Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefa la Bohlokoahali

Lefa la Bohlokoahali

Lefa la Bohlokoahali

HA MOAPOSTOLA JOHANNE ea hōlileng a se a le haufi le ho shoa, o ile a ngola a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.

Moapostola enoa ea tšepahalang o ne a bua ka bana ba hae ba moea. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba ka pheta mantsoe ao a moapostola Johanne. Ba ikitlaellelitse ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ’me hona joale ba thabela ho bona bana ba bona ba hōlileng “ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (Baefese 6:4) Ha e le hantle, ha motho a ruta bana ba hae tsela e isang bophelong bo sa feleng o ba fa lefa la bohlokoahali. Lebaka la sena ke hobane boinehelo ba bomolimo, bo akarelletsang ho phela kamoo Jehova a ratang hore Bakreste ba phele kateng, ‘bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.’—1 Timothea 4:8.

Jehova, Ntate ea phethahetseng, o talima batsoali ba tšabang Molimo ba lekang ka thata ho ruta bana ba bona lintho tsa moea e le ba bohlokoa. Ha bana ba nka khato ka seo ba se bolelloang, ba thaba haholo ha ba ntse ba phehella borapeli ba ’nete le batsoali ba bona. Ha bana bao ba hōla tsebong, ba hopola ka thabo liphihlelo tsena tseo ba ileng ba ba le tsona. Ba bang ba hopola ka nyakallo lekhetlo la pele leo ka lona ba ileng ba e-ba le karolo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. * Kapa mohlomong ba nahana ka nako eo ka eona ba ileng ba khona ho bala temana ea Bibele ka lekhetlo la pele tšebeletsong ea ntlo le ntlo ba e-na le e mong oa batsoali ba bona. Na ba ka lebala ha batsoali ba bona ba ne ba ba balla Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo? * Gabriel o hopola ntho e ’ngoe eo a neng a e rata haholo: “Ha ke ne ke le lilemo li ’nè feela, ’Mè o ne a mpinela letsatsi le leng le le leng ha a ntse a phehile. Ke sa ntse ke hopola ka thabo e khaphatsehang pina e ’ngoe ea ’Muso. Hamorao, e ile ea nthusa ho bona bohlokoa ba ho sebeletsa Jehova.” Mohlomong le uena u hopola pina e monate eo Gabriel a buang ka eona. Ke pina ea 157 bukeng ea lipina e bitsoang Binelang Jehova Lithoriso, ’me sehlooho sa eona se re “Sebeletsa Jehova Bocheng.”

Pina ena e qala ka ho re: “Masea a kile a roka Jah/A roka Jesu Moren’a rōna.” Ka sebele ho bile le bana ba ileng ba e-ba le tokelo ea ho ba le Jesu, ’me ho ka etsahala hore ebe ba ile ba mo thabisa ka mekhoa ea bona e khathollang le e bontšang botšepehi. Jesu o bile a sebelisa boikemisetso ba ho ithuta boo bana ba nang le bona e le mohlala oo balateli ba hae ba ka o etsisang. (Matheu 18:3, 4) Kahoo, bana ba na le sebaka se ba loketseng borapeling ba Jehova. Ha e le hantle, mantsoe a pina ena a tsoela pele ka ho re: “E, bana ba ka rorisa ’Mōpi.”

Ka boitšoaro ba bona bo behang mohlala—lapeng, sekolong le libakeng tse ling—bana ba bangata ba tliselitse Molimo le malapa abo bona tlhompho. Ba lehlohonolo hakaakang hore ebe ba bile le “batsoali ba ratang ’nete.” (Deuteronoma 6:7) Batsoali ba tšabang Molimo ba ema ka lehlakoreng la Molimo, eo joaloka Ntate ea lerato, a rutang libōpuoa tsa hae hore li tsamaee tseleng eo li lokelang ho tsamaea ka eona. ’Me ba fumana tlhohonolofatso e kaakang! Le bona ha ba ruta bana ba ka malapeng a bona, ba thaba hakaakang ha ba e-na le bana ba “utloang lithuto tsa bona” le ba ba thabisang! (Esaia 48:17, 18) Angélica, eo hona joale a sebeletsang ofising ea lekala ea Mexico ea Lipaki Tsa Jehova, o re: “Batsoali ba ka ba ne ba leka kamehla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Sena se ile sa etsa hore ke thabele bongoana ba ka haholo. Ke ne ke nyakaletse.”

Bakreste bana ba lumela hore ke habohlokoa ho hlokomela lefa la moea leo batsoali ba ba fileng lōna. Mohlomong u mocha ea ntseng a hōlisetsoa lelapeng le nang le melao ea ’nete ea Bokreste. Haeba ho joalo, pina eona eo e u eletsa ka ho re: “Bakreste ba bacha, hloekang moeeng.” Nako ea tla eo ka eona le tla iketsetsa liqeto, kahoo, hona joale “itšetleheng ka Jehova bocheng./Qobang setsoalle sa bao ba babe.”

Haeba ka phoso u ka etelletsa botumo pele bophelong ba hao, ho koetlisoa hohle hoo u ho fumanang e ka ba halefeela ’me u ka senya litebello tsa hao tsa bokamoso. Ho lakatsa botumo ho ka etsa hore u se ke ua lula u falimehile. Ba bang ba qetelletse ba tloaelane le batho ba sa thahaselleng melao ea Bokreste, le hoja ba bonahala ba se kotsi, ba bile ba shebahala ba le batle. Sena se bontšitsoe ka Tara, eo e leng sebapali se ka sehloohong videong ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Ho tšoana le Tara, ho na le nako eo ka eona Bakreste bohle ba banyenyane ba tloaelanang le batho ba sa nkeng borapeli ba ’nete e le ba bohlokoa, ba tla hlokomela hore ho molemo ho qoba bakhotsi ba babe e le “hore ba tle ba se le khelose,” joalokaha pina ena e bolela. Ho nka lilemo tse telele ho sebeletsa ho ba le mekhoa e metle, empa e ka senyeha kapele.

Ho ke ke ha latoloa hore ho phela bophelo bo bontšang ho tšaba Molimo ha ho bonolo. Leha ho le joalo, joalokaha pina ena e tsoela pele e re, “hopolang ’Mōpi le sa le bacha,/Ikitlaetseng ho mo sebeletsa,” le tla iketsetsa motheo o tiileng oa katleho ea sebele. ’Me “ha le ntse le hōla le tla thaba.” Le tla ananela ka ho eketsehileng hore tlas’a tlhokomelo e lerato ea Jehova, ha ho letho le ka le thibelang ho etsa se nepahetseng. Ke eona tsela ea ho ba motho e moholo ea hōlileng tsebong, ea tšabang Molimo. Ho feta moo, “le eena ’Mōpi o tla nyakalla” ha le sebelisa khōliso ea Bokreste ka tsela e bohlale. Na ho na le tokelo e fetang ee eo motho a ka bang le eona?—Liproverbia 27:11.

Kahoo, bacha, le hopole kamehla hore na ke habohlokoa hakaakang hore ebe Jehova le batsoali ba lōna ba Bakreste baa le koetlisa. E se eka lerato le leholo leo ba le ratang ka lona le ka le susumelletsa hore le etse se khahlisang mahlong a Jehova. Joaloka Jesu Kreste le Timothea e monyenyane, le tla thabisa Ntat’a lōna oa leholimo le batsoali ba lōna. ’Me haeba lōna ka bolōna le ka ba batsoali, mohlomong le tla lumellana le Angélica, eo ho boletsoeng ka eena pejana, ea reng: “Haeba nka ba le ngoana, ke tla leka ka matla ho kenya lerato la Jehova ka pelong ea hae ho tloha boseeng, hore lerato leo e be leseli le mo tsamaisang.” Ka sebele, tsela e lokileng e isang bophelong bo sa feleng ke lefa le molemohali!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Karolo ena ea lenaneo la thuto ea Bibele le tšoareloang liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova e keneloa ke ba baholo le ba banyenyane.

^ ser. 4 Lingoliloeng tseo ho buuoang ka tsona li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.