Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maanabaptiste e ne e le Bo-mang?

Maanabaptiste e ne e le Bo-mang?

Maanabaptiste e ne e le Bo-mang?

BATHO ba qalang ho etela setsing sa motse oa Münster o Westphalia, Jeremane, kamehla ba shebisisa ka ho makala mabokose a mararo a tšepe a leketlileng toreng ea kereke e ’ngoe ea moo. Ntle le linakong tse itseng tse khutšoanyane, mabokose ana a bile moo ka lilemo tse ka bang 500. Qalong a ne a tšetse litopo tsa banna ba bararo ba neng ba hlorisitsoe ba ba ba bolaeloa pontšeng. Banna bana e ne e le Maanabaptiste, ’me mabokose ana ke mesaletsa ea ’muso oa ’ona.

Maanabaptiste e ne e le bo-mang? Mokhatlo oo o ile oa simoloha joang? Lithuto tsa ’ona tsa sehlooho e ne e le life? Banna baa ba ile ba bolaeloa’ng? Hona mabokose aa a mararo a amana kae le ’muso?

Kereke e Lokela ho Fetoloa—Empa Joang?

Qetellong ea lekholo la lilemo la bo15 le qalong ea lekholo la lilemo la bo16, ho ile ha nyatsoa ka matla Kereke ea Roma e K’hatholike le baruti ba eona. Bobolu le boitšoaro bo bobe li ne li tletse hohle ka kerekeng, kahoo, batho ba bangata ba ne ba nahana hore ho hlokahala liphetoho tse khōlō. Ka 1517, Martin Luther o ile a bolela phatlalatsa hore o batla hore ho etsoe liphetoho, ’me ha ba bang ba ntse ba kenella lipuisanong, Phetohelo ea Boprostanta Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike e ne e tsoela pele.

Empa bo-raliphetoho ba ne ba se na leano le hlakileng la hore na ho lokela ho etsoe eng kapa hore na liphetoho tsena li lokela ho etsoa ho isa boholeng bofe. Ba bangata ba ile ba hlokomela hore hoa hlokahala hore ho khomareloe Bibele litabeng tsa borapeli. Leha ho le joalo, bo-raliphetoho ba ne ba sitoa ho lumellana esita le tabeng e bonolo ea tlhaloso e tloaelehileng ea lithuto tsa Bibele. Ba bang ba ne ba nahana hore Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike e ne e etsoa ka monyebe haholo. ’Me mokhatlo oa Maanabaptiste o ile oa itsetsepela har’a bo-liphetoho bana.

Bukeng ea hae e bitsoang Die Täufer—Geschichte und Deutung, Hans-Jürgen Goertz oa ngola o re: “Ha e le hantle, ho ne ho se na mokhatlo o le mong oa baptiste, e ne e le mengata.” Ka mohlala, ka 1521, banna ba bane ba neng ba tsejoa e le baprofeta ba Zwickau ba ile ba baka moferefere ka ho ruta lithuto tsa Maanabaptiste Wittenberg. ’Me ka 1525 ho ile ha thehoa sehlopha se secha sa Maanabaptiste Zurich, Switzerland. Lihlopha tsa Maanabaptiste li ile tsa qaleha le Moravia—eo hona joale e leng Rephabliki ea Czech—tsa ba tsa qaleha le Netherlands.

Kolobetso—Ea Bana Kapa ea Batho ba Baholo?

Boholo ba lihlopha tsa Maanabaptiste li ne li le nyenyane haholo, ’me hangata litho tsa tsona e ne e le batho ba khotso. Balumeli ba tsona ba ne ba sa pate litumelo tsa bona, ha e le hantle, ba ne ba li bolella ba bang. Lithuto tsa motheo tsa tumelo ea Maanabaptiste li ile tsa hlalosoa ka 1527 Polelong ea Tumelo ea Schleitheim. Polelo ena ea tumelo e ne e akarelletsa ho hana ho nka lihlomo, ho ikarola lefatšeng le ho khaola bafosi. Empa se neng se hlile se etsa hore bolumeli ba Maanabaptiste e be bo fapaneng le a mang ka ho feletseng e ne e le tumelo ea ’ona e tiileng ea hore kolobetso e ne e loketse batho ba baholo eseng bana. *

Kolobetso ea batho ba baholo e ne e se feela khang ea thuto ea bolumeli; empa taba-khōlō e ne e le khang ea bolaoli. Haeba kolobetso e ne e ka emisoa ho fihlela ha motho a le moholo—kahoo motho a lumelloa hore a etse qeto e thehiloeng tumelong—ba bang ho ne ho se mohla ba tla kolobetsoa. ’Me batho ba sa kolobetsoang, ba ne ba tla lula ba le ka ntle ho taolo ea kereke, ka tsela e itseng. Likereke tse ling li ne li nka hore ho kolobetsoa ha batho ba baholo ho li nkela matla a bolaoli.

Kahoo, Mak’hatholike le Malutere a ne a batla ho thibela mokhoa oa ho kolobetsa batho ba baholo. Ka mor’a 1529, bonyane libakeng tse ling, ba neng ba kolobetsa batho ba baholo kapa ba neng ba kolobetsoa e le batho ba baholo ba ne ba lokeloa ke kahlolo ea lefu. Mongoli ea bitsoang Thomas Seifert o hlalosa hore Maanabaptiste a ile “a hlorisoa ka sehlōhō hohle ’Musong o Halalelang oa Roma oa Sechaba sa Majeremane.” Mahloriso a ile a ba matla haholo Münster.

Münster ea Mehleng ea Khale e Batla Phetoho

Motse oa Münster ea mehleng ea khale o ne o e-na le baahi ba ka bang 10 000 ’me o ne o kampetsoe ka mekhoa e sa keneheng habonolo ea tšireletso e bophara ba limithara tse ka bang 90 ’me e le lik’hilomithara tse 5 ho potoloha. Leha ho le joalo, boemo ka hare ho motse bo ne bo sa tsitsa joaloka tšireletso ea oona. Buka ea The Kingdom of the Anabaptists, e hatisitsoeng ke Setsi sa Motse sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa sa Münster, e bua ka “liqabang tsa lehae tsa lipolotiki pakeng tsa Sehlopha se Busang sa Motse le Mekhatlo ena.” Ho feta moo, baahi ba ne ba halefisoa ke boitšoaro ba baruti. Münster e ile ea tšehetsa Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike ’me ka 1533 ea khaotsa ho ba motse oa Mak’hatholike eaba e ba motse oa Malutere.

Bernhard Rothmann e ne e le e mong oa baruti ba ka sehloohong ba Münster ba neng ba buella liphetoho, ’me e ne e le e mong oa batho ba batlang ba le lehala. Mongoli Friedrich Oehninger o hlalosa hore “maikutlo a [Rothmann] a ile a totobala hore ke a Maanabaptiste, eena le bo-mphato oa hae ba bang ba ile ba hana ho kolobetsa masea.” O ile a tšehetsoa ke batho ba bangata ba Münster, le hoja batho ba bang ba ne ba nka hore maikutlo a hae a sa tloaelehang a feteletse haholo. “Batho ba eketsehileng ba neng ba rata tsamaiso ea khale ea bolumeli ba ile ba tloha motseng ona, ba qakehile ba bile ba tšohile hore ho na le ntho e mpe e tla etsahala. Maanabaptiste a ile a hlaha ka makhalo ’ohle ho leba Münster, a e-na le tšepo ea hore a tla finyella sepheo sa ’ona.” Ho khobokellana ha Maanabaptiste Münster e ile ea e-ba sesosa sa ketsahalo e tšosang.

Jerusalema e Mocha oa Thibelloa

Madache a mabeli a ileng a fallela Münster—Jan Mathys, eo e neng e le seapehi sa bohobe se tsoang Haarlem le Jan Beuckelson, ea tsejoang e le John oa Leiden—ba ne ba tla nka khato ea makhaola-khang liketsahalong tsa moo. Mathys o ile a bolela hore ke moprofeta ’me a phatlalatsa hore khoeli ea April ea selemo sa 1534 ke nako ea ho tla ha bobeli ha Kreste. Ho ile ha phatlalatsoa hore motse oa Münster ke Jerusalema e Mocha eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, ’me batho ba ile ba ba le moea oa hore timetso ea lefatše e haufi. Rothmann o ile a etsa qeto ea hore sechaba se kopanele thepa eohle. Batho ba baholo ba ile ba tlameha ho etsa qeto: Ba kolobetsoe kapa ba tsoe ka har’a motse. Batho ba bangata ba ileng ba kolobetsoa ba ne ba akarelletsa ba bang ba neng ba qoelisoa feela hore ba se ke ba siea mahae a bona le thepa ea bona.

Batho ba mekhatlo e meng ba ile ba shebella ka tšabo ha ba bona Münster e e-ba motse oa pele oo ho oona Maanabaptiste e neng e le mokha o matla ka ho fetisisa oa bolumeli le oa lipolotiki. Ho ea ka buka e bitsoang Die Täufer zu Münster, sena se ile sa tsosetsa “Münster bora ’Musong ’ohle o Halalelang oa Roma oa Sechaba sa Majeremane.” Khosana le Mobishopo Mohlomphehi Franz von Waldeck, eo e neng e le motho ea boholong sebakeng seo, o ile a bokella lebotho la ntoa hore ho thibelloe Münster. Lebotho leo e ne e le la Malutere le Mak’hatholike. Malumeli ana a mabeli, ao ho tla fihlela nakong ena a neng a eme ka mahlakoreng a hanyetsanang Karohanong ea Mak’hatholike le Maprostanta le a neng a tla tloha a loantšana Ntoeng ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, a ile a kopanya mabotho khahlanong le Maanabaptiste.

Ho Timetsoa ha ’Muso oa Maanabaptiste

Palo ea lebotho le futuhileng ha ea ka ea tšosa ba neng ba sirelelitsoe ka har’a marako a motse. Ka April 1534, ha ho ne ho lebeletsoe ho tla ha bobeli ha Kreste, Mathys o ile a tsoela ka ntle ho motse a palame pere e tšoeu, a lebeletse hore Molimo o tla mo sireletsa. Nahana hore na batšehetsi ba Mathys ba ile ba haroha letsoalo hakaakang ha ba talimisisa le lerakong la motse ’me ba bona mabotho a thibeletseng a khabela Mathys likoto ’me a phahamisa hlooho ea hae a e hlomme thupeng.

John oa Leiden e ile ea e-ba mohlahlami oa Mathys eaba o bitsoa Morena Jan oa Maanabaptiste a Münster. O ile a leka ho lokisa boemo ba ho se lekane ka palo pakeng tsa batho ba bong bo sa tšoaneng ka ho khothalletsa banna hore ba nyale basali ba bangata kamoo ba ratang, kaha motse ona o ne o e-na le basali ba bangata ho feta banna. E le ho bontša maemo a sa utloahaleng a neng a lumelloa ’musong oa Maanabaptiste Münster, kotlo ea bofebe le bohlola e ne e le lefu, empa sethepu se ne se lumelloa, ebile se khothalletsoa. Morena Jan ka boeena o ile a nyala basali ba 16. Ha e mong oa bona ea neng a bitsoa Elisabeth Wandscherer, a mo kōpa ho tsoa ka hare ho motse, o ile a khaoloa hlooho pontšeng.

Motse oa Münster o ile oa thibelloa ka likhoeli tse 14, ho fihlela o haptjoa ka June 1535. ’Me o ile oa senngoa ka tsela e tšoanang le eo o ileng oa senngoa ka eona hape Ntoeng ea II ea Lefatše. Rothmann o ile a baleha, empa Morena Jan le Maanabaptiste a mang a mabeli a ka sehloohong ba ile ba tšoaroa, ba hlokofatsoa eaba baa bolaoa. Litopo tsa bona li ile tsa kenngoa ka mabokoseng eaba a nyolleloa holimo hore a leketle toreng ea Kereke ea St. Lambert. Seifert o hlalosa hore sena ‘e ne e tla ba temoso e tšosang ho bohle ba neng ba ka baka likhathatso nakong e tlang.’ E, ho itšunya-tšunya lipolotiking ho ile ha tlisa liphello tse tšabehang.

Ho ile ha etsahala joang ka lihlopha tse ling tsa Maanabaptiste? Mahloriso a ile a tsoela pele ka lilemo tse ngata hohle Europe. Maanabaptiste a mangata a ile a khomarela molao-motheo oa ’ona oa ho se kenele sesole, le hoja ho ne ho e-na le sehlotšoana se mabifi sa Maanabaptiste. Ka mor’a nako, Menno Simons eo e neng e le moprista o ile a qala ho etella pele Maanabaptiste, ’me sehlopha sena qetellong se ile sa tsejoa ka lebitso la Mamennone le ka mabitso a mang.

Mabokose a Mararo

Ha e le hantle, Maanabaptiste e ne e le batho ba bolumeli ba neng ba leka ho khomarela melao-motheo ea Bibele. Empa batho ba mabifi ba Münster ba ile ba qobella Maanabaptiste hore a tlohele tsela eo ’me a kene lipolotiking. Ha a tlohela melao-motheo ea Bibele, mokhatlo oa ’ona o ile oa fetoha lekhotla la baitseki. Sena se ile sa baka tlokotsi mokhatlong oa Maanabaptiste le motseng oa mehleng ea khale oa Münster.

Baeti ba tlang setsing sa motse ona ba sa ntse ba hopotsoa ka liketsahalo tsena tse tšosang tse etsahetseng hoo e ka bang lilemong tse 500 tse fetileng. Ba li hopotsoa joang? Ka mabokose ao a mane a tšepe a leketlisitsoeng toreng ea kereke.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Sehloohong sena ha re tšohle taba ea hore na ho kolobetsa bana ho lokile kapa ha hoa loka. Bakeng sa makolopetso a eketsehileng tabeng ena, bona sehlooho se reng “Na Masea a Lokela ho Kolobetsoa?” Molula-Qhooeng oa March 15, 1986.

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Morena Jan o ile a hlokofatsoa, a bolaoa eaba o fanyehoa toreng ea Kereke ea St. Lambert