Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Liithuti Tsa Gileade li ea Likabelong Tsa Tsona e le Bakotuli ba Chesehang!

Liithuti Tsa Gileade li ea Likabelong Tsa Tsona e le Bakotuli ba Chesehang!

Liithuti Tsa Gileade li ea Likabelong Tsa Tsona e le Bakotuli ba Chesehang!

“KOTULO e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matheu 9:37, 38) Mantsoe ao a ile a bolela ho khethehileng ho liithuti tse neng li fuoa mangolo tsa sehlopha sa bo116 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ha li ne li lokisetsa ho ea likabelong tsa tsona tsa boromuoa.

Ka Moqebelo oa la 13 March, 2004, kakaretso ea batho ba 6 684 e ne e bokane Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, le libakeng tse ling tseo ho tsona lenaneo la ho fa liithuti mangolo le neng le hoketsoe ka thelevishene, ’me ho lona sehlopha sena se qetileng lithuto se ne se fuoa keletso e koalang thupelo. Ha re ntse re sebetsa ka cheseho kotulong ea moea, bohle re ka rua molemo keletsong e ileng ea fanoa.

Mantsoe a selelekela a Theodore Jaracz, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang le ea ileng a fumana lengolo sehlopheng sa bosupa sa Gileade, a ile a hlakisa mantsoe a Jesu a reng: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Mantsoe ao a ne a loketse hakaakang kaha liithuti li ne li tlil’o romeloa ho ea sebetsa linaheng tse 20 tse sa tšoaneng! O ile a hopotsa liithuti hore thuto e tsoang Lentsoeng la Molimo e ba hlomeletse ka botlalo hore e be basebetsi ba chesehang kotulong ea moea eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa.—Matheu 5:16.

Kamoo e ka Bang Bakotuli ba Atlehang

Sebui sa pele lenaneong e bile Robert Wallen, ea khathileng tema e khōlō Sekolong sa Gileade ka lilemo tse ngata. Ha a ntse a bua ka sehlooho se reng “Botle ba Qenehelo,” o ile a re ho liithuti: “Qenehelo ke mokhoa oa ho bua oo esita le bo-tsebe-tutu ba ka o utloang le lifofu li ka o bonang.” Jesu o ne a elelloa mahlomola a batho hantle ’me a batla ho ba imolla ’ona. (Matheu 9:36) Liithuti tsena le tsona li tla fumana menyetla e mengata ea ho etsa joalo—mosebetsing oa boboleli, ka phuthehong, mahaeng a baromuoa le manyalong a tsona. Sebui se ile sa li eletsa ka ho re: “Ha le ntse le sebeletsa ba bang, le lumelle botle ba qenehelo hore bo iponahatse bophelong ba lōna. Boitšoaro ba lōna bo botle ka ho fetisisa ke bona phetho bo hlokahalang bophelong ba lona ba letsatsi le letsatsi lehaeng la baromuoa. Kahoo, ikemisetseng ho ikapesa qenehelo.”—Bakolose 3:12.

Ka mor’a moo, Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang le ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo41 sa Gileade, o ile a tšohla taba e reng “Baphatlalatsi ba Poloko.” (Esaia 52:7) E le hore batho ba tle ba bolokoe ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e timetsoa, ba lokela ho rua tsebo e nepahetseng e tsoang Lentsoeng la Molimo, ba bolele tumelo ea bona phatlalatsa ba be ba kolobetsoe. (Baroma 10:10; 2 Timothea 3:15; 1 Petrose 3:21) Leha ho le joalo, lebaka le leholo la ho phatlalatsa poloko ke ho tlotlisa Molimo, eseng ho pholosa batho. Kahoo, Mor’abo rōna Lösch o ile a eletsa baromuoa bana ba ka moso a re: “Isang molaetsa oa ’Muso lipheletsong tsa lefatše, ’me le be bahoeletsi ba chesehang ba poloko, le etse sena sohle ho rorisa Jehova.”—Baroma 10:18.

Morupeli oa Gileade ea bitsoang Lawrence Bowen o ile a botsa a re: “U Bonahatsa Leseli la Hao Hakae?” O ile a bua ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:22 eaba o khothalletsa liithuti tse neng li fuoa mangolo hore ‘mahlo a tsona a talime nģa e le ’ngoe’ kamehla e le hore li ka “bonahatsa leseli la moea le tlotlisang Jehova le le ruisang batho ba bang molemo.” Ho tloha ha Jesu a qala tšebeletso ea hae, o ile a beha mohlala o phethahetseng ntlheng ena ka hore a tsepamise mahlo a hae tabeng ea ho etsa thato ea Molimo. Ho thuisa ka lintho tse hlollang tseo Ntat’ae a neng a mo rutile tsona leholimong ho ile ha thusa Jesu hore a mamelle liteko tsa Satane lefeelleng. (Matheu 3:16; 4:1-11) Jesu o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka ho feletseng ha a phethahatsa seo Molimo a neng a mo abetse sona hore a se etse. Ka tsela e tšoanang, e le hore baromuoa ba mamelle liteko tse tla ba tlela, ba lokela ho tsoela pele ka mekhoa e metle ea ho ithuta Bibele le ho tšepa Jehova ka ho feletseng.

Morupeli e mong oa Gileade ea bitsoang Mark Noumair, ea ileng a fumana lengolo sehlopheng sa bo77 sa Gileade, o ile a lihela likhala letotong lena la lipuo ka sehlooho se reng “Ke Rōna Bana Letsohong la Hao.” (Joshua 9:25) O ile a khothaletsa liithuti hore li etsise boikutlo ba Bagibeone ba boholo-holo. Le hoja Gibeone “e ne e le motse o moholo . . . le banna bohle ba eona ba ne ba le matla,” Bagibeone ha baa ka ba batla botumo ka khang ebile ha baa ka ba lebella hore lintho li etsoe ka thato ea bona. (Joshua 10:2) Ba ile ba ithaopela ho sebetsa tlas’a taolo ea Balevi e le “ba roallang patsi le ba khang metsi” ho tšehetsa borapeli ba Jehova. (Joshua 9:27) Ha e le hantle, litho tsena tsa sehlopha se neng se fuoa mangolo li itse ho Joshua e Moholo, Jesu Kreste, “Ke rōna bana letsohong la hao.” Joale, ha ba qalisa likabelo tsa bona linaheng lisele, ho hlokahala hore ba amohele mosebetsi ofe kapa ofe oo Joshua e Moholo a ba fang oona hore ba o etse.

Liphihlelo le Lipuisano

Wallace Liverance, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo61 sa Gileade le eo e leng e mong oa barupeli, o ile a buisana le sehlopha se seng sa liithuti tsena ka sehlooho se reng, “Bulang Mangolo ka Botlalo.” Li ile tsa pheta tsa ba tsa etsa lipontšo ka thabo eo li bileng le eona tšebeletsong ea tšimo ha li ntse li le sekolong. Ho ile ha totobala hore ho ithuta Mangolo ka matla ka likhoeli tse hlano tseo li neng li le thupelong ka tsona ho ne ho fihlile lipelong tsa tsona ebile ho li susumelelitse hore li bolelle ba bang seo li ithutileng sona. (Luka 24:32) Thupelong ena ea likhoeli tse hlano, seithuti se seng se ile sa khona ho bolella moena oa sona seo se neng se ntse se ithuta sona. Sena se ile sa khothalletsa moena oa sona hore a batle phutheho ea sebakeng seo a leng ho sona le ho qala ho ba le thuto ea Bibele ka boeena. Hona joale o se a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

Ka mor’a liphihlelo tsena, Richard Ashe le John Gibbard ba ile ba buisana le bahlanka ba khale ba tšepahalang ba Jehova ba ’maloa, ba neng ba akarelletsa balebeli ba tsamaeang ba neng ba le thupelong e khethehileng Setsing sa Thupelo sa Watchtower. Ba ne ba ile ba fumana mangolo lihlopheng tsa pejana tsa Sekolo sa Gileade. E mong o ile a hopola hore thupelong ea sehlopha se seng Mor’abo rōna Knorr o ile a re: “Mona Gileade le tla ithuta haholo. Empa haeba sena se ka le mathela hloohong, re tla be re hlōlehile mosebetsing oa rōna. Re batla hore le tsoe mona le e-na le lipelo tse ntle.” Bara bana babo rōna ba tsamaeang ba ile ba eletsa litho tsa sehlopha sena hore li rate batho, li sebelisane le ba bang ka tsela eo Kreste a neng a sebelisana le batho ka eona, le hore li amohele kabelo efe kapa efe eo li e fuoang. E le hore baromuoa bana ba bacha ba atlehe likabelong tsa bona, ha ho pelaelo ho tla hlokahala hore ba sebelise keletso ena.

E-eang Likabelong Tsa Lōna le le Bakotuli ba Chesehang!

Bamameli ba ile ba ba le monyetla oa ho utloa puo ea Stephen Lett, e mong oa litho tsa Sehlopha se Busang. O ile a fana ka puo ea sehlooho ea lenaneo, e neng e re, “E-eang Likabelong Tsa Lōna le le Bakotuli ba Chesehang!” (Matheu 9:38) Kotulong ea sebele, nako ea ho kotula e khutšoanyane. Ho hlokahala hore bakotuli ba sebetse ka thata. Ho hlokahala hakaakang hore re sebetse ka thata haholo nakong ea qetello ea tsamaiso ee ea lintho! Kotulong e khōlō ea moea, bophelo bo kotsing. (Matheu 13:39) Mor’abo rōna Lett o ile a khothalletsa liithuti hore li se ke tsa ‘ba botsoa mosebetsing oa tsona,’ empa a re li ‘chesehe moeeng’ le hore e be “makhoba a Jehova” mosebetsing ona oa ho kotula o ke keng oa phetoa hape. (Baroma 12:11) Sebui se ile sa qotsa mantsoe a Jesu a reng: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Johanne 4:35) Ka mor’a moo o ile a khothalletsa ba neng ba fuoa mangolo hore ba bontše ho chesehela mosebetsi oa kotulo ka boikitlaetso ba sebele ba ho fihla ho batho neng le neng le kae kapa kae moo ba ka ba fumanang teng le ka hore ba sebelise menyetla eohle ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. Ha ba falimehela ho bula menyetla ea ho paka, ba ka inolofalletsa ho paka ka katleho. Jehova ke Molimo ea chesehang, ’me o lebeletse hore kaofela re mo etsise le hore re sebetse ka thata kotulong ena ea moea.—2 Marena 19:31; Johanne 5:17.

Mor’abo rōna Jaracz, eo e neng e le molula-setulo, o ile a koala lenaneo ka ho fetisa litumeliso tse neng li tsoa liofising tse ngata tsa makala eaba o fa liithuti mangolo a tsona a diploma. E mong oa liithuti o ile a bala lengolo la sehlopha la kananelo e tebileng eo liithuti li nang le eona bakeng sa thupelo eo li e fumaneng. Ho hlakile hore lenaneo la ho abeloa mangolo ha sehlopha sa bo116 le ile la etsa hore bohle ba neng ba le teng ba ikemisetse haholo ho ea ba bakotuli ba chesehang.

[Lebokose le leqepheng la 25]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tseo se li emetseng: 6

Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 20

Palo ea liithuti: 46

Karolelano ea lilemo: 34,2

Karolelano ea lilemo ’neteng: 17,2

Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,9

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Sehlopha sa Bo116 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Ceansu, R.; Sparks, T.; Piña, C.; Turner, P.; Cheney, L. (2) Suardy, M.; Sjöqvist, Å.; Amadori, L.; Smith, N.; Jordan, A.; Boissonneault, L. (3) Matlock, J.; Ruiz, C.; Dular, L.; Vigneron, M.; Henry, K. (4) Sjöqvist, H.; Laux, J.; Ruzzo, J.; Gustafsson, K.; Boissonneault, R.; Jordan, M. (5) Henry, D.; Turner, D.; Kirwin, S.; Florit, K.; Ceansu, S. (6) Amadori, S.; Cheney, J.; Ross, R.; Nelson, J.; Ruiz, J.; Vigneron, M. (7) Florit, J.; Matlock, D.; Ross, B.; Laux, C.; Ruzzo, T.; Dular, D.; Kirwin, N. (8) Gustafsson, A.; Nelson, D.; Suardy, W.; Piña, M.; Smith, C.; Sparks, T.