Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lithapelo Tsa Hao li ka Etsa Hore ho be le Phapang?

Na Lithapelo Tsa Hao li ka Etsa Hore ho be le Phapang?

Na Lithapelo Tsa Hao li ka Etsa Hore ho be le Phapang?

KE MANG har’a rōna ea e-s’o ka a talimana le bothata boo a neng a sa tsebe ho bo laola? Bibele e bontša hore moapostola Pauluse o ne a tseba hore thapelo e ka ama liphello tsa bothata bo joalo.

Ha Pauluse a ne a koaletsoe chankaneng Roma ka leeme, o ile a kōpa balumeli-’moho le eena hore ba mo rapelle, a phaella ka ho re: “Ke le eletsa haholo-holo hore le etse sena, e le hore nka khutlisetsoa ho lōna kapele.” (Baheberu 13:18, 19) Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a bolela hore o na le kholiseho ea hore Molimo o ne a tla arabela lithapelo tsa hore a lokolloe kapele. (Filemone 22) Kapele Pauluse o ile a lokolloa ’me a tsoela pele hape ka mosebetsi oa hae oa boromuoa.

Empa na ka sebele thapelo e ka fetola liphello tsa mathata a hao? Mohlomong. Leha ho le joalo, hopola hore thapelo hase mokhoa feela o tloaelehileng oa bolumeli. Ke puisano ea sebele le Ntate oa rōna ea maholimong ea lerato le ea matla. Re lokela ho ikutloa re lokolohile hore re hle re tobe taba lithapelong tsa rōna, ebe re leta ka mamello ho bona hore na Jehova o arabela joang.

Ho ka etsahala hore Molimo a se ke a arabela thapelo e ’ngoe le e ’ngoe ka ho toba, kapa hona hore kamehla o tla e araba ka tsela kapa ka nako eo re e lebeletseng. Ka mohlala, Pauluse o ile a rapela ka makhetlo ka “moutloa [oa hae] nameng.” Molimo ha aa ka a tlosa bothata ba Pauluse, ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, empa o ile a tšelisa Pauluse ka mantsoe ana a matlafatsang: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”—2 Bakorinthe 12:7-9.

Le rōna re ka kholiseha hore esita le haeba Molimo a sa tlose bothata bo itseng, a ka re “bulela tsela ea ho tsoa e le hore [re] khone ho [bo] mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Haufinyane, Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a moloko oa batho. Khabareng, ho retelehela ho “Ea Utloang thapelo” ho ka etsa hore ho be le phapang.—Pesaleme ea 65:2.