ng ha seo Bibele e se buang ka mali e le sa bohlokoa ho Bakreste kajeno?

18 ’Nete ena e tsoang ho Molimo e re thusa ho utloisisa likarolo tse hlollang tsa seo Bibele e se buang ka mali—lebaka la hore na ke hobane’ng ha Molimo a a talima joalo, le kamoo re lokelang ho a talima kateng, le lebaka leo ka lona re lokelang ho hlompha lithibelo tseo Molimo a li behileng tabeng ea ho sebelisa mali. Ha u bala libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, u tla fumana likarolo tse ngata tse buang ka mali a Kreste. (Bona lebokose.) Li hlakisa hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho beha tumelo “maling a [Jesu].” (Baroma 3:25) Ho fumana ha rōna tšoarelo le ho ba le khotso le Molimo ho ka khoneha feela “ka mali ao [Jesu] a ileng a a tšolla.” (Bakolose 1:20) Ka sebele sena ke ’nete ka bao Jesu a entseng selekane se khethehileng le bona ho ea busa le eena maholimong. (Luka 22:20, 28-30; 1 Bakorinthe 11:25; Baheberu 13:20) Ho boetse ho joalo le ka “bongata bo boholo” kajeno, bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang le bo tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka tšoantšetso, bo ‘hlatsoa liaparo tsa bona maling a Konyana.’—Tšenolo 7:9, 14.

19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khetha ho beha lithibelo tabeng ea tšebeliso ea mali, ’me re lokela ho ikutloa joang ka seo? (b) Ke eng seo re lokelang ho thahasella ho se tseba?

19 Ka ho hlakileng, mali a na le moelelo o khethehileng mahlong a Molimo. Le ho rōna a lokela ho ba le moelelo o khethehileng. ’Mōpi, ea amehileng ka bophelo, o na le tokelo ea ho beha lithibelo ka seo batho ba se etsang ka mali. Kahobane a amehile haholo esita le ka bophelo ba rōna, o ile a rera ho boloka mali hore a sebelisoe ka tsela e le ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng eona feela tsela e etsang hore bophelo bo sa feleng bo khonehe. Tsela eo e ne e ama mali a bohlokoa a Jesu. Re ka leboha hakaakang hore ebe Jehova Molimo o nkile khato molemong oa rōna ka ho sebelisa mali—mali a Jesu—ka tsela ee e bolokang bophelo! ’Me re lokela ho leboha Jesu hakaakang ka ho tšolla mali a hae e le sehlabelo bakeng sa rōna! Ka sebele, re ka utloisisa mantsoe a boletsoeng ke moapostola Johanne ha a re: “Ho ea re ratang le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae—’me a etsa hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng. Amen.”—Tšenolo 1:5, 6.

20 Ke khale Molimo le Monehi-Bophelo oa rōna ea nang le bohlale bohle a nahanne ka karolo ena e bolokang bophelo. Kahoo, re ka ’na ra botsa, ‘See se lokela ho ama liqeto le liketso tsa rōna joang?’ Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.

U ka Araba Joang?

• Re ka ithuta eng ka pono ea Molimo ka mali litlalehong tse amang Abele le Noe?

• Molaong, Molimo o ile a beha thibelo efe tabeng ea tšebeliso ea mali, hona hobane’ng?

• Jesu o ile a phethahatsa joang se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

• Mali a Jesu a ka boloka bophelo ba rōna joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 18]

KE MALI A MANG A BOLOKANG BOPHELO?

“Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.”—Liketso 20:28.

“Ka hona, kaha joale ho boletsoe hore re lokile ka mali a hae, re tla pholosoa hakaakang ka eena khalefong.”—Baroma 5:9.

“Le ne le se na tšepo ’me le ne le se na Molimo lefatšeng. Empa joale bonngoeng le Kreste Jesu lōna bao le kileng la ba hōle le se le le haufi ka mali a Kreste.”—Baefese 2:12, 13.

“Molimo o ile a bona ho le molemo hore botlalo bohle bo lule ho eena, le hore ka eena a boelanye hape lintho tse ling tsohle le eena ka ho etsa khotso ka mali ao a ileng a a tšolla thupeng ea tlhokofatso.”—Bakolose 1:19, 20.

“Ka hona, barab’eso, . . . re na le sebete bakeng sa tsela ea ho kena sebakeng se halalelang ka mali a Jesu.”—Baheberu 10:19.

“Ha lea ka la lopolloa ka lintho tse ka bolang . . . mokhoeng oa lōna oa boitšoaro o sa beheng litholoana o amohetsoeng ka neano ho tsoa ho baholo-holo ba lōna. Empa e bile ka mali a bohlokoa, a joaloka a konyana e se nang sekoli le e se nang letheba, ’ona a Kreste.”—1 Petrose 1:18, 19.

“Haeba re tsamaea leseling joalokaha eena a le leseling, re fela re abelana, ’me mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.”—1 Johanne 1:7.

“Ua tšoaneleha ho nka moqolo le ho bula litiiso tsa oona, hobane u ile ua hlajoa ’me ka mali a hao ua rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.”—Tšenolo 5:9.

“Moqosi oa barab’abo rōna, . . . o lihetsoe tlaase  . . [’Me] ba ile ba mo hlōla ka lebaka la mali a Konyana le ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona.”—Tšenolo 12:10, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Molimo o ile a sebelisa Molao ho hlakisa hore mali a ne a ka phetha karolo e itseng ho tšoareloeng ha libe

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ka mali a Jesu, ho ne ho ka bolokoa bophelo ba batho ba bangata